Pelo ea ka e Tšoloha Liteboho
JOALOKAHA HO BOLETSE JOHN WYNN
Ke ’nile ka tsoafa ka makhetlo a mangata hakaakang ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova! Ke ne ke itšoarisa mala kapa hlooho—ntho leha e le efe e neng e tla etsa hore ke qobe ho ea libokeng. Empa ho tiea ha ’Mè ka linako tsohle ho ne ho etsa hore bokulinyana boo bo fele ka potlako, ’me ke ne ke iphumana ke tsamaea le eena lik’hilomithara tse tharo ho ea Holong ea ’Muso, ke mo mametse ha a ntse a bua ka Lentsoe la Molimo le motsoalle oa hae ea neng a hōlile.
SENA se nthutile thuto ea bohlokoa: Ka tsela e lerato, le ka mohla batsoali ha baa lokela ho khaotsa ho tiea bakeng sa se nepahetseng mahlong a Molimo. (Liproverbia 29:15, 17) Le ka mohla ha baa lokela ho lebala taelo ea bomolimo ea ho se ‘tlohele ho bokana ha rōna hammoho.’ (Baheberu 10:25) Ha ke hopola bophelo ba ka bo fetileng, ke ananela hakaakang hore ebe ’Mè o ile a etsa hore ke iketsetse se molemo!
Ho Ananela Mehlala e Metle
Le hoja Ntate a ne a sa lumela, o ile a mamella tumelo ea ’Mè ha a fetoha Seithuti sa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo nakong eo. Ka 1913 ’Mè o ile a ea mamela puo e neng e re, “Ka Nģ’ane ho Lebitla,” e neng e fanoa ke Charles T. Russell, mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower. Leha ho le joalo, o ile a fihla morao ’me litulo li ne li tletse kaofela. Kahoo, o ile a memeloa ho ea lula le ba bang ba neng ba fihlile morao haufi le sethala, haufi-ufi le Moruti Russell. Puo eo e ile ea mo ama ka botebo. E ile ea hatisoa koranteng letsatsing le hlahlamang, ’me o ile a boloka kopi ea eona ’me a e bala a sa tsoa e bala.
Ka mor’a seboka seo, ’Mè o ile a fana ka sekotoana sa pampiri se ngotseng lebitso la hae, ’me ka potlako Seithuti sa Bibele se ile sa mo etela. Ka nako e loketseng, o ile a qala ho fana ka lipampitšana tsa Bibele ka ntlo le ntlo motseng oo re hōletseng ho oona oa Gloucester, Engelane. Ho tloha bonyenyaneng ba ka le ba likhaitseli tsa ka tse peli, re ne re kopanela le ’Mè mosebetsing oa ho bolela.
Ha Harry Francis, Seithuti sa Bibele se neng se le mafolofolo, a fallela Gloucester, ’Mè o ile a mo amohela ka mofuthu. Ka potlako, o ile a nthahasella, ’me khothatso ea hae e bile sesosa se seholo sa hore hamorao ke be pula-maliboho, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoang kateng. Mohlala oa Mor’abo rōna Francis o ile oa nthuta thuto ea bohlokoa: Kamehla ba hōlileng ba lokela ho batla litsela tsa ho khothatsa ba banyenyane.
Ha ’Mè e e-ba Seithuti sa Bibele, ba bang ba Gloucester le bona e ile ea e-ba tsona. Leha ho le joalo, baholo ba bang ka phuthehong ba ile ba qala ho ikhopola ho tlōlisa, ’me litho tsa sehlopha—kamoo phutheho e neng e bitsoa kateng nakong eo—li ile tsa qala ho latela ba itseng ka ho khetheha. Sebokeng se seng, ba bang ba ile ba lula ba khotla ’Mè ka morao, ba mo susutlella hore a phahamise letsoho bakeng sa ho tšehetsa baholo ba itseng. Empa ’Mè o ne a tseba hore ba ne ba sa behe mohlala o motle ’me o ile a hana ho tšosoa. Ka nako eo, lilemong tse qetellang tsa bo-1920, ba bangata ba ile ba oa ’me ba se ke ba hlola ba tsamaea tseleng ea ’nete. (2 Petrose 2:2) Leha ho le joalo, ha ho mohla ’Mè a kileng a tlohela ho tšehetsa ka botšepehi mokhatlo o hlophisitsoeng, ka hona, a mpehela mohlala o motle.
Ho Emela ha ka ’Nete
Qetellong, ka June 1939 ha ke ne ke le lilemo li 18, ke ile ka kolobetsoa Nōkeng ea Severn. Selemong sona seo, ke ile ka khethoa ho ba mohlanka ea ikarabellang thepeng ea molumo. Mehleng eo re ne re sebelisa keramafono e khōlō e neng e hasa ka molumo o moholo libakeng tsa sechaba molaetsa o reng “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene.” Nakong eo, tlhokomelo e ne e lebisitsoe haholo ho pepeseng boikaketsi ba Bokreste-’mōtoana le lithuto tsa bona tsa bohata.
Ka nako e ’ngoe ke ne ke tsamaea ka pele mokolokong ke nkile folakha eo ka lehlakoreng le leng e neng e re “Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene” ’me ka lehlakoreng le leng e re “Sebeletsang Molimo le Kreste Morena.” Ka morao ho ne ho latela pere e neng e e-na le mamatjana a phatlalatso ka mahlakoreng a neng a tsebisa ka puo ea phatlalatsa. E tlameha ebe mokoloko oo e ile ea e-ba pono e ikhethang hakaakang motseng oo oa batho ba chesehelang bolumeli oa Gloucester!
Ho sa tsotellehe mathata a lichelete ao re neng re e-na le ’ona lapeng, ’Mè o ile a nkhothalletsa hore ke be pula-maliboho. Kahoo, ka September 1939 ha Ntoa ea II ea Lefatše e qala, ke ile ka fihla kabelong ea ka ea pele ea bopula-maliboho Leamington, motse o monyenyane o Warwickshire. Motseng oo ho ne ho lula baruti ba bangata ba seng ba tlohetse mosebetsi.
Tšebeletsong ea rōna ea ntlo le ntlo, re ne re sebelisa keramafono e bobebe eo ho eona re neng re bapala lipuo tsa Joseph F. Rutherford, eo e neng e le eena mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society ka nako eo. Ka lehlakoreng le leng, keramafono ea rōna e khōlō (e neng e ka sebelisoa ha batho ba le bangata) e ne e le boima haholoanyane, ’me re ne re e nka ka koloeana ea ngoana. Ka linako tse ling baruti ba ne ba re leleka libakeng tsa bona ka lebaka la ho halefisoa ke molaetsa o neng o pepesa bolumeli ba bohata. Empa re ne re sa nyahame. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna ’me kajeno, ho na le phutheho ea Lipaki tse ka holimo ho lekholo Leamington.
Ka 1941 ha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e kupa, ke ile ka fallela Wales, moo ke ileng ka bula maliboho metseng ea Haverfordwest, Carmarthen, le Wrexham. Kaha ke ne ke le mosebeletsi oa nako e tletseng, ke ile ka lokolloa boikarabelong ba ho sebeletsa sesole, empa batho ba ne ba sa ananele boemo ba rōna ba ho se jele paate. Kahoo, ’na le mphato oa ka bopula-malibohong re ile ra qosoa ka hore re lihloela kapa mahlabaphio. Bosiung bo bong, mapolesa a ile a pota-pota k’haravene ea rōna. Mphato oa ka, ea neng a sa tsoa khutla mosebetsing oa hae oa ho kha mashala, o ile a hlahisa hlooho ka ntle ho bona hore na e ne e le bo-mang. Sefahleho sa hae se ne se koahetsoe ke mosili, ’me ka hona, ho mapolesa e ile ea ka hoja o ne a se a itokiselitse ho hlasela. Seo se ile sa hloka hore re etse tlhaloso e itseng!
Re ile ra hlohonolofatsoa haholo likabelong tsa rōna. Ka nako e ’ngoe ha re ntse re le Carmarthen, re ile ra ba le ketelo e khothatsang ea John Barr, (hona joale ke setho sa Sehlopha se Busang) a e-tsoa ofising ea lekala ea London. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’maloa Carmarthen; hona joale ho na le ba ka holimo ho lekholo. Hona joale Wrexham e na le liphutheho tse tharo, ’me haufinyane tjena ke ile ka ba le tokelo ea ho ea nehela Holo ea ’Muso e ntle Haverfordwest.—1 Bakorinthe 3:6.
Ho Ananela Tšebeletso ea Ka
Ha re ntse re le Swansea, South Wales, mphato oa ka, Don Rendell, o ile a haneloa ho lokolloa tlamong ea ho sebeletsa sesole. O ile a kenngoa teronkong ho sa tsotellehe ho hlalosa ha hae hore a ke ke a ba le sebete sa ho ea ntoeng ho ea loantša Bakreste-’moho le eena linaheng tse ling. (Esaia 2:2-4; Johanne 13:34, 35) E le ho mo khothatsa le ho fana ka bopaki ho baahisani, ke ile ka beha keramafono haufi le teronko ’me ka bapala lipuo tsa Bibele.
Leha ho le joalo, basali ba sebaka seo ha baa ka ba rata sena, ka hona ba ile ba koleka chelete bakeng sa ho lefa masole hore a re teteke ’na le mphato oa ka. Re ile ra tloha, re matha la ntšoekhe—ke ne ke boetse ke sututsa koloeana ea bana e kentseng keramafono—re balehela Holong ea ’Muso. Empa ha re fihla teng, e ne e notletsoe! Ke feela ho fihla ha mapolesa ka nako ho tla namola ho ileng ha re pholosa lipaputleng.
Ka ho hlakileng, ketsahalo eo e ile ea hasana hohle. Nakoana hamorao ha ke ne ke bolela sebakeng se ka thōko haufi le Swansea, monna e mong o ile a mpolella ka tsela e nang le kananelo: “Bokreste ke sena seo lōna le se emelang, joaloka mohlankana oa Swansea ea ileng a bolela ka sebete seo a se lumelang a ba a tlameha ho le tipatipa ho ea batla tširelo.” O ile a makala hakaakang ha a utloa hore mohlankana eo ke ’na!
Bopula-maliboho bo ne bo se bonolo lilemong tseo tsa ntoa. Re ne re se na lintho tse ngata tsa lefatše, empa re ne re ananela le ho thabela seo re neng re e-na le sona. Kamehla re ne re lula re fumana phepelo ea lijo tsa moea, ’me ha ho mohla re kileng ra fosoa ke liboka, ntle leha re ne re kula. Ke ile ka reka baesekele ea khale, ’me re ile ra beha ho eona libaskete tse khōlō e le hore li kenye keramafono hammoho le lingoliloeng tsa Bibele. Ka linako tse ling, ka letsatsi ke ne ke tsamaea lik’hilomithara tse 80 ka baesekele! Ke ile ka bula maliboho ka lilemo tse supileng ’me ke hopola matsatsi ao ka lerato.
Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale ka 1946, ke ile ka memeloa ho sebeletsa Bethele, kamoo mehaho ea sehlooho ea Lipaki tsa Jehova e bitsoang kateng linaheng ka ho fapana. Ka nako eo Bethele ea rōna e ne e le 34 Craven Terrace, haufi le London Tabernacle. Ke ne ke thabela botsoalle ba batho ba hōlileng moo, ba kang Alice Hart, eo ho lumeloang hore ntate oa hae, Tom Hart, ke eena eo e bileng Paki ea pele Engelane.
Ho Fumana Molekane ea Tšepahalang
Ke ile ka tloha Bethele ka 1956 ho ea nyala Etty, pula-maliboho eo ke neng ke ile ka tloaelana le eona ha e ne e e-tsoa Netherlands ’me e etetse ausi oa eona ea neng a lula London. Ho ella qetellong ea ntoa, Etty o ne a ruta ho thaepa le mongolo o khutsufalitsoeng kolecheng ea tsa khoebo e Tilburg, ka boroa ho Netherlands. Ka letsatsi le leng, tichere e ’ngoe e ile ea ithaopela ho tsamaea le eena ka baesekele ho tiisa hore o fihla hae a sireletsehile. E ne e le Moroma oa K’hatholike. Ha ba fihla, e ile ea qoqa le batsoali ba Etty bao e neng e le Maprostanta. Tichere eo e ile ea ba tloaela ’me ea ’na ea ba etela khafetsa ha bona.
Hang ka mor’a hore ntoa e lale, tichere ena e ile ea tla habo Etty ’me ea hooa, “Ke fumane ’nete!”
Ntate oa Etty o ile a arabela: “Ke sa re u ile ua re u fumane ’nete ha u ne u le Moroma oa K’hatholike!”
E ile ea araba ka thabo: “Che! Lipaki tsa Jehova ke tsona tse nang le ’nete!”
Phirimana eo le tse ngata tse hlahlamang li ile tsa qetoa ho tšohloa Bibele ka botebo. Kapele ka mor’a moo, Etty e ile ea e-ba pula-maliboho. Le eena o ile a fumana khanyetso e matla tšebeletsong ea hae, eo moo Netherlands e neng e hlahisoa ke Kereke ea Roma e K’hatholike. Ba hlohlelelitsoe ke baprista, bana ba ne ba ferekanya moqoqo oa hae ha a e-ea ka ntlo le ntlo, ’me ketsahalong e ’ngoe ba ile ba senya baesekele ea hae. O ile a isa baesekele ea hae ho motho ea li lokisang eo nakong e fetileng a neng a ile a amohela bukana ho eena. Ka likhapha o ile a re ho eena: “Bona hore na bana ba entse’ng!”
Monna eo o ile a araba ka mosa: “U se ke ua tela. U etsa mosebetsi o babatsehang. Ke tla lokisa baesekele ea hao mahala.” ’Me o ile a etsa joalo.
Etty o ile a hlokomela hore baprista ba ne ba sa tsotelle mehlape ea bona ho fihlela ha a qala ho ithuta Bibele le eona. Joale e ne e e-ba hona baprista le baitlami ba tla tla ho tla nyenyefatsa tumelo ea batho bao Bibeleng le ho Jehova. Ho sa tsotellehe sena, o ile a thabela lithuto tse ngata tsa Bibele tse atlehang.
Ho Ananela Bophelo ba Rōna Hammoho
Ka mor’a lechato la rōna, ’na le Etty re ile ra abeloa mosebetsi oa ho tsamaea Engelane, ’me ka lilemo tse ka bang hlano, re ile ra etela liphutheho bakeng sa ho li khothatsa moeeng. Joale ke ile ka fumana memo ea hore ke be teng sehlopheng sa bo36 sa Gileade, se neng se tšoaretsoe ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Thupelo eo ea likhoeli tse leshome, e ileng ea fela ka November 1961, ka ho khetheha e ne e reretsoe ho koetlisetsa banna mosebetsi oa liofisi tsa lekala tsa Lipaki tsa Jehova. Ha ke ntse ke le sieo, Etty o ne a setse Bethele ea London, Engelane. Ka mor’a hore ke fumane lengolo, bobeli re ile ra abeloa hona moo.
Ka lilemo tse 16 tse latelang, ke ne ke sebetsa lefapheng la tšebeletso, ke sebetsana le litaba tse amanang le mosebetsi oa liphutheho. Joale, ka 1978 ha molebeli oa Lelapa la Bethele, Pryce Hughes, a hlokahala, ke ile ka khethoa sebakeng sa hae. Ho ikarabella boiketlong ba litho tsa lelapa la rōna le hōlang la Bethele—hona joale lelapa la rōna le na le litho tse ka holimo ho 260—e bile kabelo e putsang ka lilemo tsena tse ngata.
’Mè oa ka ea ratehang o ile a hlokahala ka 1971 a le lilemo li 85. ’Na le Etty re ile ra ea Gloucester bakeng sa lepato, moo mor’abo rōna e mong a ileng a bua ka ho phethahetseng ka tšepo ea leholimo eo ’Mè a neng a e-na le eona. (Bafilippi 3:14) Ke leboha tlhokomelo e lerato eo likhaitseli tsa ka Doris le Grace, ba ileng ba e fa ’Mè botsofaling ba hae, e leng eona e ileng ea nolofalletsa ’na le Etty hore re tsoele pele tšebeletsong ea nako e tletseng.
Hangata ’na le Etty re nahana ka batsoali ba rōna le kamoo ba re hōlisitseng ka tsela e lerato le e tiileng kateng. Re ba kolota ka ho ke keng ha lekanngoa hakaakang! Ka ho khetheha, ’Mè o ile a behela ’na le likhaitseli tsa ka mohlala o tsotehang, a haha ka ho rōna kananelo bakeng sa Jehova le mokhatlo oa hae.
Ka sebele, lipelo tsa rōna li tšoloha liteboho ha re nahana ka tšebeletso ea rōna ea letsatsi le leng le le leng ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Ke Molimo ea ikhethang le ea lerato hakaakang! Mopesaleme oa Bibele o ile a hlalosa maikutlo a rōna ha a ngola: “Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena oa ka! ke tla boka lebitso la hao ka mehla le ka ho sa eeng kae. Ke tla u boka ka matsatsi ’ohle, ke rorise lebitso la hao ka mehla le mehla, le ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 145:1, 2.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le mosali oa ka Etty