“Mpho e Tsotehang e Tsoang ho Jehova”
TOKOLLO ea Molula-Qhooa oa May 1, 1996, e ile ea tšohla ka botebo boemo ba Bakreste ba ho se nke lehlakore le kamoo re ka leka-lekanyang boikarabelo ba rōna ho Jehova le ho “Sesare” kateng. (Matheu 22:21) Ho fumanoe lipolelo tse ngata tsa kananelo ka boitsebiso boo bo bocha bo fanoeng. Har’a tsona ke lengolo le latelang, le ngotsoeng ke Paki e ’ngoe Greece ’me le lebisitsoe ho Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova:
“Ke rata ho le leboha ka ho tebileng kaofela ha lōna barab’eso ba ratehang ka ho re hlokomela hantle hakana moeeng. Kaha ke ile ka qeta lilemo tse robong chankaneng ka lebaka la tumelo ea ka ea Bokreste, ka sebele ke ananela mehopolo e tsotehang e tokollong ea Molula-Qhooa oa May 1, 1996. (Esaia 2:4) Ena e bile mpho e tsotehang e tsoang ho Jehova.—Jakobo 1:17.
“Ha ke ne ke ntse ke bala ka thabo lihlooho tsena, ke ile ka hopola tlhaloso e fumanehang ho Molula-Qhooa oa pejana (August 1, 1994, leqepheng la 14): ‘Ho hlakile hore ho nahanela maemo ke tšoaneleho ea bohlokoa, e re susumelletsang ho rata Jehova haholoanyane.’ E, barab’eso, ke leboha Jehova hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa hae o mosa le o lerato, oo ka ho hlakileng o bonahatsang bohlale ba hae.—Jakobo 3:17.
“Leseli le eketsehileng le fumanehang ho Molula-Qhooa oa May 1 le amohetsoe hantle haholo mona Greece, haholo-holo ke ba ileng ba qeta lilemo tse ’maloa chankaneng kapa ba ntseng ba le chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Hang hape, kea leboha. E se eka Jehova a ka le matlafatsa ka moea oa hae e le hore le tsoele pele ho re neha lijo tsa bohlokoa tsa moea tse loketseng linakong tsena tse tšoenyang.”