Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Khaolo 33

      Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe

      Pono 11—Tšenolo 17:1-18

      Moko-taba: Babylona e Moholo e palame sebata se ’mala o sekareleta seo qetellong se e hlanohelang ebe sea e ripitla

      Nako ea phethahatso: Ho tloha ka 1919 ho fihlela matšoenyehong a maholo

      1. Le leng la mangeloi a supileng le senolela Johanne eng?

      BOHALE ba Jehova bo lokileng bo tlameha ho tšolloa ho fihlela bo fela, ka likotlolo tse supileng! Ha lengeloi la botšelela le tšollela sekotlolo sa lona moo Babylona ea boholo-holo e neng e le hona teng, ka ho loketseng hoo ho ne ho tšoantšetsa ho otloa ha Babylona e Moholo ha liketsahalo li phethahala ka potlako ho leba ntoeng ea ho qetela ea Armagedone. (Tšenolo 16:1, 12, 16) Mohlomong e ntse e le lengeloi lona lena leo joale le senolang lebaka leo ka lona Jehova a phethahatsang likahlolo tsa hae tse lokileng le tsela eo a li phethahatsang ka eona. Johanne oa hlolloa ka lebaka la se latelang seo a se utloang le seo a se bonang: “Le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo tse supileng la tla ’me la bua le ’na, la re: ‘Tloo, ke tla u bontša kahlolo ea seotsoa se seholo se lulang holim’a metsi a mangata, seo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona, athe ba ahileng lefatšeng ba ile ba tahoa ke veine ea bohlola ba sona.’”—Tšenolo 17:1, 2.

      2. Ke bopaki bofe bo bontšang hore “seotsoa se seholo” (a) hase Roma ea boholo-holo? (b) hase khoebo e khōlō? (c) ke tsamaiso ea bolumeli?

      2 “Seotsoa se seholo”! Ke hobane’ng ha e le lebitso le nyarosang hakaale? Ke mang? Ba bang ba ’nile ba re seotsoa sena sa tšoantšetso ke Roma ea boholo-holo. Empa Roma e ne e le ’muso oa bopolotiki. Seotsoa sena se etsa bohlola le marena a lefatše, ’me ka ho totobetseng hona ho akarelletsa le marena a Roma. Ntle ho moo, ka mor’a hore se timetsoe, ho thoe “marena a lefatše” a llela ho shoa ha sona. Kahoo, e ke ke ea e-ba ’muso oa bopolotiki. (Tšenolo 18:9, 10) Ho phaella moo, kaha se boetse se lleloa ke bahoebi ba lefatše, se ke ke sa tšoantšetsa khoebo e khōlō. (Tšenolo 18:15, 16) Leha ho le joalo, re bala hore ‘ka ho tloaela ha sona ho sebelisana le meea lichaba kaofela li ile tsa khelosoa.’ (Tšenolo 18:23) Hona ho hlakisa hore e tlameha ebe seotsoa se seholo ke tsamaiso ea bolumeli lefatšeng ka bophara.

      3. (a) Ke hobane’ng ha e tlameha ebe seotsoa se seholo se tšoantšetsa ntho e khōlō ho feta Kereke ea Roma e K’hatholike kapa le bona Bokreste-’mōtoana kaofela? (b) Ke lithuto life tsa Babylona tse fumanoang malumeling a mangata a Bochabela hammoho le lihlotšoaneng tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana? (c) Mok’hadinale oa Roma e K’hatholike John Henry Newman o ile a lumela eng mabapi le hore na lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana, litšebeletso tsa bona le mekhoa ea bona li simolohile hokae? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      3 Ke tsamaiso efe ea bolumeli? Na ke Kereke ea Roma e K’hatholike, joalokaha ba bang ba ’nile ba bolela? Kapa ke Bokreste-’mōtoana kaofela? Che, e tlameha ebe se seholo ho feta mona haeba se tla khelosa lichaba kaofela. Ha e le hantle, ke ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Se bontšang hore se simolohile liphiring tsa Babylona ke hore lithuto tse ngata tsa Babylona le mekhoa ea eona li tloaelehile malumeling ho pota lefatše. Ka mohlala, tumelo ea hore ka tlhaho moea oa motho ha o shoe, hore ho na le lihele tsa tlhokofatso, le hore ho na le melimo eo e leng boraro-bo-bong li fumanoa malumeling a mangata a Bochabela hammoho le lihlotšoaneng tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana. Bolumeli ba bohata, bo hlahileng lilemong tse ka holimo ho 4 000 tse fetileng motseng oa boholo-holo oa Babylona, bo hōlile ka mokhoa o tšabehang kajeno, ’me ka nepo bo bitsoa Babylona e Moholo.a Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha bo hlalosoa ka lebitso le nyatsehang hakaalo la “seotsoa se seholo”?

      4. (a) Iseraele ea boholo-holo e ile ea etsa bohlola ka litsela life? (b) Babylona e Moholo e entse bohlola ka tsela efe e khethehileng?

      4 Babylona (kapa Babele, e bolelang “Pherekano”) e ile ea fihla tlhōrōng ea boholo ba eona mehleng ea Nebukadnezare. E ne e le naha e kopantseng bolumeli le lipolotiki e nang le litempele le litempelana tse fetang sekete. Baprista ba eona ba ne ba e-na le matla a maholo. Le hoja e le khale Babylona e khaolitse ho ba teng e le ’muso oa lefatše, Babylona e Moholo ea bolumeli e ntse e phela, ’me ho tšoana le ea boholo-holo, e ntse e batla ho susumetsa litaba tsa bopolotiki le ho li laola. Empa na Molimo o amohela bolumeli bo keneng lipolotiking? Mangolong a Seheberu, ho ne ho thoe Iseraele e etsa botekatse ha e itšunya-tšunya borapeling ba bohata le ha e etsa lilekane le lichaba tse ling, ho e-na le ho tšepa Jehova. (Jeremia 3:6, 8, 9; Ezekiele 16:28-30) Babylona e Moholo le eona e etsa bohlola. Ka ho totobetseng, e entse sohle seo e boneng se loketse e le hore e ka fumana tšusumetso le matla a ho laola marena a busang a lefatše.—1 Timothea 4:1.

      5. (a) Baruti ba bolumeli ba thabela ho hlahella ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha ho lakatsa boemo bo hlaheletseng lefatšeng ho hanana ka ho toba le mantsoe a Jesu Kreste?

      5 Kajeno, baeta-pele ba bolumeli ba atisa ho tsoa letšolo ba batla litulo tse phahameng ’musong, ’me linaheng tse ling, ba kopanela pusong, ba bile ba lutse litulong tsa kabinete. Ka 1988 baruti ba babeli ba tsebahalang ba Prostanta e ne e le bo-nkhetheng ba batlang ho fumana setulo sa bopresidente United States. Baeta-pele ba Babylona e Moholo ba rata ho hlahella; hangata lifoto tsa bona li bonoa likoranteng ba tsamaea le bo-ralipolotiki ba hlaheletseng. Ho fapana le bona, Jesu o ile a hana ho itšunya-tšunya lipolotiking a ba a re ha a bua ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 6:15; 17:16; Matheu 4:8-10; bona le Jakobo 4:4.

      ‘Bootsoa’ ba Kajeno

      6, 7. (a) Mokha oa Hitler oa Bonazi o ile oa hloella pusong joang Jeremane? (b) Tumellano eo Vatican e ileng ea e etsa le Jeremane ea Bonazi e ile ea thusa Hitler joang boikemisetsong ba hae ba ho busa lefatše?

      6 Ka ho itšunya-tšunya ha sona lipolotiking, seotsoa se seholo se tliselitse moloko oa batho masoabi a maholo. Ka mohlala, nahana ka mabaka a ileng a etsa hore Hitler a hloelle pusong Jeremane—e leng mabaka a mabe hoo ba bang ba neng ba ka rata ho a hlakola libukeng tsa histori. Ka May 1924 Mokha oa Bonazi o ne o e-na le litulo tse 32 ka Paramenteng ea Jeremane. Ka May 1928 li ne li theohetse ho tse 12. Leha ho le joalo, ka 1930 lefatše le ile la apareloa ke Ho oa ho Hoholo ha Moruo; mokha oa Bonazi o ile oa sebelisa boemo boo ba ho oa ha moruo ’me oa phahama ka mokhoa o tsotehang, oa fumana litulo tse 230 ho tse 608 likhethong tsa Jeremane ka July 1932. Kapele ka mor’a moo, eo e kileng ea e-ba letona la naha Franz von Papen, eo e neng e le Mookameli oa Sesole sa Mopapa, o ile a phallela Manazi. Ho latela bo-rahistori, von Papen o ile a bonela pele ’Muso o mocha o Halalelang oa Roma. Ka nako e khutšoanyane eo a e qetileng e le letona la naha o ile a hlōleha, kahoo joale o ne a tšepile ho fumana matla ka Manazi. Ka January 1933, o ne a se a fumanetse Hitler tšehetso ea batsamaisi ba mesebetsi e meholo ea khoebo, ’me ka maqheka a bomenemene o ile a tiisa hore Hitler e ba letona la naha la Jeremane ka la 30 January, 1933. Eena o ile a etsoa motlatsi oa letona la naha eaba Hitler o mo sebelisa ho hapa tšehetso ea lihlopha tsa K’hatholike tsa Jeremane. Ka mor’a likhoeli tse peli a fumane matla, Hitler o ile a felisa paramente, a leleka baeta-pele ba bohanyetsi ba likete ’me a ba isa likampong tsa mahloriso, eaba o qala phutuho e pepenene ea ho hatella Bajuda.

      7 Ka la 20 July, 1933, ho ile ha bonahala hore Vatican e thahasella taba ea hore ebe matla a Bonazi a ntse a eketseha ha Mok’hadinale Pacelli (eo hamorao e ileng ea e-ba Mopapa Pius XII) a saena tumellano pakeng tsa Vatican le Jeremane ea Bonazi Roma. Von Papen o ile a saena tokomane eo e le moemeli oa Hitler, ’me Pacelli ha a le moo o ile a fa von Papen khau e phahameng ea bopapa ea Sefapano se Seholo sa Lebotho la Pius.b Bukeng ea hae e bitsoang Satan in Top Hat, Tibor Koeves o ngola tjena ka sena: “Tumellano eo e ne e le tlhōlo e khōlō ho Hitler. E ile ea mo fa tšehetso ea pele e tsoang lefatšeng le ka ntle, le hona e tsoa mohloling o phahameng haholo.” Tumellano eo e ne e re Vatican e khaotse ho tšehetsa Mokha o Mahareng oa K’hatholike oa Jeremane, e leng ho ileng ha lumella hore mokha o le mong oa Hitler e be oona o laolang “naha eohle.”c Ho feta moo, temana ea eona ea bo14 e ne e re: “Baarekabishopo, babishopo, le ba tšoanang le bona ba ne ba tla khethoa feela ka mor’a hore ’musisi, ea behiloeng ke ’Muso oa Jeremane, a tiise ka mokhoa o nepahetseng hore ha ho pelaelo mabapi le maemo a akaretsang a amang litaba tsa lipolotiki.” Qetellong ea selemo sa 1933 (seo Mopapa Pius XI a ileng a phatlalatsa hore ke “Selemo se Halalelang”), tšehetso ea Vatican e ne e phetha karolo e khōlō boikemisetsong ba Hitler ba ho busa lefatše.

      8, 9. (a) Vatican hammoho le Kereke e K’hatholike le baruti ba eona ba ile ba etsa joang ha ba bona khatello ea Bonazi? (b) Babishopo ba Jeremane ba K’hatholike ba ile ba bua mantsoe afe ha Ntoa ea II ea Lefatše e qaleha? (c) Likamano tsa bolumeli le lipolotiki li feletse ka eng?

      8 Le hoja baprista le baitlami ba seng bakae ba ile ba ipelaetsa ka liketso tse sehlōhō tsa Hitler—’me ba utloisoa bohloko ka lebaka la boipelaetso boo—Vatican hammoho le Kereke e K’hatholike le lebotho la eona la baruti ba ile ba tšehetsa Bonazi ka ho toba kapa ka ho se re letho ka bohatelli ba bona, boo ba neng ba bo nka e le tšireletso e matla khahlanong le ho ata ha Bokomonisi lefatšeng. A lutse a iketlile Vatican, Mopapa Pius XII o ile a tlohella Bajuda hore ba bolaoe larita! le hore Lipaki Tsa Jehova le ba bang ba tsoele pele ho hlorisoa ka sehlōhō ho se ea hanyetsang seo. Se makatsang ke hore ha Mopapa John Paul II a etetse Jeremane ka May 1987, o ile a rorisa moprista e mong ka hore ebe o ile a ema a tiile khahlanong le Bonazi. Baruti ba bang ba likete ba Jeremane ba ne ba etsa’ng nakong ea puso e sehlōhō ea Hitler? Lengolo la baruti le ntšitsoeng ke babishopo ba K’hatholike ba Jeremane ka September 1939 ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše le fana ka leseli ntlheng ena. Karolo e ’ngoe ea lona e baleha tjena: “Horeng ena ea makhaola-khang re eletsa masole a rōna a Mak’hatholike hore a etse mosebetsi oa ’ona a mamele Moeta-pele le hore a itokisetse ho itela ka ho feletseng. Re ipiletsa ho Ba Tšepahalang hore ba kopanele lithapelong tse tiileng tsa hore Tataiso ea Molimo e ke e tsamaise ntoa ena ho fihlela e hlohonolofatsoa ka katleho.”

      9 Botsebi bo joalo ba K’hatholike ba ho tšoara lipuisano le lichaba bo bontša mofuta oa bootsoa boo bolumeli bo keneletseng ho bona ka lilemo tse ka holimo ho 4 000 tse fetileng ka ho hokahoka Mebuso ea lipolotiki e le hore bo ka fumana matla le monyetla. Likamano tse joalo tsa bolumeli le lipolotiki li bakile ntoa, mahloriso, le masoabi a maholo har’a batho. Batho ba ka thaba hakaakang ha e le moo kahlolo ea Jehova holim’a seotsoa se seholo e le haufi! E se eka e ka phethahatsoa kapele!

      Ho Lula Holim’a Metsi a Mangata

      10. “Metsi a mangata” ao Babylona e Moholo e talimileng hore a tla e sireletsa ke afe, hona ho etsahala’ng ka ’ona?

      10 Babylona ea boholo-holo e ne e lutse holim’a metsi a mangata—a Nōka ea Eufrate le liforo tse ngata. Li ne li e sirelelitse ebile e le mohloli oa khoebo o hlahisang leruo, ho fihlela ha li psha ka bosiu bo le bong. (Jeremia 50:38; 51:9, 12, 13) Babylona e Moholo le eona e talima “metsi a mangata” e le ’ona a tla e sireletsa le ho e ruisa. Metsi ana a tšoantšetso ke “batho le matšoele le lichaba le maleme,” ke hore, ke batho bohle ba limilione tse likete bao e ’nileng ea ba busa le ba ’nileng ba e tšehetsa ka lintho tse bonahalang. Empa le ’ona metsi ana aa psha, kapa a khaotsa ho e tšehetsa.—Tšenolo 17:15; bapisa le Pesaleme ea 18:4; Esaia 8:7.

      11. (a) Babylona ea boholo-holo e ile ea ‘tahisa lefatše lohle’ joang? (b) Babylona e Moholo ‘e tahisitse lefatše lohle’ joang?

      11 Ho feta moo, Babylona ea khale e ne e hlalosoa e le “senoelo sa khauta letsohong la Jehova, [se ileng] sa tahisa lefatše lohle.” (Jeremia 51:7) Babylona ea boholo-holo e ile ea qobella lichaba tseo e ahisaneng le tsona hore li koenye lipolelo tsa bohale ba Jehova ha e li hapa ka sesole, e li fokolisa joaloka batho ba tahiloeng. Ntlheng eo, e ne e sebelisoa ke Jehova. Babylona e Moholo le eona, e hapile hoo joale e fetohileng ’muso oa lefatše lohle. Empa ka sebele ha e sebelisoe ke Molimo. Ho e-na le hoo, e sebelelitse “marena a lefatše” ao e etsang bohlola ba bolumeli le ’ona. E khotsofalitse marena ana ka ho sebelisa lithuto tsa eona tsa bohata le mekhoa ea eona e etsang batho makhoba hore e boloke matšoele a batho, “ba ahileng lefatšeng,” ba fokola joaloka batho ba tahiloeng, ba latelang babusi ba bona ka hohle.

      12. (a) Karolo e ’ngoe ea Babylona e Moholo e Japane e ne e le eona e ikarabellang joang bakeng sa tšollo e khōlō ea mali nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? (b) “Metsi” a neng a tšehelitse Babylona e Moholo a ile a fokotseha joang Japane, hona hoo ho ile ha fella ka eng?

      12 Japane, Boshinto ke mohlala o totobetseng oa sena. Lesole la Lejapane le rutiloeng le ne le ho nka e le tlotla e phahameng ho tela bophelo ba lona ka lebaka la moemphera—eo e neng e le molimo ea phahameng ka ho fetisisa oa Boshinto. Ntoeng ea II ea Lefatše, masole a Majapane a ka bang 1 500 000 a ile a shoela ntoeng; hoo e ka bang le leng le le leng le ne le talima ho inehela e le ntho e tlotlollang. Empa ka lebaka la ho hlōloa ha Japane, Moemphera Hirohito o ile a tlameha ho latola polelo ea hae ea hore ke molimo. Hona ho ile ha fella ka hore “metsi” a tšehelitseng karolo ea Boshinto ea Babylona e Moholo a fokotsehe haholo—ka bomalimabe, e le ka mor’a hore Boshinto bo lumelle tšollo e khōlō ea mali lebaleng la ntoa ea Pacific! Lilemong tsa morao tjena ho fokola hona ha tšusumetso ea Boshinto ho ile ha boela ha bula tsela ea hore Majapane a fetang 200 000, ao karolo e khōlōhali ea ’ona e neng e le Mashinto le Mabuddha, e be basebeletsi ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba ’Musi Morena Jehova.

      Seotsoa se Palama Sebata

      13. Johanne o bona pono efe e hlollang ha lengeloi le mo nka ka matla a moea le mo isa lefeelleng?

      13 Ke eng hape eo boprofeta bo e senolang ka seotsoa se seholo le qetello ea sona? Joalokaha Johanne a bolela joale, ho hlahella pono e ’ngoe e hlakileng: “[Lengeloi] la nkuka ka matla a moea la nkisa lefeelleng. Ka re heli! ’me ka bona mosali ea palameng sebata se ’mala o sekareleta se neng se tletse mabitso a nyefolang le se neng se e-na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.”—Tšenolo 17:3.

      14. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Johanne o isoa lefeelleng?

      14 Ke hobane’ng ha Johanne a isoa lefeelleng? Phatlalatso ea pejana ea ho timetsoa ha Babylona ea boholo-holo e ile ea hlalosoa e le e “khahlanong le lefeella la leoatle.” (Esaia 21:1, 9) Hona ho ile ha fana ka temoso e loketseng ea hore, ho sa tsotellehe metsi ’ohle a e sirelelitseng, Babylona ea boholo-holo e ne e tla fetoha lesupi leo ho se nang ntho e phelang ho lona. Joale, ho loketse hore ebe Johanne o nkeloa lefeelleng ka pono hore a e’o bona qetello ea Babylona e Moholo. Le eona e tlameha ho fetoha lesupi le nahathothe. (Tšenolo 18:19, 22, 23) Leha ho le joalo, Johanne o makatsoa ke seo a se bonang moo. Seotsoa se seholo ha se seng! Se lutse holim’a sebata sa setonanahali!

      15. Sebata se boleloang ho Tšenolo 13:1 se fapane kae le se boleloang ho Tšenolo 17:3?

      15 Sebata sena se na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. Na joale se tšoana le sebata seo Johanne a se boneng pejana, seo le sona se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome? (Tšenolo 13:1) Che, ho na le moo li fapaneng teng. Sebata sena se ’mala o sekareleta ’me, ho fapana le sebata sa pele, ha ho moo ho thoeng se na le mefapa-hlooho teng. Ho e-na le ho ba le mabitso a nyefolang lihloohong tsa sona tse supileng feela, se “tletse mabitso a nyefolang.” Leha ho le joalo, e tlameha ebe ho na le kamano pakeng tsa sebata sena se secha le sa pele; li tšoana hoo e ke keng eaba hona ho etsahetse ka tsietsi.

      16. Sebata se ’mala o sekareleta ke eng, ’me ho itsoe’ng ka morero oa sona?

      16 Joale, sebata see se secha se ’mala o sekareleta ke eng? E tlameha ebe ke setšoantšo sa sebata se hlahileng ka tšusumetso ea sebata sa Manyesemane le Maamerika se nang le linaka tse peli joaloka konyana. Ka mor’a hore setšoantšo seo se etsoe, sebata seo se linaka li peli se ile sa lumelloa hore se fe setšoantšo sa sebata phefumoloho. (Tšenolo 13:14, 15) Joale Johanne o bona setšoantšo se phelang, se phefumolohang. Se tšoantšetsa mokhatlo oa Selekane sa Lichaba oo sebata se linaka li peli se ileng sa o phelisa ka 1920. Mopresidente Wilson oa United States o ne a nahanne hore Selekane sena “e ne e tla ba setsi seo ho sona ho neng ho tla etsoa hore toka e namele ho batho bohle ’me se felise tšokelo ea ntoa ka ho sa feleng.” Ha se tsosoa e se e le Machaba a Kopaneng ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, morero oa sona o ka sehloohong e ne e le “ho boloka khotso le tšireletseho ea machaba.”

      17. (a) Ke ka tsela efe sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta se tletseng mabitso a nyefolang? (b) Ke mang ea palameng sebata se ’mala o sekareleta? (c) Bolumeli ba Babylona bo ile ba itsoakanya le Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona joang ho tloha qalong feela?

      17 Sebata see sa tšoantšetso se tletse mabitso a nyefolang ka tsela efe? Ka hore batho ba emisitse setšoantšo sena sa machaba e le se nkelang ’Muso oa Molimo sebaka—hore se finyelle seo Molimo a reng ’Muso oa hae ke oona feela o ka se finyellang. (Daniele 2:44; Matheu 12:18, 21) Leha ho le joalo, se hlokomelehang ka pono ena ea Johanne ke hore Babylona e Moholo e palame sebata sena se ’mala o sekareleta. Joalokaha boprofeta bo boletse, bolumeli ba Babylona, haholo-holo Bokreste-’mōtoana, bo ikamahantse le Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona. Khale koana ka la 18 December, 1918, sehlopha seo hona joale se tsebahalang e le Lekhotla la Sechaba la Likereke Tsa Kreste Amerika se ile sa amohela phatlalatso eo karolo ea eona e neng e re: “Selekane se joalo hase feela kofuto ea bopolotiki ea ho finyella ntho e itseng; ho e-na le hoo ke pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng. . . . Kereke e ka fana ka moea oa tšehetso oo Selekane sa Lichaba se ke keng sa tsoela pele kantle ho oona. . . . Selekane sa Lichaba se thehiloe Kosepeleng. Joaloka Kosepele, sepheo sa sona ke ‘khotso lefatšeng, ho etsetsa batho molemo.’”

      18. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba bontša hore ba tšehetsa Selekane sa Lichaba joang?

      18 Ka la 2 January, 1919, San Francisco Chronicle e ne e e-na le sehlooho se seholo se ka holimo se reng: “Mopapa o Ipiletsa Hore ho Amoheloe Selekane sa Lichaba sa Wilson.” Ka la 16 October, 1919, kōpo e saennoeng ke baruti ba 14 450 ba likereke tse ka sehloohong e ile ea hlahisoa ka pele ho Senate sa United States, e phehella sehlopha seo “hore se amohele tumellano ea khotso ea Paris e neng e akarelletsa tumellano ea selekane sa lichaba.” Le hoja Senate sa United States se sa ka sa amohela tumellano eo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tsoela pele ho buella Selekane seo. Joale Selekane seo se ile sa khakoloa joang? Litaba tse ileng tsa phatlalatsoa Switzerland, ka la 15 November, 1920, li baleha tjena: “Ho buloa ha kopano ea pele ea Selekane sa Lichaba ho phatlalalitsoe ka hora ea leshome le motso o mong hoseng hona ka hore ho letsoe litšepe likerekeng tsohle Geneva.”

      19. Ha sebata se ’mala o sekareleta se hlaha, sehlopha sa Johanne se ile sa etsa’ng?

      19 Na sehlopha sa Johanne, seo e neng e le sona feela lefatšeng seo ka cheseho se ileng sa amohela ’Muso o tlang oa Mesia, se ile sa kopanela le Bokreste-’mōtoana liketsong tseo tsa ho hlompha sebata se ’mala o sekareleta? Le hanyenyane! Ka Sontaha sa la 7 September, 1919, kopanong ea batho ba Jehova e neng e le Cedar Point, Ohio, ho ile ha fanoa ka puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng, “Tšepo Bakeng sa Moloko oa Batho o Tepeletseng.” Ka letsatsi le hlahlamang, Star-Journal ea Sandusky e ile ea tlaleha hore ha J. F. Rutherford a ne a bua le batho ba ka bang 7 000, o ile a “bolela hore joang kapa joang khalefo ea Morena e tla oela Selekane seo . . . hobane baruti—ba K’hatholike le ba Prostanta—ba ipolelang hore ke baemeli ba Molimo, ba lahlile morero oa hae eaba ba tšehetsa Selekane sa Lichaba, ba se thoholetsa ka ho re ke pontšo ea bopolotiki ea ’muso oa Kreste lefatšeng.”

      20. Ke hobane’ng ha e ne e le ho nyefola hore baruti ba thoholetse Selekane sa Lichaba ka hore ke “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng”?

      20 Ho hlōleha ho tšabehang ha Selekane sa Lichaba ho ne ho lokela hore ebe ho ile ha bontša baruti hore mekhatlo e joalo e entsoeng ke batho hase karolo ea ’Muso oa Molimo lefatšeng. Ke bonyefoli bo bokaakang ho bolela taba e joalo! Ho etsa hore ho bonahale eka Molimo o ne a kentse letsoho Selekaneng seo se ileng sa iponahatsa e le hlakantsutsu feela. Ha e le Molimo, eena “mosebetsi oa hae o phethahetse.” ’Muso oa Jehova oa leholimo o tlas’a Kreste—eseng bo-ralipolotiki ba ikopantseng ba qhoebeshanang, bao ba bangata ba bona ba sa lumeleng hore Molimo o teng—ke oona mokhoa oo a tlang ho tlisa khotso ka oona ’me thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.—Deuteronoma 32:4; Matheu 6:10.

      21. Ke eng e bontšang hore seotsoa se seholo se tšehetsa mohlahlami oa Selekane, e leng Machaba a Kopaneng, ebile sea a hlompha?

      21 Ho thoe’ng ka mohlahlami oa Selekane see, e leng Machaba a Kopaneng? Ho tloha ha o thehoa feela, mokhatlo ona le oona o ile oa palangoa ke seotsoa se seholo, ho ne ho bonahala hore se sebelisana le oona ’me se leka ho o tataisa tseleng eo o etsang lintho ka eona. Ka mohlala, ka June 1965, ha ho ne ho ketekoa sehopotso sa lilemo tse 20 o thehiloe, baemeli ba Kereke ea Roma e K’hatholike le ba Kereke ea Bochabela ea Orthodox, hammoho le Maprostanta, Bajuda, Mahindu, Mabuddha, le Mamosleme—bao ho neng ho thoe ba emela batho ba limilione tse likete tse peli har’a baahi ba lefatše—ba ile ba bokana San Francisco ho keteka ho tšehetsa ha bona le ho hlompha ha bona Machaba a Kopaneng. Ha Mopapa Paul VI a etela Machaba a Kopaneng ka October 1965, o ile a a hlalosa e le “mokhatlo o moholohali mekhatlong eohle ea machaba” ’me a phaella ka ho re: “Lichaba tsa lefatše li retelehela ho Machaba a Kopaneng e le tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso.” Mopapa e mong ea etileng, e leng Mopapa John Paul II, ha a bua le Machaba a Kopaneng ka October 1979, o ile a re: “Ke tšepa hore Machaba a Kopaneng a tla lula ka ho sa feleng e le setsi se phahameng ka ho fetisisa sa khotso le toka.” Ka ho totobetseng, mopapa ha aa ka a natsa Jesu Kreste kapa ’Muso oa Molimo puong ea hae. Nakong ea ketelo ea hae United States ka September 1987, joalokaha The New York Times e tlalehile, “John Paul o ile a bua halelele ka mosebetsi o molemo oa Machaba a Kopaneng tabeng ea ho buella . . . ‘bonngoe bo bocha lefatšeng ka bophara.’”

      Lebitso, Sephiri

      22. (a) Seotsoa se seholo se khethile ho palama sebata sa mofuta ofe? (b) Johanne o hlalosa seotsoa sa tšoantšetso, e leng Babylona e Moholo joang?

      22 Haufinyane moapostola Johanne o tla ithuta hore seotsoa se seholo se khethile ho palama sebata se kotsi. Leha ho le joalo, o retelehela ho Babylona e Moholo ka boeena pele. O apere liaparo tsa borui, empa, jo! o nyonyeha hakaakang! “Mosali eo o ne a apere bopherese le sekareleta, ’me o ne a khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela ’me letsohong la hae o ne a tšoere senoelo sa khauta se neng se tletse lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae. Phatleng ea hae ho ne ho ngotsoe lebitso, sephiri: ‘Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.’ Ka bona hore mosali eo o ne a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.”—Tšenolo 17:4-6a.

      23. Lebitso le feletseng la Babylona e Moholo ke mang, hona le bolela’ng?

      23 Joalokaha e ne e le tloaelo Roma ea boholo-holo, letekatse lena le tsebahala ka lebitso le phatleng ea lona.d Ke lebitso le lelelele: “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” Lebitso leo ke “sephiri,” ke ntho e nang le moelelo o patehileng. Empa ka nako ea Molimo e loketseng, sephiri seo se lokela ho hlalosoa. Ha e le hantle, lengeloi le fa Johanne boitsebiso bo lekaneng ho etsa hore bahlanka ba Jehova kajeno ba lemohe sohle se boleloang ke lebitso lena le hlalosang. Rea tseba hore Babylona e Moholo ke bolumeli bohle ba bohata. Ke “’mè oa liotsoa” hobane malumeli ’ohle a bohata lefatšeng, a akarelletsang lihlotšoana tse ngata tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana, a tšoana le barali ba eona, a e etsisa ka ho etsa bootsoa ba moea. Hape ke ’mè oa “lintho tse nyonyehang” ka hore e tsoetse bana ba bafetoheli ba kang borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bonohe, bolepi ba linaleli, ho laola ka ho bala mela ea letsoho, ho etsa mahlabelo ka batho, botekatse ba tempeleng, ho tahoa e le ho hlompha melimo ea bohata, le mekhoa e meng e nyatsehang.

      24. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Babylona e Moholo e bonoa e apere “bopherese le sekareleta” ’me e “khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela”?

      24 Babylona e Moholo e apere “bopherese le sekareleta,” e leng mebala ea borena, ’me e “khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela.” Ke ho loketseng hakaakang! Nahana feela ka mehaho eohle e majabajaba, liemahale tse ikhethang le litšoantšo tse ferefiloeng, litšoantšo tse theko e boima, le lisebelisoa tse ling tsa bolumeli, hammoho le thepa e ngata haholo le chelete, tseo malumeli a lefatše lena a li bokeletseng. Ebang ke Vatican, setsing sa baevangeli ba thelevishene se United States, kapa matlong a majabajaba a baitlami ba Mabuddha le litempeleng tsa Bochabela, Babylona e Moholo e bokeletse leruo le leholo—le hoja ka linako tse ling e ile ea lahleheloa ke lona.

      25. (a) Se tšetsoeng ka har’a ‘senoelo sa khauta se tletseng lintho tse nyonyehang’ se tšoantšetsa’ng? (b) Seotsoa sa tšoantšetso se tahiloe ka kutloisiso efe?

      25 Joale sheba hore na seotsoa se tšoere’ng letsohong. E tlameha ebe Johanne o ile a tšoha ha a se bona—senoelo sa khauta “se neng se tletse lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae”! Senoelo sena se tšetse “veine ea bohale ba bohlola ba hae” eo se entseng hore lichaba tsohle li tahoe ke eona. (Tšenolo 14:8; 17:4) Se shebahala se le setle haholo ka ntle, empa se tšetsoeng ka har’a sona sea nyonyeha, ha sea hloeka. (Bapisa le Matheu 23:25, 26.) Se tšetse mekhoa eohle e litšila le mashano tseo seotsoa se seholo se li sebelisitseng ho eka lichaba le ho etsa hore li be tlas’a tšusumetso ea sona. Ho nyonyehang le ho feta ke hore Johanne oa bona hore seotsoa seo ka bosona se tahiloe, se tahiloe ke mali a bahlanka ba Molimo! Ha e le hantle, hamorao re bala hore “ho [sona] ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ke molato o moholo hakaakang oa mali!

      26. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Babylona e Moholo e molato oa mali?

      26 Ka makholo a lilemo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tšolotse mali a mangata hoo a ke keng a lekanngoa. Ka mohlala, Japane, mehleng e bohareng, litempele tse Kyoto li ile tsa fetoloa liqhobosheane, ’me bahlabani bao e neng e le baitlami ba banna, ba ile ba ipiletsa ho “lebitso le halalelang la Buddha,” eaba ba loantšana ho fihlela literata li le khubelu ke mali. Lekholong la bo20 la lilemo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tsamaea ba macha le mabotho a linaha tsa habo bona ’me mabotho ana a ile a bolaeana, eaba bonyane ba limilione tse lekholo ba lahleheloa ke bophelo ba bona. Ka October 1987 Nixon, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States, o ile a re: “Lekholo la bo20 la lilemo e bile le tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa historing. Ho bolailoe batho ba bangata lintoeng tsa lekholo lena la lilemo ho feta lintoeng tsohle tse loannoeng pele lekholo lena la lilemo le qala.” Molimo o ahlola malumeli a lefatše haboima ka lebaka la ho kopanela ha ’ona ho sena sohle; Jehova o nyonya “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liproverbia 6:16, 17) Pejana, Johanne o ile a utloa mohoo o tsoang aletareng o reng: “’Musi Morena ea halalelang le oa ’nete, u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola le ho pheteletsa mali a rōna holim’a ba lulang lefatšeng?” (Tšenolo 6:10) Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše, e tla be e kene tloara! ha ho fihla nako ea ho arabela potso eo.

  • Sephiri se Hlollang Sea Rarolloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Khaolo 34

      Sephiri se Hlollang Sea Rarolloa

      1. (a) Johanne o etsa joang ha a bona seotsoa se seholo le ho palama ha sona ho tšabehang, hona hobane’ng? (b) Sehlopha sa Johanne kajeno se etsa joang ha liketsahalo li senoleha ho phethahatsa pono eo ea boprofeta?

      JOHANNE o etsa joang ha a bona seotsoa se seholo le ho palama ha sona ho tšabehang? Eena ka boeena o arabela ka hore: “Joale, ha ke re heli! ’me ke mo bona ka makala ka makalo e khōlō.” (Tšenolo 17:6b) Monahano oa motho feela o ne o ke ke oa nahana pono e joalo. Empa, ke moo—hōle koana lefeelleng—letekatse le hlephileng boitšoarong le tsetsebane holim’a sebata se tšabehang se ’mala o sekareleta! (Tšenolo 17:3) Kajeno sehlopha sa Johanne le sona se makala ka makalo e khōlō ha liketsahalo li senoleha ho phethahatsa pono eo ea boprofeta. Haeba batho ba lefatše ba ne ba ka se bona, ba ne ba ka re, ‘Mohlolo!’ ’me babusi ba lefatše ba ne ba tla re, ‘Ha re kholoe!’ Empa pono ena e phethahala ka tsela ea sebele e makatsang mehleng ea rōna. Batho ba Molimo ba se ba kopanetse ka mokhoa o hlokomelehang phethahatsong ea pono ena, ’me hona ho ba kholisa hore boprofeta bo tla tsoela pele ho fihlela tlhōrōng ea bona e hlollang.

      2. (a) Lengeloi le re’ng ho Johanne ha le bona ho makala ha hae? (b) Sehlopha sa Johanne se senoletsoe eng, ’me see se entsoe joang?

      2 Lengeloi le hlokomela ho makala ha Johanne. Johanne o tsoela pele ho re: “Lengeloi la re ho ’na: ‘U makaletse’ng? Ke tla u bolella sephiri sa mosali eo le sa sebata se mo jereng le se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.’” (Tšenolo 17:7) Joale lengeloi le tla utolla sephiri! Le hlalosetsa Johanne ea tonneng mahlo ke ho makala litšobotsi tse sa tšoaneng tsa pono ena le liketsahalo tse sa lebelloang tse tla tloha li senoleha. Ka ho tšoanang, joalokaha se sebeletsa tlas’a tataiso ea mangeloi kajeno, sehlopha sa Johanne se lutseng se falimehile se senoletsoe kutloisiso ea boprofeta. “Na litlhaloso hase tsa Molimo?” Joaloka Josefa ea tšepahalang, re lumela hore ho joalo. (Genese 40:8; bapisa le Daniele 2:29, 30.) Ho joalokaha eka batho ba Molimo ba behiloe moo ba bonoang ke bohle ha Jehova a ba hlalosetsa se boleloang ke pono ena le tšusumetso ea eona bophelong ba bona. (Pesaleme ea 25:14) Ka nako e nepahetseng hantle, o entse hore ba utloisise sephiri sa mosali le sebata.—Pesaleme ea 32:8.

      3, 4. (a) Ke puo efe ea phatlalatsa eo N. H. Knorr a ileng a fana ka eona ka 1942, ’me e ile ea bontša joang hore na sebata se ’mala o sekareleta ke mang? (b) Ke mantsoe afe ao lengeloi le a buileng ho Johanne ao N. H. Knorr a ileng a a hlalosa?

      3 Ho tloha ka la 18 ho ea ho la 20 September, 1942, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e hlile e kupa, Lipaki Tsa Jehova United States li ile tsa tšoara Kopano ea tsona ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha. Motse o moholo, Cleveland, Ohio, o ne o hokahantsoe ka thelefono le metse e meng ea likopano e fetang 50, ’me tlhōrō ea ba bileng teng e ne e le batho ba 129 699. Moo maemo a ntoa a neng a lumela, lenaneo leo le ile la phetoa likopanong tse ling lefatšeng ka bophara. Ka nako eo, batho ba bangata ba Jehova ba ne ba lebeletse hore ntoa eo e ne e tla tsoela pele ho fihlela ntoeng ea Molimo ea Armagedone; ka lebaka leo sehlooho sa puo ea phatlalatsa se reng, “Khotso—Na e ka Tšoarella?,” se ile sa tsosa thahasello e khōlō. Mopresidente e mocha oa Mokhatlo oa Watch Tower, N. H. Knorr, o ne a ka bua ka khotso joang ha ho ne ho bonahala hore lichaba li tla tsoela pele li loana?a Lebaka ke hobane sehlopha sa Johanne se ne se ‘ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng’ Lentsoe la Molimo la boprofeta.—Baheberu 2:1; 2 Petrose 1:19.

      4 Puo ee e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” e ile ea chabisa leseli lefe boprofeteng boo? Ha a bontša ka ho hlaka hore sebata se ’mala o sekareleta se boletsoeng ho Tšenolo 17:3 ke Selekane sa Lichaba, N. H. Knorr o ile a tsoela pele ho hlalosa mosebetsi oa sona o ferekaneng a itšetlehile ka mantsoe a latelang ao lengeloi le ileng la a bua ho Johanne: “Sebata seo u se boneng se ne se le teng, empa ha se eo, leha ho le joalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong, ’me se tla ea timetsong.”—Tšenolo 17:8a.

      5. (a) Ho tlile joang hore ebe “sebata . . . se ne se le teng” ’me ka mor’a moo ‘sa e-ba sieo’? (b) N. H. Knorr o ile a re’ng ha a arabela potso e reng, “Na Selekane se tla lula se ntse se le ka sekoting?”

      5 “Sebata . . . se ne se le teng.” E, se bile teng e le Selekane sa Lichaba ho tloha ka la 10 January, 1920, ho ea pele, ’me ho ne ho e-na le lichaba tse 63 tse kentseng letsoho ho sona ka linako tse fapaneng. Empa, hamorao, Japane, Jeremane le Italy li ile tsa ikhula, ’me linaha tseo pele e neng e le Soviet Union tsa ntšoa Selekaneng seo. Ka September 1939 mohatelli oa Bonazi oa Jeremane o ile a qala Ntoa ea II ea Lefatše.b Kaha se ne se hlōlehile ho boloka khotso lefatšeng, ho bonahala hore Selekane sa Lichaba se ile sa oela mohohlong oa ho se sebetse. Ka 1942 selekane seo e ne e se e le maobane. Hantle feela ka eona nako eo ea makhaola-khang—eseng pele ho eona kapa ka mor’a eona—Jehova o ile a hlalosetsa batho ba hae sohle se boleloang ke pono ena! Kopanong eo ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha, N. H. Knorr o ne a ka bolela hore “sebata . . . ha se eo” tumellanong le boprofeta. Eaba o botsa potso e reng, “Na Selekane se tla lula se ntse se le ka sekoting?” Ha a qotsa Tšenolo 17:8, a arabela ka hore: “Mokhatlo oa lichaba tsa lefatše o tla hlaha hape.” ’Me ke sona se hlileng sa etsahala—e leng ho ileng ha paka hore Lentsoe la Jehova la boprofeta le nepile!

      Ho Nyoloha ka Mohohlong

      6. (a) Sebata se ’mala o sekareleta se ile sa nyoloha ka mohohlong neng, hona e le ka lebitso lefe le lecha? (b) Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng ehlile e le ho tsosolosoa ha sebata se ’mala o sekareleta?

      6 Sebata se ’mala o sekareleta se ile sa fela sa nyoloha ka mohohlong. Ka la 26 June, 1945, ho ile ha hlajoa mokhosi o moholo San Francisco, U.S.A., ha lichaba tse 50 li voutela ho amohela Molao-motheo oa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Morero oa mokhatlo ona e ne e le “ho boloka khotso le tšireletseho ea machaba.” Selekane se ne se tšoana le Machaba a Kopaneng ka litšobotsi tse ngata. The World Book Encyclopedia e re: “Ka litsela tse ling, Machaba a Kopaneng a tšoana le Selekane sa Lichaba, se ileng sa hlophisoa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše . . . Lichaba tse ngata tse ileng tsa theha Machaba a Kopaneng e ne e le tsona hape tse ileng tsa theha Selekane. Joaloka Selekane, Machaba a Kopaneng a ile a theheloa hore a thuse ho boloka khotso pakeng tsa lichaba. Likarolo tse ka sehloohong tsa Machaba a Kopaneng li tšoana haholo le tsa Selekane seo.” Joale, ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke ho tsosolosoa ha sebata se ’mala o sekareleta. Lichaba tse ka bang 190 tseo e leng litho tsa ’ona li feta hōle tse 63 tseo e neng e le litho tsa Selekane; a boetse a na le boikarabelo bo eketsehileng ho feta ba Selekane.

      7. (a) Ke ka tsela efe baahi ba lefatše ba ileng ba makala ka ho hlolloa ha sebata se ’mala o sekareleta se tsosolosoa? (b) Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho finyella pakane efe, ’me mongoli-kakaretso oa ’ona o ile a re’ng mabapi le see?

      7 Qalong, Machaba a Kopaneng a ne a tšepiloe haholo. Hona ho ne ho phethahatsa mantsoe a lengeloi a reng: “Ha ba bona kamoo sebata se neng se le teng, empa se se se le sieo, leha ho le joalo se tla ba teng, ba lulang lefatšeng ba tla makala ka ho hlolloa, empa mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” (Tšenolo 17:8b) Baahi ba lefatše ba ’nile ba tsota mokhatlo ona o moholohali o mocha, o sebetsang o le ntlo-khōlō ea oona ea tonanahali East River, New York. Empa Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho. Lekholong la bo20 la lilemo, boholo ba nako khotso ea lefatše e ne e bolokiloe feela ke tšoso ea “ho timetsana ntle le khoao [mutual assured destruction]”—MAD, ha e khutsufalitsoe—’me tlhōlisano ea ho bokella libetsa e ’nile ea tsoela pele ho hōla ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa. Ka mor’a lilemo tse ka bang 40 tsa boiteko ba Machaba a Kopaneng, eo ka nako eo e neng e le mongoli-kakaretso oa ’ona, Javier Pérez de Cuéllar, o ile a tletleba tjena ka 1985: “Re phela mehleng e meng ea batho ba fetelletsang lintho, ’me ha re tsebe seo re ka se etsang ka hona.”

      8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng a se na tharollo mathateng a lefatše, hona ke eng se tla etsahala haufinyane ho latela taelo ea Molimo? (b) Ke hobane’ng ha mabitso a bathehi ba Machaba a Kopaneng le a batšehetsi ba ’ona a sa ngoloa “moqolong oa bophelo” oa Molimo? (c) ’Muso oa Jehova o tla atleha ho finyella eng?

      8 Machaba a Kopaneng ha a na tharollo. Hobane’ng? Hobane Ea Fileng batho bohle bophelo hase eena ea fileng Machaba a Kopaneng bophelo. Bophelo ba ’ona e tla ba ba nakoana, hobane ho latela taelo ea Molimo, a “tla ea timetsong.” Mabitso a bathehi ba Machaba a Kopaneng le a batšehetsi ba ’ona ha aa tlalehoa moqolong oa bophelo oa Molimo. Ke joang batho ba baetsalibe, ba shoang, bao ba bangata ba bona ba somang lebitso la Molimo, ba ka khonang ho sebelisa Machaba a Kopaneng ho finyella seo Jehova Molimo a boletseng hore a ke ke a se finyella ka mekhoa ea batho, empa o tla se finyella ka ’Muso oa Kreste oa hae?—Daniele 7:27; Tšenolo 11:15.

      9 Ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke monyefoli ea ikhakanyang ka sebōpeho sa ’Muso oa Bomesia oa Molimo ka Khosana ea hae ea Khotso, e leng Jesu Kreste—eo puso ea hae ea bohosana e ke keng ea e-ba le bofelo. (Esaia 9:6, 7) Esita le haeba Machaba a Kopaneng a ne a ka tlisa khotso e itseng ea nakoana, kapele-pele lintoa li ne li tla qhoma hape. Sena ke sebōpeho sa batho ba baetsalibe. “Mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” Hase feela hore ’Muso oa Jehova ka Kreste o tla hloma khotso e sa feleng lefatšeng empa hape, motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu, o tla tsosa bafu, ba lokileng le ba sa lokang ba mohopolong oa Molimo. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Sena se akarelletsa e mong le e mong ea ileng a lula a tiile ho sa tsotellehe litlhaselo tsa Satane le peō ea hae, le ba bang bao ho sa ntsaneng ho hlokahala hore ba bontše hore baa mamela. Ho hlakile hore ha ho mohla moqolo oa bophelo oa Molimo o tla ba le mabitso a lingangele tse khomaretseng Babylona e Moholo kapa a batho leha e le bafe ba ’nileng ba tsoela pele ho rapela sebata.—Exoda 32:33; Pesaleme ea 86:8-10; Johanne 17:3; Tšenolo 16:2; 17:5.

      Khotso le Tšireletseho—Tšepo ea Lefeela

      10, 11. (a) Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa eng ka 1986, ’me ho ile ha etsahala joang? (b) Ke “lihlopha tsa malumeli” tse kae tse ileng tsa bokana Assisi, Italy, ho ea rapella khotso, hona na Molimo o araba lithapelo tse joalo? Hlalosa.

      10 E le ka boiteko ba ho matlafatsa tšepo ea batho, Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa 1986 e le “Selemo sa Khotso sa Machaba,” ka sehlooho se reng: “Ho Sireletsa Khotso le Bokamoso ba Batho.” Ho ile ha ipiletsoa ho lichaba tse loanang hore li behe libetsa fatše, bonyane selemo. Li ile tsa etsa joang? Ho latela tlaleho e entsoeng ke Setsi sa Machaba sa Phuputso ea Khotso, batho ba ka bang limilione tse hlano ba ile ba bolaoa ke lintoa ka 1986 feela! Le hoja ho ile ha etsoa lichelete tsa tšepe tse khethehileng le litempe ho ikhopotsa hoo, lichaba tse ngata ha lia ka tsa etsa boiteko bo bokaalo ba ho finyella khotso selemong seo. Leha ho le joalo, malumeli a lefatše—ao kamehla a ntseng a labalabela ho ba le likamano tse ntle le Machaba a Kopaneng—a ile a qala ho phatlalatsa selemo seo ka litsela tse sa tšoaneng. Ka la 1 January, 1986, Mopapa John Paul II o ile a rorisa mosebetsi oa Machaba a Kopaneng ’me a nehela selemo seo se secha hore e be sa khotso. Ka la 27 October, o ile a bokella baeta-pele ba malumeli a mangata a lefatše Assisi, Italy, hore ba tl’o rapella khotso.

      11 Na Molimo o arabela lithapelo tse joalo tsa khotso? Ha e le hantle, baeta-pele bao ba malumeli ba ne ba rapela Molimo ofe? Haeba u ne u ka ba botsa, sehlopha se seng le se seng se ne se tla fana ka karabo e fapaneng. Na ho na le sehlopha sa melimo e limilione se ka utloang lithapeli tse etsoang ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng sa ba sa li araba? Ba bangata ba neng ba e-na le seabo ba ne ba rapela Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana.c Mabuddha, Mahindu, le ba bang ba ne ba bina lithapelo tse eang ho melimo e se nang palo. Ka kakaretso, ho ne ho bokane “lihlopha tsa malumeli” tse 12, li emetsoe ke baemeli ba tsebahalang ba kang Moarekabishopo oa Chache oa Canterbury, Dalai Lama oa Buddha, moarekabishopo oa Orthodox ea Russia, mookameli oa Mokhatlo oa Tempele ea Shinto ea Tokyo, batho ba tumelo ea Maafrika ea hore moea ha o shoe, le Maindia a Amerika a mabeli a neng a roetse mekhabiso ea masiba a matle hloohong. Seo re ka se bolelang feela ke hore e ne e le sehlopha se mebala-bala, se bohehang thelevisheneng. Ka nako e ’ngoe sehlopha se seng se ile sa rapela se sa khaotse ka lihora tse 12. (Bapisa le Luka 20:45-47.) Empa na ebe ho na le thapelo le e ’ngoe feela lithapelong tseo e ileng ea fetela ka nģ’ela ho maru a pula a neng a okametse seboka seo? Che, ka mabaka ana a latelang:

      12. Ke ka mabaka afe Molimo a sa kang a araba lithapelo tsa khotso tsa baeta-pele ba lefatše ba bolumeli?

      12 Ho fapana le ba ‘tsamaeang ka lebitso la Jehova,’ ha ho le ea mong oa balumeli bao ea neng a rapela Jehova, Molimo ea phelang, eo lebitso la hae le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 litemaneng tsa pele tsa Bibele. (Mikea 4:5; Esaia 42:8, 12)d E le sehlopha, ha baa ka ba atamela Molimo ka lebitso la Jesu, ba bangata ba bona ba ne ba bile ba sa lumele ho Jesu Kreste. (Johanne 14:13; 15:16) Ha ho le ea mong oa bona ea etsang thato ea Molimo mehleng ea rōna, e leng ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo o tlang lefatšeng ka bophara—eseng Machaba a Kopaneng—e le eona tšepo feela ea batho. (Matheu 7:21-23; 24:14; Mareka 13:10) Ka kakaretso, mekhatlo ea bona ea bolumeli e ’nile ea kenella lintoeng tse tletseng tšollo ea mali tse bileng teng, tse akarelletsang lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholong la bo20 la lilemo. Ho ba joalo, Molimo o re: “Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.”—Esaia 1:15; 59:1-3.

      13. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha taba ea hore ebe baeta-pele ba lefatše ba bolumeli ba kopantse matsoho le Machaba a Kopaneng ho hoeletsa khotso? (b) Mehoo ea khotso e tla fihla sehlohlolong ka tlhōrō efe e boletsoeng esale pele ke Molimo?

      13 Ho feta moo, ha rea lokela ho hlokomoloha taba ea hore ebe baeta-pele ba lefatše ba bolumeli ba kopantse matsoho le Machaba a Kopaneng mohoong oa khotso nakong ena. Ba ne ba ka rata ho susumelletsa Machaba a Kopaneng hore a etse seo ba se batlang, haholo-holo mehleng ena ea kajeno ha batho ba bona ba bangata hakana ba lahla bolumeli. Joaloka baeta-pele ba sa tšepahaleng Iseraeleng ea boholo-holo, baa hoeletsa ba re, “‘Khotso e teng! Khotso e teng!’ le hoja khotso e le sieo.” (Jeremia 6:14) Ha ho pelaelo hore mohoo oa bona oa khotso o tla tsoela pele, o tla phahama ho tšehetsa tlhōrō eo moapostola Pauluse a profetileng tjena ka eona: “Letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu. Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Bathesalonika 5:2, 3.

      14. Mohoo o reng “Khotso le tšireletseho!” o ka ’na oa nka sebōpeho sefe, ’me motho a ka qoba ho isoa le khongoana holimo ke oona joang?

      14 Lilemong tsa morao tjena, bo-ralipolotiki ba sebelisitse poleloana e reng “khotso le tšireletseho” ha ba hlalosa maano a fapaneng a batho. Na boiteko bo joalo ba baeta-pele ba lefatše ke eona qalo ea ho phethahala ha lengolo la 1 Bathesalonika 5:3? Kapa na Pauluse o ne a bua feela ka ketsahalo e itseng e khōlōhali e tla hle e hlokomeloe lefatšeng? Kaha hangata boprofeta ba Bibele bo utloisisoa ka ho feletseng feela ka mor’a hore bo phethahale kapa nakong eo bo ntseng bo phethahala ka eona, re tla lokela ho leta e le hore re bone hore na ho tla etsahala’ng. Ka nako e tšoanang, Bakreste baa tseba hore ho sa tsotellehe khotso le tšireletseho leha e le efe eo ho ka ’nang ha bonahala eka lichaba li e finyeletse, ha e le hantle ho tla be ho se na letho le fetohileng. Boithati, lehloeo, tlōlo ea molao, ho qhalana ha malapa, boitšoaro bo bobe, ho kula, masoabi, le lefu li tla be li ntse li le teng. Ke ka lebaka leo u sa lokelang ho isoa le khongoana holimo ke mohoo oa “khotso le tšireletseho,” haeba u lula u falimehetse se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše u bile u ela hloko litemoso tsa boprofeta tse Lentsoeng la Molimo.—Mareka 13:32-37; Luka 21:34-36.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a J. F. Rutherford o ile a shoa ka la 8 January, 1942, ’me N. H. Knorr a mo hlahlama e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower.

      b Ka la 20 November, 1940, Jeremane, Italy, Japane le Hungary li ile tsa saena “Selekane se secha sa Lichaba,” eaba matsatsi a mane hamorao Vatican e phatlalatsa ’Misa e bile e rapella khotso ea bolumeli le taolo e ncha ea lintho. Ha ho mohla ‘Selekane seo se secha’ se kileng sa sebetsa.

      c Maikutlo a Boraro-bo-bong a hlahile Babylona ea boholo-holo, moo molimo oa letsatsi Shamash, molimo oa khoeli Sin, le molimo oa linaleli Ishtar e neng e rapeloa e le melimo e meraro. Egepeta e ile ea latela mohlala o tšoanang, ea rapela Osiris, Isis le Horus. Molimo ea ka sehloohong oa Assyria, Asshur, o tšoantšitsoe a e-na le lihlooho tse tharo. Kaha li latela mohlala o tšoanang, likerekeng tsa K’hatholike ho ka fumanoa litšoantšo tse tšoantšang Molimo e le ea nang le lihlooho tse tharo.

      d Webster’s Third New International Dictionary ea 1993 e hlalosa Jehova Molimo e le “molimo eo Lipaki Tsa Jehova li mo elang hloko e le ea phahameng ka ho fetisisa eo e bileng e leng eena feela molimo eo li mo rapelang.”

      [Lebokose le leqepheng la 250]

      “Khotso” e Ikhanyetsang

      Le hoja 1986 e le selemo seo Machaba a Kopaneng a ileng a se phatlalatsa e le Selemo sa Khotso sa Machaba, tlhōlisano ea libetsa tsa ho ipolaea e ile ea phahama. World Military and Social Expenditures 1986 e fana ka lintlha tsena tse qaqileng tse tebileng:

      Ka 1986 litšenyehelo tsa sesole lefatšeng ka bophara li ile tsa fihla ho liranta tse likete tse limilione tse 1 800.

      Ka hora e le ’ngoe feela, chelete e sentsoeng sesoleng lefatšeng ka bophara e ka be e lekane ho thibela ho kula ha batho ba limilione tse 3,5 ba shoeleng selemo le selemo ba bolaoa ke mafu a tšoaetsanoang a ka thibeloang.

      Lefatšeng ka bophara, motho a le mong ho ba bahlano o ne a phela bofumeng ba boja-likata. Batho bana bohle ba lapang ba ka be ba fepiloe selemo kaofela ka chelete eo lefatše le e sentseng libetseng ka matsatsi a mabeli.

      Matla a ho phatloha ha libomo pokellong ea lefatše ea libetsa tsa nyutlelie a ne a feta ho phatloha ha Chernobyl ka makhetlo a 160 000 000.

      Ho ne ho ka ntšoa bomo ea nyutlelie e nang le matla a ho phatloha a menang ka makhetlo a 500 matla a bomo e ileng ea liheloa Hiroshima ka 1945.

      Libetsa tsa nyutlelie li ne li e-na le matla a lekanang le a libomo tsa Hiroshima tse fetang milione. Matla a ho phatloha ha tsona a ne a feta ka makhetlo a 2 700 matla a tsoileng ka Ntoa ea II ea Lefatše, ha batho ba limilione tse 38 ba e-shoa.

      Lintoa li ne li atile haholo ebile li se li bolaea haholo. Ka kakaretso batho ba bolailoeng ke ntoa lekholong la bo18 la lilemo e bile ba limilione tse 4,4, ba limilione tse 8,3 lekholong la bo19 la lilemo, ba limilione tse 98,8 ka lilemo tse qalang tse 86 tsa lekholo la bo20 la lilemo. Ho tloha lekholong la bo18 la lilemo, batho ba bolailoeng ke ntoa ba eketsehile ka makhetlo a fetang a tšeletseng ho feta palo ea baahi ba lefatše. Palo ea batho ba ileng ba shoa ntoeng ka ’ngoe lekholong la bo20 la lilemo e ne e mena ka makhetlo a leshome palo ea ba ileng ba shoa lekholong la bo19 la lilemo.

      [Setšoantšo se leqepheng la 247]

      Joalokaha ho profetiloe ka sebata se ’mala o sekareleta, Selekane sa Lichaba se ile sa kena ka mohohlong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše empa se ile sa tsosolosoa e se e le Machaba a Kopaneng

      [Litšoantšo tse leqepheng la 249]

      E le ho tšehetsa “Selemo sa Khotso” sa Machaba a Kopaneng, baemeli ba malumeli a lefatše ba ile ba etsa motsoebere oa lithapelo Assisi, Italy, empa ha ho le ea mong oa bona ea neng a rapela Molimo ea phelang, Jehova

  • Ho Timetsa Babylona e Moholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Khaolo 35

      Ho Timetsa Babylona e Moholo

      1. Lengeloi le hlalosa sebata se ’mala o sekareleta joang, ’me ho hlokahala bohlale ba mofuta ofe hore motho a utloisise lintho tse tšoantšetsoang ho Tšenolo?

      HA LE tsoela pele ho hlalosa sebata se ’mala o sekareleta se boleloang ho Tšenolo 17:3, lengeloi le re ho Johanne: “Mona ke moo kelello e nang le bohlale e kenellang: Lihlooho tse supileng li bolela lithaba tse supileng, tseo mosali eo a lulang holim’a tsona. Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane.” (Tšenolo 17:9, 10) Mona lengeloi le fetisa bohlale bo tsoang holimo, e leng bona bohlale feela bo ka fanang ka kutloisiso ea lintho tse tšoantšetsoang ho Tšenolo. (Jakobo 3:17) Bohlale bona bo beha sehlopha sa Johanne leseling le metsoalle ea sona mabapi le ho teba ha mehla eo re phelang ho eona. Bo haha ka lipelong tse inehetseng kananelo ea likahlolo tsa Jehova, tse haufi le ho phethahatsoa, ’me bo etsa hore ho tšaba Jehova ka mokhoa o motle ho thophothele ka lipelong. Joalokaha Liproverbia 9:10 e bolela: “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale, ’me ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.” Bohlale ba bomolimo bo re senolela eng ka sebata?

      2. Lihlooho tse supileng tsa sebata se ’mala o sekareleta li bolela’ng, hona ke joang ‘ho seng ho oele a mahlano, e mong a sa le teng’?

      2 Lihlooho tse supileng tsa sebata seo se tšabehang ka ho fetisisa li emela “lithaba” tse supileng, kapa “marena” a supileng. Ka Mangolong mantsoe ao ka bobeli a bolela mebuso. (Jeremia 51:24, 25; Daniele 2:34, 35, 44, 45) Ka Bibeleng, ho buuoa ka mebuso ea lefatše e tšeletseng e le e nang le tšusumetso litabeng tsa batho ba Molimo: e leng Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. E mehlano ea eona e ne e se e tlile ea ba ea feta nakong eo Johanne a neng a amohela Tšenolo ena, athe Roma e ne e ntse e le ’muso oa lefatše o matla. Hona ho lumellana hantle le mantsoe a reng, “a mahlano a oele, e mong o teng.” Empa ho thoe’ng ka “e mong” ea neng a lokela ho tla?

      3. (a) ’Muso oa Roma o ile oa aroloa joang? (b) Ho ile ha e-ba le liphetoho life ka Bophirimela? (c) ’Muso o Halalelang oa Roma o lokela ho talingoa joang?

      3 ’Muso oa Roma o bile teng ka nako e telele oa ba oa atoloha ka makholo a lilemo ka mor’a mehla ea Johanne. Ka 330 C.E., Moemphera Constantine o ile a fallisa motse-moholo oa hae ho tloha Roma ho ea Byzantium, ’me a o reha Constantinople. Ka 395 C.E., ’Muso oa Roma o ile oa aroloa likarolo tse peli, e ka Bochabela le e ka Bophirimela. Ka 410 C.E., Roma ka boeona e ile ea oela ho Alaric, e leng morena oa Magoth a ka bophirimela (morabe oa Jeremane o ileng oa sokolohela sehlopheng sa Arius sa “Bokreste”). Merabe ea Jeremane (eo le eona e neng e le ea “Bokreste”) e ile ea hapa Spain le karolo e khōlō ea sebaka se tlas’a Roma se Afrika Leboea. Ho bile le merusu, ho hloka botsitso, ha ba ha hlophisoa lintho bocha Europe ka makholo a lilemo. Ho ile ha hlaha baemphera ba tsebahalang ka Bophirimela, ba kang Charlemagne, ea ileng a theha selekane le Mopapa Leo III lekholong la borobong la lilemo, le Frederick II, ea ileng a busa lekholong la bo13 la lilemo. Empa le hoja puso ea bona e ile ea bitsoa ’Muso o Halalelang oa Roma, e ne e le nyenyane haholo ho feta ’Muso oa Roma oa pejana ha o le sehlohlolong sa oona. E ne e batla e le ho tsosolosoa kapa ho ntšetsoa pele ha ’muso ona oa boholo-holo ho e-na le ho ba ’muso o mocha.

      4. ’Muso oa Bochabela o ile oa atleha hakae, empa ho ile ha etsahala’ng ka libaka tse ngata tse kileng tsa e-ba tlas’a Roma ea boholo-holo Afrika Leboea, Spain le Syria?

      4 ’Muso o ka Bochabela oa Roma, oo setsi sa oona se neng se le Constantinople, o ile oa mamella kamano e mpe pakeng tsa oona le ’Muso o ka Bophirimela. Lekholong la botšelela la lilemo, moemphera oa Bochabela Justinian I o ile a khona ho boela a hapa karolo e khōlō ea Afrika Leboea, a ba a namola pakeng tsa Spain le Italy. Lekholong la bosupa la lilemo, Justinian II o ile a boela a hapa libaka tsa ’Muso oa Macedonia tse neng li hapiloe ke banna ba moloko oa Maslavo. Leha ho le joalo, hoo e ka bang lekholong la borobeli la lilemo, boholo ba sebaka se kileng sa e-ba tlas’a Roma ea boholo-holo Afrika Leboea, Spain le Syria, bo ile ba oela tlas’a ’muso o mocha oa Boislamo, kahoo sebaka seo sa tloha tlas’a taolo ea Constantinople le Roma.

      5. Le hoja motse oa Roma o ile oa oa ka 410 C.E., ho tlile joang hore ho nke makholo a lilemo hore mesaletsa eohle ea ’Muso oa Roma oa bopolotiki e fele lefatšeng?

      5 Motse oa Constantinople ka booona o ile oa e-ba teng nako e teletsana. O ile oa phonyoha litlhaselo tse ngata tsa Mapersia, Maarabia, Mabulgaria, le Marussia ho fihlela ka 1203 ha o qetella o oetse ho Masole a Bakreste a tsoang ka Bophirimela—eseng ho Mamosleme. Leha ho le joalo, ka 1453 o ile oa oela matsohong a ’musi oa Ottoman oa Momosleme Mehmed II ’me kapele ka mor’a moo oa fetoha motse-moholo oa ’Muso oa Ottoman, kapa oa Maturkey. Kahoo, le hoja motse oa Roma o ile oa oa ka 410 C.E., ho ile ha nka makholo a lilemo hore mesaletsa eohle ea ’Muso oa Roma oa bopolotiki e fele lefatšeng. Empa ho ntse ho le joalo, tšusumetso ea oona e ne e ntse e ka hlokomeloa mebusong ea bolumeli e thehiloeng tsamaisong ea bopapa ea Roma le likerekeng tsa Bochabela tsa Orthodox.

      6. Ke mebuso efe e mecha e ileng ea hlaha, ’me ke ofe o ileng oa atleha ka ho fetisisa?

      6 Leha ho le joalo, hoo e ka bang lekholong la bo15 la lilemo, linaha tse ling li ne li haha mebuso e mecha. Le hoja e meng ea mebuso ena ea bohatelli e mecha e ne e thehiloe libakeng tseo pele e neng e le likolone tsa Roma, mebuso ea tsona e ne e se feela ho ntšetsoa pele ha ’Muso oa Roma. Portugal, Spain, Fora le Holland kaofela li ile tsa fetoha libaka tse nang le puso e pharaletseng. Empa e neng e atlehile ka ho fetisisa e ne e le Brithani, e neng e e-na le ’muso o moholo oo ho oona ‘letsatsi le neng le sa likele.’ Ka linako tse sa tšoaneng ’Muso ona o ne o pharaletse hoo o neng o laola boholo ba Amerika Leboea, Afrika, India, le Asia Boroa-bochabela, hammoho le boholo ba Pacific e ka Boroa.

      7. Mofuta o mong oa ’muso o kopanetsoeng oa lefatše o ile oa hlaha joang, ’me Johanne o ile a re “hlooho” ea bosupa, kapa ’muso oa lefatše, e ne e tla ba teng nako e telele hakae?

      7 Hoo e ka bang lekholong la bo19 la lilemo, likolone tse ling tse Amerika Leboea li ne li se li itokolotse ho Brithani eaba li theha United States of America e ipusang. Tabeng ea lipolotiki, ho ile ha ’na ha e-ba le khohlano e itseng pakeng tsa sechaba se secha le sechaba seo se tsoileng ho sona. Leha ho le joalo, ntoa ea pele ea lefatše e ile ea qobella linaha tseo ka bobeli hore li hlokomele lintho tse tšoanang tseo li amehileng ka tsona ’me li ile tsa tiisa kamano e khethehileng pakeng tsa tsona. Kahoo, ho ile ha e-ba le mofuta o mong oa ’muso o kopanetsoeng oa lefatše, o entsoeng ka United States of America, eo hajoale e leng sechaba se ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, le Great Britain, e leng sona setsi sa ’muso o moholo ka ho fetisisa oa lefatše. Joale, ena ke eona ‘hlooho’ ea bosupa, kapa ’muso oa lefatše, o ntseng o le teng ho fihlela nakong ea bofelo le libakeng tseo Lipaki tsa kajeno tsa Jehova li ileng tsa thehoa ho tsona ka lekhetlo la pele. Ha ho bapisoa le puso e telele ea hlooho ea botšelela, ea bosupa e ba teng “nakoana e khutšoanyane” feela, ho fihlela ha ’Muso oa Molimo o felisa litsamaiso tsohle tsa lichaba.

      Ke Hobane’ng ha o Bitsoa Morena oa Borobeli?

      8, 9. Lengeloi le bitsa sebata se ’mala o sekareleta sa tšoantšetso eng, ’me se hlaha ho e supileng ka tsela efe?

      8 Lengeloi le tsoela pele ho hlalosetsa Johanne hore: “Sebata se neng se le teng empa se se se le sieo, e boetse ke morena oa borobeli, empa se hlaha ho tse supileng, ’me se tloha ho ea timetsong.” (Tšenolo 17:11) Sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta “se hlaha” lihloohong tse supileng; ke hore, se hlahile lihloohong tseo, kapa se bile teng ka lebaka la lihlooho tseo tsa ‘sebata sa pele se nyolohang ka leoatleng,’ seo sebata se ’mala o sekareleta e leng setšoantšo sa sona. Ka tsela efe? Ka 1919 ’muso oa Manyesemane le Maamerika e ne e le eona hlooho e busang. Lihlooho tse tšeletseng tsa pele li ne li oele, ’me boemo ba ho ba ’muso o busang lefatše bo ne bo fetetse ho hlooho ena e kopanetsoeng ’me joale bo ne bo le matsohong a eona. Hlooho ena ea bosupa, eo e ntseng e le moemeli oa letoto la mebuso ea lefatše, e ne e le eona e ileng ea hlohlelletsa hore ho thehoe Selekane sa Lichaba ’me e ntse e le eona ’muelli ea ka sehloohong oa Machaba a Kopaneng ea bileng a a tšehetsang ka lichelete. Kahoo, ka tsela ea tšoantšetso, sebata se ’mala o sekareleta—e leng morena oa borobeli—“se hlaha” lihloohong tse supileng tsa pele. Ha e talingoa ka tsela ena, polelo e reng se hlahile ho tse supileng e lumellana hantle le tšenolo ea pejana ea hore sebata se nang le linaka tse peli joaloka konyana (’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e leng hlooho ea bosupa ea sebata sa pele) se ile sa khothalletsa hore ho etsoe setšoantšo sa ba sa se fa bophelo.—Tšenolo 13:1, 11, 14, 15.

      9 Ho phaella moo, litho tsa pele tsa Selekane sa Lichaba, hammoho le Great Britain, li ne li akarelletsa mebuso e busitseng libakeng tse neng li busoa ke lihlooho tse ling tsa pejana, tse kang Greece, Iran (Persia), le Italy (Roma). Qetellong, mebuso e busang libaka tse neng li laoloa ke mebuso e tšeletseng ea lefatše ea pejana e ile ea e-ba litho tse tšehetsang setšoantšo sa sebata. Ka kutloisiso ena, ho ka boela ha thoe sebata sena se ’mala o sekareleta se hlahile mebusong e supileng ea lefatše.

      10. (a) Ke joang ho ka boleloang hore sebata se ’mala o sekareleta “e boetse ke morena oa borobeli”? (b) Eo e neng e le moeta-pele oa linaha tseo pele e neng e le Soviet Union o ile a bontša hore o tšehetsa Machaba a Kopaneng joang?

      10 Hlokomela hore sebata se ’mala o sekareleta “e boetse ke morena oa borobeli.” Kahoo, Machaba a Kopaneng a reretsoe hore a shebahale joaloka ’muso oa lefatše kajeno. Ka linako tse ling a bile a nka bohato joaloka oona, a romela mabotho mabaleng a ntoa ho ea rarolla lintoa tsa machaba, joaloka Korea, Hloahloeng ea Sinai, linaheng tse ling tsa Afrika le Lebanone. Empa ke setšoantšo feela sa morena. Joaloka setšoantšo sa bolumeli, ha a na tšusumetso ea sebele kapa matla ntle ho ao a a fuoeng ke batho ba a thehileng ba bileng ba a rapelang. Ka linako tse ling, sebata sena sa tšoantšetso se shebahala se fokola; empa ha ho mohla se kileng sa lahloa ka ho feletseng ke litho tse sekametseng pusong ea bohatelli tse ileng tsa kenya Selekane sa Lichaba ka mohohlong ka likhoka. (Tšenolo 17:8) Le hoja a e-na le maikutlo a sa tšoaneng ho hang linthong tse ling, ka 1987 eo e neng e le moeta-pele ea tsebahalang oa linaha tseo pele e neng e le Soviet Union o ile a ikopanya le bapapa ba Roma ha ba bontša hore ba tšehetsa Machaba a Kopaneng. O ile a ba a re ho be le “tsamaiso e akaretsang ea tšireletseho ea machaba” e itšetlehileng ka Machaba a Kopaneng. Joalokaha Johanne a tla tloha a bona, ho tla fihla nako eo ka eona Machaba a Kopaneng a tla sebetsa ka matla a maholo a bolaoli. A ntoo “tloha ho ea timetsong.”

      Marena a Leshome ka Hora e le ’Ngoe

      11. Lengeloi la Jehova le re’ng ka linaka tse leshome tse ho sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta?

      11 Khaolong ea pejana ea Tšenolo, lengeloi la botšelela le la bosupa a ile a tšolla likotlolo tsa bohale ba Molimo. Kahoo re ile ra tsebisoa hore marena a lefatše a bokelleloa ntoeng ea Molimo Armagedone le hore ‘Babylona e Moholo e tla hopoloa mahlong a Molimo.’ (Tšenolo 16:1, 14, 19) Joale re tla ithuta haholoanyane hore na likahlolo tsa Molimo holim’a ’ona li tla phethahatsoa joang. Mamela hape ha lengeloi la Jehova le bua le Johanne. “Linaka tse leshome tseo u li boneng li bolela marena a leshome, a e-s’o amohele ’muso, empa a amohela matla e le marena ka hora e le ’ngoe le sebata. Li na le monahano o le mong, kahoo li fa sebata matla a tsona le bolaoli. Li tla loana le Konyana, empa konyana e tla li hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena. Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.”—Tšenolo 17:12-14.

      12. (a) Linaka tse leshome li tšoantšetsa eng? (b) Ke joang linaka tse leshome tsa tšoantšetso ‘li neng li e-s’o amohele ’muso’? (c) Hona joale linaka tse leshome tsa tšoantšetso li amohetse “’muso” joang, hona ka nako e kae?

      12 Linaka tse leshome li tšoantšetsa mebuso eohle ea lipolotiki eo hajoale e leng eona e busang lefatšeng e bileng e tšehetsang setšoantšo sa sebata. Ke linaha tse fokolang haholo tse teng kajeno tse neng li tsebahala mehleng ea Johanne. ’Me tse neng li le teng, tse kang Egepeta le Persia (Iran), kajeno li na le tlhophiso e fapaneng haholo ea bopolotiki. Kahoo, lekholong la pele la lilemo, ‘linaka tse leshome li ne li e-s’o amohele ’muso.’ Empa joale letsatsing la Morena, li na le “’muso,” kapa matla a lipolotiki. Ha mebuso e meholo ea bokolone e oa, haholo-holo ho tloha ka ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ile ha hlaha lichaba tse ncha tse ngata. Tsena, hammoho le mebuso eo e leng khale e le teng, li tlameha ho busa le sebata ka nako e khutšoanyane—“ka hora e le ’ngoe” feela—pele Jehova a felisa bolaoli bohle ba lefatše ba lipolotiki ka Armagedone.

      13. Ke ka tsela efe linaka tse leshome li nang le “monahano o le mong,” ’me hoo ho tiisa hore li na le boikutlo bofe mabapi le Konyana?

      13 Kajeno, bochaba ke e ’ngoe ea litšusumetso tse matla ka ho fetisisa tse susumetsang linaka tsena tse leshome. Li na le “monahano o le mong” ka hore li batla ho boloka bobusi ba lichaba tsa tsona ho e-na le ho amohela ’Muso oa Molimo. Ona e ne e le morero oa tsona ha li tšehetsa Selekane sa Lichaba le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ho tloha qalong feela—ho boloka khotso ea lefatše ’me ka tsela eo li sireletse ho ba teng ha tsona. Boikutlo bo joalo bo tiisa hore linaka tseo li tla hanyetsa Konyana, e leng “Khosi ea likhosi le Morena oa marena,” hobane Jehova o rerile hore ’Muso oa hae tlas’a Jesu Kreste o tla tloha o nkela mebuso ena eohle sebaka.—Daniele 7:13, 14; Matheu 24:30; 25:31-33, 46.

      14. Ho ka khoneha joang hore babusi ba lefatše ba loantše Konyana, hona seo se tla fella ka eng?

      14 Ke ’nete hore ha ho letho leo babusi ba lefatše lena ba ka le etsang khahlanong le Jesu ka boeena. O leholimong, hōle moo ba ke keng ba mo fihlela. Empa barab’abo Jesu, masala a peō ea mosali, ba ntse ba le lefatšeng ’me ka ho totobetseng ke bona ba ka hlaseloang habonolo. (Tšenolo 12:17) Linaka tse ngata li se li bontšitse lehloeo le sehlōhō ho bona, ’me ka tsela ena li loantšitse Konyana. (Matheu 25:40, 45) Leha ho le joalo, haufinyane ho tla fihla nako eo ka eona ’Muso oa Molimo o tlang ho “silakanya o felise mebuso ena kaofela.” (Daniele 2:44) Joale, marena a lefatše a tla loana le Konyana ho fihlela qetellong, joalokaha re tla tloha re bona. (Tšenolo 19:11-21) Empa seo re ithutang sona mona se lekane hore re hlokomele hore lichaba li ke ke tsa atleha. Le hoja tsona le sebata se ’mala o sekareleta sa Machaba a Kopaneng li e-na le “monahano o le mong,” li ke ke tsa hlōla ‘Khosi e khōlō ea likhosi le Morena oa marena,’ ebile li ke ke tsa hlōla “ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona,” ba akarelletsang balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng. Bana le bona ba tla be ba hlōtse ka ho boloka botšepehi ha ba arabela liqoso tse khopo tsa Satane.—Baroma 8:37-39; Tšenolo 12:10, 11.

      Ho Ripitla Seotsoa

      15. Lengeloi le re’ng ka seotsoa le ka hore na linaka tse leshome le sebata li ikutloa joang ka sona ebile li nka bohato bofe?

      15 Batho ba Molimo hase bona feela ba hlaseloang ke bora ba linaka tse leshome. Joale lengeloi le boetse le hlokomelisa Johanne ka seotsoa: “La re ho ’na: ‘Metsi ao u a boneng, moo seotsoa se lutseng, a bolela batho le matšoele le lichaba le maleme. Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.’”—Tšenolo 17:15, 16.

      16. Ke hobane’ng ha Babylona e Moholo e ke ke ea khona ho itšetleha ka metsi a eona hore a e sireletse ha mebuso ea lipolotiki e e fetohela?

      16 Feela joalokaha Babylona ea boholo-holo e ne e tšepile metsi a e sirelelitseng, kajeno Babylona e Moholo e tšepile litho tsa eona tse ngata, e leng “batho le matšoele le lichaba le maleme.” Ka nepo lengeloi le re hlokomelisa sena pele le re bolella ka phetoho e tšosang: Mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena e tla futuhela Babylona e Moholo ka mabifi. Joale ebe “batho le matšoele le lichaba le maleme” ba tla etsa joang? Batho ba Molimo ba se ba ntse ba lemosa Babylona e Moholo hore metsi a nōka ea Eufrate a tla psha. (Tšenolo 16:12) Metsi ao a tla qetella a pshele ka ho feletseng. A ke ke a khona ho tšehetsa seotsoa sa khale se manyala ka tšehetso leha e le efe ea sebele ka hora eo se tla beng se a hloka haholo.—Esaia 44:27; Jeremia 50:38; 51:36, 37.

      17. (a) Ke hobane’ng ha leruo la Babylona e Moholo le ke ke la e pholosa? (b) Babylona e Moholo e tla felisoa ka tsela e sa hlompheheng joang? (c) Ntle ho linaka tse leshome, kapa lichaba ka bomong, ke eng hape e kopanelang tlhaselong e mabifi ea Babylona e Moholo?

      17 Ka sebele, leruo le leholo la lintho tse bonahalang la Babylona e Moholo le ke ke la e pholosa. Le ka ba la potlakisa ho timetsoa ha eona, hobane pono e bontša hore ha sebata le linaka tse leshome li ntšetsa lehloeo la tsona ho eona li tla e hlobolisa liaparo tsa eona tsa borena le mabenyane ’ohle a eona. Li tla e tlatlapa leruo la eona. Lia e “hlobolisa,” li pepesa seo e hlileng e leng sona ka mokhoa o hlabisang lihlong. E tla ba thipitlo e kaakang! Tsela eo e tla felisoa ka eona le eona e tla ba e sa hlompheheng. Lia e ripitla, “li tla ja linama tsa [eona],” li e ranthanya ho fihlela ho setse masapo feela a se nang bophelo. Qetellong, li e “chesa ka ho feletseng ka mollo.” E chesoa joaloka ntho e nang le lefu la seoa, e bileng e sa patoeng ka mokhoa o hlomphehang! Hase lichaba feela, tse emeloang ke linaka tse leshome, tse felisang seotsoa se seholo, empa “sebata,” e leng Machaba a Kopaneng ka booona, se ikopanya le tsona tlhaselong ena e mabifi. Se tla lumella hore bolumeli ba bohata bo timetsoe. Boholo ba lichaba tse 190 le ho feta tse ka hare ho Machaba a Kopaneng li se li bontšitse ka tsela eo li voutang ka eona hore li hloile bolumeli, haholo-holo ba Bokreste-’mōtoana.

      18. (a) Ke eng se hlokometsoeng se bontšang hore ho ka etsahala hore lichaba li fetohele bolumeli ba Bobabylona? (b) Lebaka la motheo la phutuho ea ho hlasela seotsoa se seholo e tla be e le lefe?

      18 Ke hobane’ng ha lichaba li tšoara eo e kileng ea e-ba nyatsi ea tsona ka tsela e mabifi hakaale? Re se re bone historing ea morao-rao hore ho ka etsahala hore bolumeli ba Babylona bo fetoheloe joalo. Khanyetso ea molao ea ’muso e fokolitse tšusumetso ea bolumeli ka mokhoa o tšabehang linaheng tse kang tseo pele e neng e le Soviet Union le Chaena. Likarolong tsa Boprostanta tsa Europe, ho ata ha ho hloka thahasello le lipelaelo ho horutse likereke, hoo bolumeli bo seng bo shoele. ’Muso o moholo oa K’hatholike o harasoantsoe ke bofetoheli le ho se lumellane, tseo baeta-pele ba oona ba hlōlehileng ho li kokobetsa. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebala hore phutuho ena ea ho qetela ea ho hlasela Babylona e Moholo e hlaha e le pontšo ea kahlolo ea Molimo ho seotsoa se seholo e ke keng ea fetoha.

      Ho Phetha Monahano oa Molimo

      19. (a) Ho phethahatsoa ha kahlolo ea Jehova khahlanong le seotsoa se seholo ho ka tšoantšoa le kahlolo eo a ileng a fana ka eona ho Jerusalema ea bokoenehi ka 607 B.C.E. joang? (b) Boemo ba Jerusalema ba ho ba lesupi le ho hloka baahi ka mor’a 607 B.C.E. bo ne bo tšoantšetsa eng mehleng ea rōna?

      19 Jehova o phethahatsa kahlolo ee joang? Hona ho ka tšoantšoa le bohato boo Jehova a ileng a bo nka ka batho ba hae ba koenehileng mehleng ea boholo-holo, bao a buileng tjena ka bona: “Ke bone lintho tse tšabehang ho baprofeta ba Jerusalema, ho feba le ho tsamaea leshanong; ba matlafalitse matsoho a ba etsang bobe e le hore ba se ke ba khutla, e mong le e mong bobeng ba hae. Ho ’na kaofela ha bona ba joaloka Sodoma, ’me baahi ba eona ba joaloka Gomora.” (Jeremia 23:14) Ka 607 B.C.E., Jehova o ile a sebelisa Nebukadnezare ho ‘hlobolisa’ motse oo o febang moeeng ‘liaparo, ho nka lintho tsa oona tse ntle, le ho o siea o hlobotse o le feela.’ (Ezekiele 23:4, 26, 29) Jerusalema ea mehleng eo e ne e le mohlala ho Bokreste-’mōtoana kajeno, ’me joalokaha Johanne a bone liponong pejana, Jehova o tla sebelisa kotlo e tšoanang ho Bokreste-’mōtoana le likarolong tse ling kaofela tsa bolumeli ba bohata. Boemo ba Jerusalema ba ho ba lesupi, ba ho hloka baahi ka mor’a 607 B.C.E. bo bontša hore na Bokreste-’mōtoana ba bolumeli bo tla shebahala joang ka mor’a hore bo amohuoe leruo la bona ’me bo pepesoe ka mokhoa o hlabisang lihlong. ’Me ho tla ba joalo le ka Babylona e Moholo kaofela.

      20. (a) Johanne o bontša joang hore Jehova o tla boela a sebelisa babusi ba batho ho phethahatsa kahlolo? (b) “Monahano” oa Molimo ke ofe? (c) Ke ka tsela efe lichaba li tlang ho phetha “monahano oa tsona o le mong,” empa ha e le hantle ho tla be ho phethoa monahano oa mang?

      20 Jehova o boetse o sebelisa babusi ba lefatše ho phethahatsa kahlolo. “Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae, ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona, ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.” (Tšenolo 17:17) “Monahano” oa Molimo ke ofe? Ke ho lokisetsa hore babolai ba Babylona e Moholo ba iketse khokanyana-phiri, e le hore ba ka e ripitla ka ho feletseng. Ha e le hantle, sepheo sa babusi ha ba e hlasela e tla be e le hore ba phethe ‘monahano o le mong’ oa bona. Ba tla be ba e-na le boikutlo ba hore ho fetohela seotsoa se seholo ho molemong oa lichaba tsa habo bona. Ba ka ’na ba nahana hore ha bolumeli bo hlophisitsoeng bo ka tsoela pele ho ba teng ka har’a linaha tsa bona hoo e tla ba tšokelo bobusing ba bona. Empa ha e le hantle e tla be e le Jehova ea tsamaisang litaba; ba tla be ba phetha monahano oa hae ka ho ripitla sera sa hae sa khale sa mofebi ka kotlo e le ’ngoe!—Bapisa le Jeremia 7:8-11, 34.

      21. Kaha sebata se ’mala o sekareleta se tla sebelisoa ho timetsa Babylona e Moholo, kamoo ho bonahalang kateng lichaba li tla etsa joang mabapi le Machaba a Kopaneng?

      21 E, lichaba li tla sebelisa sebata se ’mala o sekareleta, e leng Machaba a Kopaneng, ho timetsa Babylona e Moholo. Ha li nke bohato boo e le bo itsoelang ho tsona, hobane Jehova o kenya ka lipelong tsa tsona “ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona.” Ha nako e fihla, kamoo ho bonahalang kateng lichaba li tla bona ho hlokahala hore li matlafatse Machaba a Kopaneng. E tla ka li a file meno, li a alimile bobusi leha e le bofe le matla tseo li nang le tsona e le hore a ka fetohela bolumeli ba bohata ’me a bo loantša ka katleho “ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.” Kahoo, seotsoa sa boholo-holo se tla fela ka ho feletseng. ’Me e tla ba ntho e ntle hakaakang ha se felisoa!

      22. (a) Ho Tšenolo 17:18, tsela eo lengeloi le qetellang bopaki ba lona ka eona e bontša’ng? (b) Lipaki Tsa Jehova li etsa joang ha ho koaholloa sephiri seo?

      22 Joalokaha eka lengeloi le hatisa hore ka sebele kahlolo ea Jehova holim’a ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e tla phethahala, le qetella bopaki ba lona ka ho re: “Mosali eo u mo boneng o bolela motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše.” (Tšenolo 17:18) Joaloka Babylona ea mehleng ea Belshatsare, Babylona e Moholo e “lekantsoe sekaleng ’me [e] fumanoe [e] haelloa.” (Daniele 5:27) Timetso ea eona e tla ba e potlakileng ebile e tla ba ea ho qetela. Lipaki Tsa Jehova li etsa joang ha ho senoloa sephiri sa seotsoa se seholo le sa sebata se ’mala o sekareleta? Li bontša cheseho tabeng ea ho bolela letsatsi la Jehova la kahlolo, ha li ntse li arabela ‘ka mosa’ ba batlang ’nete ka tieo. (Bakolose 4:5, 6; Tšenolo 17:3, 7) Joalokaha khaolo ea rōna e latelang e tla bontša, bohle ba lakatsang ho pholoha ha seotsoa se seholo se timetsoa ba tlameha ho nka bohato, le hona ka potlako!

      [Litšoantšo tse leqepheng la 252]

      Ho Hlahlamana ha Mebuso e Supileng ea Lefatše

      EGEPETA

      ASSYRIA

      BABYLONA

      MEDO-PERSIA

      GREECE

      ROMA

      MANYESEMANE LE MAAMERIKA

      [Setšoantšo se leqepheng la 254]

      “E boetse ke morena oa borobeli”

      [Setšoantšo se leqepheng la 255]

      Ha ba furalla Konyana, ‘ba fa sebata matla a bona le bolaoli’

      [Setšoantšo se leqepheng la 257]

      Bokreste-’mōtoana e le karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo bo tla tšoana le Jerusalema ea boholo-holo e ileng ea timetsoa ka ho feletseng

  • Motse o Moholo oa Ripitloa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Khaolo 36

      Motse o Moholo oa Ripitloa

      Pono 12—Tšenolo 18:1–19:10

      Moko-taba: Ho oa le ho timetsoa ha Babylona e Moholo; ho phatlalatsoa lenyalo la Konyana

      Nako ea phethahatso: Ho tloha ka 1919 ho fihlela ka mor’a matšoenyeho a maholo

      1. Ke eng e tla tšoaea ho qaleha ha matšoenyeho a maholo?

      HO OA ha Babylona e Moholo e tla ba ha tšohanyetso, ho sisimosang ’me e tla sala e ripitliloe! E tla ba e ’ngoe ea likoluoa tse khōlō ka ho fetisisa historing eohle, e tšoaeang ho qaleha ha “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.”—Matheu 24:21.

      2. Le hoja mebuso ea lipolotiki e ’nile ea hlaha ea ba ea oa, ke ’muso oa mofuta ofe oo esale o le teng?

      2 Ke khale bolumeli ba bohata bo le teng. Esale bo le teng ho tloha mehleng ea Nimrode ea neng a nyoretsoe mali, ea neng a hanyetsa Jehova ea bileng a hlophisa hore batho ba hahe Tora ea Babele. Ha Jehova a ferekanya lipuo tsa bafetoheli bao ’me a ba hasanya le lefatše, ba ile ba tsamaea le bolumeli ba bohata ba Babylona. (Genese 10:8-10; 11:4-9) Ho tloha ka nako eo, mebuso ea lipolotiki e ’nile ea hlaha ea ba ea oa, empa bolumeli ba Babylona esale bo le teng. Bo nkile libōpeho tse ngata le litšobotsi tse ngata, ba fetoha ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo e profetiloeng. Karolo ea eona e hlaheletseng haholo ke Bokreste-’mōtoana,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela