Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb04 maq. 66-133
  • Moldova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moldova
  • Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lihloohoana
  • Histori e Molubalube ea Moldova
  • “Serapa sa Morara sa Veine e Phophomang!”
  • Russell o Lekola Tšimo
  • Ntoa ea I ea Lefatše e Siea ba Bangata ba Nyahame
  • Lipaki Tsa Romania Lia Thusa
  • Khanyetso ea Baruti ea Tota
  • Boiteko ba ho Ngolisa Mosebetsi oa Boboleli ka Molao
  • Ho Iphapanyetsa Mabaka a Utloahalang
  • Ba Boholong ba Sebelisa Mabifi
  • Europe e Sohlokoa ke Ntoa ea II ea Lefatše
  • Teko e Boimahali Tlas’a Puso ea Bofasista
  • Ho se Lumellane le Kereke ea Orthodox—E ne e le Tlōlo ea Molao!
  • Baralib’abo Rōna ba Sebete ba Boloka Botšepehi
  • Leano la Soviet Union—Ho li Leleka
  • Tumelo e Lokelang ho Etsisoa
  • “Na U Batla ho Qetella Joaloka Vasile?”
  • Leshano la Makomonisi Lea a Hlanohela
  • Leano la ho Baka Karohano ka Sepheo sa ho ba Hlōla
  • Ha Baa ka ba Ela Hloko Moea oa Molimo
  • Ho Khetholla Mocha oa ’Nete
  • Ba Hobosoa ke Bao e Neng e le Barab’abo Bona
  • Mohlorisi ea Nang le Kananelo
  • Khanyetso ea Boba, ’me Keketseho e Tsoela Pele
  • Borapeli ba ’Nete Boa Atleha
  • Ho Koetlisoa ha Balebeli ba Tsamaeang
  • Tlhokahalo e Potlakileng ea Liholo Tsa ’Muso
  • Ho Hahoa ha Liholo Tsa ’Muso ka Boroa
  • Ho Amoheloa ka Molao Qetellong!
  • Ho Atolosoa ha Bethele
  • Ho Koetlisa Bakotuli
  • Nako ea Keketseho e Sekhahla
  • O Tlohela ho ba Motlatsi oa Ramotse e ba Pula-maliboho
  • Bo-pula-maliboho Baa Thusa
  • Tokoloho ha ea Siea Mathata Morao
Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
yb04 maq. 66-133

Moldova

Moldova e lutse ka bochabela ho selikalikoe se seholo sa Lithaba tsa Carpathian, ’me ke sebaka se manoni le se sabaletseng, se nang le liphula le likhohlo tse tebileng le matsoapo a koahetsoeng ke meru. Sebaka sena se nang le libōpeho tse fapa-fapaneng se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 34 000 ke moo ho lulang liphoofolo tse ngata tse sa tšoaneng, tse akarelletsang liphokojoe, liphiri, limmutla, lipela, likhama, li-“ermine,” linakeli le likolobe-moru.

Mobu o manoni oa selokoe le boemo ba leholimo bo batlang bo itekanetse li tlatsetsa chaing ea litholoana, lijo-thollo, meroho le lihlahisoa tse ling tsa temo. Liliba tse 2 200 le linōka le melapo tse 3 000, tseo kaofela ha tsona li phallelang boroa ho ea kena Leoatleng le Letšo, li fana ka metsi a mangata bakeng sa ho nosetsa le ho tsamaisa metsi a sebelisitsoeng. Dniester ke nōka e khōlō e phallang ka potlako ’me ho bonolo ho tsamaea ho eona ka sekepe ho pholletsa le karolo e khōlō ea rephabliki ena. Karolo e khōlō ea nōka ena e seha moeli kapa e iphaphatha ka moeli oa Ukraine, e leng naha e ka leboea, ka bochabela le ka boroa ho Moldova. Nōka ea Prut, e fepelang Nōka ea Danube, e seha moeli pakeng tsa Romania le karolo e ka bophirimela ea naha ena.

Histori e Molubalube ea Moldova

Sebaka se pakeng tsa Dniester le Prut—seo ka makholo a lilemo se ’nileng sa tsebahala e le Bessarabia le Moldavia—se ne se le tseleng e naheng e kenang Europe. Lilemong tsa sekete sa pele B.C.E., sebaka sena e ne e le karolo ea Scythia. Hamorao se ile sa laoloa ho isa bohōleng bo itseng ke ’Muso oa Roma. Histori ea sona e molubalube e boetse e akarelletsa ho hlaseloa e sa tsoa hlaseloa ke lichaba tse ling, tse kang tsa Magothe, Mahune le Maavare. Lekholong la bo13 le la bo14 la lilemo, Moldavia e ne e laoloa ke Matatare, ’me lekholong la bo16 la lilemo, ea fetoha karolo ea ’Muso oa Ottoman. Selekaneng sa 1812 sa Bucharest, Maturkey a ile a nehelana ka Bessarabia le karolo e ’ngoe ea Moldavia hore e laoloe ke Russia, eaba sebaka seo kaofela se bitsoa Bessarabia.

Ka 1918, Bessarabia e ile ea fetoha karolo ea sebaka se tlas’a Romania. Empa ea boela ea laoloa ke Russia ka nakoana ka 1940 le ka 1944. Tlas’a puso ea Soviet Union, sebaka seo se ile sa tsejoa ka hore ke Soviet Socialist Republic (SSR) ea Moldavia. Qetellong, ha puso ea Bokomonisi ea Soviet Union e putlama, SSR ea Moldavia e ile ea khaola maqhama le Moscow, eaba e fetoha Rephabliki e ipusang ea Moldova ka la 27 August, 1991.a Chisinau, eo pele e neng e le Kishinev, ke motse-moholo oa teng.

Lilemong tsa bo-1960, lenane la baahi ba Moldova le ile la eketseha ka sekhahla, empa la ’na la fokotseha le ho ema nģa e le ’ngoe ho tloha ka 1970. Hona joale lenane la baahi le eme ho batho ba ka bang limilione tse 4,3. Batho ba bangata ba Moldova ba sebetsa indastering e ka sehloohong naheng eo, e leng ea tlhahiso ea veine, e hlahisang hoo e ka bang karolo ea 3 lekholong ea veine lefatšeng. Veine ea Moldova e ratoa haholo Russia le Europe Bochabela. (Bona lebokose le leqepheng la 71.) Empa ho na le serapa sa morara se seholo le ho feta se ruisitseng Moldova, se hlahisang litholoana tse ntle ka ho fetisisa—e leng tsa thoriso e monate e eang ho Jehova.

“Serapa sa Morara sa Veine e Phophomang!”

A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a hlalosa Iseraele ea moea e le “serapa sa morara sa veine e phophomang.” Joalokaha ho boletsoe esale pele, serapa seo sa tšoantšetso sa morara se tlatsitse “lihlahisoa holim’a naha e behang,” e leng lijo tse matlafatsang tsa moea. (Esa. 27:2-6) Ka hona, Bakreste ba tlotsitsoeng ba se ba kopane le ba limilione ba “linku tse ling.”—Joh. 10:16.

Batho ba Jehova Moldova ba thabetse ho kopanela phethahatsong ea boprofeta boo bo hlollang. Ka lebaka la phepelo e sa khaotseng ea lijo tsa moea eo mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o fanang ka eona, hona joale ho baahi ba Moldova ba 229 a le mong ke mohoeletsi. Ha e le hantle, motseng o mong, ho batho ba bang le ba bang ba bane a le mong ke Paki ea Jehova!

Empa joalokaha re tla bona, keketseho ena ha ea ka ea siea liteko tse matla morao. Ka lilemo tse ka bang 70, puso ea borena ea Romania, ea Bofasista le ea Bokomonisi, e ’nile ea thibela batho ba Molimo, ea ba hlorisa le ho ba koalla lichankaneng. Leha ho le joalo, Moldova, ho tšoana le libakeng tse ling, Jehova o phethahalitse mantsoe a hae a boprofeta a mabapi le “serapa [sa hae sa tšoantšetso] sa morara sa veine e phophomang.” A sebelisa Esaia, o ile a re: “’Na, Jehova, kea mo sireletsa. Ke tla mo nosetsa kamehla. E le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla lebisa tlhokomelo ea hae khahlanong le eena, ke tla mo sireletsa bosiu le motšehare.” (Esa. 27:2, 3) Ha u ntse u nahanisisa ka pale ea batho ba Jehova Moldova, e se eka mohlala oa bona oa ho ba le sebete le tumelo o ka u matlafatsa boikemisetsong ba hao ba ho tsoela pele u beha litholoana tsa bohlokoa thorisong ea Jehova, ho sa tsotellehe litšitiso tseo mohanyetsi, e leng Satane, a ka ’nang a li beha tseleng ea hao.

Russell o Lekola Tšimo

Sefateng sa sebele sa morara makala a behang litholoana a qala e le letlobo le lenyenyane. Khōlo ea moea e qalile ka tsela e tšoanang Moldova. A re boneng seo Jehova a se entseng hore letlobo leo le tetemang le hōle ho ba sefate se tiileng sa morara se behang litholoana seo re se bonang kajeno Moldova. (1 Bakor. 3:6) Patlisiso ea rōna e re khutlisetsa morao ho elella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo ha Seithuti sa Bibele Charles Taze Russell a ne a etetse naheng eo nakong ea leeto la hae Europe.

Tokollong ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ea September 1891, Russell o ile a ngola hore o ne a etetse lelapa la ramolao e mong oa Mojuda eo e bileng e leng Mokreste ea bitsoang Joseph Rabinowitch. Russell o ile a re: “Phihlelo e ’ngoe e thabisang ka ho fetisisa eo re bileng le eona ho tla fihlela hajoale ke ea ha re ne re etetse Mor’abo rōna Joseph Rabinowitch ha hae Kischenev, Russia [eo hona joale e seng e le Chisinau, Moldova]. O ile a re amohela ka mofuthu, hammoho le bohle ba lelapa la hae, bao kaofela ha bona ba lumelang ho Morena Jesu. . . . Re fumane hore o tloaelane haholo le lithuto tse ho DAWN [letoto la libuka tsa Millennial Dawn] ’me o lumellana le tsona.” Ha ba ntse ba buisana ka Bibele, ba ile ba lumellana lintlheng tse ngata tsa Mangolo, ’me sena se bontšoa ke hore Russell o ile a bitsa motsoalle eo oa hae oa Moldova “Mor’abo rōna Rabinowitch.”

Rabinowitch le ba lelapa la hae ba ne ba tšoarehile ba thusa Bajuda—bao ho neng ho e-na le ba fetang 50 000 ba bona Chisinau—hore ba amohele Kreste le tšepo ea Bomesia. Russell o ile a hlalosa hore lehae la hae le ofisi ea hae li ne li matahantsoe le “ntlo e ncha ea borapeli e bileng e leng makhethe haholo, e ka lulang batho ba ka bang lekholo le mashome a mabeli a metso e mehlano.” Rabinowitch o ne a boetse a e-na le mochine o mocha oa khatiso o tsamaisoang ka letsoho oo a neng a o sebelisetsa ho hatisa lipampitšana tse neng li etselitsoe Bajuda ka ho khetheha. Hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng hamorao, ka 1897, Rabinowitch o ile a ngolla Russell, a re: “Mor’eso Russell ea Ratehang: Ha re kolumetsa selemo sena ke rata ho u leboha haholo ka thuso ea moea e thabisang eo u mphang eona ka koranta ea hao e babatsehang, ea ZION’S WATCH TOWER, eo ke e fumanang kamehla. Ho ’na e joaloka sekepe sa khoebo—e ntlisetsa lijo tsa moea tse tsoang hōle.” Le hoja monna enoa oa Mojuda a ne a rata ’nete ea Bibele a bile a e chesehela, ho ne ho tla feta lilemo tse 30 pele peō ea ’Muso e mela ka metso Moldova ’me e qala ho beha litholoana.—Mat. 13:1-8, 18-23.

Ntoa ea I ea Lefatše e Siea ba Bangata ba Nyahame

Liphetoho tse nyarosang tsa lipolotiki tse bileng teng Europe nakong ea ntoa ea pele ea lefatše li ile tsa hlahisa mobu o nonneng bakeng sa peō ea ’Muso, Moldova. Ha Ntoa e Khōlō—kamoo e neng e bitsoa kateng—e lala, Moldova e ile ea khaola maqhama le Russia, e leng moo Makomonisi a neng a busa ka likhoka, ’me ea ikopanya le Romania. Kaha masole a mangata a Moldova a ne a bone masetla-pelo a bakiloeng ke ntoa, a ile a khutlela hae a nyahame. A mangata a ’ona ha a ntse a hōla a ne a rutiloe ho tšepahalla Kereke ea Orthodox, empa joale a ne a se a qala ho belaella lithuto tsa eona.

Motho e mong ea joalo e bile Ion Andronic, eo ka 1919 a ileng a khutlela motseng oa habo oa Corjeuţi. Thahasello ea hae Bibeleng e ile ea leotsoa ke hore o ne a ’nile a buisana le Masabatha le Mabaptiste ha e ntse e le motšoaruoa oa ntoa. O ile a tla hae le Bibele ha a tsoa chankaneng ’me a buisana le ba lelapa la hae le baahelani ba hae ka molaetsa oa eona, ’me le bona ba qala ho thahasella.

Ilie Groza e ne e le e mong oa baahelani ba hae. O ne a le United States nakong ea ntoa ’me eitse ha a khutlela hae a tla le “Testamente e Ncha,” eo a ileng a e fumana ha a ntse a tsamaea maetong a hae. Kaha ba lelapa la Andronic le la Groza e ne e le baahelani ba tloaelaneng, ba ile ba qala ho buisana ka Lentsoe la Molimo hammoho. Ba ile ba boela ba fumana lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo.

Morali oa Ilie Groza, e leng Ioana o re: “E tlameha ebe ke ne ke le lilemo li tšeletseng feela ha lelapa leso le qala ho ba le lingoliloeng tse hlahisoang ke Liithuti Tsa Bibele. Ha ke sa tseba hantle hore na re ne re fumana lingoliloeng tseo hokae, empa ke sa hopola hore batsoali ba ka le baholoane ba ne ba buisana ba thabile ka litlhaloso tse hlakileng tsa Mangolo tse fumanoang ka likhatisong tseo.”

Hamorao Ion Andronic o ile a khetha ho se nehele bophelo ba hae ho Jehova. Empa ba bang kaofela ba lelapa la hae ba ile ba etsa khetho e fapaneng hammoho le ba bangata ba lelapa la Groza. Ioana o re: “Qalong re ne re tšoara liboka re le malapa a mabeli feela. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le basetsana ba bane, ’me lelapa la Andronic le e-na le bara ba ’maloa hammoho le basetsana. Kahoo e se neng maikutlo a lerato a ile a tsoha, e leng ho ileng ha fella ka hore Vasile Andronic a nyale ausi oa ka Feodolina.

“Ka mor’a nakoana sehlopha sa rōna sa thuto ea Bibele se ile sa kenyelletsa Tudor le Daria Groza, e leng banyalani ba bang bao re neng re amana le bona ka malapa. Tudor e ne e le seithuti se hloahloa sa Bibele. O ile a ba a ea ofising ea lekala e Cluj-Napoca, Romania, ho ea fumana lingoliloeng le likarabo lipotsong tsa hae tse ngata tsa Bibele. Ha lilemo li ntse li e-ea o ile a ipaka ho ba setšehetso se matla sa moea phuthehong ea habo rōna e nyenyane.

“Lelapa la ha lacuboi, le neng le lula tikolohong ea rōna, le ile la kopanela lipuisanong tsa Bibele tse neng li tšoareloa lapeng. Petru Iacuboi, e leng hlooho ea lelapa leo, o ne a ile a amohela ka mofuthu monna e mong ea tsamaisang Libibele. Moeti eo o ne a ile a leotsa thahasello ea Petru ea Mangolo. Petru o ile a hlahloba lithuto tsa Mabaptiste ho se hokae pele a lemoha hore ’nete e lokela ho fumanoa nģ’e ’ngoe. Ke ha a tla kopanela le sehlopha sa rōna se hōlang sa Liithuti Tsa Bibele.

“Kaha sehlopha sa rōna se ne se susumelitsoe ke seo re ithutang sona, ka cheseho re ile ra bolella metsoalle le bohle bao re amanang le bona litaba tse molemo tsa ’Muso, bao ba bangata ba bona ba neng ba lula motseng oa rōna le metseng e meng e haufi.”

Ha tlaleho e tokollong ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1921, e totobatsa kamoo molaetsa oa ’Muso o ileng oa hasoa ka potlako kateng Moldova, e ile ea re: “Ho tsoa Bessarabia [e leng kamoo Moldova e neng e bitsoa kateng nakong eo] mor’abo rōna e mong, ea neng a sa tsoa tlohela ho ba ’moleli oa Sabatha, oa ngola: ‘Ba ka bang 200 sebakeng sena, ntle le ba libakeng tse ngata tse haufi le mona, ba fumane ’nete.’”

Mathoasong a lilemo tsa bo-1920 motseng oa Şirăuţi, Ilarion Bugaian, eo e neng e le setho sa popota sa Kereke ea Orthodox, o ile a tseba ’nete. O ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho isa lefung. Seithuti se seng sa Bibele se bitsoang Moise Ciobanu se ile sa tloha Jeremane sa khutlela motseng oa Bălţi. Se ne se ile sa ithuta ’nete ha se ntse se le chankaneng Jeremane nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Ka mor’a nakoana, ho ile ha thehoa sehlopha seo hamorao se ileng sa fetoha phutheho ea pele ea Bălţi.

Lipaki Tsa Romania Lia Thusa

E le hore lekala la Romania le thuse ho hlokomela tšimo le ho matlafatsa ba sa tsoa qala ho kopanela le batho ba Molimo, le ile la romela barab’abo rōna ba tšoanelehang Moldova lilemong tsa bo-1920. E mong oa baevangeli bao ba pele e ne e le Vasile Ciucaş oa Transylvania. O ne a bua Seromania le Sehungary. Ha Vasile a ne a etetse phutheho ea Corjeuţi e sa tsoa thehoa, kamehla o ne a lula le Ilie Groza le ba lelapa la hae. Ioana o sa hopola ka thabo ha a ne a etile. O re: “E tlameha ebe ke ne ke le lilemo li robeli ka nako eo, empa ke sa ntsane ke hopola ha Mor’abo rōna Ciucaş a ne a etile. E ne e le mor’abo rōna ea mosa ka tsela e ikhethang, ’me o ne a lula a pheta lipale tse monate hoo ho neng ho se ea batlang ho ea robala! ’Na le ausi oa ka re ne re atisa ho qheshelana moo re batlang ho lula pel’a hae.”

Lipaki tsa Romania, hammoho le bahoeletsi ba chesehang ba moo, ba ile ba tsoela pele ho phatlalatsa litaba tse molemo metseng e haufi. Motseng oa Tabani, o lik’hilomithara tse 11 ho tloha Corjeuţi, Cazimir Cislinschii o ile a bolella ba bang lintho tse hlollang tseo a neng a ithutile tsona ka Bibeleng. Cazimir o ne a utloile molaetsa oa ’Muso ha a ntse a le sesoleng Romania. E mong oa batho ba pele Tabani ba ileng ba amohela boboleli ba Cazimir ke Dumitru Gorobeţ, eo e neng e le seithuti se hloahloa ka ho khethehileng. Kajeno, ka lebaka la cheseho ea Dumitru le ba bang ba joaloka eena, ho na le Lipaki tse 475 ho baahi ba Tabani ba 3 270.

Mathoasong a lilemo tsa bo-1920, molaetsa oa ’Muso o ile oa boela oa fihla motseng oa Caracuşeni, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho isa ho tse ’nè ho tloha Corjeuţi. E mong oa baahi ba pele motseng oa Caracuşeni ea ileng a amohela ’nete ke Vladimir Lungu, ea kolobelitsoeng ka 1927. Vladimir o ile a mamella mahloriso a mangata ka lebaka la tumelo ea hae ea Bokreste ’me o shoele a ntse a tšepahala ho Jehova ka 2002. Ha a sa phela, o ile a bona batho ba bangata motseng oa habo ba amohela ’nete hoo hona joale ho batho ba bang le ba bang ba bane Caracuşeni, e nang le baahi ba 4 200, a le mong e leng Paki!

Alexandru Mikitkov, e leng mor’abo rōna e mong ea tšepahalang, o qalile ho ithuta ’nete ka 1929 ha a ne a etetse motseng oa Iasi, Romania. Mora oa hae Ivan o re: “Ha Ntate a khutlela motseng oa habo rōna oa Ţaul, o ile a qala ho bolela litaba tse molemo hang-hang, ’me ka mor’a nakoana re ne re tšoarela liboka tsa Bokreste lapeng.”

Ivan o tsoela pele: “Ntate o ne a lula a buisana le ofisi ea lekala e Romania, ’me nako le nako barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba tsoang Romania ba ne ba re etela. Ka masoabi, ka 1931, ha e mong oa bona a re etetse, khaitselinyana ea ka e ile ea hlokahala. Kaha lelapa leso le ne le tsebahala, baahi ba bangata ba motse ba ile ba tla lepatong. Moeti oa rōna ea tsoang Romania, e leng Mor’abo rōna Vănica, o ile a tsamaisa tšebeletso ea lepato. O ile a fana ka bopaki bo ikhethang, a hlahatsa leshano la litaba tsa bo-ba-re tse neng li jaloa ke baruti tsa hore Liithuti Tsa Bibele ha li etse mapato a hlomphehang. Ho feta moo, puo ea Mor’abo rōna Vănica, e ileng ea hlalosa ka ho hlaka tšepo ea tsoho, e ile ea jala peō e ntle lipelong tsa ba bang ba neng ba le teng moo. Ka mor’a nakoana, le bona ba ile ba emela ’nete ea Bibele ka tieo.

“Khothatso ea moea eo Mor’abo rōna Vănica a ileng a fana ka eona e ile ea boela ea e-ba le phello e tebileng ho lelapa leso. Ka mohlala, moholoane, e leng Dumitru, o ile a etsa qeto ea ho ba morekisi oa libuka tsa bolumeli (mosebeletsi oa nako e tletseng). Ka lebaka la ho labalabela ho thusa batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang, o ile a tloha hae ho ea bolela libakeng tse e-s’o ka li sebetsoa Moldova. Lelapa le ile la tšehetsa qeto ea hae ka hohle-hohle. Empa ’nete ea sala, ke ne ke hloloheloa abuti haholo. Ka lehlakoreng le leng, re ne re thaba hakaakang ha a tlile hae a etile, ha a re phetela liphihlelo tse ngata tse thabisang tsa tšimong!”

Khanyetso ea Baruti ea Tota

Ho tloha qalong, baruti ba Orthodox ba ’nile ba hanyetsa boboleli ba litaba tse molemo. Empa ba ile ba loloma ke bohale ha bao e neng e le litho tsa kereke ea bona, ka mor’a hore ba ithute Bibele, ba hana ho etsa pontšo ea sefapano ba bile ba hana ho kolobetsa masea a bona.

Ha Ioana Groza a ne a ka ba lilemo li leshome, moprista e mong oa Orthodox oa moo o ile a mo hatella hore a sekisetse tumelo ea hae. O re: “Ntate o ne a re hlaloselitse rōna bana hore ho khahlanong le Mangolo ho etsa pontšo ea sefapano. Empa ha re le sekolong moprista o ne a phehella hore re etse pontšo ea sefapano. Ke ne ke tšaba monna eo, empa ke ne ke boetse ke tšaba ho khopisa Ntate. Kahoo ho e-na le ho ea sekolong, ke ne ke ipata ka molikong. Matsatsi a ’maloa hamorao, Ntate o ile a tseba hore ha ke ee sekolong. Leha ho le joalo, ha aa ka a nkhalefela empa o ile a mpotsa seo ka mosa. Ha ke mo bolella hore ke tšaba moprista, Ntate o ile a ntšoara ka letsoho ’me ra ea ha monna eo.

“Ka lentsoe le tiileng, Ntate o ile a re ho moprista eo: ‘Haeba e ne e le uena ea fepang morali oa ka, ea mo apesang le ho mo fa bolulo, joale u ne u ka ’na ua mo bolella hore na a etse lintho life tsa bolumeli. Empa kaha hase uena ea etsang lintho tsena, ha ua lokela ho kena-kenana le seo ke se rutang ngoan’a ka.’ Kea thaba hore ebe ho tloha ka nako eo ho fihlela ke qeta sekolong, moprista eo ha aa ka a hlola a nkhathatsa.”

Baruti ba ne ba atisa ho ba le tšusumetso e matla sechabeng. Ho tšoana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu, ba ne ba sebelisa tšusumetso eo ho senya bahlanka ba Jehova lebitso e le hore balumeli ba bona ba khese barab’abo rōna kapa ba tšabe ho buisana le bona. Leqheka le leng leo baruti ba neng ba le rata ka ho fetisisa e ne e le la ho sebelisa lehloeo la bopolotiki. Ka mohlala, ka nako eo batho ba ne ba tšaba “tšokelo” ea Mabolshevik a Soviet Union, ao ba neng ba sehelana moeli le ’ona ba bile ba sa a tšepe. Baprista ba Orthodox ba ile ba nka monyetla ka tšabo ena ’me ba qosa Liithuti Tsa Bibele ka hore li hana ho etsa pontšo ea sefapano ka mabaka a lipolotiki, ba re ke Makomonisi.

Empa baruti bao ba mano ha baa ka ba fella moo. Ba ile ba sebelisa matla a bona hampe le ho feta ka ho susumelletsa ba boholong pusong hore ba hanyetse batho ba Molimo, feela joalokaha bangoli le Bafarisi ba ile ba etsa mehleng ea Jesu.—Joh. 18:28-30; 19:4-6, 12-16.

Ho tloha ka 1918 ho fihlela ka 1940, Moldova e ile ea e-ba tlas’a puso ea Romania, eo ka nako eo e neng e busoa ke morena. ’Muso oa Romania o ile oa khetha letona la lihlotšoana tsa bokhelohi, le neng le e-na le matla a ho laola litaba tsa bolumeli. Kaha monna enoa o ne a inehetse tšusumetsong ea bolumeli ba Orthodox, o ile a hanyetsa mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele ’me a batla tsela ea ho li thibela le ho thibela lingoliloeng tsa tsona tse thehiloeng Bibeleng. Joalokaha u ka lebella, barab’abo rōna ba ne ba qosoa ka hore ba khema le Mabolshevik.

Ho khesoa hona ha batho ba Jehova ke ’muso ho ile ha fella ka hore ’muso o ntše molao-taelo o tsoang ho mohlahlobi-kakaretso oa Moldova o eang ho mookameli e mong oa sepolesa, o neng o ngotsoe ka la 25 April, 1925. O ne o re: “Ka lebaka la Molao oa Sepolesa oa Tšireletso oa No. 17274/925, re thabela ho u tsebisa hore Lekala la Litaba Tsa Lehae le entse qeto ea ho thibela le ho emisa leshano le jaloang ke ‘Liithuti Tsa Bibele’ tsa machaba, ’me re tla lakatsa hore u nke mehato e hlokahalang ho finyella morero oo.”

Phello eo khanyetso eo ea ba boholong e bileng le eona ho barab’abo rōna e bonahatsoa ke tlaleho eo ofisi ea Romania e ileng ea e romela ntlo-khōlō ea lefatše ka la 17 October, 1927. Ha e akaretsoa, tlaleho eo e ile ea bontša hore liboka tsa phutheho li ne li emisitsoe li bile li thibetsoe hohle le hore ‘barab’abo rōna ba makholo ba ne ba isitsoe ka pel’a makhotla a sesole le a sechaba ka liqoso.’ E ile ea boela ea re: ‘Nakong ea lehlabula ho ne ho tšoaroa liboka tse seng kae feela, kaha liphutheho li ne li ntse li behiloe leihlo ka thata ke ba mautloela le mapolesa ’me le hona joale ho sa le joalo, haholo-holo metseng, e leng moo liphutheho boholo li leng teng. Boholo ba liboka bo ne bo tšoareloa merung le libakeng tse ling tse patehileng.’

Tlaleho eo e ile ea tsoela pele ho re: ‘Ho tloha ka March, mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang le oona o ile oa emisoa. Khoeling eona eo, letona la tsa ka hare le ile la fana ka litaelo tse thata, tsa lekunutu tsa hore ho fumanoe barekisi ba libuka le hore ho tšoaroe bohle “ba jalang leshano” lena. Ka mor’a nakoana feela, hoo e ka bang barekisi bohle ba libuka ba ne ba le chankaneng. Le hoja rōna le barab’abo rōna re sa tšoha, kaha re ’nile ra mamella khanyetso ho tloha ha mosebetsi o qala naheng ena, lekhetlong lena tsela eo ba e sebelisang ho re ferekanya e thatafetse hoo re sitoang le ho sisinyeha feela.’

Ho elella mathoasong a lilemo tsa bo-1930, batho ka bomong ba sebete le malapa ba ile ba ’na ba ikarola Kerekeng ea Orthodox ’me ba emela ’nete ea Bibele ka tieo. ’Nete ea sena e bontšoa ke lengolo leo moprista oa motse o mong a ileng a le ngolla mookameli oa hae selemong sa 1928. Lengolo leo le ne le thathamisitse mabitso a 43 a batho ba baholo le bana pharisheng ea moprista eo e Şirăuţi. Le ne le re: “Re motlotlo ho kenyelletsa lethathamo la mabitso a litho tsa sehlotšoana sa bokhelohi sa ‘Liithuti Tsa Bibele.’ Ho sa tsotellehe boiteko boo li bo etsang, li hlōlehile ka ho feletseng, ebile ha li na ntlo ea thapelo. Ho e-na le hoo, li kopanela malapeng a batho.”

Ha e le hantle, lethathamo la mabitso ao moprista a neng a fane ka ’ona le ne le shanofatsa mantsoe a hae a hore Liithuti Tsa Bibele “li hlōlehile ka ho feletseng,” kaha bongata ba batho ba 43 bao a neng a ba ngotse e ne e kile ea e-ba litho tsa Kereke ea Orthodox. Ngoana e mong ho ba neng ba thathamisitsoe moo e ne e le Agripina Barbuţă, eo hona joale a leng ka holimo ho lilemo tse 80 ’me a ntse a kopanela ka mafolofolo tšebeletsong ea Jehova.

Ha ho ntse ho e-ba thata ho paka phatlalatsa, barab’abo rōna ba ile ba paka ka ho eketsehileng ka tsela e sa reroang, haholo-holo ho beng ka bona. Mehleng eo ea pele, batho ba amanang ba ne ba qeta nako e ngata ba thabela botsoalle. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa tloaelo ena hamolemo hore ba buisane le ba bang ka litaba tse molemo. Ke ’nete hore ha ho molao o ka thibelang litho tsa lelapa ho buisana.

Boiteko ba ho Ngolisa Mosebetsi oa Boboleli ka Molao

Ka mor’a ho thibeloa ha mosebetsi oa boboleli ka 1925, barab’abo rōna ba ofising ea lekala Cluj-Napoca, Romania, ba ile ba fa letona la lihlotšoana tsa bokhelohi tlaleho e ngotsoeng ka mochine e nang le maqephe a 50. E ne e hlalosa ho se hokae lithuto le tumelo ea rōna, e bile e kōpa ba boholong hore ba tlose thibelo eo. Hamorao, ka September 1927, mor’abo rōna e mong o ile a lumelloa ho buisana le letona ka makhetlo a mararo a sa tšoaneng. Ha a tloha sebokeng sa ho qetela o ne a e-na le tšepo ea hore molao o tla fetoloa e le hore o fane ka bolokolohi ba borapeli. Leha ho le joalo, ka masoabi ’muso o ile oa hlokomoloha likōpo tsa barab’abo rōna. Ha e le hantle, ba boholong ba ile ba tsoela pele ho loha mano a ho hlahisetsa batho ba Jehova khathatso, ba mpefatsa lintho le ho feta ho e-na le ho li lokisa. (Pes. 94:20; Dan. 6:5-9) Mabapi le sena, tokomane ea molao e ngotsoeng ka la 29 May, 1932, e ile ea bolela hore “tšebetso ea mofuta o mong le o mong” ea Liithuti Tsa Machaba Tsa Bibele “e thibetsoe ka ho feletseng.”

Leha ho le joalo, ho hlaseloa hona ha batho ba Molimo ho ne ho sa bontše hore Romania le Moldova li momahane le hore li sebelisana hammoho letšolong la tsona. Ho isa bohōleng bo itseng, ba pusong le ba boholong sebakeng ka seng ba ne ba iketsetsa liqeto ka Liithuti Tsa Bibele. Kahoo barab’abo rōna ba ne ba ea ho bana ba boholong e le hore ba sireletse le ho theha litaba tse molemo, bonyane libakeng tseo ba leng ho tsona.—Bafil. 1:7.

Libakeng tse ling boiteko bona bo ile ba hlahisa litholoana. Ho bile joalo Bucharest, Romania, ka mor’a hore ofisi ea lekala e fallisetsoe moo ho tloha Cluj-Napoca. Ka 1933, ka mor’a ho sokola ka nako e telele, lekala le ile la qetella le ngolisitse mokhatlo oa Bible and Tract Society of Jehovah’s Witnesses ka molao Bucharest.

Ho thahasellisang ke hore esita le baahloli ba bang ba hlaheletseng ba ile ba hanana pepenene le lithibelo tse behetsoeng batho ba Molimo. Ka mohlala, ka la 8 May, 1935, ka sebete Lekhotla la Maipiletso la Cluj-Napoca le ile la etsa qeto ea hore thibelo e behetsoeng Lipaki Tsa Jehova e khahlanong le molao-motheo. Qeto eo e ile ea tsoela pele, ea re: “Libukana [tse hlahisoang ke Lipaki Tsa Jehova] tse nkiloeng ka mahahapa li khothalletsa ho ratana le ho lumela ho Molimo le Kreste. Ka lebaka lena, ho fosahetse ho bolela hore libukana tsena li reretsoe ho ketola ’muso; ha li behe tšireletso ea Naha kotsing.”

Ho Iphapanyetsa Mabaka a Utloahalang

Leha ho le joalo, ba bangata ba boholong ba ile ba tsoela pele ho hanyetsa mosebetsi oa batho ba Molimo. Ka mohlala, ka la 28 March, 1934, mookameli oa Ofisi ea Tšireletso toropong ea Soroca, Moldova, o ile a ngolla mookameli oa hae, ea okametseng mapolesa tikolohong ea Chisinau, a tletleba ka hore ka 1927 motseng o mong o haufi le Soroca, ho ne ho e-na le “malapa a mabeli feela a tšehetsang sehlotšoana sena sa bokhelohi, empa a sokolotse . . . malapa a mang a 33.” A boela a ngola hore Lipaki “li qhela kereke” le “lineano le litloaelo [tsa eona] tsa bolumeli” le hore “ho e-na le hore li kōpe moprista hore a li etsetse litšebeletso, li itšoarela borapeli ba tsona.” A phethela lengolo la hae ka ho re: “[Lipaki] li tsoela pele ho etsa basokolohi ba bacha, ’me sena se sokela tsamaiso e hlomamisitsoeng le tšireletseho ea Naha.”

Ka la 6 May, 1937, barab’abo rōna hona seterekeng seo ba ile ba ngolla ’maseterata e moholo ba kōpa hore Lipaki Tsa Jehova li hlakoloe lethathamong la lihlotšoana tsa bokhelohi tse seng molaong. Karabo ea ba boholong e ile ea hlakisoa ke lengolo le tsoang ho mookameli e moholo oa setereke sa Soroca le eang ho ’maseterata e moholo oa setereke sona seo. Le ne le ngotsoe ka la 15 June, 1937, le re: “Tšebetso ea [Lipaki Tsa Jehova] e thibetsoe ke . . . Lekala la Lihlotšoana Tsa Bokhelohi le Bonono. Ka hona, re sitoa ho amohela kōpo ea tsona ea hore li hlakoloe lethathamong la lihlotšoana tsa bokhelohi [tse seng molaong], kaha li ntse li ntšetsa pele ka mafolofolo lithahasello tsa sehlotšoana seo sa bokhelohi.”

Ha e tiisa lehloeo leo, koranta ea ’muso, e bitsoang Monitorul Oficial, ka la 12 July, 1939, e ile ea bolela hore Lipaki Tsa Jehova le mekhatlo leha e le efe ea molao eo li ka ’nang tsa e sebelisa li “thibetsoe ka ho feletseng.” Joalokaha ho boletsoe pejana, ka nako eo Moldova e ne e busoa ke Romania, eo e neng e le ea Orthodox ea Bochabela ’me e le tlas’a puso ea borena. Ka masoabi, khethollo ea bolumeli e ile ea susumelletsa ba bangata ba boholong ho tšoara batho ba Jehova ka tsela e mpe le ho feta kamoo ho neng ho hlokahala ho latela lithibelo tsa molao.

Ba Boholong ba Sebelisa Mabifi

Phihlelo eo Dumitru Gorobeţ le Cazimir Cislinschii ba bileng le eona e bontša hore ho hanyetsoa ho matla ha mosebetsi oa boboleli ho ne ho atisa ho hlohlelletsoa ke lehloeo la bolumeli leo ba boholong bao e neng e le Maorthodox a popota ba neng ba e-na le lona. Dumitru le Cazimir ba qalile ho ithuta ’nete ea Bibele motseng oa Tabani. Ka lebaka la litšoaneleho tsa bona tse ntle le cheseho ea bona tšebeletsong, ka potlako ba ile ba tsebahala le ho ratoa ke barab’abo bona. Joale, ka 1936, ba ile ba tšoaroa ’me ba isoa seteisheneng sa mapolesa toropong ea Khotin (eo hona joale e seng e le Ukraine).

Qalong mapolesa a ile a khakhatha Dumitru le Cazimir. Ka mor’a moo a leka ho ba qobella hore ba etse pontšo ea sefapano. Empa banna bao ba babeli ba ile ba ema ba tiile, le hoja ba ne ba ntse ba otloa. Qetellong, mapolesa a ile a tela. A ile a ba a lumella Dumitru le Cazimir hore ba ee hae. Empa liteko tse ileng tsa mamelloa ke bara bana babo rōna ba tšepahalang ha lia ka tsa fella moo. Ba ile ba mamella mathata a mang a mangata pusong ea Bofasista le ea Bokomonisi ka lebaka la litaba tse molemo. Dumitru o ile a hlokahalla Tomsk, Russia, mathoasong a 1976. Cazimir a hlokahalla Moldova ka November 1990.

Lilemong tsa bo-1930, lekala la Romania le ne le hlokomela mosebetsi Moldova. Ka nako eo, mohlanka oa lekala e ne e le Martin Magyarosi, ea kolobelitsoeng ka 1922. Ka lebaka la kameho ea hae e lerato ka barab’abo, haholo-holo ha a nahana ka liteko tseo ba neng ba feta ho tsona, eena le mokhoenyana oa hae, Pamfil Albu, ba ile ba etela liphutheho tse ngata tse ka leboea ho Moldova ho ea matlafatsa le ho khothatsa batho ba Molimo. Maeto ao a ne a entsoe ka nako e loketseng hakaakang! Hobane’ng? Hobane Europe e ne e le hona moo Ntoa ea II ea Lefatše e neng e hlanakoa teng. ’Me Moldova, e neng e nkoa e le letlotlo le lakatsehang, e ne e tla isoa holimo le tlaase ke baahelani ba eona ba matla ho e feta, ba loantšanang.

Europe e Sohlokoa ke Ntoa ea II ea Lefatše

Ka la 23 August, 1939, Soviet Union le ’muso oa Jeremane oa Bonazi li ile tsa tekenela tumellano ea ho se hlaselane. Beke hamorao, ka la 1 September, 1939, Jeremane e ile ea hlasela Poland, e leng ho ileng ha qhomisa Ntoa ea II ea Lefatše. Eaba hamorao, ka la 26 June, 1940, Vyacheslav Molotov, eo e neng e le Letona la Tsa ka Ntle la Soviet Union, o laela ’muso oa Romania hore o nehelane ka se neng se tsejoa e le Bessarabia ho Soviet Union. Romania e ile ea ikokobelletsa taelo eo, ’me ka la 28 June, 1940, masole a Soviet Union a kena Moldova. Ka August 1940, Masoviet a ile a theha SSR ea Moldavia, ’me Chisinau ea e-ba motse-moholo oa eona.

Leha ho le joalo, Soviet Union e ile ea busa Moldova ka nako e khutšoanyane. Ka la 22 June, 1941, Jeremane e ile ea roba selekane sa 1939 sa ho se hlaselane le Russia ’me ea e futuhela. Romania e ile ea nka monyetla ka liphetoho tsena, ea ipolela hore e ka lehlakoreng la Jeremane ’me ea leka ho ikhapela SSR ea Moldavia ho Masoviet.

Leqheka lena le ile la atleha, kaha ka la 26 July, 1941, lebotho la Romania le ne le se le khutliselitse Marussia Nōkeng ea Dniester. Kahoo, Moldova e ile ea boela ea busoa ke Romania ka mor’a ho busoa ke Soviet Union ka nakoana e fetang selemo. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, ho tloha ka September 1940, Romania e ne e se e le tlas’a puso ea Bofasista e tletseng bochaba e eteletsoeng pele ke Molaoli Ion Antonescu oa mohatelli. Puso ea hae e ne e sa mamelle ba sa nkeng lehlakore lipolotiking ka lebaka la ho tšehetsa ha bona ka botšepehi ’Muso oa Molimo.

Teko e Boimahali Tlas’a Puso ea Bofasista

Puso ea Antonescu ea Bofasista, e neng e entse selekane le Hitler le mebuso ea Selekane, e ile ea phakisa ea leka ho qobella Lipaki Tsa Jehova ho etsa seo e se ratang. Nka ka mohlala Anton Pântea, ea hlahileng ka 1919. Anton o ile a ithuta ’nete a sa le mocha ’me o ne a chesehela tšebeletso ea ntlo le ntlo. O ile a batla a otloa ka makhetlo a ’maloa, empa ka hore a bolele ka sebete hore joaloka moahi oa Romania o na le tokelo ea molao ea ho bua ka tumelo ea hae, o ile a khona ho qoba ho otloa ka nako e itseng. Leha ho le joalo, qetellong mapolesa a ile a mo tšoara. Liofisiri tsa Bofasista li ile tsa mo hulanyetsa seteisheneng sa mapolesa, tsa qeta bosiu bohle li mo otla, ka ho makatsang tsa ntan’o mo lokolla. Hona joale Mor’abo rōna Pântea o se a le lilemo li 84 ’me o ntse a ikemiselitse ho lula a tšepahala ho Jehova.

’Moloki e mong oa botšepehi, e leng Parfin Palamarciuc, o ile a ithuta ’nete ea Bibele Moldova lilemong tsa bo-1920. Le eena e ile ea e-ba ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo, a atisa ho qeta libeke a le hōle le hae a bolela metseng le metsaneng ho tloha Chernovtsy ho ea Lvov, Ukraine. Kaha Parfin o ile a hana ho nka lihlomo, Mafasista a ile a mo tšoara ka 1942 le ho mo qosa lekhotleng la sesole Chernovtsy.

Mora oa Parfin e leng Nicolae o sa hopola liketsahalo tseo, o re: “Lekhotla leo la sesole le ile la ahlolela barab’abo rōna ba 100 lefu. Kahlolo eo e ne e lokela ho phethahatsoa hang-hang. Liofisiri li ile tsa phutha barab’abo rōna ’me tsa khetha ba pele ba leshome ba lokelang ho thunngoa. Empa bana ba leshome ba ile ba qobelloa ho ikepela mabitla pele ha ba bang ba 90 bona ba shebeletse. Leha ho le joalo, pele li bolaea bara bao babo rōna, liofisiri tsena li ile tsa boela tsa ba fa monyetla oa hore ba latole tumelo ea bona ’me ba kene sesoleng. Ba babeli ba ile ba sekisetsa; ba bang ba robeli ba bolaoa ka ho thunngoa. Ka mor’a moo ha boela ha khethoa ba bang ba leshome. Empa pele ba thunngoa ba ile ba lokela ho boloka ba shoeleng.

“Ha barab’abo rōna ba ntse ba koahela mabitla, ofisiri e ’ngoe e phahameng e ile ea fihla. Ea botsa hore na ke Lipaki tse kae tse fetotseng maikutlo. Ha e bolelloa hore ke tse peli feela, e ile ea re haeba batho ba 80 ba lokela ho shoa e le hore ho fumanoe ba 20 ba tla kena sesoleng, ho tla ba molemo hore ba ise bao ba 92 likampong tsa mosebetsi o boima. Ka lebaka leo, kahlolo ea lefu e neng e fanoe e ile ea fokoletsoa ho lilemo tse 25 tsa mosebetsi o boima. Leha ho le joalo, le pele lilemo tse tharo li fela, mabotho a hlaselang a Soviet Union a ile a lokolla Lipaki likampong tsa Romania. Ntate o ile a feta phihlelong ena e bohloko le ho tse ling tse ngata. O shoele a tšepahala ho Jehova ka 1984.”

Ho se Lumellane le Kereke ea Orthodox—E ne e le Tlōlo ea Molao!

Vasile Gherman e ne e le monna e mocha ea nyetseng. Mosali oa hae o ne a sa tsoa fumana ngoan’a ngoanana ha Mafasista a mo tšoara ka December 1942. Vasile o ile a qosoa ka melato e ’meli eo e neng e le “tlōlo ea molao”—oa ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole le oa ho hana hore morali oa hae a kolobetsoe Kerekeng ea Orthodox. O pheta se ileng sa etsahala: “Ka February 1943, lekhotla la sesole, Chernovtsy, le ne le lokela ho mamela nyeoe ea ka, hammoho le tsa barab’abo rōna ba bang ba 69 ba tšepahalang. Pele ho lihuoa kahlolo, ba boholong ba ile ba re qobella hore re shebelle polao ea linokoane tse tšeletseng. Kahoo, re ile ra bona hantle hore ke rōna ba latelang lethathamong la ba ahloletsoeng lefu.

“Re ile ra buisana ka taba ena ’me ra etsa qeto ea ho lula re le matla tumelong le ho leka ka hohle ho lula re thabile ha nyeoe e ntse e tsoela pele. Ka thuso ea Jehova re ile ra atleha. Joalokaha re ne re lebeletse, ha kaofela ha rōna ba 70 re ahloleloa lefu, re ile ra kholiseha hore re ne re hlorisetsoa ho loka. Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a nyahame, e leng ho ileng ha khopisa lira tsa rōna. Ha ntan’o etsahala taba e makatsang. Ho e-na le ho re thunya, ba boholong ba ile ba fetola kahlolo ea rōna hore e be lilemo tse 25 tsa mosebetsi o boima kampong ea Aiud, Romania. Empa le eona kahlolo eo ha ea ka ea phethahala ka ho feletseng, hobane likhoeli tse 18 feela hamorao, ka August 1944, lebotho le hlaselang la Soviet Union le ile la lokolla batšoaruoa kampong eo.”

Ka 1942 Mafasista a ile a qobella banna ba 800 motseng oa Şirăuţi, Moldova, ho kena lebothong la Molaoli Antonescu. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki tse ’maloa, ho akarelletsa Nicolae Anischevici. Nicolae o ile a re: “Qalong ea nyeoe, mapolesa a ile a re laela hore re kopanele tšebeletsong ea bolumeli. Rōna Lipaki re ile ra hana. Re ile ra boela ra hana ho nka lihlomo. Ka lebaka leo, mapolesa a ile a re qosa ka hore re Makomonisi ’me a re tšoara. Empa pele a re koalla a ile a re lumella hore re hlalosetse bohle ba teng hore na ke hobane’ng ha re sa nke lehlakore.

“Letsatsing le hlahlamang re ile ra isoa Briceni, e leng setsi sa boahloli seterekeng seo. Teng ra hlobolisoa le ho phenya-phenngoa. Eaba moprista e mong ea boemong bo phahameng sesoleng o re hloma lipotso. O ne a le mosa, a bonahala a utloisisa boemo ba rōna ba ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la ho hlompha letsoalo, ’me a lokisetsa hore re fuoe lijo. Ho feta moo, o ile a ngola hore re hana ho nka lihlomo hobane re lumela ho Jesu.

“Ho tloha Briceni re ile ra isoa seteisheneng sa mapolesa se Lipcani. Ha re le moo mapolesa a ile a re otla a sa re qenehele ho fihlela bosiu. Ka mor’a moo a re kenya seleng le barab’abo rōna ba bang ba babeli, ’me ho makatsang, a kenya le mosali e mong, eo ho ileng ha hlahella hore e ne e le sehloela. Re ile ra qeta matsatsi a ’maloa re otloa letsatsi le letsatsi. Qetellong, ke ile ka isoa Chernovtsy ho ea hlaha ka pel’a lekhotla la sesole. Ha ke le moo ke ile ka fuoa ’muelli oa molao, ea neng a le molemo haholo. Leha ho le joalo, ke ne ke haelloa ke bophelo ka lebaka la tšoaro e mpe hoo ba boholong sesoleng ba neng ba nahana hore nka ’na ka shoa. Qetellong, ba ile ba etsa qeto ea ho nkisa hae ba sa liha kahlolo.”

Baralib’abo Rōna ba Sebete ba Boloka Botšepehi

Baralib’abo rōna le bona ba ile ba hlorisoa pusong ea Bofasista. E mong oa bona e ne e le Maria Gherman (ha a amane le Vasile Gherman empa ba tsoa phuthehong e le ’ngoe). Maria o ile a tšoaroa ka 1943, a isoa seteisheneng sa mapolesa se Balasineşti. O re: “Mapolesa a ile a ntšoara hobane ke ne ke hanne ho ea kerekeng ea Orthodox. Qalong a ile a nkisa Lipcani, Moldova, a ntan’o nkisa Chernovtsy, Ukraine, moo ke ileng ka ahloloa.

“Moahloli o ile a mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke ile ka hana ho ea kerekeng. Ke ile ka mo bolella hore ke rapela Jehova a le mong. ’Na le barali ba bang babo rōna ba 20 re ile ra ahloleloa ho hlola chankaneng ka lilemo tse 20, ka lebaka la ‘tlōlo ena ea molao.’ Ba bang ba rōna re ile ra subuhlelloa ka seleng e nyenyane hammoho le batšoaruoa ba bang ba 30. Leha ho le joalo, motšehare, ke ne ke romeloa ho ea sebetsa malapeng a barui. Batho bana ba ne ba ntšoara hantle ho feta liofisiri tsa chankana—bonyane ba ne ba mpha lijo tse lekaneng!

“Ha nako e ntse e ea, re ile ra khona ho kopana le barab’abo rōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la mohaho oa chankana. Ho kopana hoo ho ile ha thusa, kaha re ile ra khona ho thusa barab’abo rōna ho fumana lijo tsa moea le tsa nama.”

Ho tšoana le Lipaki tse ling tse ngata tsa Moldova, baboloki bana ba botšepehi ba ile ba mamella bohale ba puso ea Bofasista bo ileng ba lateloa ke tlhaselo e ’ngoe ea tumelo ea bona. Tlhaselo eo e ile ea e-ba ea ’muso o latelang oa moo, e leng oa Russia ea Bokomonisi.

Leano la Soviet Union—Ho li Leleka

Ka 1944, ho elella qetellong ea ntoa ha lintho li se li hlanohetse Jeremane, ba bang bao e neng e le litho tsa puso ea Romania tse neng li eteletsoe pele ke Morena Michael ba ile ba ketola puso ea Antonescu. Joale Romania e ile ea khaola maqhama le mebuso ea Selekane eaba e a theha le Russia. Selemong sona seo, lebotho le hlaselang la Soviet Union le ile la boela la tlisa puso ea Russia tikolohong eo, la boela la kopanya Moldova le Soviet Union ho ba SSR ea Moldavia.

Qalong babusi ba Moldova ba Makomonisi ba ne ba sa kena-kenane le Lipaki Tsa Jehova. Empa nako ena ea khutso e ile ea e-ba khutšoanyane. Ho se nke lehlakore ha Bokreste le ho hana ha Lipaki ho ea likhethong tsa moo tsa mekha, ho ile ha phakisa ha tsosa khang e khōlō. Tsamaiso ea Soviet Union e ne e sa lumelle le hanyenyane feela taba ea hore motho a se nke lehlakore lipolotiking. Kahoo ’muso o ile oa rera ho rarolla bothata bona ka hore o leleke Lipaki Tsa Jehova le ba bang “ba sa lakatseheng,” ho qala ka 1949.

Tokomane ea ’muso e ile ea bolela “qeto ea Komiti e ka Sehloohong ea Mokha oa Bokomonisi” mabapi le ba lokelang ho lelekoa SSR ea Moldavia. Ba ne ba tla akarelletsa “ba neng ba e-na le litša, bahoebi ba baholo, ba ileng ba kenya letsoho ho thusa bahlaseli ba Jeremane, batho ba ileng ba sebelisana le ba boholong sepoleseng sa Jeremane le sa Romania, litho tsa mekha le mekhatlo e neng e tšehetsa Bofasista, litho tsa White Guard, litho tsa lihlotšoana tsa bokhelohi tse seng molaong, hammoho le ba malapa a lihlopha tse thathamisitsoeng.” Kaofela ha bona ba ne ba lokela ho isoa karolong e ka bophirimela ea Siberia “ka nako e sa lekanyetsoang.”

Mokhahlelo oa bobeli oa ho leleka batho o ile oa qala ka 1951, empa lekhetlong lena ho ne ho lelekoa Lipaki Tsa Jehova feela. Stalin ka seqo o ne a ntšitse taelo ea hore li lelekoe, e neng e bitsoa Operation North. Malapa a Lipaki a fetang 720—a batho ba ka bang 2 600—a ile a tlosoa Moldova a isoa Tomsk, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 4 500 karolong e ka bophirimela ea Siberia.

Melao-taelo ea ’muso e ne e re batho ba lokela ho fuoa nako e lekaneng hore ba phuthe lintho tsa bona pele ba isoa litereneng tse ba emetseng. Ho feta moo, makareche a terene a ne a lokela ho “hlophisoa hantle e le hore a tsamaise batho.” Empa boemo bo ne bo fapane hōle le boo.

Har’a mp’a bosiu, masole a ka bang robeli le liofisiri a ne a ee a fihle lelapeng la Lipaki. A ne a fihla a tsosa lelapa le ho le bontša taelo e le lelekang. A ne a fa lelapa lihora tse seng kae feela hore le phuthe seo le ka se phuthang pele le isoa litereneng tse le emetseng.

Makareche e ne e le a tsamaisang thepa. Batho ba ka bang 40 ba lilemo tsohle ba ne ba tsamaea leeto le nkang libeke tse peli ba petetsane ka lekarecheng le le leng. A ne a se na litulo a bile a se na letho le futhumatsang. K’honeng e ’ngoe ea lekareche ho ne ho e-na le lesoba, le neng le sebetsa e le ntloana. Pele ba leleka barab’abo rōna, ba boholong sebakeng ka seng ba ne ba lokela ho ngolisa thepa ea motho e mong le e mong. Leha ho le joalo, ba ne ba atisa ho ngola lintho tsa boleng bo tlaase feela; lintho tse ling tsa bohlokoa li ne li “nyamela” ho sa tsejoe hore na li ile kae.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho hloka toka hona le mathata a mang ’ohle, le ka mohla barab’abo rōna ha baa ka ba felloa ke thabo ea bona ea Bokreste. Ha e le hantle, ha literene tse nkileng Lipaki li ne li fapana mateanong a litsela, ho ne ho utloahala lipina tsa ’Muso ka makarecheng. Kahoo, barab’abo rōna ba tereneng ka ’ngoe ba ne ba tseba hore ha ba bang empa hore ba tsamaisoa le Lipaki tse ling tse makholo. Ha ba bona ba bile ba utloa thabo ea ba bang maemong a lekang joalo, bohle ba ne ba khothala ’me seo se ba matlafatsa qetong ea bona ea ho lula ba tšepahala ho Jehova, ho sa tsotellehe se ka ’nang sa etsahala.—Jak. 1:2.

Tumelo e Lokelang ho Etsisoa

E mong oa batho ba Moldova ba ileng ba lelekeloa Siberia ke Ivan Mikitkov. Ivan o ile a tšoaroa ka lekhetlo la pele Moldova ka 1951, hammoho le Lipaki tse ling, a ntan’o isoa palehong Tomsk. O ile a fuoa mosebetsi oa ho rema lifate morung o lulang o le motala oa Siberia. Le hoja a ne a sa koalloa kampong ea mosebetsi o boima, o ne a thibetsoe ho tsamaea ka bolokolohi, ’me mapolesa a mautloela a ne a mo behile leihlo ka thata. Leha ho le joalo, eena le barab’abo ba moea ba ne ba pakela batho ba bang ha monyetla o mong le o mong o hlaha.

Ivan o re: “Re ile ra itlhophisa ho ba liphutheho tikolohong ena e ncha e thata. Re ile ra ba ra qala ho hlahisa lingoliloeng tsa rōna. Ha nako e ntse e ea, ba bang ba batho bao re ileng ra ba pakela ba ile ba amohela ’nete ’me ba kolobetsoa. Leha ho le joalo, qetellong ba boholong ba ile ba hlokomela seo re ntseng re se etsa ’me ba ahlolela ba bang ba rōna ho ea likampong tsa mosebetsi o boima.

“Ke ile ka ahloleloa ho qeta lilemo tse 12 ke etsa mosebetsi o boima ke behiloe leihlo ka thata, hammoho le Lipaki tse ling, e leng Pavel Dandara, Mina Goraş le Vasile Şarban. Ba boholong ba ne ba tšepa hore kahlolo ena e boima e tla tšabisa ba bang ho fana ka bopaki, empa ha ea ka ea ba tšosa. Ho sa tsotellehe hore na barab’abo rōna ba ne ba isoa hokae, ba ne ba tsoela pele ho bolela. Ke ile ka lokolloa ka 1966, ka mor’a ho phetha kahlolo ea ka. Ke ile ka khutlela Tomsk ’me ka lula teng lilemo tse tharo.

“Ka 1969, ke ile ka fallela Donets Basin, moo teng ke ileng ka kopana le Maria, morali’abo rōna ea tšepahalang le ea chesehang, eo ke ileng ka mo nyala. Ka 1983, ke ile ka tšoaroa hape. Lekhetlong lena ke ile ka fuoa kahlolo e habeli—ka ahloleloa ho hoehla lilemo tse hlano chankaneng le tse ling tse hlano ke lelekiloe haeso. Ka ho utloahalang, ke ile ka fumana kahlolo ena e batla e le thata ho feta ea pele, kaha ke ne ke lokela ho arohana le mohats’a ka le ngoana, bao le bona ba neng ba tlameha ho mamella mathata. Empa ho thabisang ke hore ha kea ka ka lokela ho phetha nako eohle ea kahlolo. Ke ile ka lokolloa ka 1987 ka mor’a hore Mikhail Gorbachev e be mongoli-kakaretso Mokheng oa Bokomonisi oa Masoviet. Ke ile ka lumelloa ho khutlela Ukraine ’me hamorao Moldova.

“Ha ke khutlela Bălţi, e leng motse oa bobeli o moholo ka ho fetisisa Moldova, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 370 le liphutheho tse tharo. Kajeno ho na le bahoeletsi ba 1 700 le liphutheho tse 16!”

“Na U Batla ho Qetella Joaloka Vasile?”

Batsamaisi ba kampo le mahlahana a KGB (Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Masoviet) ba ile ba qapa mekhoa e sehlōhō e le ha ba leka ho fokolisa botšepehi ba barab’abo rōna. Constantin Ivanovici Şobe o pheta se ileng sa etsahalla ntat’ae-moholo, Constantin Şobe: “Ka 1952, Ntate-moholo o ne a hoehla kampong e ’ngoe ea mosebetsi o boima seterekeng sa Chita, ka bochabela ho Letša la Baikal, Siberia. Ba boholong kampong eo ba ile ba mo sokela ka ho mo thunya, eena hammoho le Lipaki tse ling, haeba ba sa koenehele tumelo ea bona.

“Kaha barab’abo rōna ba ile ba hana ho sekisetsa, ba boholong ba ile ba ba khobokanya ka ntle ho kampo, haufi le moru. Ho ne ho se ho fifala ha ba nka motsoalle oa Ntate-moholo oa hlooho ea khomo, Vasile, ba kenella le eena ka morung, ba re ba il’o mo thunya. Barab’abo rōna ba ile ba lula ba tšohile. Ka mor’a nakoana, sethunya sa khabola ka makhetlo a ’maloa ho khutsitse ka shoalane.

“Balebeli ba ile ba khutla ’me ba nka Paki e latelang, e leng Ntate-moholo, ba kena le eena morung. Ka mor’a ho tsamaea sebakana, ba ema sebakeng se bulehileng. Ho ne ho epiloe mabitla a ’maloa, ’me le leng le koahetsoe. Ofisiri e li hulang pele e ile ea retelehela ka ho Ntate-moholo, ea re e supile lebitla leo: ‘Na u batla ho qetella joaloka Vasile, kapa u batla ho lokoloha u khutlele ha hao? Ke u fa metsotso e ’meli hore u inahane.’ Ntate-moholo o ne a sa hloke metsotso eo e ’meli. O ile a araba hona hoo a re: ‘Ke tsebile Vasile enoa eo le mo thuntseng, ka lilemo tse ngata. Joale ke lebeletse ho boela ke kopana le eena tsohong ea bafu lefatšeng le lecha. Ke na le tšepo e tiileng ea hore ke tla ba le Vasile lefatšeng le lecha. Empa na uena u tla ba teng?’

“Ofisiri eo e ne e sa lebella karabo eo. E ile ea busetsa Ntate-moholo le ba bang kampong. Ha e le hantle, Ntate-moholo ha aa ka a tlameha ho emela tsoho ea bafu e le hore a bone Vasile. Seo sohle e ne e mpa e le leqheka le sehlōhō le reretsoeng ho fokolisa barab’abo rōna.”

Leshano la Makomonisi Lea a Hlanohela

E le hlohlelletsa batho hore ba hloee Lipaki Tsa Jehova le ho li belaella, Makomonisi a ile a hlahisa libuka, libukana le lifilimi tse senyang batho ba Molimo lebitso. Bukana e ’ngoe e ne e bitsoa Double Bottom—e reheletsoe ka karolo e patehileng eo barab’abo rōna ba neng ba e kenya ka tlaase lisutuk’heiseng le mekotleng e le hore ba kenye lingoliloeng ka ho eona. Nicolai Voloşanovschi o sa ntse a hopola kamoo molaoli oa kampo a ileng a leka ho sebelisa bukana ena kateng ho mo tlotlolla ka pel’a batšoaruoa ba bang.

Nicolai o re: “Molaoli oa kampo o ile a khobokanya batšoaruoa bohle mohahong o mong. A ntan’o qotsa likarolo tse ling tse ka ho Double Bottom, tse ling e le mashano a ntšenyang lebitso. Ha a se a qetile ho bua, ke ile ka kōpa ho botsa lipotso. E tlameha ebe molaoli enoa o ile a nahana hore seo se tla mo fa monyetla oa hore a itlope litšeho ka ’na, kaha o ile a ntumella hore ke botse.

“Ke tobisitse mantsoe a ka ho molaoli eo oa kampo, ke ile ka mo botsa hore na o sa hopola ha a ne a qala ho buisana le ’na ha ke tlisoa kampong ea mosebetsi o boima. O ile a re oa hopola. Ka ntan’o mo botsa hore na o sa hopola lipotso tseo a ileng a mpotsa tsona ka hore na ke hlahetse naheng efe, ke moahi oa naha efe le tse ling tse joalo ha a ne a tlatsa lipampiri tsa ka tsa ho koalloa. O ile a boela a re e, oa hopola. A ba a bolella mokhopi hore na ke ile ka araba ka ho reng. Ka ntan’o mo kōpa hore a bolele seo eena a se ngotseng liforomong. O ile a lumela hore seo a se ngotseng ha se tšoane le likarabo tseo ke faneng ka tsona. Ka ntan’o sheba ka ho mokhopi ka re: ‘Lea bona akere, ena ke eona tsela eo bukana ena e ngotsoeng ka eona.’ Batšoaruoa ba hlaba litlatse, ’me molaoli a tloha moo a halefile.”

Leano la ho Baka Karohano ka Sepheo sa ho ba Hlōla

Lilemong tsa bo-1960, Masoviet a boholong a neng a sa je litheohelang a ile a tla le litsela tse ncha e le ha a leka ho senya bonngoe ba Lipaki Tsa Jehova. Buka ea The Sword and the Shield, e hatisitsoeng ka 1999, e bua ka litlaleho tse ling tsa KGB tseo e kileng ea e-ba tsa lekunutu tse polokelong ea litlaleho tsa ’muso. E re: “Sebokeng se neng se tšoeroe ka March 1959 ke liofisiri tse khōlō tsa KGB tse li hulang pele ‘ho loantšeng Majehova [Lipaki Tsa Jehova]’ ho ile ha etsoa qeto ea hore leqheka le loketseng ke la ‘ho tsoela pele ho a hatella le ho a arola.’ KGB e ile ea ikemisetsa ho arola litho tsa lequloana lena, ho li nyahamisa le ho li senya lebitso, esita le ho tšoara tse eteletseng pele tse nang le tšusumetso e matla har’a tsona ka ho li qosa ka liqoso tsa bohata.”

“Ho a arola” ho ne ho kenyelletsa ho tsoa letšolo la ho jala ho se tšepane mahareng a barab’abo rōna hohle Soviet Union. E le hore e finyelle seo, KGB e ile ea qala ho hasa leshano le lonya la hore barab’abo rōna ba ’maloa ba ka sehloohong ba se ba qalile ho sebelisana le lefapha la tšireletso la Naha. KGB e ile ea koahela mashano a eona ka bohlale hoo Lipaki tse ngata li ileng tsa qala ho ipotsa hore na li tšepe mang.

Leqheka le leng la KGB e ile ea e-ba la ho koetlisa mahlahana a eona a khethehileng hore a iketse eka ke Lipaki Tsa Jehova “tse chesehang” e le hore a tle a leke ho fumana maemo a boikarabelo ka mokhatlong o hlophisitsoeng. Ho hlakile hore lihloela tsena li ne li lula li fepela KGB ka boitsebiso. KGB e ile ea boela ea atamela ka sekhukhu Lipaki tse tšepahalang, ea li tšepisa ho li fa chelete e ngata e le tjotjo haeba li ka sebelisana le eona.

Ka masoabi, maqiti ana a bolotsana a ile a atleha ho senya bonngoe ba barab’abo rōna ho isa bohōleng bo itseng, ho akarelletsa le ba Moldova. Ka hona, ho ile ha e-ba le ho se tšepane. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba ikarola mokhatlong o hlophisitsoeng ’me ba theha sehlopha se ka thōko se ileng sa tsejoa ka hore ke sa bohanyetsi.

Pele ho liketsahalo tsena, ha barab’abo rōna Soviet Union ba ne ba bua ka mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng, lijo tsa moea tseo o li hlahisang le barab’abo rōna ba ikarabellang bao o ba khethileng, ba ne ba li bitsa mocha. Joale pherekano le ho se kholisehe ka mocha ona tsa qala ho ipha matla. Barab’abo rōna ba ile ba khona ho rarolla pherekano ee joang? Ho makatsang ke hore ’Muso oa Soviet Union o ile oa ba thusa ho e rarolla. E, batho ba lohileng leano lena ba ile ba thusa ho rarolla mathata ’ona ao ba neng ba a bakile. Joang?

Ha Baa ka ba Ela Hloko Moea oa Molimo

Mathoasong a bo-1960, ba boholong Soviet Union ba ile ba koalla “baeta-pele” ba bangata ba Lipaki ba tsoang likarolong tsohle tsa Soviet Union kampong e le ’ngoe e lik’hilomithara tse ka bang 150 ho tloha motseng oa Saransk o rephabliking ea Mordvinia, Russia bophirimela. Nakong e fetileng, barab’abo rōna ba ne ba arohantsoe ke libaka tse qaqolohaneng, e leng ho neng ho ba sitisa ho buisana ’me ho baka ho se utloisisane. Empa joale bao e neng e le ba sehlopha se bitsoang sa bohanyetsi le bao e neng e se karolo ea sona ba ne ba le nģa e le ’ngoe. Kahoo ba ne ba ka khona ho buisana ba talimane le ho khetholla ’nete ho seo e seng ’nete. Ke hobane’ng ha ba boholong ba ile ba beha bara baa babo rōna nģa e le ’ngoe kaofela? Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba nahanne hore barab’abo rōna ba tla loantšana, ebe seo se ba arola le ho feta. Le hoja leqheka leo le ne le nahannoe ka bohlale, ha lea ka la ela hloko moea oa Jehova o momahanyang.—1 Bakor. 14:33.

E mong oa barab’abo rōna ba neng ba koaletsoe Mordvinia e ne e le Gheorghe Gorobeţ. O re: “Nakoana ka mor’a hore ke tšoaroe ’me ke isoe chankaneng, mor’abo rōna e mong eo e neng e le oa sehlopha sa bohanyetsi o ile a koalloa le rōna. Ha a bona hore barab’abo rōna ba ikarabellang le bona ba ntse ba tšoeroe, o ile a makala, kaha o ne a boleletsoe hore kaofela ha bona ba lokolohile ka hohle-hohle le hore KGB e ba phelisa mabothobothong!”

Mor’abo rōna Gorobeţ o re ha a tsoela pele: “Selemong sa ka sa pele ke le chankaneng, batho ba fetang 700 ba ne ba tšoeroe ka mabaka a bolumeli. Boholo ba bona e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Kaofela ha rōna re ne re sebetsa fekthering re bile re e-na le nako ea ho buisana le ba sehlopheng sa ba ikarotseng. Ka hona, lintlha tse ngata li ile tsa hlakisoa selemong sa 1960 le sa 1961. Qetellong, ka 1962, komiti ea naha e hlokomelang Soviet Union e ile ea ngola lengolo e ntse e le hona moo kampong ea mosebetsi o boima. Lengolo leo le ile la romeloa ho liphutheho tsohle tse Soviet Union ’me la qala ho etsolla boholo ba tšenyo e bakiloeng ke letšolo la mashano a KGB.”

Ho Khetholla Mocha oa ’Nete

Mor’abo rōna Gorobeţ o ile a lokolloa kampong ea mosebetsi o boima ka June 1964, ’me a khutlela Moldova hang-hang. Ha a fihla Tabani, o ile a fumana hore Lipaki tse ngata tsa moo li ntse li sa tsebe hantle hore na Jehova o sebelisa bo-mang ho fepa batho ba Hae le ho ba tataisa. Barab’abo rōna ba ’maloa ba ne ba ipalla Bibele.

Ho ile ha khethoa komiti e entsoeng ka barab’abo rōna ba bararo ba hōlileng tsebong hore e hlakise lintho. Ntho e ’ngoe ea pele eo e ileng ea e etsa e bile ho etela liphutheho tse ka leboea ho Moldova, moo ho neng ho e-na le Lipaki tse ngata. Ho tšepahala ho tsoelang pele ha bara bana babo rōna le balebeli ba bang ba Bakreste, ho sa tsotellehe mahloriso ao ba fetileng ho ’ona, ho ile ha kholisa ba bangata hore Jehova o ntse a sebelisa mokhatlo o hlophisitsoeng o neng o ba rutile ’nete qalong.

Ho elella lilemong tsa bo-1970, KGB e ile ea elelloa hore mosebetsi oa boboleli o tsoela pele ho sa tsotellehe mahloriso le maqheka a mang. Ha e hlalosa seo KGB e ileng ea se etsa, buka ea The Sword and the Shield e re: “Setsi [sa KGB] se ile sa ferekanngoa ke litlaleho tse reng esita le likampong tsa mosebetsi o boima, ‘baeta-pele ba Majehova le ba boholong ba bona ha baa lahla tumelo ea bona e khopisang le hore le ha ba le kampong ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa Jehova.’ Seboka se seng sa liofisiri tsa KGB tse ralang litsela tsa ho loantša Lipaki Tsa Jehova se ile sa tšoareloa [Chisinau] ka November 1967 ho tšohla mehato e mecha ‘ea ho thibela mosebetsi o khopisang oa litho tsa lequloana lena’ le ‘likhopolo tse khahlanong le ’muso.’”

Ba Hobosoa ke Bao e Neng e le Barab’abo Bona

Ka masoabi, ba bang ba ile ba thetsoa ke “mehato [ena] e mecha” ’me ba oela liatleng tsa KGB. Ba bang ba ile ba qetoa ke meharo kapa ho tšaba batho; ba bang ke bao e neng e kile ea e-ba barab’abo rōna ’me ba koetletse Lipaki lehloeo. Ba boholong ba ile ba qala ho ba sebelisa ka boiteko ba ho senya botšepehi ba ba tšepahalang. Lipaki tse neng li ile tsa koalloa chankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima li re ho hlorisoa ke bao e kileng ea e-ba barab’abo rōna, bao ba bang ba bona e neng e se e le bakoenehi, e bile boemo bo bong bo nyahamisang ka ho fetisisa boo ba ileng ba tlameha ho tobana le bona.

Bakoenehi ba bangata e ne e le litho tsa bohanyetsi tse boletsoeng pejana. Qalong, sehlopha sena se ne se akarelletsa ba bang ba neng ba mpa ba ferekantsoe ke boitsebiso bo fosahetseng bo fanoeng ke KGB. Empa ba neng ba ntse ba le sehlopheng seo sa bohanyetsi ho elella lilemong tsa bo-1970 ba ne ba akarelletsa ba ’maloa ba neng ba bonahatsa moea oa sehlopha sa lekhoba le khopo. Kaha ba ne ba hlokomolohile temoso ea Jesu, ba ile ba qala “ho otla makhoba-’moho le [bona].”—Mat. 24:48, 49.

Leha ho le joalo, leano la ho arola batho ba Molimo ka sepheo sa ho ba hlōla le ile la hlōleha, ho sa tsotellehe khatello ea KGB le mahlahana a eona e nkileng nako e telele. Mathoasong a bo-1960 ha barab’abo rōna ba tšepahalang ba ne ba qala mosebetsi oa ho momahanya mokhatlo o hlophisitsoeng Moldova, barab’abo rōna ba bangata naheng eo ba ne ba le sehlopheng sa bohanyetsi. Empa ka 1972, boholo ba bona bo ne bo boetse bo sebetsa ka botšepehi le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng.

Mohlorisi ea Nang le Kananelo

Ba tšepahalang ba ileng ba sala Moldova nakong ea puso ea Bokomonisi ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli. Ba ile ba pakela beng ka bona, metsoalle, liithuti-’moho sekolong le basebetsi-’moho ka tsela e sa reroang. Empa ba ne ba le hlokolosi hobane liofisiri tse ngata tsa mokha Moldova li ne li chesehela likhopolo tsa Bokomonisi ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, hase Makomonisi ’ohle a neng a khesa Lipaki Tsa Jehova.

Simeon Voloşanovschi o re: “Mapolesa a ile a phenya lehae la rōna ’me a hapa lingoliloeng tse ngata, tseo ofisiri e ikarabellang e ileng ea li ngola fatše. Hamorao e ile ea khutla le lethathamo leo ’me ea nkōpa hore ke le hlahlobe. Ha ke ntse ke le hlahloba, ke ile ka hlokomela hore ho na le ho sieo—Molula-Qhooa o buang ka lelapa le se ka etsoang ho etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabileng. Ke ile ka botsa ofisiri eo ka oona. E ile ea araba ka ho soaba, ea re: ‘Ke ile le eona hae, ke ntse ke e bala le ba lelapa la ka.’ Ka e botsa ka re: ‘Na le thabetse ho e bala?’ Ea re: ‘Re e thabetse haholo! Re e ratile!’”

Khanyetso ea Boba, ’me Keketseho e Tsoela Pele

Lilemong tsa bo-1970, ba boholong pusong ea Bokomonisi ba ile ba nyahlatsa leano la bona la ho tšoara batho ba Jehova le ho ba leleka. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ka bomong ba ne ba ntse ba tšoaroa ba bile ba qosoa ka lebaka la ho paka kapa ho ea libokeng tsa Bokreste. Empa ba ne ba fuoa likahlolo tse bobebe.

Selemong sa 1972 ho ile ha qalisoa tokisetso ea baholo Moldova, joaloka libakeng tse ling. Gheorghe Gorobeţ o re: “Barab’abo rōna ba ile ba amohela tokisetso ena e ncha ka thabo e khōlō, ba nka hoo e le bopaki bo bong ba hore moea oa Jehova oa sebetsa. Ho feta moo, ho eketseha ha banna ba khethiloeng ho ile ha thusa liphutheho Moldova ho hōla moeeng le ho eketseha ka lenane.”

Ha e le hantle, ka nako eo barab’abo rōna ba ne ba se ba e-na le phihlelo e batsi ea ho hlophisa mosebetsi oa boboleli le ea ho hatisa ka bohlale lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ha khatello ea Makomonisi e qala, lingoliloeng li ne li hlophisetsoa libakeng tse peli Moldova, ’me libaka tseo li ile tsa qeta lilemo-lemo li sebelisoa bosiu feela nakong ea ha mahloriso a ne a tlōkile. Kahoo basebetsi ba ne ba tlameha ho etsa mesebetsi e ’meli—o mong motšehare, ha ba iphethela mabaka a bona joaloka baahi ba bang kaofela ’me ba etsa o mong bosiu, ha ba ne ba sebetsa ho fihlela hoseng ka matjeke ba hlahisetsa liphutheho lingoliloeng.

Leha ho le joalo, boemo bona bo ile ba fetoha ha khanyetso e boba ebile ba se ba sa behoa leihlo hakaalo. Barab’abo rōna ba ne ba se ba ka khona ho sebelisa litsi tsa khatiso tsa sekhukhu ka tsela e atlehileng haholoanyane le ho sebelisa baithaopi ba eketsehileng ho etsa mosebetsi. Ka lebaka leo, ba ile ba hlahisa tse eketsehileng.

Barab’abo rōna le bona ba ile ba ntlafatsa tsebo ea bona ea ho hatisa. Ka mohlala, ba ile ba sebelisa lipoleiti tse khethehileng tse neng li ka etsoa ka mochine oa ho thaepa. Ba ile ba boela ba ntlafatsa mechine e hatisang hore e khone ho hatisa pampiri ka mahlakoreng a mabeli ka nako e le ’ngoe. Lintlafatso tsena tsohle li ile tsa eketsa ho hlahisoa ha lingoliloeng le ho feta. Ho ne ho bonahala eka mehla ea ho ngola lithuso tsa ho ithuta Bibele ka letsoho e fetile!

Ho hlakile hore ho ba le lingoliloeng tse eketsehileng ho ne ho bolela hore barab’abo rōna ba ka khona ho tšoara thuto ea botho ea Bibele haholoanyane. Sena hammoho le mecha e ntlafalitsoeng haholo ea puisano se ile sa thusa ho tlosa mesaletsa leha e le efe ea pherekano e neng e le teng pele. Leha ho le joalo, lintlafatso tsena e ne e mpa e le tlhasenyana feela ea lintho tse molemo tseo e neng e le hona li tla tlela batho ba Jehova Moldova.

Borapeli ba ’Nete Boa Atleha

Le hoja mehleng ea bona, Bokomonisi ba Soviet Union e ne e le senatla lipolotiking le sesoleng, bo ile ba hlōleha ho felisa borapeli ba ’nete. Ha e le hantle, Masoviet ka leano la ’ona la ho leleka batho a ile a kenya letsoho a sa rera ho phatlalatsoeng ha litaba tse molemo ‘likarolong tse ling tse hōle-hōle tsa lefatše.’ (Lik. 1:8) Jehova a sebelisa Esaia o ile a tšepisa a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha . . . Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na.” (Esa. 54:17) Mantsoe ao a ipakile ho ba ’nete hakaakang!

Ho fetoha ha puso ka 1985 ho ile ha nolofalletsa Lipaki Tsa Jehova bophelo haholo, Soviet Union. Li ile tsa khaotsa ho phela li setsoe morao ke mapolesa a mautloela kapa ho lefisoa ha li bile teng libokeng tsa bolumeli. Le hoja barab’abo rōna ba Moldova ba ne ba ntse ba lula ba bokana ka lihlopha tse nyenyane tsa batho ba leshome kapa ka tlaasana ho moo, ba ile ba qala ho sebelisa liketsahalo tse khethehileng, tse kang machato le mapato, ho tšoara likopano tse nyenyane tsa potoloho.

Joale lehlabuleng la 1989, mosebetsi oa boboleli o ile oa matlafatsoa ke ha ho tšoaroa likopano tse tharo tsa machaba Poland, motseng oa Chorzow (o haufi le Katowice), oa Poznan le oa Warsaw. Baeti ba makholo ba tsoang Moldova ba ile ba e-ba teng. E bile phihlelo e amang maikutlo hakaakang ha bara baa babo rōna ba tšepahalang ba neng ba tloaetse ho bokana ka sekhukhu ka lihlopha tse nyenyane ba ipona ba le har’a letšoele la Lipaki tse thabileng tse tsoang lichabeng tse ngata—ba rapela Jehova kaofela hammoho!

Barab’abo rōna Moldova ba ile ba thabela nako e ’ngoe e khathollang moeeng ha ka 1991 ba khona ho tšoara likopano tsa potoloho phatlalatsa ka lekhetlo la pele paleng ea mosebetsi naheng eo. Selemo sa 1992 e ile ea e-ba se seng se ikhethang—ho ile ha tšoaroa kopano ea machaba St. Petersburg, Russia. Baeti ba tsoang Moldova ba ileng ba e-ba teng kopanong ena ba ile ba e-ba bangata ho feta ba neng ba bile teng ho tse tharo tse neng li tšoaretsoe Poland ka 1989. E, Jehova o ne a butse likhoro tsa leholimo ’me a qalile ho tšollela litlhohonolofatso tsa hae tse ke keng tsa lekanngoa ho bahlanka ba hae ba tšepahalang, ba nang le kananelo.

Ho Koetlisoa ha Balebeli ba Tsamaeang

Ho ba le bolokolohi bo eketsehileng ho ile ha boela ha bolela hore komiti ea naha ea Soviet Union e ka sebelisana haufi le balebeli ba tsamaeang. Ka December 1989 bara bana babo rōna ba hōlileng moeeng, bao ka nako eo ba neng ba le 60, ba ile ba bokana Lvov, Ukraine, ho ea rupeloa. Ruri e ile ea e-ba ketsahalo e thabisang le e khothatsang ho ba sehlopheng seo, kaha bohle ba neng ba le ho sona ba ne ba mameletse lichankana, likampo tsa mosebetsi o boima ba bile ba fetile mahlorisong a mefuta e sa tšoaneng! Ha e le hantle, ba bangata ba ne ba se ba ntse ba thehile maqhama a setsoalle linakong tseo tse thata.

Ba bane ho balebeli ba tsamaeang ba neng ba le sehlopheng seo ba ne ba e-tsoa Moldova. Ha ba khutlela morao, ba ile ba tsebisa liphutheho keletso e bohlale eo ba e fumaneng ha ba le Lvov, haholo-holo mabapi le mosebetsi oa boboleli. Ka mohlala, ba ile ba phehella barab’abo rōna hore ba tsoele pele ho bolela Lentsoe la Molimo ka masene, le hoja ba sa tsoa fumana bolokolohi. (Mat. 10:16) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore ba ’ne ba be masene? Hobane ha e le hantle mosebetsi o ne o ntse o thibetsoe.

Tlhokahalo e Potlakileng ea Liholo Tsa ’Muso

Ho tloha nakong ea ha mosebetsi oa boboleli o qalisa Moldova, barab’abo rōna ba ’nile ba lemoha hore ho hlokahala hore ba be le liholo tseo ba kopanelang ho tsona. Ha e le hantle, ka 1922 Liithuti Tsa Bibele motseng oa Corjeuţi li ile tsa ikahela holo, ka thepa eo li ipatletseng eona. E ne e bitsoa ntlo ea liboka, ’me li ile tsa e sebelisa ka lilemo tse ngata.

Ho elella lilemong tsa bo-1990, ha khanyetso ea ba boholong e batla e kokobela, liphutheho metseng le metsaneng e mengata li ne li e-na le bahoeletsi ba makholo a ’maloa. Ba ne ba kopanela malapeng a batho ka lihlotšoana. Na e ne e se e le nako ea hore ba tsoele pele ka ho haha Liholo Tsa ’Muso? E le hore ba tsebe seo, barab’abo rōna ba ile ba ea ho baeta-pele ba fapa-fapaneng ba motse.

Ba bang ba batho bana ba boholong ba ne ba hlile ba e-na le tšebelisano-’moho. Ho bile joalo Feteşti, e leng motse o ka leboea ho Moldova o nang le baahi ba 3 150. Ka January 1990, barab’abo rōna moo ba ile ba kopana le ramotse, ea ileng a ba bolella hore ba ka nka mosebetsi oa bona o sa thibeloa ka molao motseng oo oa hae. Kaha barab’abo rōna ba ne ba ntse ba le seli, ba ile ba fumana ho le thata ho lumela seo. Kahoo ba ile ba mo kōpa hore a ba lumelle hore ba lokise ntlo ea mor’abo rōna e mong e le hore phutheho e khone ho sebelisa ntlo eo e le Holo ea ’Muso e nyenyane, le hoja phutheho e ne e e-na le bahoeletsi ba 185!

Ramotse o ile a ba lumella ka morero oo, ’me barab’abo rōna ba tsoela pele ka mosebetsi. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana ba ile ba tobana le tšitiso e khōlō. Ha ba ne ba ka tlosa lebota le leng hore ba tsoele pele ka mohaho, ntlo eo e ne e ka ’na ea oa! Kahoo mosebetsi o ile oa ema tsi! Ba ne ba tla etsa’ng? Barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho boela ho ramotse ho ea mo hlalosetsa bothata. Ba ile ba thaba hakaakang ha a ba lumella hore ba hahe Holo e ncha ea ’Muso! Joale phutheho e ile ea ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo, ea nka matsatsi a 27 feela ho o qeta.

E le hore bohle ba felle ka Holong e ncha ea ’Muso, Phutheho ea Feteşti e ile ea aroloa lihlopha tse peli. Empa bahoeletsi ba bangata ba bacha ba ne ba e-s’o kolobetsoe. Joale ke’ng e neng e ka thibela hore ho kenyelletsoe kolobetso lenaneong la nehelo? Barab’abo rōna ba ile ba etsa sona seo. Kahoo, ka mor’a puo ea kolobetso, bohle ba ile ba theohela nōkeng e haufi, moo batho ba 80 ba ileng ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova.

Ke ’nete hore liphutheho tse ling tse ngata le tsona li ne li hloka Liholo Tsa ’Muso ka potlako. Liphutheho tse ling ka mor’a ho bona litšoantšo tsa Liholo Tsa ’Muso likhatisong, li ile tsa rera ho ikahela e ’ngoe e tšoanang le tsona. Kahoo li ile tsa kopanya matsoho, tsa ema ka maoto, tsa ntan’o tsoela pele ka mosebetsi. Ha ea ka ea e-ba tseo feela. Pakeng tsa 1990 le 1995, barab’abo rōna ba ile ba haha Liholo Tsa ’Muso tse fetang 30—ba ikahela tsona kaofela ka bobona le ka lichelete tsa bona.

Liholo tse ling Tsa ’Muso tse khethiloeng li ile tsa boela tsa sebelisetsoa likopano tsa potoloho. Leha ho le joalo, li ne li tlala hoo ba bangata ba neng ba tlameha ho mamela lenaneo ba le ka ntle ho holo. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba qala ho nahanela taba ea ho haha Holo ea Kopano. Le teng, ha baa ka ba senya nako. Ka 1992, ba ile ba nka likhoeli tse ka bang tharo feela ho haha Holo ea pele ea Kopano Moldova—e lulang batho ba 800, Corjeuţi. Selemong se latelang seo, Lipaki li ile tsa boela tsa ikahela Holo ea Kopano Feteşti, e lulang batho ba 1 500, li sebelisa thepa ea tsona.

Ho bonahala eka mosebetsi ona oa kaho o ne o tlile ka nako e ntle, kaha liphetoho tsa lipolotiki le ho putlama ha moruo lilemong tsa bo-1995, li ile tsa tlatsetsa ho oeng ka sekhahla ha matla a chelete Moldova. Ka lebaka lena, chelete e neng e hlokahala ho haha Holo ea ’Muso e feletseng mathoasong a bo-1990 e ne e se e ke ke ea hlola e lefella esita le litulo feela lilemo tse seng kae hamorao!

Ho Hahoa ha Liholo Tsa ’Muso ka Boroa

Ho fapana le liphutheho tse ka leboea ho Moldova, tse ka boroa li ne li e-na le Liholo tse seng kae Tsa ’Muso. Kahoo, ha mosebetsi o ntse o eketseha ka sekhahla lilemong tsa bo-1990, liphutheho tse ngata tse sa tsoa thehoa tse ka boroa li ne li thatafalloa ho fumana libaka tse loketseng tseo li ka kopanelang ho tsona. Li ne li sebelisa likolo tsa sechaba, empa le tsona ho ne ho le thata ho li hira.

Le mona, Jehova o ile a sebelisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho thusa barab’abo rōna. Hantle ka nako e loketseng, Sehlopha se Busang, se sebelisa tokisetso ea Letlōle la Liholo Tsa ’Muso, se ile sa etsa hore chelete e fumanehe bakeng sa ho haha Liholo Tsa ’Muso linaheng tse kang Moldova, moo liphutheho li kollang ntsi hanong.

Barab’abo rōna ba sebelisitse tokisetso ena hamolemo. Mohlala o mong o motle oa sena ke Chisinau. Ka 1999, ho ne ho se na Holo le e ’ngoe ea ’Muso motse-moholo oo. Empa ka July 2002, liholo tse leshome li ne li sebelisoa ke liphutheho tse 30 ho tse 37 motseng oo, ’me tse tharo li ntse li hahoa.

Ho Amoheloa ka Molao Qetellong!

Ka la 27 August, 1991, Moldova e ile ea e-ba rephabliki e ipusang. Kaha thibelo e neng e behiloe mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova e ne e behiloe ke Soviet Union, e ne e se e sa sebetse. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova, tseo ka nako eo li neng li ka ba 4 000, li ne li e-s’o ngolisoe ka molao e le mokhatlo oa bolumeli.

Ka mor’a hore Sehlopha se Busang se e thuse ka ho fana ka tataiso, ofisi ea Moldova ha ea ka ea senya nako ho ea makaleng a loketseng a ’muso ho ea kōpa hore Lipaki Tsa Jehova li amoheloe ka molao. Botsamaisi bo bocha bo ile ba bonahala bo sekametse ho amoheleng kōpo eo. Ho ile ha nka nako hore ho lokisoe lipampiri tse hlokahalang, empa qetellong ka la 27 July, 1994, ofisi e ile ea amohela tokomane ea molao e bontšang hore li ngolisitsoe.

Leo hase letsatsi leo Lipaki Tsa Jehova Moldova li tlang ho le lebala! Ka mor’a ho thibeloa, ho mamella mahloriso le ho koalloa lichankaneng ka lilemo tse ka bang mashome a tšeletseng, joale li ne li ka khona ho rapela Jehova le ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa. Li ne li boetse li ka qala ho tšoara likopano tsa tsona tsa setereke. Ha e le hantle, ka August 1994, khoeli ka mor’a ho amoheloa ka molao, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bokana lebaleng le leholo ka ho fetisisa la lipapali Chisinau ho tšoara kopano ea pele ea setereke Moldova. Eo e bile ketsahalo e hlasimollang hakaakang!

Ho Atolosoa ha Bethele

Ka 1995 lenane la bahoeletsi ba ’Muso le ne le nyolohetse ka holimo ho 10 000. Ofisi e nyenyane ea Chisinau e ne e hlokomela likarolo tse itseng tsa mosebetsi Moldova, empa ofisi ea lekala e Russia—e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 2 000—e ne e le eona e hlokomelang mosebetsi ka kakaretso. Lekala la Romania lona le ne le le bohōle ba lik’hilomithara tse 500 feela, ’me batho ba bangata ba Moldova ba ne ba bua Seromania. Ha e le hantle, ho ile ha khethoa Seromania hore e be puo e sebelisoang linthong tsa molao rephabliking eo. Kahoo, ka mor’a ho sekaseka lintlha tsohle tse amehang, Sehlopha se Busang se ile sa khothalletsa hore lekala la Romania e be lona le hlokomelang mosebetsi Moldova.

Ho sa le joalo, khōlo e ntseng e eketseha e ne e qala ho imela ofisi e Chisinau, e neng e sebeletsa mohahong o monyenyane. Ka ho hlakileng, e ne e se e le nako ea hore ho thehoe lelapa la Bethele. Litho tse ling tsa pele e bile Ion le Iulia Rusu. Mor’abo rōna Rusu o ne a sebelelitse e le motšoareli oa molebeli oa potoloho ho tloha ka 1991 ho fihlela ka 1994. Setho se seng sa lelapa la Bethele e bile Gheorghe Gorobeţ, ea neng a sebelelitse e le molebeli oa setereke ho fihlela a nka kabelo ena e ncha. O ne a lula ka ntle ’me a tla Bethele letsatsi le leng le le leng. Guenther le Rosaria Matzura, ba fumaneng mangolo sehlopheng sa bo67 sa Gileade, ba ile ba fihla ka la 1 May, 1996, ka mor’a ho qeta lilemo tse ’maloa ba sebeletsa Romania.

Ha lenane la bahoeletsi le ntse le eketseha, ho ile ha hlokahala basebetsi ba eketsehileng ba Bethele. Empa sebaka se ne se fokola. Ho feta moo, ka 1998 litho tsa lelapa la Bethele la Moldova li ne li lula lifoleteng tse hlano tse sa tšoaneng motseng o le mong! Kahoo, ho ile ha qaloa ho batla setša se loketseng bakeng sa ho haha lehae la Bethele. Ka mosa, ba boholong pusong Chisinau ba ile ba fa barab’abo rōna setša se boholo ba lisekoere-mithara tse 3 000 khubung ea motse oo, seo ba ileng ba se amohela ka thabo. Ba hopotse hore ho tla ba le keketseho, barab’abo rōna ba ile ba reka le setša se seng se bapileng le seo.

Ho ile ha etsoa konteraka le feme e ’ngoe ea moo bakeng sa ho haha lerako. Baithaopi ba machaba le bara le barali babo rōna ba moo ba ile ba qetela mosebetsi o setseng. Mosebetsi oo oa kaho o ile oa qala ka September 1998, ’me likhoeli tse 14 feela hamorao, litho tse thabileng tsa lelapa la Bethele tsa fallela lehaeng la tsona le lecha, li thabetse hore qetellong li sebakeng se le seng.

Ho ile ha tšoaroa lenaneo la ho neheloa ha mohaho o mocha oa Bethele ka la 16 September, 2000. Ho ne ho e-na le baeti ba tsoang linaheng tse 11. Letsatsing le hlahlamang, Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a buisana le batho ba fetang 10 000 lebaleng la moo la lipapali. Bohle ba neng ba le teng moo ba ile ba thabela tlamo e mofuthu ea lerato e momahanyang batho ba Jehova lefatšeng ka bophara.

Hona joale, lelapa la Bethele Moldova le na le litho tse 26. Tse ling, joaloka David le Miriam Grozescu, li tsoa mose ho maoatle li tlil’o sebeletsa e le litho tsa Bethele naheng esele. Tse ling, joaloka Enno Schlenzig, li ile Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi linaheng tsa habo tsona tsa ntan’o amohela kabelo ea ho sebeletsa Moldova. Kahoo, le hoja lelapa la Bethele le e-na le litho tse seng kae, le na le batho ba tsoang lichabeng tse ngata.

Ho Koetlisa Bakotuli

Ka lilemo tse mashome ha batho ba Jehova Moldova ba ne ba thibetsoe ba bile ba hlorisoa, ba ne ba sebelisa masene ha ba buisana le batho ba bang ka litaba tse molemo, ha e le hantle ba ne ba buisana le bona ka tsela e sa reroang. Empa joale e ne e se e le nako ea hore ba pake phatlalatsa ka ntlo le ntlo le seterateng. Ka ho bontša kutlo, barab’abo rōna ba ile ba ikakhela ka setotsoana likarolong tsena tsa tšebeletso, ’me ho paka seterateng ea e-ba hona ho ratoang haholo. Leha ho le joalo, ha lenane la bahoeletsi le ntse le eketseha, ho ile ha hlokahala hore lintho li leka-lekanngoe. Ka hona, liphutheho li ile tsa khothalletsoa hore li lebise tlhokomelo mosebetsing oa ntlo le ntlo, e leng seo li ileng tsa se etsa ka botšepehi.

Joale bahoeletsi ba ile ba qala ho hlokomela ho feta leha e le neng pele kamoo baahelani ba bona ba lapetseng lijo tsa ’nete tsa moea kateng. E le ho thusa ho fana ka se hlokahalang, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o ile oa etsa hore liphutheho li fumane Molula-Qhooa le Tsoha! le lithuso tse ling tsa ho ithuta Bibele ka Seromania le Serussia. Ka nako e tšoanang, bahoeletsi ba ile ba sebetsa ka thata ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea bona ka ho sebelisa litlhahiso tsa linehelano tse fumanoang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Ba ile ba boela ba sebelisa hamolemo koetliso e tsoelang pele e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

Barab’abo rōna ba nang le phihlelo, ba hōlileng tsebong ba tsoang linaheng tse ling, ba fane ka thuso e eketsehileng, haholo-holo tabeng ea tsamaiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng. Ho tšoana le lithupa tse tšehelitseng lifate tse behang tsa morara, bathusi bana ba tsoang lichabeng tse ling ba nang le bokhoni ba bileng ba ikemiselitseng ho thusa ba tšehelitse liphutheho le ho li fa botsitso.

Nako ea Keketseho e Sekhahla

Ho eketseha ho sekhahla ha lenane la barutuoa Moldova ho bonahala ka ho hlaka motse-moholo, Chisinau, o nang le baahi ba 662 000. Ka January 1991, pele Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao, ho ne ho e-na le liphutheho tse peli feela Chisinau tse nang le bahoeletsi ba ka bang 350. Empa ka January 2003, lenane leo le ne le nyolohetse ho liphutheho tse 37 tse nang le bahoeletsi ba fetang 3 870! Phuthehong e ’ngoe, ka likhoeli tse robong feela liithuti tsa Bibele tse 101 li ile tsa qalisa ho ba bahoeletsi ba bacha! Ka lebaka la keketseho eo e sekhahla, ho tloaelehile hore liphutheho tse ling motseng oo li aroloe ka mor’a lilemo tse peli feela kapa nako e isang moo.

Ka August 1993, naheng eohle ea Moldova ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 6 551. Empa ka March 2002, lenane leo le ne le nyolohetse ho 18 425—e leng keketseho ea 280 lekholong ka lilemo tse robong! Ka eona nako eo, lenane la bo-pula-maliboho ba kamehla le ile la tloha ho 28 la nyolohela ho 1 232.

O Tlohela ho ba Motlatsi oa Ramotse e ba Pula-maliboho

Har’a ba ileng ba amohela tsebo ea Jehova ho na le ba bangata bao e neng e le Makomonisi, ba bang ba bona ba bile ba le maemong a phahameng a lipolotiki. E mong oa bona ke Valeriu Mârza, eo e neng e le motlatsi oa ramotse Soroca, e leng motse o nang le baahi ba ka bang 39 000. Liketsahalong tse khethehileng ha ho ne ho entsoe mekoloko, Valeriu e ne e e-ba e mong oa bahlomphehi bao batho ba machang ba neng ba ba lumelisa ka salute ha ba feta sethaleng se khurumelitsoeng. Kahoo, o ne a tsebahala motseng oo.

Leha ho le joalo, qetellong Valeriu o ile a qala ho ithuta Bibele ’me a kolobetsoa. Batho ba ile ba arabela joang ha a ba pakela? Mor’abo rōna Mârza o re: “Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o ne a nkamohela. Ruri hoo ho ne ho mpha monyetla o babatsehang oa ho paka, ’me ’na le mohats’a ka re ne re fumana motse ona oa habo rōna e le tšimo e behang haholo!” Ka mor’a nakoana, Mor’abo rōna Mârza o ile a khetheloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng. Eena le mosali oa hae ba bile ba qeta selemo ba sebeletsa Bethele. Hona joale ba na le tokelo ea ho etsa mosebetsi oa potoloho.

Bo-pula-maliboho Baa Thusa

Lenane la bahoeletsi Moldova ha le bapisoa le la baahi ke le leng la a holimo ka ho fetisisa Europe. Leha ho le joalo, metsana e mengata le litorotsoana tse ngata li ntse li se na Lipaki. Ka lebaka la maemo a thata a moruo, bongata ba bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba sitoa ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane. Ho thusa ho netefatsa hore litaba tse molemo li fihla bathong ba likarolong tsohle tsa tšimo eo, lekala la Romania le khethile bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ka bang 50 Moldova. Ho bona ba fetang 20 ba boetse ba ruile molemo ka ho koetlisoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, se ’nileng sa tšoareloa Romania, Russia le Ukraine.

Baevangeli bana ba sebetsang ka thata ba kotula litholoana tse babatsehang. Ka mohlala, ha banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba khethehileng e leng Serghei le Oxana Zighel ba ne ba abeloa ho ea Căuşeni ka 1995, motse oo o ne o e-na le sehlopha sa bahoeletsi ba 15 feela. Ba ha Zighel ba ile ba thusa barab’abo rōna ba moo ho qalisa lithuto tse ngata tse ncha tsa Bibele. Ba ne ba boetse ba bontša hore ba thabela bopula-maliboho, e leng ho ileng ha fella ka hore ba bang ba bangata ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Hona joale Căuşeni e na le liphutheho tse peli tse nang le bahoeletsi ba ka bang 155—e leng keketseho e imenneng ka makhetlo a leshome ka lilemo tse supileng feela! Hajoale, ba ha Zighel ba mosebetsing oa potoloho, e leng ho ba nolofalletsang ho thusa liphutheho tse eketsehileng.

Tokoloho ha ea Siea Mathata Morao

Puso ea motho, ho sa tsotellehe hore na ke ea mofuta ofe, e na le mathata a eona. Batho ba Jehova Moldova ba ile ba tlameha ho mamella khanyetso ea baruti, ho beheloa lithibelo, mahloriso le ho lelekoa, tlas’a puso ea borena Romania le tlas’a puso ea bohatelli ea Bofasista le ea Bokomonisi. Hona joale, Lipaki Tsa Jehova hammoho le baahelani ba tsona, li tlameha ho phela tlas’a maemo a thata a moruo, a ka qobellang batsoali ka bobeli ho sebetsa. Ba bang ba sokola ho fumana esita le oona mosebetsi ka booona.

Ho ntse ho le joalo, tlōlo ea molao le bobolu li ntse li eketseha ha lerato la lintho tse bonahalang le ho hlepha ha boitšoaro tsona li ntse li thatafalletsa batho lintho. Na batho ba Jehova ba ka hlōla lintho tsee tse poteletseng tse sokelang bomoea ba bona? E, ba ka li hlōla! Ba iponetse ka bobona hore ha ho mohla Jehova a lahlang batho ba hae ba tšepahalang, ba mo tšepileng hore a ba thuse ha ba tleloa ke liteko.—2 Tim. 3:1-5; Jak. 1:2-4.

Boemo bo teng hona joale bo re hopotsa Tšenolo khaolo ea 14, e buang ka mefuta e ’meli ea kotulo ea tšoantšetso. Kotulo e ’ngoe ke ea “sefate sa morara oa lefatše”—e leng litholoana tse mpe, tseo feela joalokaha ho profetiloe, li atang ka potlako matsatsing ana a ho qetela. (Tšen. 14:17-20; Pes. 92:7) Haufinyane ‘sefate sena sa morara,’ hammoho le litholoana tsohle tsa sona tse bolileng, se tla fotholoa ’me se akheloe “ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo.” Bahlanka ba Jehova ba labalabela nako eo hakaakang!

Khabareng, Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ba thabela nala ea bona ea moea. E, “serapa [sa Jehova] sa morara sa veine e phophomang” se tla tsoela pele ho hlahisa chai ea lijo tse matlafatsang tsa moea, se hulele ba kang linku naleng ea sona. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba ka kholiseha ka see? Hobane Jehova ka boeena o sireletsa serapa sa hae sa bohlokoa sa morara. (Esa. 27:2-4) Ka sebele sena ke se etsahetseng Moldova! Ke ’nete hore maqiti a Satane—ebang ke mahloriso, ho lelekoa, ho jala liphatlalatso tsa mashano, kapa barab’abo rōna ba bohata—a baketse batho ba Molimo mathata empa ha ho mohla a kileng a ba hlōla moeeng.—Esa. 54:17.

E, “ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo Jehova a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.” (Jak. 1:12) U hopotse mantsoe ana a bohlokoa, e se eka pale ena ea Lipaki Tsa Jehova Moldova e ka u susumelletsa hore u ‘tsoele pele u rata’ Jehova, u “mamella teko” le hore ‘u ’ne u behe litholoana tse ngata.’—Joh. 15:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ntle le haeba taba eo ho buuoang ka eona e hloka hore ho etsoe ho fapaneng, ho tla sebelisoa Moldova ho fapana le Bessarabia le Moldavia. Leha ho le joalo, hopola hore meeli ea Moldova e teng hona joale ha e tšoane le meeli ea pele ea Bessarabia le Moldavia. Ka mohlala, hona joale karolo e ’ngoe ea Bessarabia e se e oela Ukraine, ha e ’ngoe ea Moldavia e oela Romania.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 71]

Moliko oa Veine o Fepelang Russia le Europe Bochabela

Lehlabula le nkang nako e telele Moldova le mobu oa teng o manoni li e etsa hore e be sebaka se loketseng bakeng sa tlhahiso ea veine—e leng khoebo e bileng teng ka lilemo tse likete. Qetellong ea lekholo la boraro la lilemo B.C.E., tlhahiso ea veine e ile ea eketseha ha baahi ba moo ba theha maqhama le Bagerike ’me hamorao lekholong la bobeli la lilemo C.E., ba a theha le Baroma.

Kajeno, tlhahiso ea veine ke tšiea ea temo Moldova, e nang le libaka tse ka bang 130 tsa tlhahiso ea veine tse hlahisang lilithara tse ka bang limilione tse 140 ka selemo. Hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea veine e romeloa linaheng tse ling, haholo-holo Russia le Ukraine, Russia e romeloa karolo ea 80 lekholong ha Ukraine e romeloa karolo ea 7 lekholong.

[Lebokose le leqepheng la 72]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Moldova

Naha: Karolo e bohareng le e ka leboea ea Moldova ke sebaka se tletseng meru se nang le lihlaba le masabasaba, kapa makhulo a matala. Boholo ba karolo e ka boroa ke sebaka se sabaletseng sa temo.

Batho: Matsoalloa a Moldova a etsa karolo ea bobeli borarong ea baahi. Karolo e setseng e tlatselletsoa ke Marussia, Maukraine, Magagauze, Mabulgaria le Bajuda ka ho latellana. Batho ba bangata ba Moldova ba kena Kereke ea Orthodox ea Bochabela.

Puo: Puo e sebelisoang linthong tsa molao ke Seromania. Batho ba bangata ba boetse ba bua Serussia, haholo-holo metseng e meholo, e leng ho etsang hore lipuo tseo tse peli e be tsona tse tloaelehileng.

Mokhoa oa boipheliso: Temo le ho lokisoa ha lihlahisoa tsa lijo bakeng sa thekiso ke tšiea ea moruo. Tšebetso ea tlhahiso ea thepa e ntse e ntlafatsoa.

Lijo: Lijalo li akarelletsa morara, koro, lihoete tsa tsoekere le sonobolomo. Liphoofolo tse ruuoang haholo ke likhomo tsa nama le tsa lebese le likolobe.

Boemo ba mohatsela le mocheso: Thempereichara e tloha ho likhato tse ka bang 4 tsa Celsius ka tlaase ho ntlha-khoamo ka January e ee ho likhato tse ka bang 21 tsa Celsius ka July. Ka kakaretso, ho batla ho futhumetse ’me le mariha ha a bate hakaalo. Ka selemo ho na pula ea lisenthimithara tse ka bang 50.

[Lebokose le leqepheng la 83-85]

Mehlala e Ikhethang ea ho se Nke Lehlakore ha Bokreste

George Vacarciuc: Mor’abo rōna Vacarciuc o hōlisitsoe e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka December 1942 Mafasista a ile a mo bitsetsa tšebeletso ea sesole. O ile a hana ho nka lihlomo eaba o koalloa ka matsatsi a 16 ka seleng e lefifi la bonka-ntjana a ntse a fuoa lijo tse seng kae feela. Ba boholong ba ile ba boela ba mo bitsa, ba mo tšepisa ho hlakola kahlolo eo a e filoeng—eo a neng a e-s’o e bolelloe—haeba a ne a ka etsa seo a se laetsoeng pejana. O ile a boela a hana.

Ka lebaka leo, George o ile a ahloleloa lilemo tse 25 chankaneng. Empa o ile a lokolloa ha mabotho a Soviet Union a fihla ka la 25 September, 1944. Leha ho le joalo, le pele likhoeli tse peli li feta, Masoviet a ile a leka ho mo qobella ho kena sesoleng. Kaha o ne a ke ke a etsa se khahlanong le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele, o ile a ahloleloa lilemo tse leshome a sebetsa ka thata likampong tse sa tšoaneng. Lelapa labo le ile la qeta likhoeli tse 12 le sa tsebe moo a leng teng. Mor’abo rōna Vacarciuc o ile a lokolloa ka la 5 December, 1949, ka mor’a ho hoehla lilemo tse hlano. O ile a khutlela ha habo Corjeuţi ’me a tsoela pele a tšepahala ho fihlela a hlokahala ka la 12 March, 1980.

Parfin Goreacioc: Mor’abo rōna Goreacioc, ea hlahileng ka 1900, o ile a ithuta ’nete ea Bibele motseng oa Hlina pakeng tsa selemo sa 1925 le sa 1927. Eena hammoho le banab’abo, e leng Nicolae le Ion, ba ile ba ithuta ’nete ho Damian le Alexandru Roşu, e leng Liithuti tsa pele tsa Bibele motseng oo.

Ka 1933, Parfin o ile a tšoaroa hammoho le Lipaki tse ling ’me a isoa motseng oa Khotin, moo a ileng a hlongoa lipotso a ntan’o lefisoa ka lebaka la boboleli. Ka 1939, Parfin o ile a isoa seteisheneng sa mapolesa motseng o haufi oa Ghilavăţ, e le ka tšusumetso ea moprista oa moo motseng. Ha a le moo mapolesa a ile a mo tlamella betheng ea mapolanka e se nang materase a mo shebisitse fatše ’me a mo otla ka makhetlo-khetlo ka tlas’a maoto.

Ha Mafasista a khutlela pusong, Parfin o ile a boela a tšoaroa ’me a isoa chankaneng. Leha ho le joalo, selemong sona seo Masoviet a ile a mo lokolla, empa a boela a tšoaroa ka lebaka la ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. A ile a mo koalla likhoeli tse ’maloa chankaneng Chisinau a ntan’o mo lokolla.

Ka 1947 Masoviet a ile a boela a tšoara Parfin, ’me lekhetlong lena a mo ahlolela ho qeta lilemo tse robeli a le palehong ka lebaka la ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Ka 1951 bana ba hae ba ile ba isoa Siberia. Empa ha baa ka ba kopana le ntate oa bona. Ha e le hantle, ha baa ka ba hlola ba mo bona. Parfin o ile a kula hampe ha a ntse a le palehong a ba a hlokahala ka 1953, a ntse a tšepahetse ho isa qetellong.

Vasile Pădureţ: Mor’abo rōna Pădureţ, ea hlahetseng Corjeuţi ka 1920, o ile a ithuta ’nete ka 1941 nakong ea puso ea Bofasista. Kahoo, le eena o ile a hlorisoa pusong ea Mafasista le ea Masoviet. Pusong ea Masoviet, o ile a re ka sebete: “Ha kea thunya Mabolshevik, ’me ha ke na ho bolaea Mafasista.”

Ka lebaka la boemo bona ba hae ba ho hana ho kena sesoleng hobane a hlompha letsoalo le ka lebaka la ho itšetleha ha hae ka Bibele, Vasile o ile a ahloleloa lilemo tse leshome kampong ea mosebetsi o boima Soviet Union. Leha ho le joalo, kahlolo ea hae e ile ea fokoletsoa ho lilemo tse hlano, ’me o ile a khutlela hae ka la 5 August, 1949. Ha a tšoaroa ka lekhetlo la boraro, Operation North e ne e se e qalile. Kahoo ka la 1 April, 1951, Vasile le ba lelapa la hae ba ile ba kena lekarecheng ba isoa Siberia. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ka bang hlano ba le moo, ba ile ba lumelloa ho khutlela Corjeuţi, Moldova. Vasile o hlokahetse a tšepahala ho Jehova ka la 6 July, 2002, ha ho ntse ho hlophisoa tlaleho ena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 89, 90]

‘Ke ne Nke ke ka Tela Bophelo ba ka ba Tšebeletso ka Lebaka la Ntho Leha e le Efe’

Ion Sava Ursoi

O Hlahile ka: 1920

O Kolobelitsoe ka: 1943

Pale ea Bophelo ba Hae: O sebelelitse e le molebeli oa potoloho nakong ea puso ea Bokomonisi.

Ke hlahetse Caracuşeni, Moldova, ’me ka ithuta ’nete pele Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma. Mohats’a ka o hlokahetse ka 1942. Lepatong la hae mahoohoo a ile a nteleka mabitleng. Ka lebaka lefe? Hobane ke ne ke fetotse bolumeli ba ka. Hamorao selemong sona seo, puso ea Bofasista e ile ea leka ho nqobella ho kena sesoleng. Kaha ke ne ke lakatsa ho lula ke sa nke lehlakore lipolotiking, ke ile ka hana ho kena sesoleng. Ke ile ka ahloleloa lefu, empa hamorao kahlolo eo e ile ea theoleloa ho lilemo tse 25 chankaneng. Ke ile ka tlosoa kampong e ’ngoe ka isoa ho e ’ngoe. Ha ke ntse ke le chankaneng Craiova, Romania, lebotho la Soviet Union le ile la fihla ’me la re lokolla.

Hang feela ha ke qeta ho lokolloa, Makomonisi a ile a nkhutlisetsa chankaneng. A ile a nkisa Kalinin, Russia. Lilemo tse peli hamorao, ka 1946, a ile a ntokolla ’me ka ea motseng oa heso, moo ke ileng ka thusa ho hlophisa bocha mosebetsi oa boboleli. Ka 1951, Masoviet a ile a boela a ntšoara. Lekhetlong lena a ile a nteleka, hammoho le Lipaki tse ling tse ngata, a re isa Siberia. Ha kea ka ka khutlela hae ho fihlela ka 1969.

Ha ke hetla morao bophelong ba ka, ke hopola maemo a mangata ao ho ’ona Jehova a ileng a ’matlafatsa e le hore ke lule ke tšepahala. Ke ne nke ke ka tela bophelo ba ka ba ho sebeletsa ’Mōpi oa ka ka lebaka la ntho leha e le efe lefatšeng. Hona joale ke loana le mathata a botsofali le a bokuli. Empa tšepo e tiileng ea ho phela lefatšeng le lecha, ha ’mele oa ka o boetse o nchafala, e matlafatsa qeto ea ka ea ho ‘se tele ho etsa se setle.’—Bagal. 6:9.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 100-102]

Ke na le Mabaka a Mangata a ho Bina

Alexandra Cordon

O Hlahile ka: 1929

O Kolobelitsoe ka: 1957

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a hlorisoa pusong ea Soviet Union ’me hona joale o sebeletsa e le mohoeletsi oa phutheho.

Ho rata ha ka ’mino ho nthusitse ho fumana ’nete le hore hamorao ke lule ke le matla moeeng ha tumelo ea ka e lekoa. Pale ea ka e qala lilemong tsa bo-1940, ha ke sa le mocha ’me ke kopana le sehlopha sa bacha ba bang Corjeuţi ba neng ba rata ho qeta nako ea bona ea boikhathollo ba bina lipina tsa ’Muso ba bile ba buisana ka Bibele. Linnete tsa moea tseo ke ileng ka ithuta tsona lipuisanong tseo le lipineng tseo li ile tsa nkama ka ho teba.

Ka mor’a nakoana ke ile ka ba mohoeletsi oa litaba tse molemo. Sena se ile sa etsa hore ke tšoaroe ka 1953, hammoho le Lipaki tse ling tse leshome. Ha ke ntse ke emetse nyeoe, ke ile ka koalloa chankaneng Chisinau. Ke ne ke ipoloka ke le matla moeeng ka ho bina lipina tsa ’Muso, tseo ntle ho pelaelo li neng li halefisa molebeli e mong. O ile a re: “Ke chankaneng mona uena. Hase moo ho bineloang teng!”

Ke ile ka mo araba ka ho re: “Bophelong bohle ba ka e sa le ke bina. Ke hobane’ng ha ke lokela ho tlohela hona joale? U ka ’na ua nkoalla, empa u ke ke ua nkoala molomo. Pelo ea ka e lokolohile, ’me ke rata Jehova. Kahoo ke na le mabaka a mangata a ho bina.”

Ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse 25 kampong ea mosebetsi o boima Inta, e haufi le Arctic Circle. Likhoeling tse seng kae tsa lehlabula, ’na le Lipaki tse ling re ne re sebetsa morung o haufi le moo. Le moo, lipina tsa ’Muso, tseo bongata ba tsona re neng re li tseba ka hlooho, li ile tsa re thusa ho lula re le matla moeeng le ho ikutloa re lokolohile pelong. Ho feta moo, balebeli ba rōna, ho fapana le eloa ea Chisinau, ba ne ba re khothalletsa ho bina.

Ke ile ka qeta lilemo tse tharo, likhoeli tse tharo le matsatsi a mararo kampong ea Inta. Ka lebaka la tšoarelo e fanoang ke ’muso, ke ile ka lokolloa. Kaha ke ne ke sa lumelloa ho khutlela hae Moldova, ke ile ka ea Tomsk, Russia. Ha ke le moo ke ile ka kopana hape le monna oa ka, eo le eena a neng a qetile nako a le chankaneng. Re ne re qetile lilemo tse ’nè re arohane.

Ka lebaka la ho tšoaroa, ke ne ke e-s’o tšoantšetse boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Kahoo ke ile ka botsa barab’abo rōna ba Tomsk ka taba ena. Kaha le ba bang ba ’maloa ba ne ba batla ho kolobetsoa, ka potlako barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ho be le kolobetso. Leha ho le joalo, kaha ho ne ho behiloe thibelo, ba ile ba etsa qeto ea hore ba e etse bosiu letšeng le leng le ka morung o haufi le moo.

Ha nako e behiloeng e fihla, re ile ra tloha mathōkong a Tomsk ra ea ka morung re tsamaea ka bobeli e le hore re se ke ra tsosa libata masene. Ba babeli ba ne ba lokela ho latela ba babeli ba ka pel’a bona ho fihlela bohle ba fihla letšeng ba sireletsehile. Ke kamoo lintho li neng li reriloe kateng. Ka bomalimabe, baralib’abo rōna ba babeli ba seng ba hōlile ba neng ba le ka pel’a rōna ba ile ba kheloha tsela. Re ile ra ba latela, ’me le ba ka mor’a rōna ba re latela ka botšepehi. Ka mor’a nakoana re ne re tsamaea re khetšemela har’a lefifi, re le ba ka bang leshome, re le metsi re re tee! re kolobisitsoe ke lihlahla re bile re qhaqhasela. Ho ne ho tsebahala hore sebakeng seo ke moo libere le liphiri li lallang teng, kahoo re ne re tšohile hore re ka ’na ra kopana le tsona. Re ne re tšohile hoo le mokhoathatsa feela o neng o re tsitsipanya.

Ke ile ka hlokomela hore ha rea lokela ho tšoha kapa ho nyahama, kahoo ka etsa tlhahiso ea hore re eme re khutsitse ’me re bine pina ea ’Muso ka mololi, ke tšepa hore ba bang ba ka ’na ba re utloa. Re ile ra boela ra rapela ka tieo. Kahoo u ka inahanela kamoo re ileng ra thaba kateng ha re utloa molumo oa pina e tšoanang o tla o re lebile har’a lefifi leo! E, barab’abo rōna ba ne ba re utloile! Ka potlako, ba ile ba khantša toche e le hore re khone ho tla ho bona. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra kolobetsoa ka metsing a batang, re bile re sa utloe le hore aa bata hobane re ne re thabile haholo.

Hona joale ke lilemo li 74 ’me ke khutletse Corjeuţi, moo ke fumaneng ’nete teng ka lekhetlo la pele. Le hoja ke se ke hōlile, ke ntse ke e-na le mabaka a mangata a ho bina, haholo-holo ho tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 104-106]

Ke Ile ka Leka ho Latela Mohlala oa Batsoali ba Ka

Vasile Ursu

O Hlahile ka: 1927

O Kolobelitsoe ka: 1941

Pale ea Bophelo ba Hae: O sebelelitse e le mohlanka oa phutheho a ba a sebetsa ka sekhukhu ho hlahisa lingoliloeng.

Batsoali ba ka, e leng Simeon le Maria Ursu, ba kolobelitsoe ka 1929. Ke ’na e moholo baneng ba bona ba bahlano. Nakong ea puso ea Bofasista, Ntate le ’Mè ba ile ba tšoaroa ’me ba ahloleloa lilemo tse 25 ba sebetsa ka thata ka lebaka la boemo ba bona ba ho se nke lehlakore. Bara le barali babo rōna ba moea ka phuthehong ea Corjeuţi, e haufi le moo, ba ile ba re hlokomela, ’na hammoho le banab’eso, le ho hlokomela polasi eso. Kahoo, re ne re lula re e-na le lijo tse lekaneng. Nkhono oa rōna ea neng a se a hōlile, ea neng a se ’neteng, le eena o ile a thusa ho re hlokomela. Ke ne ke le lilemo li 14 ka nako eo.

Ka lebaka la mohlala o motle oa batsoali ba ka, ke ile ka leka ka matla ho hlokomela banab’eso moeeng. E le hore ke finyelle seo, ke ne ke ba tsosa hoseng letsatsi ka leng e le hore re tšohle karolo e itseng ea lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Ka linako tse ling ba ne ba sa rate ho tsoha, empa ke ne ke sa ba fe boikhethelo. Ke ne ke hlokomela bohlokoa ba ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta. Ka hona, ha batsoali ba rōna ba lokolloa pele ho nako ’me ba khutlela hae ka 1944, ba ile ba thaba ha ba bona kamoo re phelang hantle kateng moeeng. Eo e ile ea e-ba kopano e thabisang hakaakang! Leha ho le joalo, thabo ea rōna e ile ea e-ba ea nakoana.

Selemong se latelang seo, Masoviet a ile a tšoara Ntate ’me a mo koalla chankaneng Norilsk, Siberia, ka holimo ho Arctic Circle. Lilemo tse tharo hamorao, ke ile ka nyala Emilia, morali’abo rōna ea mafolofolo, ea ratang lintho tsa moea. Re ne re hōtse ’moho, kahoo ke ne ke mo tseba hantle. Leha ho le joalo, ka mor’a selemo feela re chatile, ’na le ’Mè re ile ra tšoaroa. Re ile ra isoa Chisinau, moo re ileng ra ahloleloa lilemo tse 25 re sebetsa ka thata. Ka lerato Emilia o ile a hlokomela banab’eso, bao joale ba neng ba se ba amohuoe batsoali ba bona le abuti oa bona.

Qetellong, ke ile ka isoa morafong oa mashala Vorkuta, e leng kampo e tummeng hampe ea mosebetsi o boima e ka leboea ho Arctic Circle. Lilemo tse peli hamorao, ka 1951, Emilia le baena ba ka ba bararo le khaitseli ea ka ba ile ba isoa Tomsk, karolong e ka bophirimela ea Siberia. Ka 1955, Emilia o ile a kōpa hore a isoe Vorkuta hore re e’o ba hammoho. Ha a le moo o ile a ba le ngoana oa pele baneng ba rōna ba bararo, mosetsana eo re ileng ra mo reha Tamara.

Ka September 1957 ’muso o ile oa phatlalatsa hore o fana ka tšoarelo, eaba rea lokolloa. Empa khoeli hamorao ka boela ka tšoaroa. Lekhetlong lena ka ahloleloa lilemo tse supileng kampong ea mosebetsi o boima Mordvinia, haufi le Saransk, Russia. Barab’abo rōna ba bang ba bangata le bona ba ne ba koaletsoe moo, ’me ho ne ho tla tlisoa ba bang ba eketsehileng. Basali ba rōna ba ne ba khona ho re khoaella lingoliloeng nako le nako ha ba re etetse, e leng ho neng ho re thabisa haholo. Ka December 1957, Emilia o ile a fallela Kurgan, karolong e ka bophirimela ea Siberia, e le hore a hlokomele morali oa rōna, Tamara, ea neng a ntse a lula le batsoali ba Emilia. Ka lebaka leo, ’na le Emilia re ile ra qeta lilemo tse supileng re arohane. Empa eo e ne e le eona feela tsela eo ka eona re ka thibelang hore Tamara a isoe setsing se tsamaisoang ke ’Muso.

Ka 1964, ke ile ka lokolloa empa ke ne ke sa lumelloa ho khutlela Moldova. Le hoja ho isa bohōleng bo itseng ka molao ke ne ke ntse ke thibetsoe ho tsamaea, ke ile ka khona ho ea ho mohats’a ka le morali’a ka Kurgan, moo ke ileng ka sebeletsa teng ke le mokhanni oa thuto ea buka ea phutheho. Ka 1969 re ile ra fallela Krasnodar, Caucasus. Ka mor’a ho sebeletsa moo ka lilemo tse robeli, re ile ra fallela Chirchik, Uzbekistan. Moo ke ne ke etsa mosebetsi oa khatiso ka sekhukhu. Qetellong ka 1984 re ile ra lumelloa ho khutlela Moldova. Re ile ra lula Tighina, e leng motse o nang le baahi ba 160 000 le bahoeletsi ba 18 feela. Ha lilemo li ntse li ea, sehlopha sena se senyenyane se ile sa hōla ho ba liphutheho tse robong tse nang le bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba ka bang 1 000.

Na kea ikoahlaea ka lilemo tse ngata tseo ke li qetileng ke le kampong ea mosebetsi o boima le chankaneng ka lebaka la Morena? Le hanyenyane! Ke tseba hantle se amehang, ke se tsebile ke sa tsoa kolobetsoa ke le lilemo li 14: hore ntho li peli, u rata Molimo, kapa u rata lefatše! Hoba ke etse qeto ea ho sebeletsa Jehova, ha kea ka ka nahana ka ho sekisetsa.—Jak. 4:4.

[Litšoantšo]

Ka ho le letšehali: Vasile Ursu

Thōko ka ho le letšehali: Vasile le mosali oa hae Emilia, hammoho le morali oa bona, Tamara

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 108-110]

Moshanyana ea Nkileng Palesa o Ile a Nkama Pelo

Valentina Cojocaru

O Hlahile ka: 1952

O Kolobelitsoe ka: 1997

Pale ea Bophelo ba Hae: E ne e le tichere pusong ea Soviet Union, har’a lithuto tseo a neng a li ruta e ne e le thuto ea hore Molimo ha a eo.

Ka 1978, ke ne ke ruta kereche Feteşti, Moldova. Ke ne ke bile ke sa lumele hore Molimo o teng. Sebokeng sa rōna sa matichere, re ne re laetsoe hore re hlokomele ka ho khetheha bana ba Lipaki Tsa Jehova ka sepheo sa ho ba ruta hore Molimo ha a eo. Ke ile ka thabela khopolo ena. Kahoo ke ile ka batla litsela tse hohelang tsa ho finyella lipelo tsa liithuti tsa ka tseo e leng Lipaki. Ke ile ka tla le leqheka leo ke neng ke lumela hore le tla sebetsa.

Ke ile ka laela tlelase hore e etse lirapa tse peli tsa lipalesa. Ho se seng, bana ba ne ba lokela ho lema lipalesa, ba li nosetse le ho li hlaolela. Empa ba ne ba sa lokela ho etsa letho ho se seng. Ke ile ka ba bolella hore seo ke sa Molimo. O ne a tla itlhokomella sona. Tlelase e ile ea thabela morero oo. Ke ’nete hore ha bana ba ntse ba lema, ba nosetsa ba bile ba hlaolela serapa sa bona, “seratsoana sa Molimo” sona se ne se koahetsoe ke lehola.

Joale ka le leng la matsatsi, ho elile ho bile ho futhumetse, ka bitsetsa tlelase ka pel’a liratsoana tseo. Ke ile ka babatsa bana ka mosebetsi o motle oo ba o entseng, ka ntan’o tla ka lintlha tsa ka tseo ke li nahanneng ka hloko. Ka ba botsa: “Na le hlokometse tjee hore Molimo ha aa etsa letho seratsoaneng sa hae sa lipalesa? Na see ha se bontše ka ho hlaka hore seratsoana see ha se na mong’a sona?”

Bana ba ile ba lumela hore ho bonahala ho hlile ho le joalo. Ka ntan’o toboketsa ntlha ea ka: “Lea bona joale, bana, seratsoana sena sa lipalesa se tjena hobane taba ea hore Molimo o teng ke khopolo-taba feela eo batho ba nang le eona. Kahoo haeba Molimo ha a hlile ha a eo, a ka hlokomela lipalesa kapa ntho leha e le efe e ’ngoe joang?”

Ha ke ntse ke bua, ke ne ke ntse ke akhela mahlo ho bona hore na bana ba arabela joang. Ke ile ka hlokomela hore moshanyana e mong, eo batsoali ba hae e leng Lipaki, ha aa tsitsa. O ile a qetella a se a sitoa ho ithiba. O ile a mathela tšimong e ’ngoe e haufi le moo, a kha palesa ea naha, eaba o ntlisetsa eona, o re: “Haeba Molimo ha a eo, ke mang joale ea entseng hore palesa ee e hōle? Ha ho le ea mong oa rōna ea e hlokometseng.” Tsela e utloahalang eo a ileng a beha taba ka eona e ile ea nkotla botsekaneng. Botebong ba pelo, ke ile ka hlokomela hore ngoana enoa o buile ntlha ea bohlokoa.

Ka lebaka la ho hōlela ha ka Bokomonising, ho ile ha nkuka lilemo hore ke nke khato e latelang—e leng ea ho hlahloba Bibele. Leha ho le joalo, ka 1995, ke ile ka buisana le Lipaki tsa sebakeng sa heso ’me ka kōpa thuto. U ka inahanela hore na ke ile ka thaba joang ha ke hlokomela hore e mong oa bana bao ke neng ke ba ruta e se e le e mong oa matichere a ka!

Ke ’nete hore puso ea Bokomonisi e mphile thuto e ntle ea sekolo. Empa e hlōlehile ho nthuta thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Kajeno, ka thuso ea Jehova le moshanyana eo ea sebete, ke khona ho sebelisa tsebo ea ka ea lithuto tsa moea le tsa sekolo ho thusa ba bang ho hlokomela hore Molimo o teng le hore o tsotella ka ho teba batho bao a ba bōpileng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 113-115]

Ke Hlahetse Kholehong

Lidia Sevastian

O Hlahile ka: 1954

O Kolobelitsoe ka: 1995

Pale ea Bophelo ba Hae: Ka mor’a ho hōlisoa ke ’mè oa hae oa Paki le ntate ea sa lumelang, o ile a qeta lilemo tse ngata a arohane le Lipaki Tsa Jehova.

’Mè le Nkhono e bile Lipaki Tsa Jehova lilemong tse qalang tsa bo-1940. Le hoja Ntate e ne e le motho ea molemo, ha aa ka a amohela ’nete ea Bibele ka nako eo. Ka 1951, ’Mè o ne a e-na le bana ba babeli ’me a lebeletse mafahla. Ka April selemong sona seo, ba boholong ba ile ba leka ho arola lelapa leso. Ha Ntate a ile mosebetsing, ba ile ba nka ’Mè—ea neng a le haufi le ho pepa—le baholoane ba ka ba ba kenya tereneng e eang Siberia. Leha ho le joalo, pele ba tloha, ’Mè o ile a khona ho romela Ntate molaetsa, eaba Ntate o tla hae ka potlako. Le hoja e ne e se Paki, o ile a kena tereneng ’me a ea kholehong le lelapa la hae.

Nakong ea leeto le eang Siberia, ’Mè o ile a lumelloa hore a sale ho se hokae motseng oa Asino ho ea pepa mafahla a hae. Litho tse ling tsa lelapa li ile tsa lokela ho ea seterekeng sa Tomsk, moo Ntate a ileng a li lokisetsa bolulo. O ile a abeloa ho sebetsa hammoho le barab’abo rōna. Ka mor’a libeke li se kae, ’Mè le mafahla a hae a sa tsoa tsoaloa ba ile ba khutlela ho ba bang ba lelapa. Ka bomalimabe, mafahla ao a ile a hlokahala ka lebaka la maemo a thata ao lelapa le neng le tlameha ho phela ho ’ona.

Leha ho le joalo, bana ba bang ba bane ba ile ba hlahela kholehong, ho akarelletsa le ’na le khaitseli ea ka eo e leng lefahla-’moho le ’na. Ntate o ile a re hlokomela kaofela ka botšepehi. Qetellong, ka 1957, re ile ra lumelloa ho khutlela motseng oa habo rōna. ’Mè o ile a tsoela pele ho tebisa melao-motheo ea Bibele lipelong tsa rōna, le hoja mapolesa a mautloela a ne a mo behile leihlo.

Ka lehlakoreng le leng, Ntate o ne a amehile haholo ka hore bana ba hae ba fumane thuto e ntle ea sekolo. Kahoo ha ke le lilemo li 16, ke ile ka ea Chisinau ho ea ithuta univesithing. Hamorao, ke ile ka nyaloa ’me ka fallela Kazakhstan, moo ke ileng ka ba hōle le batsoali ba ka le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng. Ke ile ka khutlela Chisinau ka 1982 ’me hang-hang ka qala ho batla phutheho ea batho ba Jehova, empa ka se ke ka e fumana. Ke ile ka qeta lilemo tse robeli ke ikutloa eka ke ’na feela motseng oo ea batlang ho rapela Jehova.

Eare ka letsatsi le leng ha ke ntse ke emetse bese, ka utloa basali ba bang ba babeli ba bua ka Jehova. Ke ile ka atamela e le hore ke utloe seo ba buisanang ka sona. Kaha ba ne ba nahana hore ke lehlahana la KGB, basali bao ba ile ba qala taba e ’ngoe esele. Ke ile ka ba sala morao ha ba qala ho tsamaella thōkoana, e leng ho ileng ha ba tšosa. Kahoo ke ile ka ba atamela ka potlako, ’me ka mor’a ho buisana le bona ho se hokae, ba ile ba nkholoa. Qetellong ke ile ka bona ha toro ea ka ea ho kopanela le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng e phethahala! Empa ka bomalimabe, monna oa ka o ile a hanyetsa boemo ba ka.

Ka nako eo, re ne re e-na le bana ba babeli. Ka 1992, ke ile ka buuoa mokokotlo ’me ka tlameha ho qeta likhoeli tse tšeletseng ke le sepetlele ke robetse ke sa sisinyehe. Nakong eo ea ha ke ne ke nyahame bophelong, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e thabisang: Mora oa ka, Pavel, o ile a khetha ho ema le Jehova ’me a kolobetsoa ka 1993 kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Kiev. Ka mor’a nako ke ile ka hlaphoheloa ka ho lekaneng ’me ka boela ka khona ho tsamaea. Kahoo, ka 1995, le ’na ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova.

Kajeno, beng ka ’na ba bangata ke Lipaki, e leng se etsang hore ke lebohe Jehova le ’Mè, eo ke sa lebaleng mohlala oa hae o tiileng. Kea thaba hore ebe ntate oa ka ea neng a re hlokometse ka botšepehi, le eena e ile ea e-ba e mong oa bahlanka ba Jehova, pele a hlokahala.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 117, 118]

Mahlabelo a Rōna Hase Letho ha a Bapisoa le Seo Jehova a se Entseng

Mihai Ursoi

O Hlahile ka: 1927

O Kolobelitsoe ka: 1945

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a hlorisoa ke Mafasista le ke Makomonisi.

Ke bile mohoeletsi oa litaba tse molemo ka 1941. Ka 1942, ha ke le lilemo li 15, ke ne ke lokela ho koetlisetsoa bosole sekolong se seng sa haeso. Ka tlelaseng ho ne ho fanyehiloe setšoantšo sa Morena Michael oa Romania, sa Molaoli Antonescu le sa Moroetsana Maria. Ha sehlopha sa rōna se kena ka tlelaseng, re ne re lokela ho khumama ka pel’a litšoantšo tseo le ho etsa pontšo ea sefapano. ’Na le ba bang ba babeli re ile ra hana ho etsa seo.

Ka lebaka la seo mapolesa a moo a ile a re teteka ka sehlōhō. Re ile ra sesa bosiu re le sekolong moo. Hoseng ra isoa Corjeuţi, moo le teng re ileng ra fihla ra otloa. Ho tloha Corjeuţi re ile ra isoa libakeng tse ling tse seng kae pele re tsamaisoa lik’hilomithara tse ka bang 100 ka maoto ho ea qosoa lekhotleng la sesole. Maoto a ka a ne a tsoa mali ke ho tsamaea hoo. Qetellong, ke ile ka khutlisetsoa hae ke sa ahloloa, mohlomong ka lebaka la lilemo tsa ka.

Ha ke le lilemo li 18, ba boholong ba Soviet Union ba ile ba ’ngolisa sesoleng. Ke ile ka boela ka hana ho sekisetsa boemo ba ka ba ho se nke lehlakore ’me ka tetekoa ka sehlōhō, ’na le motsoalle oa ka Gheorghe Nimenco. Ha e le hantle, o ile a hlokahala ka mor’a libeke tse tšeletseng ka lebaka la maqeba a hae. Ke ile ka boela ka khutlisetsoa hae, mohlomong ka lebaka la lilemo tsa ka. Masoviet a ile a boela a ntšoara ka 1947, lekhetlong lena a ntšokela ka hore a tlil’o nthunya haeba ke hana ho kena sesoleng. Leha ho le joalo, ho e-na le ho nthunya a ile a nkoalla likhoeli tse peli ke le mong ka seleng, ka mor’a moo a nkisa moo ho sebetsoang ka thata Volga-Don Canal. Oo e ne e le mosebetsi o kotsi, ’me ba bangata ba ile ba shoa. Kotsing e ’ngoe moo ho ileng ha shoa batho ba bangata, ho ne ho sale hanyenyane feela ke e-tsoa kotsi eaba ke khutlisetsoa hae Moldova.

Ha ke le moo ke ile ka nyala. Ka 1951 ’na le mohats’a ka, Vera, eo e neng e le moimana ka nako eo re ile ra isoa kholehong, qalong re ile ra tsamaea ka terene ra ntan’o kena sekepeng se ileng sa re isa morung o lulang o le motala oa Siberia, e leng sebaka se seholo sa moru se ho elella ntlheng e ka leboea ea lefatše, moo ke ileng ka tlameha ho rema lifate. ’Na le Vera re ne re kopanetse folete le malapa a mang a 16. Ho thabisang ke hore ka 1959 re ile ra lumelloa ho khutlela hae Moldova.

Ke ile ka matlafatsoa ke lintho tse ’maloa lilemong tseo tse thata le ho ea pele. E ’ngoe ea tsona ke mohlala oa tumelo o ileng oa behoa ke moholoane oa ka Ion. (Bona leqephe la 89.) O ile a ahloleloa lefu, ’me le hoja a ne a sa tsebe hore o tla fuoa kahlolo e ’ngoe e bobebe, o ile a hana ho sekisetsa. Ho nahana kamoo Jehova a ’nileng a ntlhokomela kateng, ’me hamorao a hlokomela mohats’a ka nakong ea liteko tseo re fetileng ho tsona ka lebaka la lebitso la hae, le hona hoa ’matlafatsa. Leha ho le joalo, mahlabelo a rōna hase letho ha a bapisoa le seo Jehova a re etselitseng sona ka ho romela Mora oa hae hore a shoe e le thekollo bakeng sa rōna. Ho nahana ka sehlabelo seo se ikhethang ho nthusa hore ke lule ke thabile letsatsi ka leng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 121-123]

Ke Bone Tlhokomelo ea Jehova e Lerato

Mihailina Gheorghiţa

O Hlahile ka: 1930

O Kolobelitsoe ka: 1947

Pale ea Bophelo ba Hae: O ne a tsamaisa melaetsa a bile a fetolela lilemong tsa ha mosebetsi o thibetsoe.

Ke ithutile ’nete ka 1945 ’me ke ne ke thabela ho buisana le baahelani ba ka ka litaba tse molemo motseng oa heso oa Glodeni le motseng o haufi le oona oa Petrunea. Kaha ke ne ke paka sekolong, ba boholong sekolong ba ile ba hana ho mpha lengolo le bontšang hore ke qetile sekolo. Leha ho le joalo, ke ile ka thabela ho sebelisa thuto ea ka ho thusa ho fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho li tlosa ho Seromania le Seukraine ho li isa ho Serussia.

Nakoana ke kolobelitsoe, ke ile ka tšoaroa ke ntse ke fetolela ’me ka ahloleloa lilemo tse 25 ke sebetsa ka thata Vorkuta, ka leboea ho Arctic Circle, moo ho neng ho e-na le baralib’abo rōna ba bang ba bangata. Le hoja maemo e ne e le a hlobaetsang, bohle re ile ra tsoela pele ho bolela. Re ne re bile re khona ho fumana lingoliloeng. Ha e le hantle, re ne re bile re hlahisa tse ling tseo re li sebelisang hona moo kampong.

Ka letsatsi le leng, ke ile ka kopana le moroetsana e mong ea neng a tšoeroe hobane ba boholong ka phoso ba nkile hore ke Paki. Ke ile ka mo khothalletsa ho hlahloba Lentsoe la Molimo, kaha Jehova o na le matla a ho lokolla batho ba hae haeba e le morero oa hae ho ba lokolla. Qetellong, o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me ea e-ba morali’abo rōna le eena. Nakoana ka mor’a moo, o ile a lokolloa kampong pele nako eo a e behetsoeng e fela.

Hamorao, ke ile ka fallisetsoa Karaganda, Kazakhstan. Qetellong, ka la 5 July, 1956, le ’na ke ile ka lokolloa. Ke ile ka ea Tomsk, moo teng ke ileng ka kopana le Alexandru Gheorghiţa ea neng a qetile lilemo tse tšeletseng a le chankaneng ka lebaka la tumelo ea hae, ’me ra nyalana. Ka bobeli re ile ra tsoela pele ho bolela tšimong e pharaletseng ea Siberia, re elelloa hore mapolesa a mautloela a ntse a re behile leihlo. Ka mor’a moo re ile ra fallela Irkutsk, ho elella ka bophirimela ho Letša la Baikal. Ha re le moo re ile ra tsoela pele ho hlahisa lingoliloeng ka sekhukhu. Hamorao re ile ra boela ra sebeletsa Bishkek, Kyrgyzstan. Le hoja Alexandru a ne a le hlokolosi ha a paka, o ile a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse leshome.

Mochochisi o ile a re nka ’na ka etela Alexandru chankaneng ha a ntse a emetse nyeoe. Kaha mehleng sena se ne se sa lumelloa, ke ile ka mo botsa hore na ke hobane’ng ha a nketsetsa mosa oo. O ile a re: “Le banyalani ba bacha, ’me le na le ngoana. Mohlomong le ka ’na la boela la sekaseka qeto ea lōna.” Ke ile ka bolella mochochisi eo hore ’na le Alexandru ke khale re entse qeto ea ho sebeletsa Jehova le hore re ikemiselitse ho lula re tšepahala. O ile a re: “Esita le Bibele ea lōna e re ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.” (Moek. 9:4) Ke ile ka re: “Ke ’nete, empa ntja e phelang eo u buang ka eona ha e na ho rua lefatše le lecha la Molimo.”

Alexandru o ile a hoehla lilemo tse leshome tseo a li ahloletsoeng chankaneng le selemo se le seng a thibetsoe ho tloha hae. Ka mor’a hore a lokolloe, re ile ra fallela Kazakhstan ra ntan’o ea Uzbekistan ho ea thusa ka mosebetsi moo. Qetellong, ka 1983, re ile ra khutlela Moldova, re thabisitsoe ke hore re bile le tokelo eo ho seng e ka bapisoang le eona ea ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang libakeng tse ngata tse sa tšoaneng ho ithuta ka Jehova.

Ha ke hetla morao, kea bona hore hase kamehla lintho li neng li theosetsa bophelong ba ka. Empa ho ne ho le joalo le ho baahelani ba ka bao e seng Lipaki. Le bona ba ile ba tlameha ho tobana le mathata a mangata. Phapang feela ke hore mathata a rōna e ne e le ka lebaka la litaba tse molemo. Kahoo, re bone tlhokomelo e lerato ea Jehova le tšireletso ea hae. Ho feta moo, rea tseba hore ho na le bokamoso bo khanyang le bo sa feleng ka nģane ho liteko tsa rōna.

[Chate/Krafo e leqepheng la 80, 81]

MOLDOVA—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA

1891: C. T. Russell o etela Kishinev, Bessarabia (hona joale ke Chisinau, Moldova).

1895

1921: Tlaleho ea selemo e bontša hore batho ba fetang 200 ba amohetse ’nete ea Bibele.

1922: Ho hahoa “sebaka [sa pele] sa liboka,” Corjeuţi.

1925: Mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele oa thibeloa.

1930

1940: Romania e nehelana ka Bessarabia ho USSR, ’me e rehoa SSR ea Moldavia.

1941: Romania e boetse e nka Moldova. Puso ea Bofasista le pherekano e bakoang ke ntoa li fella ka ho hlorisoa ha Lipaki.

1944: USSR e boetse e hapa Moldova. Mahloriso a tsoela pele.

1949: Masoviet a qala ho leleka Lipaki Tsa Jehova le ba bang.

1951: Stalin o qala Operation North.

Ka bo-1960: KGB e leka ho ferekanya batho ba Molimo le ho ba arola.

1965

1989: Lipaki li thabela tokoloho e khōloanyane ea bolumeli. Baemeli ba tsoang Moldova ba ea likopanong Poland.

1991: SSR ea Moldavia e boetse e rehoa Rephabliki ea Moldova. Ho tšoaroa likopano tsa pele tsa potoloho. Ho ba le ketelo ea pele ea molebeli oa libaka ea tsoang ntlo-khōlō.

1994: Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao. Kopano ea pele ea setereke e tšoareloa Chisinau.

2000

2000: Ho neheloa lehae le lecha la Bethele, Chisinau.

2003: Bahoeletsi ba 18 473 ba kopanela ka mafolofolo Moldova.

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Bahoeletsi ka Kakaretso

Bo-pula-maliboho ka Kakaretso

20 000

10 000

1895 1930 1965 2000

[Limmapa tse leqepheng la 73]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

UKRAINE

MOLDOVA

Briceni

Tabani

Lipcani

Şirăuţi

Corjeuţi

Ţaul

Feteşti

Soroca

Bălţi

Petrunea

CHISINAU

Căuşeni

Nōka ea Dniester

Nōka ea Prut

ROMANIA

Iasi

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]

[Setšoantšo se leqepheng la 74]

Ilie Groza, e mong oa Lipaki tsa pele Moldova

[Setšoantšo se leqepheng la 75]

Tudor Groza

[Setšoantšo se leqepheng la 78]

Ioana Groza

[Litšoantšo tse leqepheng la 92]

Parfin Palamarciuc le mor’a hae Nicolae

[Setšoantšo se leqepheng la 93]

Vasile Gherman

[Setšoantšo se leqepheng la 94]

Nicolae Anischevici

[Setšoantšo se leqepheng la 95]

Maria Gherman

[Litšoantšo tse leqepheng la 96]

Makareche a neng a sebelisoa ho isa Lipaki Siberia

[Setšoantšo se leqepheng la 98]

Ivan Mikitkov

[Setšoantšo se leqepheng la 99]

Constantin Şobe

[Litšoantšo tse leqepheng la 107]

Nicolai Voloşanovschi le bukana ea “Double Bottom”

[Setšoantšo se leqepheng la 111]

Gheorghe Gorobeţ

[Setšoantšo se leqepheng la 126]

Holo ea Kopano Feteşti

[Setšoantšo se leqepheng la 131]

Komiti ea naha Moldova, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: David Grozescu, Anatolie Cravciuc le Tiberiu Kovacs

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela