Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa—1996 | November 1
    • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’

      JOALOKAHA HO BOLETSE EMMANUEL PATERAKIS

      Lilemong tse makholo a 19 tse fetileng, moapostola Pauluse o ile a fumana memo e sa tloaelehang: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” Pauluse ka boithatelo o ile a amohela monyetla ona o mocha oa ho ‘bolela litaba tse molemo.’ (Liketso 16:9, 10) Le hoja memo eo ke ileng ka e fumana e se ea khale hakaalo, leha ho le joalo ke lilemong tse fetileng tse 50 moo ke ileng ka lumela ho “tšelela” masimong a macha ka moea oa Esaia 6:8: “Ke ’na enoa, roma ’na!” Ka lebaka la maeto a ka a se nang palo, ke ile ka tsejoa ka lebitso la bosoasoi la Perpetual Tourist (Mohahlaula), empa mesebetsi ea ka ho ne ho se moo e amanang teng le bohahlauli. Ka makhetlo a fetang le le leng, ha ke fihla kamoreng ea ka ea hotele, ke ne ke e-oa ka mangole ebe ke leboha Jehova ka hore ebe o ntširelelitse bothateng.

      KE HLAHETSE Hierápetra, Kreta, ka la 16 January, 1916, ke hlahela lelapeng le neng le chesehela bolumeli ba Orthodox haholo. Ho tloha ha ke le lesea ’Mè o ne a e-ea le ’na le likhaitseli tsa ka tse tharo kerekeng ka Sontaha. Ha e le Ntate eena, o ne a khetha ho sala lapeng ebe o bala Bibele. Ntate—eo e neng e le monna ea tšepahalang, ea molemo le ea tšoarelang, o ne a nkhahla haholo—’me ho shoa ha hae ha ke le lilemo li robong, ho ile ha nkama haholo.

      Ke hopola hore ha ke ne ke le lilemo li hlano, ke ile ka bala temana sekolong, e neng e re: “Sohle se re potolohileng se bolela boteng ba Molimo.” Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke kholisehile ka ho feletseng ka sena. Kahoo, ha ke le lilemo li 11 ke ile ka khetha ho ngola moqoqo oo sehlooho sa oona e neng e le Pesaleme ea 104:24: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.” Ke ne ke hlolloa ke meeka ea tlhaho, esita le lintho tse bonolo tse kang lipeō tse filoeng mapheoana e le hore li ka fefoloa ke moea hore li tlohe moriting oa sefate seo li tsoang ho sona. Beke ka mor’a hore ke nehelane ka moqoqo oa ka, mosuoe oa ka o ile a o balla tlelase kaofela, eaba o o balla sekolo kaofela. Nakong eo, mesuoe e ne e loantša likhopolo tsa Bokomonisi ’me e ne e thabela ho utloa tsela eo ke sireletsang boteng ba Molimo ka eona. Ha e le ’na, ke ne ke mpa ke thabela ho hlalosa tumelo ea ka ho ’Mōpi.

      Likarabo Tsa Lipotso Tsa Ka

      Ke sa ntse ke hopola ka ho hlaka ha ke qala ho kopana le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele ka bo-1930. Emmanuel Lionoudakis o ne a ntse a bolela metseng le metsaneng eohle ea Kreta. Ke ile ka amohela libukana tse ngata ho eena, empa mahlo a ka a ile a haptjoa ka ho khethehileng ke e neng e re Where Are the Dead? Ke ne ke tšaba lefu hoo ke neng nke ke ka kena ka kamoreng eo Ntate a neng a ile a shoella ka ho eona. Ha ke ntse ke e pheta-pheta ke ile ka ithuta hore na Bibele e ruta’ng ka boemo ba bafu, ke ile ka utloa tšabo ea ka ea tumela-khoela e nyamela.

      Hang ka selemo nakong ea lehlabula, Lipaki li ne li etela motse oa haeso ’me li ntlela lingoliloeng tse eketsehileng hore ke li bale. Kutloisiso ea ka ea Mangolo ea ’na ea eketseha butle-butle, empa ka ’na ka ea Kerekeng ea Orthodox. Leha ho le joalo, litaba li ile tsa fetoloa ke buka ea Deliverance. E ile ea bontša ka ho hlaka phapang pakeng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le oa Satane. Ho tloha moo ho ea pele, ke ile ka qala ho ithuta Bibele kamehla haholoanyane le lingoliloeng leha e le life tsa Mokhatlo oa Watch Tower tseo ho neng ho etsahala hore li oele matsohong a ka. Kaha Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe Greece, ke ne ke ithuta ka lekunutu bosiu. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke chesehela seo ke ithutang sona hoo ke neng ke bua ka sona ho mang le mang. Ha hoa ka ha feta nako pele mapolesa a qala ho mpeha leihlo, a nketela khafetsa bosiu le motšehare ho batla lingoliloeng.

      Ka 1936, ke ile ka ba teng sebokeng ka lekhetlo la pele Iráklion e bohōle ba lik’hilomithara tse 120. Ke ne ke thabetse ho kopana le Lipaki haholo. Boholo ba tsona e ne e le batho feela, bongata e le lihoai, empa ba ile ba nthusa ho tiisa hore sena ke ’nete. Ke ile ka inehela ho Jehova hona hoo.

      Kolobetso ea ka ke ketsahalo eo ke sa tl’o e lebala le ka mohla. Bosiung bo bong ka 1938, har’a lefifi le letšo-letšo, Mor’abo rōna Lionoudakis o ile a ea lebōpong la leoatle le ’na le liithuti tsa ka tse peli tsa Bibele. Hoba a etse thapelo, o ile a re qoelisa.

      Ho Tšoaroa

      Ho bua ’nete, ke ile ka natefeloa haholo ka lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka tsoa ho ea bolela. Ke ile ka kopana le motsoalle oa khale oa sekolong eo e neng e se e le moprista, ’me re ile ra ba le puisano e monate. Empa ka mor’a moo o ile a hlalosa hore tumellanong le taelo ea mobishopo, o tlameha ho ntšoarisa. Ha re ntse re eme ofising ea ramotse hore mapolesa a tsoang motsaneng o ahisaneng le oa rōna a fihle, letšoele le ne le ntse le khobokana kantle. Kahoo ke ile ka nka Testamente e Ncha ea Segerike e neng e le ka ofising ’me ka qala ho ba fa puo e thehiloeng ho Matheu khaolo ea 24. Qalong batho ba ne ba sa batle ho mamela, empa moprista eane a kenella. A re: “Mo tloheleng a bue. Ke Bibele ea rōna.” Ke ile ka khona ho bua hora le halofo. Kahoo, letsatsi la pele ke le tšebeletsong e ile ea boela ea e-ba lekhetlo leo ka lona ke ileng ka fana ka puo ea ka ea pele ea phatlalatsa. Kaha mapolesa a ne a e-s’o fihle ha ke qeta, ramotse le moprista ba ile ba etsa qeto ea hore sehlopha se itseng sa banna se mphalalisetse ka ntle ho motse. Mothinyeng oa pele oa tsela, ke ile ka qala ho ja ka sekaja ho qoba majoe ao ba neng ba mphereletsa ka ’ona.

      Ka letsatsi le hlahlamang ke ile ka tšoaroa mosebetsing ke mapolesa a mabeli a neng a e-na le mobishopo. Ha ke le sepoleseng, ke ile ka tseba ho ba pakela ka Bibele, empa kaha lingoliloeng tsa ka tsa Bibele li ne li se na setempe sa mobishopo se hlokoang ke molao, ke ile ka qosoa ka ho sokolla le ho aba lingoliloeng tse sa lumelloeng ke molao. Ke ile ka lokolloa empa nyeoe e ne e tla buuoa hamorao.

      Nyeoe ea ka e ile ea kena khoeli hamorao. Ha ke ipuella ke ile ka totobatsa hore ha ho letho leo ke le etsang haese feela ho mamela taelo ea Kreste ea ho bolela. (Matheu 28:19, 20) Moahloli o ile a araba ka ho phoqa: “Ngoan’a ka, Ea faneng ka taelo eo, o ile a thakhisoa. Ka bomalimabe, ha ke na matla a ho u otla ka kotlo e tšoanang.” Leha ho le joalo, ho ile ha ema ’muelli e monyenyane oa molao eo ke neng ke sa mo tsebe, a mpuella, a bolela hore ha e le mona Bokomonisi le ho latola boteng ba Molimo li jele setsi hakana, lekhotla le ne le lokela ho ikutloa le le motlotlo hore ebe ho ne ho e-na le bahlankana ba itokiselitseng ho buella Lentsoe la Molimo. Eaba joale o tla ho ’na ho tla mpabatsa ka mofuthu ka bopaki boo ke bo ngotseng boo ke ipuellang ka bona, bo neng bo le faeleng ea ka. A khahliloe ke hore na ke monyenyane hakaakang, o ile a ithaopela ho mpuella mahala. Ho e-na le ho ahloleloa likhoeli tse tharo tse tloaelehileng, ke ile ka ahloleloa matsatsi a leshome feela chankaneng ’me ka lefisoa lidrakema tse 300. Khanyetso e joalo e ile ea sebeletsa feela ho tiisa qeto ea ka ea ho sebeletsa Jehova le ho buella ’nete.

      Lekhetlong le leng ha ke ne ke tšoeroe, moahloli o ile a hlokomela kamoo ke qotsang Bibele habonolo kateng. O ile a kōpa mobishopo hore a tsoe ka ofising, a re: “U phethile mosebetsi oa hao. Ke ’na ea tla etsa qeto ka eena.” Eaba o ntša Bibele ea hae ’me ra bua ka ’Muso oa Molimo motšehare oohle oa mantsiboea ao. Liketsahalo tse joalo li ile tsa nkhothatsa hore ke tsoele pele ho sa tsotellehe mathata.

      Kahlolo ea Lefu

      Ka 1940 ke ile ka bitsetsoa tšebeletso ea sesole ’me ka ngola lengolo le hlalosang hore na ke hobane’ng ha nke ke ka lumela ho isoa sesoleng. Matsatsi a mabeli hamorao ke ile ka tšoaroa ’me ka tetekoa ke mapolesa. Eaba joale ke romeloa ntoeng Albania, moo ke ileng ka qosoa lekhotleng la sesole kahobane ke ile ka hana ho loana. Ba nang le matla a ho laela sesoleng ba ile ba mpolella hore seo ba amehileng ka sona ke hore na mohlala oa ka o tla ba le phello efe ho masole e seng hore na ke nepile kapa ke fositse hakae. Ke ile ka ahloleloa lefu, empa ka lebaka la bofokoli molaong, bo ileng ba nkimolla haholo, kahlolo ena e ile ea fetoleloa kahlolong ea lilemo tse leshome ke sebetsa ka thata. Likhoeli tse seng kae tse latelang tsa bophelo ba ka ke ile ka li qeta chankaneng ea sesole Greece, tlas’a maemo a thata haholo, ao ke ntseng ke kula ke ’ona le hona joale.

      Leha ho le joalo, chankana ha ea ka ea nkoala molomo. Le hanyenyane! Ho ne ho le bonolo ho qala meqoqo, kaha ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha motho ea sa loaneng a le chankaneng ea sesole. O mong oa meqoqo ena o ile oa tsoala thuto ea Bibele e neng e tšoareloa ka lebaleng la chankana le mohlankana e mong ea neng a e-na le thahasello ea sebele. Lilemo tse 38 hamorao ke ile ka kopana hape le monna enoa kopanong e ’ngoe. O ne a amohetse ’nete ’me a sebeletsa e le molebeli oa phutheho sehleke-hlekeng sa Lefkás.

      Ka 1941 ha mabotho a ntoa a Hitler a hlasela Yugoslavia, re ile ra isoa tlaase ka boroa chankaneng e Preveza. Nakong ea leeto leo, mokoloko oa likoloi tsa rōna o ile oa hlaseloa ke lifofane tsa liqhomane tsa Majeremane ’me rōna batšoaruoa re ne re tingoa lijo. Ha sengoathoana sa bohobe seo ke neng ke e-na le sona se fela, ke ile ka rapela Molimo: “Haeba ke thato ea hao hore ke bolaoe ke tlala ka mor’a hore u mpholose kahlolong ea lefu, a ho etsoe thato ea hao.”

      Ka letsatsi le hlahlamang, ofisiri e ’ngoe e ile ea mpitsetsa ka thōko nakong ea ha ho bitsoa mabitso ’me hoba e utloe hore na ke tsoa hokae, hore na batsoali ba ka e ne e le bo-mang le hore na ke hobane’ng ha ke ne ke le chankaneng, ea re ke e latele. E ile ea nkisa ntlong ea ho jela ea liofisiri e toropong ’me ea nkisa tafoleng ea bohobe, chisi le nama e besitsoeng ea nku ’me ea mpolella hore ke je. Empa ka hlalosa hore kaha batšoaruoa ba bang ba 60 ba ne ba se na lijo, letsoalo la ka le ke ke la ntumella ho ja. Ofisiri eo ea arabela: “Nke ke ka fepa motho e mong le e mong! Ntate oa hao o ne a le seatla se bulehileng haholo ho Ntate. Ke tlangoa ke botho ho uena empa ha ho joalo ka bao ba bang.” Ka arabela: “Ha ho le joalo ke tla khutlela morao.” Ea inahana ka motsotsoana eaba e mpha mokotla o moholo hore ke tšele lijo tse ngata kamoo nka khonang.

      Ha ke khutlela chankaneng, ka beha mokotla fatše ’me ka re: “Bahlomphehi, tsena ke tsa lōna.” E se ka morero, ka la maobane mantsiboea, ke ne ke ile ka qosoa ka hore ke ’na ea ikarabellang bakeng sa tlokotsi ea batšoaruoa ba bang kahobane ke ne ke hanne ho kopanela lithapelong tsa bona tse eang ho Moroetsana Maria. Leha ho le joalo, Lekomonisi le leng le ne le ile la mpuella. Eare ha le bona lijo tsena, la re ho ba bang: “O kae ‘Moroetsana Maria’ oa lōna? Le itse re tla shoa ka lebaka la monna enoa, empa ke eena ea re tlisetsang lijo.” Eaba le retelehela ho ’na ’me le re: “Emmanuel! Tloo u tl’o etsa thapelo ea ho leboha.”

      Nakoana ka mor’a moo, ho atamela ha lebotho la ntoa la Majeremane ho ile ha balehisa balebeli ba chankana, ha bulela batšoaruoa menyako. Ke ile ka ea Patras ho ea fumana Lipaki tse ling pele ke leba Athene qetellong ea May ka 1941. Ke teng moo ke ileng ka fumana liaparo le lieta le ho tola ka lekhetlo la pele ka mor’a nako e fetang selemo. Ho fihlela qetellong ea puso ea mabotho a sesole, Majeremane a ne a nkemisa khafetsa ha ke ntse ke bolela, empa ha ho mohla a ileng a ntšoara. Le leng la ’ona le ile la re: “Jeremane re thunya Lipaki tsa Jehova. Empa mona re lakatsa eka lira tsohle tsa rōna e ka be e le Lipaki!”

      Mesebetsi ea ka Mor’a Ntoa

      Joalokaha eka Greece e ne e sa khotsofala ke ntoa, e ile ea tsekolloa hape ke ntoa ea lehae ho tloha ka 1946 ho ea ho 1949 ’me ho eona ho ile ha shoa batho ba likete. Barab’abo rōna ba ne ba hloka khothatso e khōlō hore ba lule ba le matla nakong eo ka eona motho a neng a ka tšoaroa feela ka lebaka la ho ba teng libokeng. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba ahloleloa lefu ka lebaka la boemo ba bona ba ho se jele paate. Empa ho sa tsotellehe sena, batho ba bangata ba ile ba nka khato ka molaetsa oa ’Muso, ’me ka beke re ne re kolobetsa hang kapa habeli. Ka 1947, ke ile ka qala ho sebetsa liofising tsa Mokhatlo tse Athene motšehare ’me bosiu ke etela liphutheho ke le molebeli ea tsamaeang.

      Ka 1948, ke bile le thabo ea ho memeloa ho ea kena Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, United States. Empa ho ne ho e-na le bothata. Ka lebaka la ho ’na ke tšoaroa nakong e fetileng, ke ne ke sitoa ho fumana phasepoto. Leha ho le joalo, se seng sa liithuti tsa ka tsa Bibele se ne se tloaelane le molaoli e mong oa sesole. Ka thuso ea seithuti sena, ke ile ka fumana phasepoto ea ka ka mor’a libeke tse seng kae feela. Empa ke ile ka tšoenyeha ha, nakoana pele ke tsamaea, ke tšoaroa ke ntse ke aba Molula-Qhooa. Lepolesa le ile la nkisa ho mookameli oa State Security Police, Athene. Ho ileng ha ’makatsa ka ho feletseng, e ne e le e mong oa baahisani ba ka! Lepolesa leo la mo hlalosetsa hore na ke tšoaretsoe’ng ’me la mo neha sephutheloana sa limakasine. Moahisani oa ka a ntša qhoba ea limakasine tsa Molula-Qhooa deskeng ea hae ’me a re: “Ha ke na tokollo ea morao-rao. Na nka nka kopi?” Ke ile ka thaba hakaakang ho bona tšireletso ea Jehova litabeng tse joalo!

      E bile phihlelo e entšang ho ba sehlopheng sa bo16 sa Gileade, ka 1950. Ha mophato o e-cha, ke ile ka abeloa ho ea Cyprus, moo kapele ke ileng ka sibolla hore khanyetso ea baruti e matla joaloka Greece. Hangata re ne re thulana le ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ba hlahafalitsoe ke baprista ba Orthodox. Lengolo la ka la tumello ea ho lula Cyprus ha lea ka la nchafatsoa ka 1953, ’me ke ile ka fuoa kabelo e ncha Istanbul, Turkey. Le hona mona ke ile ka lula nakoana. Khohlano ea lipolotiki pakeng tsa Turkey le Greece e ile ea bolela hore, ho sa tsotellehe litholoana tse ntle tsa mosebetsi oa boboleli, ke ne ke tlameha ho tloha ke ee kabelong e ’ngoe—Egepeta.

      Ha ke ntse ke le chankaneng, ke ne ke ee ke hopole Pesaleme ea 55:6, 7. Mono Davida o buile ka takatso ea ho balehela feelleng. Ha ho mohla ke neng nkile ka nahana hore ka letsatsi le leng ke tla ba hona teng. Ka 1954, ka mor’a leeto le khathatsang la matsatsi a mangata ka terene le seketsoana Nōkeng ea Nile, qetellong ke ile ka fihla moo ke eang—Khartoum, Sudan. Ke ne ke lekanoe feela ke ho tola ka shaoara ebe ke kena likobong. Empa ke ne ke lebetse hore ke har’a mp’a motšehare. Metsi, a bolokiloeng ka tankeng ka marulelong, a ile a mphoqola, ha ntlama hore ke roale helmete e thibelang letsatsi ka likhoeli tse ngata ho fihlela letlalo la hlooho ea ka le fola.

      Hangata ke ne ke ikutloa ke lahlehile, ke le motoai-toai mpeng ea Sahara, lik’hilomithara tse sekete le makholo a tšeletseng hōle le phutheho e haufi, empa Jehova o ile a mpoloka ’me a mpha matla a hore ke tsoele pele. Ka linako tse ling khothatso e ne e hlaha mehloling e sa lebelloang ho hang. Ka letsatsi le leng ke ile ka teana le mookameli oa Musiamo ea Khartoum. E ne e le motho ea kelello haholo ’me re ile ra qoqa hamonate. Ha a elelloa hore ke Mogerike ka tsoalo, o ile a nkōpa hore na nka mo tsoela molemo ka hore ke ee musiamong ho ea fetolela mengolo e mesebetsing ea matsoho e fumanoeng kerekeng ea lekholong la botšelela la lilemo. Ka mor’a lihora tse hlano ke le ka phaposing e ka tlaase e sebupetsane, ke ile ka fumana sosara e nang le lebitso la Jehova, e le Litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse Emelang Lebitso la Molimo. Nahana kamoo ke ileng ka thaba kateng! Europe hase mohlolo ho fumana lebitso la Molimo likerekeng, empa mpeng ea Sahara ke mohlolo o fetisisang!

      Ka mor’a kopano ea machaba ka 1958, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ba molebeli oa libaka hore ke etele barab’abo rōna linaheng le libakeng tse 26 tsa Bochabela bo Hare le bo Haufi le tse potolohileng Mediterranean. Hangata ke ne ke sa tsebe hore na ke tla tsoa joang boemong bo thata, empa kamehla Jehova o ne a mphuntša ntlo lesoba.

      Kamehla ke ne ke khahloa ke tlhokomelo eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o e bontšang Lipaki tse libakeng tse thōko linaheng tse ling tse itseng. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka kopana le mor’abo rōna oa Moindia ea neng a sebetsa morafong oa oli. Kamoo ho neng ho bonahala kateng, e ne e le eena feela Paki naheng eo. Ka polokelong ea liphahlo tsa hae o ne a e-na le lingoliloeng ka lipuo tse sa tšoaneng tse 18, tseo a neng a li fa basebetsi-’moho le eena. Le hona mona, moo malumeli asele kaofela a neng a sa lumelloe ka ho feletseng, mor’abo rōna ha aa ka a lebala boikarabelo ba hae ba ho bolela litaba tse molemo. Bo-mphato ba hae ba ne ba khahlehile ho bona hore moemeli oa bolumeli ba hae o ne a rometsoe hore a mo etele.

      Ka selemo sa 1959 ke ile ka etela Spain le Portugal. Bobeli li ne li le tlas’a puso ea khatello ka nako eo ’me mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoe ka thata. Ka khoeli e le ’ngoe feela ke ile ka khona ho khanna liboka tse fetang lekholo, ke khothalletsa barab’abo rōna hore, ho sa tsotellehe mathata, ba se ke ba tela.

      Ha ke se ke se Mong

      Ka lilemo tse fetang 20 ke ne ke ntse ke sebeletsa Jehova tšebeletsong ea nako e tletseng ke le lesoha, empa ka tšohanyetso feela ka ikutloa ke khathetse ke maeto a ka a neng a nketsa hloma-u-hlomole. Ke nakong ena moo ke ileng ka teana le Annie Bianucci, eo e neng e le pula-maliboho e khethehileng Tunisia. Re ile ra nyalana ka 1963. Ho rata ha hae Jehova le ’nete, boinehelo ba hae tšebeletsong le tsebo ea hae ea ho ruta hammoho le tsebo ea hae ea lipuo, e bile lehlohonolo la sebele mosebetsing oa rōna oa boromuoa le oa potoloho Afrika ka leboea le bophirimela le Italy.

      Ka August 1965, ’na le mosali oa ka re ile ra fuoa kabelo ea ho ea Dakar, Senegal, moo ke ileng ka ba le tokelo ea ho hlophisa ofisi ea moo ea lekala. Senegal e ne e le naha e ikhethang ka mamello ea malumeli, ntle ho pelaelo ka lebaka la mopresidente oa eona Leopold Senghor, e mong oa lihlooho tsa Mebuso e ’maloa ea Afrika tse ileng tsa ngolla Mopresidente Banda oa Malawi li emela Lipaki tsa Jehova nakong ea mahloriso a sisimosang a ileng a etsahala Malawi ka bo-1970.

      Tlhohonolofatso e Ruisang ea Jehova

      Ha ke tloha Gileade ka e-ea Cyprus ka 1951, ke ne ke tsamaea ka lisutuk’heisi tse supileng. Ha ke e-ea Turkey, li ne li fokotsehile li le hlano. Empa ka lebaka la ho tsamaea haholo, ke ile ka tlameha ho tloaela tekanyetso ea thoto ea boima ba lik’hilograma tse 20, e neng e akarelletsa lifaele tsa ka le mochine oa ka oa ho thaepa o monyenyane. Ka letsatsi le leng ke ile ka re ho Mor’abo rōna Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower: “U ntšireletsa leratong la lintho tse bonahalang. U mphelisa ka lintho tse etsang boima ba lik’hilograma tse 20, ’me hona ho ntlhatsoa pelo.” Ha ho mohla ke ileng ka ikutloa ke hloka hobane ke ne ke se na lintho tse ngata.

      Bothata ba ka bo boholo ha ke ntse ke tsamaea e ne e le ho tsoa naheng e ’ngoe le ho kena ho e ’ngoe. Ka letsatsi le leng naheng eo ho eona mosebetsi o neng o thibetsoe, mosebeletsi oa lekhetho la thepa e kenang le e tsoang o ile a qala ho phenya-phenya lifaele tsa ka. Sena se ne se le kotsi bakeng sa Lipaki tsa naha eo, ka hona ke ile ka ntša lengolo le tsoang ho mosali oa ka ka baking eaba ke re ho eena: “Kea bona u rata ho bala mangolo. Na u ka rata ho bala le lengolo lee le tsoang ho mosali oa ka, le seng ka lifaeleng?” Ka lihlong, a kōpa tšoarelo eaba o re ke fete.

      ’Na le mosali oa ka haesale re sebeletsa re le bo-pula-maliboho Nice, ka boroa ho Fora, ho tloha ka 1982. Ka lebaka la ho kula, ha ke sa tlōlaka joaloka pele. Empa sena ha se bolele hore thabo ea rōna e qephile. Re bone hore ‘mosebetsi oa rōna hase oa lefeela.’ (1 Bakorinthe 15:58) Ke thabela ho bona batho ba bangata bao ke ’nileng ka ba le tokelo ea ho ithuta le bona ho theosa le lilemo hammoho le litho tsa lelapa leso tse fetang 40, ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

      Ho hang ha ke ikoahlaele seo bophelo ba ka ba ho ‘tšelela koana le koana’ bo se akarelelitseng. Ha e le hantle, ha ho boiteko le bo bong boo re bo etsang bo ka lekanang le seo Jehova le Mora oa hae, Kreste Jesu, ba re etselitseng sona. Ha ke nahana ka lilemo tse fetang tse 60 tseo ke tsebileng ’nete ka tsona, nka re Jehova o ntlhohonolofalitse haholo. Joalokaha Liproverbia 10:22 (NW) e bolela, “tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e ruisang.”

      Ha ho pelaelo hore ‘mohau oa Jehova o fetisa bophelo.’ (Pesaleme ea 63:3) Ha litšitiso tsa botsofali li ntse li ata, mantsoe a mopesaleme ea bululetsoeng a hlahella hangata lithapelong tsa ka: ‘Jehova, ke bea tšepo ea ka ho uena; ke se ke ka soabisoa le ka mohla o le mong. Hobane uena, Morena, u tšepo ea ka; e sa le le bocheng ba ka, ke beile tšepo ea ka ho uena, Jehova. Molimo, u nthutile e sa le le bocheng ba ka, ’me ke ntse ke tumisa mehlolo ea hao ho fihlela la kajeno. Molimo, u se ke ua ntlohela ho fihlela botsofaling bo boputsoa.’—Pesaleme ea 71:1, 5, 17, 18.

      [Setšoantšo se leqepheng la 25]

      ’Na le mosali oa ka Annie, kajeno

  • “Mpho e Tsotehang e Tsoang ho Jehova”
    Molula-Qhooa—1996 | November 1
    • “Mpho e Tsotehang e Tsoang ho Jehova”

      TOKOLLO ea Molula-Qhooa oa May 1, 1996, e ile ea tšohla ka botebo boemo ba Bakreste ba ho se nke lehlakore le kamoo re ka leka-lekanyang boikarabelo ba rōna ho Jehova le ho “Sesare” kateng. (Matheu 22:21) Ho fumanoe lipolelo tse ngata tsa kananelo ka boitsebiso boo bo bocha bo fanoeng. Har’a tsona ke lengolo le latelang, le ngotsoeng ke Paki e ’ngoe Greece ’me le lebisitsoe ho Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova:

      “Ke rata ho le leboha ka ho tebileng kaofela ha lōna barab’eso ba ratehang ka ho re hlokomela hantle hakana moeeng. Kaha ke ile ka qeta lilemo tse robong chankaneng ka lebaka la tumelo ea ka ea Bokreste, ka sebele ke ananela mehopolo e tsotehang e tokollong ea Molula-Qhooa oa May 1, 1996. (Esaia 2:4) Ena e bile mpho e tsotehang e tsoang ho Jehova.—Jakobo 1:17.

      “Ha ke ne ke ntse ke bala ka thabo lihlooho tsena, ke ile ka hopola tlhaloso e fumanehang ho Molula-Qhooa oa pejana (August 1, 1994, leqepheng la 14): ‘Ho hlakile hore ho nahanela maemo ke tšoaneleho ea bohlokoa, e re susumelletsang ho rata Jehova haholoanyane.’ E, barab’eso, ke leboha Jehova hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa hae o mosa le o lerato, oo ka ho hlakileng o bonahatsang bohlale ba hae.—Jakobo 3:17.

      “Leseli le eketsehileng le fumanehang ho Molula-Qhooa oa May 1 le amohetsoe hantle haholo mona Greece, haholo-holo ke ba ileng ba qeta lilemo tse ’maloa chankaneng kapa ba ntseng ba le chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Hang hape, kea leboha. E se eka Jehova a ka le matlafatsa ka moea oa hae e le hore le tsoele pele ho re neha lijo tsa bohlokoa tsa moea tse loketseng linakong tsena tse tšoenyang.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela