-
Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
-
-
Khaolong ea 24
Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?
Heather o ne a qetile likhoeli tse peli feela a ratana le Mike, empa o ne a se a utloa eka ke khale a mo tseba. Ba ne ba lula ba romellana melaetsa ka selefouno, ’me ba qeta lihora ba buisana ka fono, ba bile ba nahana lintho ka ho tšoana! Empa joale ha ba ntse ba lutse ka koloing e pakiloeng, ba khantšelitsoe ke ngoeli, Mike o batla ho fetang moqoqo feela.
Likhoeling tse peli tse fetileng, Mike le Heather ba ’nile ba tšoarana ka matsoho feela le ho akana hanyenyane. Heather ha a batle ho fetela pele. Empa le teng ha a batle ho lahleheloa ke Mike. Mike o etsa hore a ikutloe a le motle a bile a ikhetha. O ipolella hore: ‘Etsoe ’na le Mike rea ratana . . . ’
MOHLOMONG u ka inahanela hore na boemo bona bo lebisa hokae. Empa u ka ’na ua se ke ua hlokomela kamoo ho kopanela liphate ho tlang ho senya kamano ea Mike le Heather kateng. Ak’u nahane ka se latelang:
Haeba u hlokomoloha molao oa tlhaho, o kang oa matla a khoheli, u kotula litholoana tse babang. Ho etsahala se tšoanang ha u hlokomoloha molao oa boitšoaro, o kang o reng: “Le ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Ho se mamele taelo eo ho hlahisa liphello life? Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) See ke ’nete hakae? Ka tlaase mona, leka ho thathamisa lintho tse tharo tse bohloko tse ka hlahelang ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.
1 ․․․․․
2 ․․․․․
3 ․․․․․
Joale sheba lintlha tseo u li ngotseng. Na u thathamisitse lintho tse kang lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ima ho sa batleheng, kapa ho se amoheloe ke Molimo? Ka sebele tseo ke liphello tse bohloko tse ka hlahelang leha e le mang ea tlōlang molao oa Molimo mabapi le bohlola.
Empa u ntse u ka ’na ua lekeha ho etsa seo. U ka ’na ua re ka pelong, ‘Ha ho letho le tla ntlhahela.’ Etsoe na bacha ba bang bohle ha ba kopanele liphate? Bacha ba bang sekolong ba ithorisa ka ho kopanela liphate, ’me ha ho bonahale eka seo se ba ntša kotsi. Mohlomong joaloka Heather ea boletsoeng qalong, u nka hore ho kopanela liphate ho tla tiisa kamano ea lōna. Etsoe ke mang ea batlang ho songoa ka hore ha a e-s’o ka a kopanela liphate? Na ha ho molemo hore u inehele?
Ak’u nahane ka sena pele! Ntlha ea pele, hase bacha bohle ba kopanelang liphate. Ke ’nete hore u ka ’na ua bala ka lipalo-palo tse bontšang hore bacha ba bangata ba kopanela liphate. Ka mohlala, phuputso e entsoeng United States e bontša hore bacha ba babeli ho ba bararo ba qetang sekolong se phahameng naheng eo, ba kopanela liphate. Empa seo se boetse se bolela hore mocha a le mong ho ba bararo—e leng palo e khōlō—ha ba kopanele liphate. Joale ho etsahala’ng ka ba kopanelang liphate? Bafuputsi ba fumane hore ba bangata ba bacha bao ba tobana le bo bong kapa a mang a mathata a latelang.
BOTHATA BA 1 HO TŠOENYEHA. Bacha ba bangata ba kopanetseng liphate pele ho lenyalo ba re ba ikoahlaela seo hamorao.
BOTHATA BA 2 HO SE TŠEPANE. Ka mor’a ho kopanela liphate, ka bobeli ba qala ho ipotsa, ‘Ebe o robetse le mang hape?’
BOTHATA BA 3 HO SOETSEHA. Botebong ba pelo, banana ba bangata ba ka rata hore ba be le mohlankana ea tla ba sireletsa, eseng ea batlang ho fumana lintho tse itseng ho bona. Bashanyana ba bangata ba hlokometse hore ha ba khahloe hakaalo ke ngoanana ea lumelang ha ba mo hokahoka.
Ho phaella lintlheng tse ka holimo, bashanyana ba bangata ba boletse hore ba ke ke ba nyala ngoanana eo ba kopanetseng liphate le eena. Hobane’ng? Hobane ba rata ngoanana ea hloekileng boitšoarong!
Haeba u ngoanana, na seo sea u makatsa—kapa ebile sea u halefisa? Joale hopola sena: Liphello tse hlahisoang ke ho kopanela liphate pele ho lenyalo li fapane hōle le se bontšoang lifiliming le thelevisheneng. Indasteri ea boithabiso e khabisa taba ea bacha ba kopanelang liphate ’me e etsa hore ba bonahale eka ehlile baa ratana. Empa u se ke ua ea le khongoana holimo! Batho ba lekang ho u qobella ho kopanela liphate pele ho lenyalo ba mpa ba ipatlela lithahasello tsa bona feela. (1 Bakorinthe 13:4, 5) Etsoe na motho ea u ratang e le kannete a ka u beha kotsing ’meleng le maikutlong? (Liproverbia 5:3, 4) Hona na motho ea u tsotellang e le kannete a ka leka ho senya kamano ea hao le Molimo?—Baheberu 13:4.
Haeba u mohlankana ea nang le kharebe, lintlha tse boletsoeng khaolong ena li lokela ho u fa lebaka la hore u nahane ka ho teba ka kamano ea lōna. Ipotse, ‘Na ke hlile ke tsotella kharebe ea ka?’ Haeba ua e tsotella, u ka bontša seo joang? Ka hore u ikemisetse ho khomarela melao ea Molimo, u bontše bohlale ka ho qoba maemo a lekang ’me u bontše lerato ka ho etelletsa pele lintho tseo e li thahasellang. Haeba u na le litšobotsi tseo, kharebe ea hao e ka ’na ea ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Moshulame, ea ileng a re: “Moratuoa oa ka ke oa ka ’me ’na ke oa hae.” (Sefela sa Lifela 2:16) Ka mantsoe a mang, kharebe ea hao e tla ba motlotlo ka uena!
Ebang u ngoanana kapa u moshanyana, haeba u inehela hore u kopanele liphate pele ho lenyalo, u itheola seriti ka ho lahla letlotlo la bohlokoa. (Baroma 1:24) Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ikutloa ba nyahame ba bile ba se na thuso ka mor’a moo, joalokaha eka ba itloheletse hore ba utsoetsoe letlotlo la bohlokoa! U se ke ua lumella seo hore se u etsahalle. Haeba motho e mong a leka ho u qobella hore u kopanele liphate le eena, a re, “Haeba ua nthata, u tla lumela,” mo arabe u lomahantse meno, u re, “Haeba ua nthata, ha u na ho nkōpa hore ke etse seo!”
’Mele oa hao ke oa bohlokoa haholo hore ebe u ka bapala ka oona. Bontša hore u ikemiselitse ka matla ho mamela taelo ea Molimo ea hore u ile bohlola. Joale, haeba ka letsatsi le leng u kena lenyalong, u ka kopanela liphate. ’Me u tla thabela seo ka ho feletseng ho se letho le u tšoenyang, le etsang hore u ikoahlaee le ho ikutloa u sa sireletseha, e leng se atisang ho hlahela batho ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22, 23; 1 Bakorinthe 7:3.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 4 LE EA 5
Tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ke taba e tebileng hakae?
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Balehelang bohlola. . . . Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.”—1 Bakorinthe 6:18.
KELETSO
Ha ho tluoa tseleng eo u itšoarang ka eona ha u e-na le motho oa bong bo fapaneng, u lokela ho latela tataiso ena e molemo: Haeba ke ntho eo u ke keng ua batla hore batsoali ba hao ba u bone u e etsa, joale ha ua lokela ho e etsa.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Ka mor’a hore moshanyana a kopanele liphate le kharebe ea hae, hangata oa e lahla ebe o batla e ’ngoe.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Ha ke e-na le motho oa bong bo fapaneng le ba ka, ke lokela ho qoba maemo a latelang ․․․․․
Haeba motho oa bong bo fapaneng le ba ka a re o batla ho kopana le ’na sebakeng se patehileng, ke tla re ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Le hoja batho ba sa phethahalang ba ka ’na ba lakatsa ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ke hobane’ng ha ho fosahetse?
● U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore u robale le eena?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 176]
“Kaha u Mokreste, u na le litšobotsi tse tla etsa hore u khahle batho ba bang. Kahoo u lokela ho ba hlokolosi ’me u hane ha batho ba u kōpa hore u kopanele le bona boitšoarong bo litšila. Hlompha litšobotsi tseo. U se ke ua li lahla!”—Joshua
[Setšoantšo se maqepheng a 176, 177]
Ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho tšoana le ho beha setšoantšo se setle se pentiloeng monyako, ebe batho ba se hata holimo
-
-
Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
-
-
Khaolong ea 25
Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
“Ke qalile ho ipholla litho tsa botona ha ke le lilemo li robeli. Hamorao ke ile ka ithuta hore na Molimo o talima seo joang. Nako le nako ha ke ne ke etsa seo, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke ipotsa: ‘Molimo a ka rata motho ea tšoanang le ’na tjee joang?’”—Luiz.
HA U kena lilemong tsa bocha, u ba le takatso e matla ea ho kopanela liphate. Ka lebaka leo, u ka ’na ua oela mokhoeng oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali.a Ba bangata ba ka ’na ba re ha ho letho le phoso ka seo. Ba ka ’na ba re, “Ha ho motho ea utloisoang bohloko.” Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la hore u qobe mokhoa ona. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le . . . takatso ea botona kapa ea botšehali.” (Bakolose 3:5) Ho ipholla litho ha ho bolaee takatso eo, empa hoa e totisa. Ho phaella moo, nahana ka lintlha tse latelang:
● Ho ipholla litho ho etsa hore motho a be le maikutlo a boithati. Ka mohlala, ha motho a ipholla litho o ameha feela ka hore na eena o ikutloa joang ’meleng.
● Ho ipholla litho ho etsa hore motho a nke batho ba bong bo fapaneng e le lintho feela tjee kapa lithulusi tsa ho ikhotsofatsa.
● Monahano oa boithati o bakoang ke ho tloaela ho ipholla litho o ka thatafaletsa motho hore a khotsofale ha a kopanela liphate lenyalong.
Ho e-na le ho khotsofatsa takatso e matla ea ho batla ho kopanela liphate ka hore u ipholle litho, loanela hore u be le boitšoaro. (1 Bathesalonika 4:4, 5) E le ho u thusa hore u etse seo, Bibele e u khothalletsa hore u qobe maemo a ka u tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate. (Liproverbia 5:8, 9) Empa u ka etsa’ng haeba u se u lemaletse ho ipholla litho? Mohlomong u lekile ho khaotsa mokhoa ona, empa u hlōlehile. Ho ka ba bonolo ho etsa qeto ea hore u ke ke ua fetoha, ebile u ke ke ua khona ho phela ka melao ea Molimo. Ke kamoo moshanyana e mong ea bitsoang Pedro a neng a ikutloa kateng. O re: “Ha ke ne ke khutlela mokhoeng ona, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke nahana hore Molimo a ke ke a ntšoarela. Ke ne ke sitoa ho rapela.”
Haeba u ikutloa joalo, u se ke ua nyahama. Seo ha se bolele hore bothata ba hao bo ke ke ba rarolleha. Bacha ba bangata—le batho ba bang ba baholo—ba hlōtse tloaelo ena ea ho ipholla litho. Le uena u ka e hlōla!
Ho Sebetsana le Boikutlo ba ho ba Molato
Joalokaha ho bontšitsoe, batho ba tloaetseng ho ipholla litho ba atisa ho apareloa ke boikutlo ba ho ba molato. Ha ho pelaelo hore ‘ho hlomoha ka tsela ea bomolimo’ ho ka u susumelletsa hore u hlōle tloaelo ena e mpe. (2 Bakorinthe 7:11) Empa ho ikutloa u le molato ka ho feteletseng ho ka ba kotsi. Ho ka etsa hore u nyahame hoo u ka bonang ho le molemo hore u inehele.—Liproverbia 24:10.
Ka hona, leka ho talima boemo ba hao ka tsela e loketseng. Ho ipholla litho ke mokhoa o sa hloekang. Ho ka u etsa ‘lekhoba la litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng,’ ’me ha etsa hore u nahane lintho tse litšila. (Tite 3:3) Leha ho le joalo, ho ipholla litho hase mofuta oa boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, o joaloka bohlola. (Juda 7) Haeba u na le bothata ba ho ipholla litho, ha ua lokela ho etsa qeto ea hore u entse sebe se ke keng sa tšoareloa. Ntho ea bohlokoa ke hore u loantše tloaelo eo le hore le ka mohla u se ke ua tela ntoeng ea hao!
Ho bonolo ho nyahama ka mor’a hore u khutlele mokhoeng oo. Ha seo se etsahala, hopola mantsoe a ho Liproverbia 24:16, a reng: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema; empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi.” Ho khutlela mokhoeng oo ka nakoana ha ho bolele hore u motho ea mobe. Kahoo, u se ke ua tela. Ho e-na le hoo, hlahloba hore na ke eng e entseng hore u khutlele mokhoeng oo, ’me u leke ho e qoba.
Iphe nako ea ho nahanisisa ka lerato la Molimo le mosa oa hae. Mopesaleme Davida, eo ka lebaka la bofokoli a ileng a etsa liphoso, o ile a re: “Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:13, 14) Ka sebele, Jehova oa tseba hore ha rea phethahala ’me ‘o itokiselitse ho re tšoarela.’ (Pesaleme ea 86:5) Ka lehlakoreng le leng, o batla hore re etse boiteko ba ho ntlafatsa. Kahoo, u ka etsa’ng hore u hlōle tloaelo ee?
Hlahloba boithabiso ba hao. Na u shebella lifilimi, mananeo a thelevishene kapa u sheba mecha ea Inthanete e u tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate? Ka bohlale mopesaleme o ile a rapela Molimo a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”b—Pesaleme ea 119:37.
Iqobelle ho nahana ka lintho tse ling. Mokreste e mong ea bitsoang William oa eletsa: “Pele u robala, bala ntho e itseng e amanang le lintho tsa moea. Ke habohlokoa hore ntho ea ho qetela eo u nahanang ka eona pele u robala e be ea moea.”—Bafilipi 4:8.
Buisana le motho e mong ka bothata bona. Ho hlajoa ke lihlong ho ka ’na ha u thatafaletsa ho bolella motho eo u mo tšepang taba ena. Empa ho etsa seo ho ka u thusa hore u hlōle tloaelo eo! Ke seo Mokreste e mong ea bitsoang David a ileng a se hlokomela. O re: “Ke ile ka buisana le Ntate lekunutung. Ha ke sa tla lebala seo a ileng a se bua. O ile a bososela ka mofuthu ’me a re, ‘Ke motlotlo ka uena.’ O ne a tseba hore e tlameha ebe ke ile ka iteta sefuba e le hore ke bue le eena ka taba eo. Mantsoe ao a ile a nkhothatsa haholo le ho ’matlafatsa boikemisetsong ba ka.
“Ka mor’a moo, Ntate o ile a mpontša litemana tse seng kae ho ntlhokomelisa hore ha ke e-s’o ‘ee hōle haholo,’ a ntan’o mpontša litemana tse ling ho netefatsa hore ke utloisisa kamoo phoso ea ka e tebileng kateng. O ile a mpolella hore ke leke ho qoba mokhoa oo ho fihlela nakong e itseng ’me ka mor’a moo re tla boela re buisane ka taba eo. O ile a re ke se ke ka nyahama haeba ke khutlela mokhoeng oo, empa nakong e tlang ke leke ho nka nako e teletsana ke sa khutlele ho oona.” David o ile a etsa qeto efe? O re: “Ke ile ka thusoa haholo ke hore ebe ho na le motho ea tsebang hore ke na le bothata boo, ea bileng a nthusang.”c
Ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hase taba feela e sa reng letho. Bala lebaka la seo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate, ho iketsahallang feela e se ka boikemisetso. Ka mohlala, moshanyana a ka ’na a tsoha a e-na le takatso ea ho kopanela liphate kapa a tsoa peō ea botona bosiu ha a robetse. Ka ho tšoanang, banana ba bang ba ka ’na ba hlokomela hore ba tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate ba sa ikemisetsa, haholo-holo nakoana pele ba ilela khoeli kapa ka mor’a teng. Ho fapana le seo, ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho akarelletsa ho khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate ka boomo.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 33, Bukeng ea 2.
c Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 239-241, Bukeng ea 2.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha, empa u phehelle ho loka, tumelo, lerato, khotso, hammoho le ba ipiletsang ho Morena ho tsoa pelong e hloekileng.”—2 Timothea 2:22.
KELETSO
Rapela pele takatso e ba matla. Kōpa Jehova Molimo hore a u fe “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore u tobane le teko eo.—2 Bakorinthe 4:7.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Motho leha e le ofe ea fokolang o inehela takatsong ea ho kopanela liphate. Empa motho e lokela ho ba monna kapa mosali oa sebele e le hore a bontše boitšoaro le ha a le mong.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nka etsa hore ke lule ke nahana ka lintho tse hloekileng haeba ke ․․․․․
Ho e-na le hore ke khotsofatse takatso eo, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola hore Jehova o lula a “itokiselitse ho tšoarela”?—Pesaleme ea 86:5.
● Kaha Molimo o entse hore batho ba be le takatso ea ho kopanela liphate, empa o boetse o re u lokela ho ba le boitšoaro, e tlameha ebe o tšepa hore u tla etsa’ng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 182]
“Kaha ke hlōtse bothata boo, hona joale ke na le letsoalo le hloekileng ka pel’a Jehova, ’me seo ke sa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe!”—Sarah
[Setšoantšo se leqepheng la 180]
Ha u oa u ntse u matha, seo ha se bolele hore u lokela ho qala fatše—ho khutlela mokhoeng oa ho ipholla litho le hona ha ho senye tsoelo-pele eo u seng u e entse
-
-
U Nahana’ng ka ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
-
-
Khaolong ea 26
U Nahana’ng ka ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate?
“Bacha ba bang ba kōpa bashanyana kapa banana hore ba robale le bona hore feela ba bone hore na ho tla etsahala’ng le hore na ba ka kopanela liphate le batho ba bangata hakae.”—Penny.
“Bashanyana ba bang ba ipuela feela ka hona. Ba ikotla sefuba ka hore ba na le likharebe empa ba ntse ba kopanela liphate le banana ba bang ba bangata.”—Edward.
BACHA ba bangata ba ithorisa ka hore ba kopanela liphate le batho bao ba nkang hore ha baa itlama ka letho ka bona. Ba bang ba bile ba na le metsoalle eo ba kopanelang liphate le eona, le hoja ba sa ratane.
U se ke ua makala haeba le uena u ikutloa u lekeha ho etsa se tšoanang! (Jeremia 17:9) Edward ea qotsitsoeng pejana, o re: “Banana ba bangata ba ’nile ba ithaopela ho robala le ’na, ’me ntho e nthatafallang haholo ke hore ke hane kaha ke Mokreste. Ha ho bonolo hore ke hane!” Ke melao-motheo efe ea Bibele eo u lokelang ho e hopola haeba motho e mong a u kōpa hore u itlose bolutu le eena ka ho kopanela liphate?
Lebaka Leo ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate ho Fosahetseng
Bohlola ke sebe se tebileng hoo ba bo etsang ‘ba ke keng ba rua ’muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na batho ba babeli “baa ratana” kapa ba mpa ba itlosa bolutu feela. E le hore u hanele teko maemong ao ka bobeli, u lokela ho talima bohlola ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona.
“Ke lumela ka tieo hore tsela eo Jehova a reng re lokela ho phela ka eona, e molemo ka ho fetisisa.”—Karen oa Canada.
“Hopola hore u na le batsoali le metsoalle e mengata ebile u setho sa phutheho. U tla soabisa batho bao kaofela haeba u ka inehela tekong!”—Peter oa Brithani.
Ha u talima bohlola ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona, u tla khona ‘ho hloea se sebe,’ esita le haeba e le ntho e hohelang.—Pesaleme ea 97:10.
Ka kōpo bala Genese 39:7-9. Hlokomela kamoo ka sebete Josefa a ileng a hanela teko ea ho kopanela liphate le se ileng sa mo thusa hore a etse joalo.
E-ba Motlotlo ka Seo U se Lumelang
Hangata bacha ba ba motlotlo ho emela seo ba se lumelang. U na le tokelo ea ho emela melao ea Molimo ka boitšoaro ba hao. U se ke ua hlajoa ke lihlong ka tsela eo u ikutloang ka eona mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo.
“Hlakisa li sa tloha feela hore u na le melao-motheo ea boitšoaro e u tataisang.”—Allen oa Jeremane.
“Bashanyana bao ke neng ke kena le bona sekolong se phahameng ba ne ba ntseba, ’me ba tseba hore le ha ba ka leka, ba tla be ba itšenyetsa nako.”—Vicky oa United States.
Ha u emela seo u se lumelang u bontša hore u Mokreste ea ntseng a hōla tsebong.—1 Bakorinthe 14:20.
Ka kōpo bala Liproverbia 27:11. Hlokomela kamoo boitšoaro ba hao bo botle bo ka amang pelo ea Jehova kateng!
Bontša Hore U Tiile!
Ke habohlokoa hore u hane. Empa ba bang ba ka ’na ba se ke ba utloisisa ha u hana, ba nka hore u mpa feela u iketsa eka ha u batle.
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang—ho akarelletsa tsela eo u aparang ka eona, tsela eo u buang ka eona, hore na u bua le bo-mang le hore na u sebelisana joang le batho—e lokela ho bontša hore ehlile ua hana.”—Joy oa Nigeria.
“U lokela ho bontša ka ho hlaka hore eo hase ntho e ka etsahalang. Le ka mohla u se ke ua amohela limpho tseo u li fuoang ke bashanyana ba batlang ho robala le uena. Ba ka ’na ba sebelisa seo e le lebaka la hore ba batle ho robala le uena hobane ba nka hore ua ba kolota.”—Lara oa Brithani.
Jehova o tla u thusa haeba u bontša hore u tiile. Ha a nahana ka lintho tse mo etsahaletseng bophelong, mopesaleme Davida o ile a re ka Jehova: “Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.”—Pesaleme ea 18:25.
Ka kōpo bala 2 Likronike 16:9. Hlokomela hore Jehova o ikemiselitse ho thusa ba batlang ho etsa se nepahetseng.
E-ba le Ponelo-pele
Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) U ka sebelisa keletso ee joang? Ka hore u be le ponelo-pele!
“Ikarole ho batho ba buang ka lintho tsa mofuta oo ka hohle kamoo u ka khonang.”—Naomi oa Japane.
“U se ke ua fana ka boitsebiso ba botho, bo kang aterese kapa nomoro ea hao ea fono.”—Diana oa Brithani.
Hlahloba tsela eo u buang ka eona, eo u itšoarang ka eona, batho bao u tloaelanang le bona le libaka tseo u atisang ho ea ho tsona. Ebe ua ipotsa, ‘Na ebe ka ho se hlokomele ke fana ka maikutlo a ka etsang hore ba bang ba batle ho robala le ’na?’
Ka kōpo bala Genese 34:1, 2. Hlokomela kamoo moroetsana ea bitsoang Dina a ileng a khola litholoana tse babang kateng ka lebaka la ho ba sebakeng se fosahetseng.
Hopola hore ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hase ntho eo Jehova Molimo a e nkang habobebe; le uena ha ua lokela ho e nka habobebe. Ha u emela se nepahetseng, u tla lula u e-na le letsoalo le letle ka pel’a Molimo ’me u itlhompha. Moroetsana e mong ea bitsoang Carly o re: “ke hobane’ng ha u ka itumella hore motho e mong a u ‘sebelise’ hore a ikhotsofatse? Baballa boemo bo hloekileng boo u bo sebelelitseng ka thata!”
Bashanyana ba re ba khahloa ke banana ba joang? U ka ’na ua makatsoa ke seo ba se buang!
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong [Molimo] a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.”—2 Petrose 3:14.
KELETSO
Ntlafatsa litšobotsi tsa botho ba hao. (1 Petrose 3:3, 4) Ha u le motho ea molemo, ho tla ba bonolo hore u khahle motho ea molemo.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Jehova o batla hore u thabele ho kopanela liphate joalokaha a ne a rerile hore e be mohloli oa thabo lenyalong—u sa tšoenyehe, u sa tšohe, u bile u sa ikoahlaee, e leng litholoana tse atisang ho hlahisoa ke bohlola.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nka ikemisetsa ho lula ke hloekile boitšoarong joaloka Josefa, haeba ke ․․․․․
Ke tla qoba phoso eo Dina a ileng a e etsa, haeba ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Le hoja batho ba sa phethahalang ba ka ’na ba hoheloa ke boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ke hobane’ng ha bo fosahetse?
● U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore u robale le eena?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 185]
“U tiee! Ha mohlankana e mong a ne a leka ho nhokahoka ke ile ka re, ‘Tlosa letsoho la hao lehetleng la ka!’ ’me ka tloha ke tiisitse ka mahlong.”—Ellen
[Setšoantšo se leqepheng la 187]
Haeba u itlosa bolutu ka ho kopanela liphate, ua itheola
-