Mebuso e Meholo ea Lefatše ea Histori ea Bibele e Tsamaea ho Leba Pheletsong ea Eona!
NA U ka inahanela ka histori e ngotsoeng pele e etsahala? Na u re, ‘Hase ntho e ka etsahalang?’ Empa ho na le buka eo kannete e ileng ea bolela histori pele e etsahala—lilemo tse makholo, ka linako tse ling tse likete pele liketsahalo tseo li etsahala! Buka eo ke Bibele.
Bibele ha ea tlaleha feela liketsahalo tsa boholo-holo ka nepo empa ka tsela e hlollang ka ho fetisisa e bile ea bolela esale pele kemiso e khōlō ea histori ea lefatše kamoo e neng e tla ama batho ba Molimo, ho tloha nakong ea Babylona ea boholo-holo, lilemong tse fetang 2 500 tse fetileng, ho fihlela mehleng ea rōna esita le kamorao ho eona.
Daniele, moprofeta ea phetseng lekholong la botšelela la lilemo pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, o ile a neoa litšenolo tse ’nè tse arohaneng tse neng li amana le bokamoso ba histori ea lefatše. O ile a fumana boitsebiso ba hae hokae? Daniele o itse: “Molimo o teng leholimong o senolang liphiri.” (Daniele 2:28) Baepolli ba lintho tsa khale, ha ba koaholla masalla a siiloeng ke mebuso ea boholo-holo ea lefatše, ba fumane bopaki bo hlollang ba bonnete ba histori ’moho le ba boprofeta bo fumanoang ka Bibeleng.
Mebuso e ’meli e meholo ea lefatše ea histori ea Bibele, Egepeta le Assyria, e bile teng nako e telele pele ho mehla ea Daniele. Babylona e ne e busa mehleng ea Daniele, ’me mabitso a mebuso e ’meli ea lefatše e latelang a ile a senoleloa moprofeta eo. (Daniele 2:47, 48; 8:20, 21) E meng e ’meli e ne e tla latela ena, e leng ho re tlisang mehleng ea kajeno.
E Mekae?
Ho latela Bibele, ho ne ho tla ba le mebuso e mekae e joalo ea lefatše? Karabelo e ile ea neoa moapostola Johanne ea holileng ’me e bontša hore na re se re le hokae kemisong ea nako. Lengeloi le ile la bolella Johanne hore: “Ke marena a supileng. Ho se ho oele a mahlano, e mong o sa le teng, ’me e mong ha a e-so ho tle.”—Tšenolo 17:10.
Ke mebuso efe e mehlano ea lefatše e neng e se e ile ea e-ba teng ea ba ea nyamela mehleng ea Johanne? Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, le Greece. Ke ofe o neng o ntse o le teng? Roma. ’Me ke ’muso ofe o neng o “e-so ho tle”? Ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika oa mehleng ea rōna. Ena ke mebuso ea lefatše eo batho ba Molimo, ba boholo-holo le ba mehleng ea rōna, ba ’nileng ba ameha haholo-holo ka eona.
’Nete ea bohlokoa haholo-holo ke ena: Ho ne ho tla ba le tlhahlamano ea mebuso e supileng feela ea lefatše! Ho ile ha profetoa esale pele hore ’muso oa borobeli o neng o tla akarelletsa masalla a eo e supileng, o ne o tla busa ka nakoana ka nako e le ’ngoe le oa bosupa. (Tšenolo 17:10, 11) Hona ho bolela hore re phela nakong ea oa ho qetela oa mebuso e meholo ea lefatše e busoang ke motho. Ha ho sa tla ba le e meng!
Joale haufinyane, nako ea mebuso ea lefatše e tla be e felile. Daniele o ile a profeta hore litsamaiso tsena tsa batho li ne li tla robakoa ’me li ‘nkoe ke moea.’ (Daniele 2:35) Ke eng e tla li nkela sebaka? Ntho e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa! Daniele oa tlaleha: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Kahoo, ha ho letho le tla nkela mebuso ena ea batho sebaka ntle le ’Muso oa Molimo. E tla ba ntlafatso e tsotehang hakaakang pusong ea lefatše!
Ha ho pelaelo hore u tseba ho hong ka mebuso ea lefatše. Empa na tsebo e eketsehileng ka meetlo ea eona, bolumeli ba eona, kamano ea eona le batho ba Molimo le boprofeta ba Bibele e tla u thusa ho utloisisa ho eketsehileng ka histori ea moloko oa batho leseling la Mangolo?
E, ka sebele. Kahoo, ho qala ka tokollo ena, re motlotlo ho hatisa letoto la lihlooho tse robeli tse buang ka mebuso ea lefatše. Lihlooho tsena li lokela ho thusa ho u kholisa hore histori e amanang le Bibele ea tšepahala ’me e ka tšeptjoa. Hape li lokela ho tiisa tumelo ea hao ’neteng ea hore boprofeta ba Bibele boa tšepahala le hore ke ba ’nete.