Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Moldova
Ka lilemo tse fetang 60, Lipaki Tsa Jehova tsa Moldova li ’nile tsa mamella mathata pusong ea borena Romania, pusong ea Bofasista le pusong ea Bokomonisi. Tlas’a puso ea borena le ea Bofasista, Kereke ea Orthodox e ile ea tlisa khatello e eketsehileng. Leha ho le joalo, hona joale Moldova ke e ’ngoe ea linaha tse nang le lenane le holimo ka ho fetisisa la Lipaki ha le bapisoa le la baahi ba naha! Bala kamoo Jehova a matlafatsang bohle ba mo tšabang kateng le kamoo a fanang ka tlhōlo kateng ho bohle ba hanang ho inehela tšabong ea batho.
Congo Tse Peli
Lentsoe “Congo” le u hopotsa eng? Ba bangata le etsa hore ba nahane ka sekhoa se chesang, se teteaneng hoo khanya ea letsatsi e sa khoneng ho phunyelletsa. Har’a motsoebere oa lerata la litšoene le linonyana, motho o utloa molumo oa meropa e fetisang melaetsa e tsoang metseng e hōle. E ka ’na eaba u nahana ka nōka e khōlōhali e kang mokhoabo, e phallang butle e ntse e tsoelipana joaloka noha ea tonanahali khubung ea Afrika. Tseo ke linyane feela ka Congo, likhōlō li sa tla. Linaha tseo tse peli li reheletsoe ka nōka e li arolang. Tumelo ea hao e tla matlafala ha u ntse u bala kamoo banna le basali ba sebete ba ileng ba jala ’nete ea Bibele kateng tikolohong ena e hlollang ea lefatše.