Khaolo ea Borobeli
Na U Tla ‘Lula U Phela,’ Joaloka Jeremia?
1, 2. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang hore motho a se ke a hlokomela bomoea ba hae feela, empa a hlokomele le ba lelapa la hae?
KA MOR’A hore Joshua a khothalletse Baiseraele hore ba khethe hore na ba ne ba tla sebeletsa mang, o ile a re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” (Josh. 24:15) Joshua o ne a ikemiselitse ho tšepahala ho Molimo, ’me o ne a kholisehile hore lelapa la hae le lona le ne le tla tšepahala. Hamorao, ha Jerusalema e ne e le haufi le ho timetsoa, Jeremia o ile a bolella Morena Tsedekia hore haeba a ne a ka inehela ho Bababylona, ‘ka sebele eena le ba ntlo ea hae ba ne ba tla lula ba phela.’ (Jer. 38:17) Kaha morena o ile a etsa khetho e fosahetseng, seo se ile sa mo ama, sa ama basali ba hae le bara ba hae. O ile a bona ha bara ba hae ba bolaoa; eaba eena oa foufatsoa ’me o isoa botlamuoeng Babylona.—Jer. 38:18-23; 39:6, 7.
2 Lipoleloaneng tsena tse peli tse ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng, ho na le motho a le mong ea neng a ameha ka ho toba. Empa ho ile ha buuoa le ka lelapa la hae. Sena sea utloahala. Motho e mong le e mong e moholo o ikarabella ho Molimo. Leha ho le joalo, boholo ba Baiseraele e ne e le litho tsa malapa. Le ho Bakreste lelapa ke la bohlokoa. Re bona sena ho seo re se balang Bibeleng le seo re ithutang sona libokeng tsa Bokreste mabapi le lenyalo, ho hōlisa bana le ho hlompha litho tse ling tsa lelapa.—1 Bakor. 7:36-39; 1 Tim. 5:8.
TAELO E SA TLOAELEHANG
3, 4. Boemo ba Jeremia bo ne bo fapane le ba batho ba bangata ka litsela life, hona see se ile sa mo tsoela molemo joang?
3 Mehleng ea hae, Jeremia o ile a ‘lula a phela.’ O ile a pholoha ha Jerusalema e ne e timetsoa le hoja maemo a hae a ne a fapane le a batho ba bangata. (Jer. 21:9; 40:1-4) Molimo o ne a ile a mo bolella hore a se ke a nyala kapa a ba le bana kapa a kopanela linthong tse neng li tloaelehile bophelong ba Sejuda nakong eo.—Bala Jeremia 16:1-4.
4 Mehleng ea Jeremia le ka sehahabo, ho ne ho tloaelehile hore motho a nyale a be a be le bana. Banna ba bangata ba Bajuda ba ne ba nyetse, kahoo, ba ile ba boloka naha ea baholo-holo ba bona e le lelokong le lelapeng la habo bona.a (Deut. 7:14) Ke hobane’ng ha Jeremia eena a sa ka a nyala? Ka lebaka la se neng se tla tloha se etsahala, Molimo o ile a mo bolella hore a se ke a kopanela liketsahalong tse neng li tloaelehile tsa ho siama kapa ho nyakalla. O ne a sa lokela ho tšelisa batho ba shoetsoeng kapa ho ja le bona ka mor’a lepato, ebile o ne a sa lokela ho ea meketeng ea boithabiso e joaloka machato a Bajuda. Haufinyane ho ne ho se ho se motho ea tla keteka le ho nyakalla ka tsela eo. (Jer. 7:33; 16:5-9) Tsela eo Jeremia a neng a phela ka eona e ne e etsa hore molaetsa oa hae o be matla ebile e ne e bontša hore na kahlolo e neng e tla e ne e tla ba khōlō hakae. Qetellong tlokotsi eo e ile ea fihla. U nahana hore batho bao e ileng ea e-ba malimo kapa ba ileng ba bona ha litopo tsa batho bao ba ba ratang li bola ba ile ba ikutloa joang? (Bala Jeremia 14:16; Lillo 2:20.) Kahoo, Jeremia ea neng a sa nyala o ne a ke ke a utloeloa bohloko. Le hoja thibella eo ea likhoeli tse 18 le polao e sehlōhō e neng e tsamaea le eona e ne e tla fiela malapa, Jeremia o ne a ke ke a shoeloa ke molekane kapa bana.
5. Litaelo tse fanoeng ho Jeremia 16:5-9 li ama Bakreste joang?
5 Leha ho le joalo, na ho ka boleloa hore Jeremia 16:5-9 e sebetsa ho rōna? Che. Bakreste ba khothalletsoa hore ba ‘tšelise ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe’ le hore ba ‘thabe le batho ba thabileng.’ (2 Bakor. 1:4; Bar. 12:15) Jesu o ile a ba teng moketeng oa lenyalo a ba a tlatsetsa hore ho be le thabo ho oona. Leha ho le joalo, tsamaiso ena e khopo ea lintho e tlil’o etsahalloa ke ntho e se kaa ka letho. Bakreste ba ka ’na ba thulana le mathata kapa ba haelloa ke lintho tseo ba li hlokang. Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba hore motho a lule a ikemiselitse ho etsa se hlokahalang e le hore a mamelle a be a lule a tšepahala joaloka barab’abo rōna ba ileng ba tsoa Judea lekholong la pele la lilemo. Kahoo, motho o lokela ho nahana ka ho teba hore na o tla lula e le lesoha, o tla kena lenyalong kapa o tla ba le bana.—Bala Matheu 24:17, 18.
6. Ke bo-mang ba ka ruang molemo ka ho nahana ka taelo eo Molimo a ileng a e fa Jeremia?
6 Re ka ithuta’ng taelong eo Molimo a ileng a e fa Jeremia ea hore a se ke a nyala kapa a ba le bana? Kajeno, Bakreste ba bang ba tšepahalang ha baa kena lenyalong kapa ha ba na bana. Ba ka ’na ba ithuta’ng tabeng ea Jeremia? Hona ke hobane’ng ha esita le Bakreste ba lenyalong ba bileng ba nang le bana ba lokela ho nahana ka taba ee ea bophelo ba Jeremia?
7. Taba ea hore Jeremia o ne a sa lokela ho ba le bana e etsa hore re nahane eng kajeno?
7 Taba ea pele, hopola hore Jeremia o ne a sa lokela ho ba le bana. Jesu ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba se ke ba ba le bana. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore o ile a re basali ba baimana kapa ba neng ba anyesa ha matšoenyeho a ne a oela Jerusalema ka 66-70 C.E. ba ne ba tla ba “malimabe.” Ka lebaka la boemo ba bona, nako eo e ne e tla ba thata haholo ho bona. (Mat. 24:19) Hona joale re talimane le matšoenyeho a maholo le ho feta. Banyalani ba Bakreste ba ntseng ba ipotsa hore na ba be le bana kapa che ba lokela ho nahana ka ho teba ka taba ena. Na hase ’nete hore ho bonahala ho ntse ho e-ba thata le ho feta ho sebetsana le linako tsee tse mahlonoko? Banyalani ba bang ba ’nile ba lumela hore ho bile boima haholo ho hōlisa bana ba tla ‘lula ba phela’ ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea hona joale ea lintho. Le hoja banyalani ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla ba le bana kapa che, e ka ba hantle hore ba nahane ka boemo ba Jeremia. Empa re ka re’ng ka taelo ea Molimo ea hore le ho nyala a se ke a nyala?
Jeremia o ile a fuoa taelo efe e sa tloaelehang, hona seo se lokela ho re susumelletsa hore re nahane ka eng?
ITHUTE HO HONG TABENG EA HORE JEREMIA E NE E LE LESOHA
8. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore ho kena lenyalong hase eona ntho e hlokahalang hore motho a thabise Molimo?
8 Ha Molimo a ne a bolella Jeremia hore a se ke a nyala, o ne a sa behe molao oo bahlanka ba hae bohle ba lokelang ho o latela. Lenyalo ke ntho e ntle. Jehova ke eena ea qalileng lenyalo e le ho etsa hore lefatše le be le baahi le ho etsa hore batho ba thabe ba be ba khotsofale haholo. (Liprov. 5:18) Ho ntse ho le joalo, hase batho bohle ba ileng ba kena lenyalong. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le maqhalaha har’a batho ba Molimo nakong eo Jeremia a neng a profeta ka eona.b Ho phaella moo, e tlameha ebe ho ne ho e-na le basali ba bahlolohali le banna ba shoeletsoeng ke basali. Kahoo, Jeremia e ne e se eena feela morapeli oa ’nete ea neng a se na molekane. Ke ’nete hore o ne a e-na le lebaka la ho se nyale, ’me ho joalo le ka Bakreste ba bang kajeno.
9. Ke keletso efe e bululetsoeng e mabapi le lenyalo eo re lokelang ho nahana ka eona ka ho teba?
9 Bakreste ba bangata ba kena lenyalong, empa hase bohle ba etsang joalo. Ua tseba hore Jesu ha aa ka a nyala, ’me o ile a re barutuoa ba bang ba ne ba tla ba le mpho ea ho ‘etsetsa bosoha sebaka’ likelellong le lipelong tsa bona. O ile a khothalletsa ba neng ba ka lula e le masoha hore ba etse joalo. (Bala Matheu 19:11, 12.) Ka lebaka leo, e ka ba hantle ho babatsa eseng ho phoqa motho ea khethileng ho ba lesoha e le hore a tsebe ho sebeletsa Molimo haholo. Ke ’nete hore Bakreste ba bang ba lula e le masoha ka nakoana ka lebaka la maemo. Ho tea mohlala, e ka ’na eaba ha baa fumana molekane oa Mokreste ea loketseng, ’me ba ikemiselitse ho mamela molao oa Molimo oa hore ba nyale “feela Moreneng,” ’me eo ke ntho e babatsehang. (1 Bakor. 7:39) Hape, ke ’nete hore bahlanka ba bang ba Molimo ke bahlolohali kapa ba shoeletsoe ke basali ’me kahoo ha ba na balekane.c Le ka mohla ha baa lokela ho lebala hore ke khale Molimo (le Jesu) ba bontša hore ba tsotella batho ba joalo ba se nang balekane.—Jer. 22:3; bala 1 Bakorinthe 7:8, 9.
10, 11. (a) Jeremia o ile a thusoa ke eng hore a atlehe bophelong ba hae ba bosoha? (b) Liphihlelo tsa kajeno li bontša joang hore batho ba seng lenyalong ba ka ba le bophelo bo khotsofatsang?
10 Kahoo, ha Jeremia a ntse a lutse e le lesoha, o ne a ka tšepa Molimo hore a mo thuse. Joang? Hopola hore Jeremia o ne a thabela lentsoe la Jehova. E tlameha ebe le ile la mo matlafatsa la ba la mo khothatsa lilemong tse mashome tseo a neng a shebane le ho etsa mosebetsi oo a neng a o filoe ke Molimo. Ho feta moo, ka hloko o ile a qoba ho ba har’a batho ba neng ba ka mo soma hobane e ne e le lesoha. O ne a ikemiselitse ho ‘lula a le mong’ ho e-na le hore a be har’a batho ba neng ba tloaetse ho etsa joalo.—Bala Jeremia 15:17.
11 Bakreste ba bangata ba masoha—ebang ke banna kapa basali, ebang ba baholo kapa ba banyenyane—ba latela mohlala oa Jeremia o motle. Liphihlelo li bontša hore ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa Molimo ho thusa haholo, ho etsa hore motho a kenye letsoho haholo mesebetsing ea bohlokoa ea moea. Ka mohlala, Paki e ’ngoe e sebeletsang phuthehong ea Sechaena e re: “Bopula-maliboho bo etsa hore ke tsebe hore na ke phelela eng. Kaha ke mosali oa lesoha, ke lula ke le maphatha-phathe, e leng se nthusang hore ke se ke ka jeoa ke bolutu. Qetellong ea letsatsi ka leng ke ikutloa ke hlatsoehile pelo hobane ke bona kamoo tšebeletso ea ka e hlileng e thusang batho kateng. Sena se nthabisa haholo.” Pula-maliboho e mong ea lilemo li 38 o re: “Ke nahana hore ntho e etsang hore motho a thabe ke hore a thabele lintho tse ntle tse tsamaeang le boemo bofe kapa bofe boo a iphumanang a le ho bona.” Mokreste e mong oa Europe boroa ea sa nyaloang o ile a ipuela ’nete feela ’me a re: “Ho ka etsahala hore ebe lintho ha lia tsamaea kamoo ke neng ke hlile ke rerile kateng, empa ke thabile ’me ke tla lula ke thabile.”
12, 13. (a) Motho a ka talima bosoha kapa lenyalo ka tsela efe e loketseng? (b) Bophelo ba Pauluse le keletso ea hae li bontša eng ka bosoha?
12 Na ho ka etsahala hore ebe Jeremia o ile a hlokomela hore bophelo ba hae ha boa ka ba e-ba kamoo a neng a rerile kateng ha a ne a ntse a hōla? Empa ho ka etsahala hore ebe o ile a elelloa hore ho ne ho etsahala ntho e tšoanang le ka ba bangata ba neng ba kena lenyalong ’me ba e-ba le bana. Pula-maliboho e mong oa Spain o re: “Ho na le banyalani bao ke ba tsebang ba thabileng le ba sa thabang. Sena se nkholisa hore taba ea hore na ke tla lula ke thabile ha ea itšetleha ka hore na ke tla nyaloa kapa che.” Ha ho pelaelo hore phihlelo ea Jeremia—e le ’ngoe feela har’a tse likete—e bontša hore motho oa lesoha a ka phela bophelo bo maphatha-phathe, bo khotsofatsang le bo thabisang. Moapostola Pauluse le eena o tiisitse seo, ha a ne a ngola a re: “Ke re ho batho ba seng lenyalong le bahlolohali, ho molemo bakeng sa bona hore ba lule kamoo ’na ke leng kateng.” (1 Bakor. 7:8) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a shoeletsoe ke mosali. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, o ne a sa nyala nakong eo a neng a etsa mosebetsi o moholo tšebeletsong ea boromuoa. (1 Bakor. 9:5) Na hase ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore taba ea hore ebe o ne a se na molekane e ile ea mo tsoela molemo? Ka lebaka la seo o ile a khona “ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso,” ’me ka lebaka leo a khona ho etsa lintho tse ngata tse molemo.—1 Bakor. 7:35.
13 Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole taba e ’ngoe hape, o ile a re: “Ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” Molimo o ile a re Pauluse a akarelletse ’nete ena e matla: “Haeba leha e le mang a tsitsitse pelong ea hae . . . hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle. Ka lebaka leo le ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemo haholo.” (1 Bakor. 7:28, 37, 38) Ha ho mohla Jeremia a kileng a bala mantsoe ao, empa tsela eo a ileng a phela ka eona ka mashome a lilemo, e bontša hore bosoha ha bo sitise motho hore a phele bophelo bo khotsofatsang ha a ntse a sebeletsa Molimo. Ha e le hantle, bo ka thusa motho haholo hore a phele bophelo bo nang le morero bo tsepameng borapeling ba ’nete. Le hoja a ne a nyetse, Morena Tsedekia ha aa ka a mamela keletso ea Jeremia e le hore a ‘lule a phela’; empa moprofeta Jeremia ea neng a sa nyala eena o ile a phela ka tsela e ileng ea mo lumella hore a etse joalo.
U ka ithuta’ng mohlaleng oa Jeremia oa ho lula e le lesoha ka lilemo tse mashome?
KHATHOLLA ’ME U KHATHOLLOE
14. Kamano e neng e le teng pakeng tsa lelapa la Akuila le Pauluse e bontša’ng?
14 Joalokaha ho bontšitsoe pejana, boholo ba banna le basali ba mehleng ea Jeremia ba ne ba kena lenyalong ’me e ne e e-ba karolo ea malapa. Ho ne ho le joalo le mehleng ea Pauluse. Ha ho pelaelo hore boholo ba Bakreste ba neng ba e-na le malapa ba ne ba ke ke ba ea bolela molaetsa linaheng tse ling joaloka Pauluse, empa ba ne ba etsa mosebetsi o mongata haholo sebakeng sa habo bona. Seo se ne se akarelletsa le hore ba ne ba thusa bara le barali babo bona ba seng lenyalong. Hopola hore ha Pauluse a fihla Korinthe, Akuila le Prisilla ba ile ba mo amohela lelapeng la bona ’me ba ile ba sebetsa le eena mosebetsing oo ba neng a iphelisa ka oona. Empa ha hoa ka ha fella moo feela. E tlameha ebe setsoalle seo Pauluse a ileng a ba le sona le lelapa la Akuila se ne se khatholla. Nahana ka lijo tse hlabosang tseo ba neng ba li ja hammoho le linako tse ling tseo ba neng ba thabela setsoalle se mofuthu ka tsona. Na Jeremia le eena o ile a rua molemo setsoalleng se joalo? O ne a sebelisa bosoha ba hae tšebeletsong ea Molimo, leha ho le joalo ha rea lokela ho nahana hore e ne e le pulumo ea se-ema-nosi. Ho ka etsahala hore ebe o ne a thabela setsoalle se mofuthu le malapa a bahlanka ba Molimo ba inehetseng, mohlomong la Baruke, la Ebede-meleke le a mang.—Bar. 16:3; bala Liketso 18:1-3.
15. Malapa a Bakreste a ka thusa Bakreste ba seng lenyalong joang?
15 Kajeno, Bakreste ba masoha ba rua molemo setsoalleng se mofuthu se tšoanang le seo lelapa la Akuila le neng le e-na le sona le Pauluse. Haeba u na le lelapa, na u etsa bonnete ba hore batho ba seng lenyalong ba fumana setsoalle lelapeng la hao? Morali e mong oabo rōna o ile a bua ’nete feela a re: “Ke tsoile lefatšeng ’me ha ke rate ho khutlela teng. Leha ho le joalo, ke ntse ke hloka hore batho ba ntsotelle ba be ba nthate. Ke rapela hore Jehova a ’ne a tsoele pele ho re fa lijo tsa moea a be a re khothatse rōna Bakreste ba masoha. Re hloka ho tšehetsoa, eseng hore re tlōlisoe mahlo holimo, ’me hase hore kaofela ha rōna re labalabela ho kena lenyalong. Leha ho le joalo, ho bonahala eka re metoaitoai. Ke ’nete hore kamehla re ka kōpa thuso ho Jehova, empa ha re hloka setsoalle sa batho ba bang, na re ka bua le lelapa labo rōna la moea?” Bara le barali babo rōna ba likete ba ka araba potso eo ka ho re ho joalo. Ba thabela setsoalle se joalo liphuthehong tsa habo bona. Metsoalle ea bona hase feela bara le barali babo rōna bao e leng lithaka tsa bona. Kaha ba rata ho ba har’a batho, ba thabela ho ba le setsoalle le batho ba lilemo tse sa tšoaneng, ho akarelletsa le batho ba baholo kapa bacha ba tsoang malapeng a Bakreste liphuthehong tsa habo bona.
16. Ke lintho life tse bonolo tseo u ka li etsang ho khatholla Bakreste ba seng lenyalong phuthehong ea heno?
16 Haeba u ka nahanisisa lintho hantle, u ka khatholla masoha ka ho a kenyelletsa linthong tseo le li etsang le le lelapa, tse kang Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Ho ja hammoho le le lelapa le mora kapa morali oabo rōna ea seng lenyalong e ka ba ntho e khōlō ho eena. Na u ka etsa boikhathatso ba hore u mo kōpe hore a sebetse le uena tšimong? Na u ka kōpa Mokreste oa lesoha hore a sebetse le lelapa la hao mosebetsing o itseng oa ho lokisa Holo ea ’Muso kapa ka linako tse ling le ee le eena mabenkeleng? Malapa a mang ’ona a ’nile a kōpa mohlolohali kapa mor’abo rōna ea shoeletsoeng ke mosali kapa pula-maliboho oa lesoha hore a tsamaee le ’ona ha a e-ea kopanong kapa phomolong. Setsoalle se joalo se ba khatholla kaofela.
17-19. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bana ba sekaseke litaba ka hloko ha ba etsa litlhophiso tsa hore batsoali ba bona ba hōlileng kapa ba fokolloang ke bophelo ba hlokomeloe? (b) Ke ntho efe ea bohlokoa eo re ka ithutang eona mabapi le seo Jesu a ileng a se etsa ho hlokomela ’mè oa hae?
17 Taba e ’ngoe eo re ka nahanang ka eona mabapi le bara le barali babo rōna ba seng lenyalong ke ea ho hlokomela batsoali ba seng ba hōlile. Mehleng ea Jesu, Bajuda ba bang ba neng ba hlaheletse ka mahetla, ka bolotsana ba ne ba qoba ho hlokomela batsoali ba bona. Ba ne ba bolela hore ho phetha boitlamo ba bolumeli boo ba neng ba ipelesitse bona, ho ne ho tla pele ho tlamo eo ba e filoeng ke Molimo mabapi le batsoali ba bona. (Mar. 7:9-13) Malapeng a Bakreste ha hoa lokela ho ba joalo.—1 Tim. 5:3-8.
18 Ho thoe’ng haeba batsoali ba hōlileng ba e-na le bana ba ’maloa bao e leng Bakreste? Haeba e mong oa bana bao a se lenyalong, na e lokela ho ba eena ea ka sehloohong ho hlokomela batsoali? Morali e mong oabo rōna oa Japane o ngotse tjena: “Nka rata ho nyaloa, empa kaha ke na le boikarabelo ba ho hlokomela batsoali ba ka, ha ke khone ho nyaloa. Ke kholisehile hore Jehova o utloisisa khatello ea maikutlo e bakoang ke ho hlokomela batsoali le hore na masoha a utloa bohloko hakae.” Na ho ka etsahala hore ebe o na le banab’abo ba lenyalong ba ileng ba iketsetsa qeto ea hore ke eena ea lokelang ho hlokomela batsoali empa ba sa buisana le eena? Maemong ana ke habohlokoa ho hlokomela hore Jeremia o ne a e-na le barab’abo ba sa kang ba mo tšoara hantle.—Bala Jeremia 12:6.
19 Jehova o utloisisa batho ba masoha ’me o utloela ba thulanang le mathata bohloko. (Pes. 103:11-14) Leha ho le joalo, batsoali ba hōlileng kapa ba fokolloang ke bophelo ke batsoali ba bana bohle, eseng ba ba seng lenyalong feela. Ke ’nete hore e ka ’na eaba ba bang ba bana bao, ba lenyalong ’me ba na le bana ba bona. Leha ho le joalo, seo ha se felise lerato la tlhaho leo ba ratang batsoali ba bona ka lona, ebile ha se ba rōle boikarabelo ba bona ba Bokreste ba ho thusa ha batsoali ba hloka ho hlokomeloa. Rea hopola hore leha Jesu a ne a le haufi le ho shoa thupeng, o ile hopola boikarabelo ba hae, eaba o nka bohato ba ho hlokomela ’mè oa hae. (Joh. 19:25-27) Bibele ha e fane ka melao e batsi mabapi le hore na batho ba ka arolelana boikarabelo ba ho hlokomela batsoali ba hōlileng kapa ba fokolloang ke bophelo joang, ebile ha e bolele hore bana ba seng lenyalong ke bona ba jarang boikarabelo bo boholo ba ho ba hlokomela. Tabeng ena ea bohlokoa, bohle ba amehang ba lokela ho sekaseka litaba ka hloko le ka ho nahanelana, ba hopole mohlala oo Jesu a ileng a o beha tabeng ea ho hlokomela ’mè oa hae.
20. U ikutloa joang ka ho thabela setsoalle le batho ba seng lenyalong phuthehong ea heno?
20 Jeremia o ile a bululeloa hore a bolele sena esale pele: “Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motsoalle oa hae le e mong le e mong mor’abo, ba re, ‘Tsebang Jehova!’ etsoe ba tla ntseba kaofela.” (Jer. 31:34) Ha e le hantle, re se ntse re thabela setsoalle se joalo se ikhethang ka phuthehong ea Bokreste, ’me seo se akarelletsa setsoalle seo re nang le sona le bara le barali babo rōna ba masoha. Ha ho pelaelo hore kaofela ha rōna re batla ho khothatsana le bona ebile re batla ho bona bara le barali bao babo rōna ba seng lenyalong ba ‘lula ba phela.’
Ke mehato efe e meng eo u ka ’nang ua e nka e le hore u khatholle u be u khatholloe ke bara kapa barali babo rōna ba seng lenyalong?
a Ka Mangolong a Seheberu ha ho na lentsoe le bolelang “lesoha.”
b Ka tsela ea boprofeta Esaia o ile a bua le maqhalaha a mehleng ea hae, a neng a tla ba le karolo e seng kae borapeling ba Baiseraele. O ile a bolela esale pele hore ka lebaka la ho mamela, maqhalaha a ne a tla fumana “ntho e molemo ho feta bara le barali,” e leng ho fumana “lebitso ho isa nakong e sa lekanyetsoang” ka tlung ea Molimo.—Esa. 56:4, 5.
c E ka ’na eaba batho ba bang ba lula ba le bang hobane balekane ba bona, mohlomong ba sa lumelang, ba arohane le bona kapa ba ba hlalile ka molao.