Abrahama—Moprofeta le Motsoalle oa Molimo
MABOTHO a kopaneng a marena a mane a Bochabela a tšela Nōka ea Eufrate. Tsela eo a tsamaeang ka eona ke ’Mila oa Morena ho ea ka bochabela ho phula ea Nōka ea Jordane. Ha a le tseleng a hlōla Barefaime, Bazuzime, Baemime, le Bahore. Joale, bafutuhi baa reteleha ’me ba hlōla baahi bohle ba Negeb boroa.
Morero oa phutuho ee ea sesole ke ofe? Pakeng tsa libaka tse futuhetsoeng tsa Transjordan le Negeb ke hona moo letlotlo le leng teng. Ke phula e ratoang haholo e bitsoang Setereke sa Jordane. (Genese 13:10, NW) Mona, baahi ba metse e mehlano e meholo, Sodoma, Gomorrha, Adma, Tseboime, le Bela, ba phela bophelo ba ho se tsotelle letho ba boiketlo linthong tse bonahalang. (Ezekiele 16:49, 50) Ka nako e ’ngoe e kile ea e-ba bafo ba morena eo ho bonahalang e ne e le moeta-pele oa makhotla a kopaneng, Kedorlaomere, morena oa Elame. Empa ba mo fetohetse. Joale, ha ba se ba se na tšehetso ea baahisani, ba talimane le ho fumana kotlo. Kedorlaomere le balekane ba hae ba hlōla ntoa e ileng ea latela ’me ba qala leeto la bona le lelelele la ho ea hae ka khapo e khōlō.
E mong oa batlamuoa ke monna ea lokileng, Lota. Ke mochana oa Abrahama, ea lulang litenteng tse lithabeng tse haufi tsa Hebrone. Ha Abrahama a utloa litaba tse bohloko, hang-hang o bitsa banna ba 318 har’a banna ba hae. Ka sebete, le ka tšehetso ea baahisani ba bang, ba lelekisa marena a mane ’me ba khaoletsa mabotho a ’ona bosiu. Bafutuhi baa baleha. Lota le ba ntlo ea hae baa lokolloa, hammoho le batlamuoa ba bang le thepa.
Re na le lebaka lefe la ho lumela tlaleho ee e khaolong ea 14 ea Genese? Na pale eo e qapiloe ho etsa hore ntate-moholo oa lichaba tse ngata, ho akarelletsa Bajode, e be mohale oa sechaba? Ho thoe’ng ka liketsahalo tse ling bophelong ba Abrahama?
Seo Baruti ba se Boletseng
Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, setsebi sa thuto ea bolumeli sa Molutere Peter von Bohlen se ile sa bolela hore Abrahama ke tšōmo le hore tlaleho ea phutuho ea Kedorlaomere ha e na motheo historing. Se seng, Profesa Julius Wellhausen, se boletse: “Ha re fumane tsebo ea histori ea bapatriareka.” Se ile sa hlahisa hore: ‘Mohlomong [Abrahama] a ka ’na a talingoa e le sebopuoa se bōpiloeng ke setsebi ka bolokolohi se sa hlokomele.’
Litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Manyesemane li ile tsa latela ketello-pele ea basebetsi-’moho le tsona ba Majeremane. Bukeng ea hae The Old Testament and Modern Life, moruti Stopford Brooke o ngotse: “Lipale tse khōlō tsa bapatriareka tse bukeng ea Genese ke tsa pele ho histori, hase tsa ’nete historing joaloka lipale tsa . . . Morena Arthur.” John Colenso, mobishopo oa Chache oa Natala eo pele e neng e le kolone ea Brithani, o ngotse: “Ho Genese . . . re fumana feela pono e sa fellang le e sothiloeng ea bophelo le botho ba ofe kapa ofe oa bapatriareka.” O ile a phaella: “Ho ke ke ha etsahala hore re behe tšepo leha e le efe e felletseng ho efe kapa efe ea litlaleho tsena.”
Ho nyatsa ho joalo ho ile ha pharalla joaloka seso se kekang. (2 Timothea 2:17) Kajeno, batho ba limillione ba kenang kereke ha ba sa nka bophelo ba bapatriareka ka ho teba. Empa, ke mahlabisa lihlong ho litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana hore e be joale batho ba sa lumeleng ho Molimo ba bolela hore tlhahlobisiso ea Bibele e se e fetetse hōle haholo. Ka mohlala, Bol’shaia Sovetskaia Entsiklopediia (Buka ea Boitsebiso e Khōlō ea Soviet) e re: “Lilemong tsa morao tjena, letoto la likhang tsa tlhahlobisiso ea Bibele le ile la hlahlojoa bocha leseling la phuputso e ncha, haholo-holo motheong oa boitsebiso ba ho bitsoang ho epolla lintho tsa khale tsa Bibele. Lineano tse ling tsa Bibele tse ’nileng tsa talingoa e le tšōmo . . . li bonahala li theiloe historing.” Hlokomela kamoo ho epolla lintho tsa khale ho chabisitseng leseli tlalehong e mabapi le Abrahama.
Ure ea Bakalde
Ho latela Bibele, Abrahama o hōletse “Ure oa Kaldea.” (Genese 11:27-31; 15:7) Ka makholo a lilemo, sebaka seo e neng e le Ure se ile sa lula e le sephiri. Bahlahlobisisi ba ne ba lumela hore haeba se kile sa e-ba teng, e ne e se sebaka sa bohlokoa, se sa tsoela pele. Joale, ho ileng ha ba hlabisa lihlong ke hore lithako tse pakeng tsa Babylona le Kou ea Persia li ile tsa tsebahatsoa ntle le tika-tiko e le tsa Ure. Matlapa a letsopa a likete-kete a epollotsoeng sebakeng seo a ile a senola hore Ure e ne e le setsi sa khoebo ea lefatše, e e-na le baahi ba bangata ba tsoang linaheng tse ngata. Mehleng ea Abrahama, motse oo o ne o bile o e-na le likolo tseo ho tsona bashemane ba neng ba rutoa ho ngola le ho kopanya lipalo.
Ho feta moo, ho cheka ho entsoeng Ure ho ile ha senola hore liahi tsa teng li ne li sebelisa tšiea, monyako le marulelo a bōpehileng joaloka seqha, le tora. Litsebi tsa Ure li ne li etsa mabenyane a matle haholo, liharepa tse entsoeng ka mokhoa o khahlehang, le lithipa tseo mahare a tsona a entsoeng ka gauda e sa tsoakoang. Matlong a mangata, baepolli ba lintho tsa khale ba chekile lipompo tsa metsi a litšila, tse entsoeng ka letsopa le besitsoeng, tse neng li theohela ka mekoting e meholo eo ho qhalloang litšila ho eona e ka bang botebo ba limithara tse 12.
Litšibollo tsena li ile tsa fa litsebi tse ngata pono e ncha ka Abrahama. Bukeng ea hae Digging Up the Past, Monghali Leonard Woolley o ngotse: “Re ne re tloaetse ho nahana ka Abrahama e le motho feela ea lulang litenteng, ’me re fumana hore e ka ’na eaba e ne e le motho ea lulang ntlong e tsoetseng pele ea setene motseng o moholo.” Bukeng ea hae Treasures From Bible Times, moepolli oa lintho tsa khale Alan Millard o itse: “Abrahama o ile a siea motse o moholo o tsoetseng pele, le tšireletso le boiketlo bohle ba oona, ho fetoha e mong oa bo-hloma-u-hlomole ba nyelisehang!”
Phutuho ea Kedorlaomere
Ho thoe’ng ka ha Abrahama a hlōla Kedorlaomere, morena oa Elame? Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ne ho tsejoa ho fokolang ka Baelame. Bahlahlobisisi ba Bibele ba ne ba latola khopolo ea hore Elame e kile ea ba le tšusumetso holim’a Babylonia, re se re sa re letho ka Palestina. Joale, Baelame ba talingoa ka tsela e fapaneng. Ho epolla lintho tsa khale ho senola hore e ne e le sechaba se matla sa bahlabani. Funk & Wagnalls Standard Reference Encyclopedia e re: “Baelame ba ile ba ripitla motse oa Ure hoo e ka bang ka 1950 B.C. . . . Ka mor’a moo ba ba le tšusumetso e khōlō holim’a babusi ba Babylonia.”
Ho feta moo, mabitso a marena a Baelame a fumanoe mengolong ea khale e epollotsoeng. A mang a ’ona a qala ka polelo “Kudur,” e tšoanang le “Kedor.” Molimotsana oa bohlokoa oa Baelame e ne e le Lagamar, e tšoanang le “laomere.” Ka hona, hona joale mehloli e meng ea lefatše e amohela Kedorlaomere e le ’musi ea kileng a ba teng historing, ’me ho ka etsahala hore lebitso la hae le bolela “Mohlanka oa Lagamar.” Sete e ’ngoe ea mengolo ea Babylona e na le mabitso a tšoanang le a marena a mararo a neng a futuhile—Tudhula (Tideale), Eri-aku (Arioke), le Kudur-lahmil (Kedorlaomere). (Genese 14:1) Bukeng Hidden Things of God’s Revelation, Dr. A. Custance oa phaella: “Ntle le mabitso ana ho ne ho e-na le lintlha tse neng li bonahala li bua ka liketsahalo tse etsahetseng Babylonia ha Baelame ba hloma bobusi ba bona naheng eo. . . . Matlapa ana a ne a tiisa hore Mangolo a nepile hoo Bahlahlobisisi ba Phahameng ba ileng ba a qhomela ’me ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e matleng a bona hore ka boomo ba pate bohlokoa ba ’ona.”
Ho thoe’ng ka phutuho ea marena a mane? Na ho na le bopaki leha e le bofe ba baepolli ba lintho tsa khale Transjordan le Negeb bo tšehetsang see? E. Bukeng ea hae The Archaeology of the Land of Israel, Profesa Yohanan Aharoni o bua ka ho nyamela ha tsoelo-pele ea mehleng ea pele ho Iseraele e neng e e-na le mehaho e “khahlehang” Transjordan le Negeb, “hoo e ka bang ka 2000 B.C.E.” Baepolli ba bang ba lintho tsa khale ba re sena se etsahetse hoo e ka bang ka 1900 B.C.E. Ho Commentary on Genesis ea hae, Dr. Harold Stigers o re: “Lintho tse entsoeng ka letsopa tse Negeb hammoho le Transjordan tsa mehleng ena li tšoana hantle ’me ka bobeli li bontša hore na ho felisoa ha tsoelo-pele eo e bile ha tšohanyetso, ho senyang hakae.” Esita le bahlahlobisisi ba Bibele, ba kang John Van Seters, ba amohela bopaki ba sena. Bukeng ea hae Abraham in History and Tradition o re: “Bothata bo le bong bo sa rarolloang ke hore na batho bana ba ile ba ea hokae, haeba ho e-na le moo ba ileng teng, qetellong ea mehla eo.”
Genese khaolo ea 14 e fana ka hoo e ka ’nang eaba ke tharollo ea bothata boo. Ho latela tsela eo Bibele e balang nako ka eona, Abrahama o fihlile Kanana ka 1943 B.C.E. Phutuho e senyang ea Kedorlaomere e tlameha e be e etsahetse nakoana ka mor’a moo. Hamorao, lekholong lona leo la lilemo, Molimo o ile oa tlisa timetso ea mollo metseng e boitšoaro bo bobe ea Sodoma le Gomorrha. Sena se ile sa fetolela ruri boemo ba mobu ba hoo e kileng ea e-ba Phula ea Jordane e nonneng e tlaasana. (Genese 13:10-13, NW; 19:24, 25) E ne e se e se letlotlo la bafutuhi ba tsoang naheng esele.
Ho na le mehlala e meng e mengata e bontšang kamoo ho epolla lintho tsa khale ho nyalanang kateng le Mangolo ho chabiseng leseli liketsahalong tsa bophelo ba Abrahama. Empa ho epolla lintho tsa khale ho na le mefokolo ea hona. Hangata bopaki boo ho fanang ka bona ke bo sa tobang le bo ka ’nang ba hlalosoa bocha ke batho ba sa phethahalang.
Bopaki bo ka Tšeptjoang ka ho Fetisisa
Bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore kannete Abrahama o kile a ba teng ke bopaki ba ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo. Pesalemeng ea 105:9-15, Molimo o buile ka kananelo ka Abrahama, Isaaka, le Jakobo e le “baprofeta” ba oona. Nako e fetang lilemo tse sekete ka mor’a lefu la Abrahama, Jehova Molimo o ile a bua ka Abrahama bonyane ka melomo ea baprofeta ba bararo, a ba a ’mitsa “motsoalle” oa hae. (Esaia 41:8, NW; 51:2; Jeremia 33:26; Ezekiele 33:24) Ka ho tšoanang, Jesu Kreste o ile a phahamisa Abrahama e le mohlala. Bophelong ba hae leholimong pele e e-ba motho, Mor’a Molimo ka seqo o ile a bona ka mahlo litšebelisano tsa Ntat’ae le mopatriareka eo. Ka hona o ne a ka re ho Bajode:
“Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ea Abrahama. Athe joale le rata ho mpolaea, ’na ke leng motho ea le boleletseng ’nete, eo ke e utloileng ho Molimo; Abrahama ha a ka a etsa hona. Abrahama, ntat’a lōna, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, ’me o le bone, a ba a thaba. Eaba ba-Jode ba re ho eena: Lilemo tsa hao ha li e-so ho be mashome a mahlano, ’me u re u bone Abrahama? Jesu a re ho bona: Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Abrahama ha a e-so ho hlahe, ke ntse ke le teng.”—Johanne 8:39, 40, 56-58.
Ka bopaki le khothatso ea Batho ba babeli ba baholo ka ho fetisisa bokahohleng, re na le mabaka a matle ka ho fetisisa a ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Bibele e e bolelang ka Abrahama. (Johanne 17:5, 17) Le hoja Bibele e hlahisa Abrahama e le mohlala, ha e mo phahamise ka ho sa lokelang e le mohale oa sechaba. Sena se ka bonoa ka ho hlahloba tlaleho ea ha a hlōla marena a mane a neng a kene selekaneng. Ha Abrahama a khutla ntoeng, o ile a lumelisoa ke Melkisedeke, morena oa Saleme, ea ileng a re: “Ho rokoe Molimo o holimo-limo, o neetseng lira tsa hao matsohong a hao!” Ke Jehova eo a neng a mo rorisa bakeng sa topollo eo.—Genese 14:18-20.
Leha ho le joalo, tlhōlo e khōlō ho feta eo haholo e atametse! Haufinyane, Molimo oona ona o khanyang o tla hlōla “marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona” ntoeng ea lefatše lohle e bitsoang Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Joale, tšepiso ea Molimo ho Abrahama, moprofeta le motsoalle oa oona, e tla phethahatsoa ka ho felletseng: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” Ba limillione ba se ba ntse ba thabela ho latsoa mahlohonolo ao esale pele. U ka kopanyelletsoa har’a bona, joalokaha lihlooho tse hlahang maqepheng a 18-28 a makasine ona li tla bontša.—Genese 22:18.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 7]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle le Leholo
NEGEB
Damaseka
Harane
Nōka ea Eufrate
Nōka ea Tigre
Ure
ELAME
Kou ea Persia
[’Mapa]
Damaseka
Dane
REFIDIME
ZUZIME
Sikeme
Bethele
Setereke sa Jordane
Leoatle la Letsoai
Hebrone
NEGEB
’Mila oa Morena
EMIME
Gomorrha
Sodoma
BAHORE
[Litšoantšo]
Abrahama o ile a mamela, a falla Ure, motse o neng o atlehile haholo
Lisampole tsa mesebetsi ea matsoho e tsoang Ure:
1. Thipa ea gauda le selata
2. Letšoao la naha ea Ure
3. Hlooho ea poho ea gauda e llang joaloka harepa
4. Mabenyane
5. Mokhabiso o roaloang hloohong o mabenyane
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Lifoto: Courtesy of the British Museum