-
Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
-
-
Khaolong ea 4
Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?
’Nete kapa bohata . . .
Ho fosahetse hore batho ba babeli ba ratanang ba tšoarane, boemong leha e le bofe.
□ ’Nete
□ Bohata
Batho ba ratanang ba ntse ba ka ba molato oa bohlola le hoja ba sa kopanele liphate.
□ ’Nete
□ Bohata
Haeba batho ba ratanang ba sa tšoara-tšoarane ka tsela e tsosang takatso ea ho kopanela liphate, hoo ho bolela hore ehlile ha ba ratane.
□ ’Nete
□ Bohata
HA HO pelaelo hore u nahanne ka taba ena haholo. Etsoe haeba ua ratana, u ka ’na ua thatafalloa ho tseba hore na u felle hokae ha ho tluoa tabeng ea ho bontšana lerato. A re hlahlobe lipolelo tse tharo tse ka holimo tse batlang hore motho a khethe ’nete kapa bohata ’me re bone kamoo Lentsoe la Molimo le re thusang kateng ho araba potso e reng, “Ha le bontšana lerato—le lokela ho fella hokae?”
● Ho fosahetse hore batho ba babeli ba ratanang ba tšoarane, boemong leha e le bofe.
Bohata. Bibele ha e nyatse lipontšo tse loketseng, tse hloekileng tsa lerato. Ka mohlala, Bibele e bua ka moroetsana oa Moshulame le molisa eo a neng a ratana le eena. Lefereho la bona le ne le hloekile. Empa kamoo ho bonahalang kateng ba ile ba bontšana lerato ka litsela tse itseng pele ba nyalana. (Sefela sa Lifela 1:2; 2:6; 8:5) Kajeno baratani ba bang ba nahanang ka ho teba ka lenyalo le bona ba ka ’na ba nka hore ho loketse ho bontšana lerato ka litsela tse itseng tse hloekileng.a
Leha ho le joalo, batho ba ratanang ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Ho akana, ho hakana, kapa ho etsa ntho leha e le efe e tsosang takatso ho ka lebisa boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate. Ho bonolo hore baratani ba etsang lintho ka sepheo se hloekileng, ba nkehe hoo ba ka qetellang ba oetse boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate.—Bakolose 3:5.
● Batho ba ratanang ba ntse ba ka ba molato oa bohlola le hoja ba sa kopanela liphate.
’Nete. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng qalong, le fetoletsoeng e le “bohlola” (por·neiʹa) le na le moelelo o pharaletseng. Le hlalosa litsela tsohle tseo batho ba sa nyalanang ba kopanelang liphate ka tsona ’me le hatella taba ea ho sebelisa litho tsa botona kapa botšehali hampe. Kahoo bohlola hase feela taba ea ho kopanela liphate ka tsela ea sebele empa bo boetse bo akarelletsa ho pholla litho tsa e mong tsa botona kapa tsa botšehali, ho nyanya litho tsa ka sephiring le ho li kenya ka morao.
Ho feta moo, Bibele ha e nyatse bohlola feela. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Mesebetsi ea nama ea bonahala, ’me ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng.” A phaella ka ho re: “Ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19-21.
“Ho se hloeke” ke eng? Lentsoe la Segerike le akarelletsa litšila tsa mofuta leha e le ofe, ebang ke seo motho a se buang kapa a se etsang. Ka sebele ke ho se hloeke ho lumella motho e mong ho kenya letsoho butle-butle ka liaparong tsa e mong, ho mo hlobolisa, kapa ho mo tšoara-tšoara litho tsa botho tse kang matsoele. Bibele e amahanya ho tšoara-tšoara matsoele le khotsofalo e reretsoeng ho thabeloa ke banyalani feela.—Liproverbia 5:18, 19.
Bacha ba bang ha ba hlajoe ke lihlong ho tlōla melao-motheo ea bomolimo. Ba tlōla moeli ka boomo, kapa ka meharo ba batla ho kena mekhoeng e litšila ea ho kopanela liphate le batho ba ’maloa. Ba joalo ba ka ba molato oa ho kopanela boitšoarong boo moapostola Pauluse a reng ke “boitšoaro bo hlephileng.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boitšoaro bo hlephileng” le bolela ‘liketso tse feteletseng, ho fetella, ho hloka mekhoa, ho se laole takatso e litšila.’ Ha ho pelaelo hore ha u batle ho ‘felloa ke kutlo eohle ea boitšoaro’ ka ho inehella “boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.”—Baefese 4:17-19.
● Haeba batho ba ratanang ba sa tšoara-tšoarane ka tsela e tsosang takatso ea ho kopanela liphate, hoo ho bolela hore ehlile ha ba ratane.
Bohata. Ho fapana le seo ba bang ba ka ’nang ba se nahana, ho tšoara-tšoarana ka tsela e sa lokelang e tsosang takatso ha ho tiise maqhama a lerato. Ho e-na le hoo, ho etsa hore le se ke la hlomphana le ho tšepana. Nahana ka se kileng sa etsahalla Laura. O re: “Ka le leng mohlankana oa ka o ile a nketela lapeng ’Mè a le sieo, a re o tlil’o shebella TV feela. Qalong o ile a ntšoara ka letsoho feela. Ka ho panya ha leihlo feela a be a se a qala ho ntšoara-tšoara hohle. Ke ne ke tšaba ho mo bolella hore a khaotse; ke ne ke nahana hore o tla koata ebe oa tsamaea.”
U nahana’ng ka boemo boo? Na mohlankana eo oa Laura o ne a hlile a mo rata, kapa ka boithati o ne a mpa a batla feela ho ikhotsofatsa? Na motho ea lekang ho u hoka-hoka ka boitšoaro bo sa hloekang o bontša hore o hlile oa u rata?
Ha moshanyana a qobella ngoanana hore a etse se khahlanong le letsoalo la hae le tsela ea Bokreste eo a koetlisitsoeng ka eona, o tlōla molao oa Molimo ebile o shanofatsa taba ea hore o hlile o rata ngoanana eo. Ho feta moo, ngoanana ea lumellanang le seo o itumella hore a sebelisoe. Ho hobe le ho feta ke hore o tla be a entse ketso e sa hloekang—mohlomong a entse le bohlola.b—1 Bakorinthe 6:9, 10.
Beha Moeli o Hlakileng
Haeba ua ratana, u ka etsa’ng ho qoba lipontšo tse sa lokelang tsa lerato? Tsela e bohlale ke hore u behe moeli o hlakileng esale pele. Liproverbia 13:10 e re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” Kahoo buisana le motho eo u ratanang le eena hore na ke lipontšo life tse loketseng tsa lerato. Ho emela ho fihlela le nkehile ke maikutlo a lerato pele le beha moeli ho tšoana le ho emela hore ntlo e che pele le kenya alamo.
Ke ’nete hore le ka ’na la thatafalloa ho bua ka taba e joalo e amang maikutlo—kapa hona ho hlajoa ke lihlong—haholo-holo haeba e le hona le qalang ho ratana. Empa ho beha meeli ho ka le thusa ho qoba mathata a tebileng a ka ’nang a hlaha hamorao. Ho beha meeli ka bohlale ho tšoana le ha u kentse alamo e lemosang hore hoa cha hang feela ha ho e-ba le mosi. Ho feta moo, ho buisana ha lōna ka lintho tse kang tsena ho ka ’na ha boela ha bontša hore na taba ea lōna e na le moo e eang teng kapa che. Ha e le hantle, motheo oa hore banyalani ba khotsofale ha ba kopanela liphate ke boitšoaro, mamello le ho hloka boithati.—1 Bakorinthe 7:3, 4.
Ke ’nete hore ha ho bonolo ho khomarela melao ea bomolimo. Empa u ka tšepa keletso eo Jehova a fanang ka eona. Etsoe ho Esaia 48:17, o itlhalosa ka hore ke eena “Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” Jehova o u batlela se molemo ka ho fetisisa!
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24
Ho emela lenyalo ha ho etse hore u be ea sa fellang. Ho e-na le hoo, ke bohlale ho etsa joalo. Bala u utloe lebaka la seo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libakeng tse ling, ha batho ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka pel’a batho hoo ho nkoa e le ho sa lokelang le ho khopisang. Bakreste ba hlokolosi hore ba se ke ba itšoara ka tsela e ka khopisang ba bang.—2 Bakorinthe 6:3.
b Ha e le hantle, lintlha tse boletsoeng serapeng sena li sebetsa ho bashanyana le banana.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Lerato . . . ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.
KELETSO
Ha le intša, tsamaeang le le sehlopha, kapa u batle hore le be le molebeli. Qobang ho ba maemong a ka lebisang kotsing, joaloka ho ba ka koloing e pakiloeng kapa ka tlung le le bang.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Ha le se le tšepisane lenyalo, ho hlokahala hore le buisane ka lintlha tse itseng tsa botho. Empa ho ipuela puo-phara ka morero oa ho tsosa takatso ea ho kopanela liphate ke mofuta o mong oa boitšoaro bo sa hloekang—ebang le buisana ka fono kapa le romellana melaetsa.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nka qoba ho hoka-hokeloa boitšoarong bo litšila ka hore ke ․․․․․
Haeba motho eo ke ratanang le eena a leka ho nkhatella hore ke kopanele boitšoarong bo sa hloekang, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● U tla ipehela moeli ofe tabeng ea ho bontšana lerato?
● Hlalosa phapang pakeng tsa bohlola, ho se hloeke le boitšoaro bo hlephileng.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 46]
“’Na le mohlankana oa ka re balile hammoho lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka ho hloeka boitšoarong. Re ananela kamoo li re thusitseng kateng hore re lule re e-na le letsoalo le hloekileng.’’—Leticia
[Lebokose se leqepheng la 44]
Ho Thoe’ng Haeba re se re Tlōtse Moeli?
Ho thoe’ng haeba u kopanetse boitšoarong bo litšila? U se ke ua ithetsa ua nahana hore u ka rarolla bothata boo ka bouena. Mocha e mong o re: “Ke ne ke ee ke rapele, ke re ‘Re kōpa u re thuse hore re se ke ra oela molekong oo hape.’ Ka linako tse ling re ne re atleha, empa ka linako tse ling re hlōleha.” Kahoo buisana le batsoali ba hao. Bibele e boetse e fana ka keletso ena e molemo: ‘Bitsa banna ba baholo ba phutheho.’ (Jakobo 5:14) Balisa bana ba Bakreste ba ka u fa keletso le khalemelo e le hore u tsosolose kamano ea hao le Molimo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 47]
Na u ne u tla emela hore ntlo ea hao e che pele u kenya alamo? Kahoo u se ke ua emela hore u tsoheloe ke takatso pele u beha melao ea boitšoaro e u tataisang
-
-
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
-
-
Khaolong ea 5
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?
“Ke tlas’a khatello e khōlō ea hore ke kopanele liphate.”—Kelly.
“Ke ikutloa ke le mokhelo hore ebe ke ntse ke e-s’o kopanele liphate.”—Jordon.
“NA U ntse u e-s’o kopanele liphate?” Potso eo ka boeona e ka ’na ea u kenya botlolong! Etsoe libakeng tse ngata mocha ea e-song ho kopanele liphate o nkoa e le ea makatsang, mokhelo. Hase feela bacha ba bangata hakana ba kopanelang liphate le pele ba e-ba lilemo li 20!
Ho Huloa ke Takatso le ho Susumetsoa ke Lithaka
Haeba u Mokreste, ua tseba hore Bibele e re u “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Leha ho le joalo, u ka ’na ua thatafalloa ke ho laola takatso ea ho kopanela liphate. Mohlankana e mong ea bitsoang Paul o re: “Ka linako tse ling ke tleloa ke mohopolo oa ho kopanela liphate ntle ho lebaka.” U se ke ua khathatseha, ho ea bohōleng bo itseng, maikutlo a joalo ke a tlhaho.
Empa hase ntho e monate ho lula u tlokoa le ho hobosoa ka hore ha u e-s’o kopanele liphate! Ka mohlala, ho thoe’ng haeba lithaka tsa hao li u bolella hore ha u monna kapa mosali oa sebele haeba ha u e-s’o kopanele liphate? Ellen o re: “Lithaka tsa hao li etsa hore eke ho kopanela liphate ke ntho e thabisang, e tloaelehileng. Haeba u sa kopanele liphate, u nkoa u le mohlolo.”
Empa ho na le taba eo lithaka tsa hao li ka ’nang tsa se ke tsa u bolella eona mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Ka mohlala, Maria ea ileng a kopanela liphate le mohlankana oa hae oa hopola: “Ka mor’a moo, ke ile ka sala ke soabile ke bile ke le lihlong. Ke ile ka itlhoea ka ba ka hloea le mohlankana oa ka.” Bacha ba bangata ha ba elelloe hore eo ke eona phello e atisang ho ba teng. Bonneteng, ho kopanela liphate pele ho lenyalo hangata ho utloisa motho bohloko maikutlong—’me ho tlisa litholoana tse babang!
Leha ho le joalo, mocha ea bitsoang Shanda oa botsa, “Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore bacha ba be le takatso ea ho kopanela liphate empa a tseba hore ba lokela ho emela lenyalo?” Eo ke potso e utloahalang. Empa nahana ka se latelang:
Na takatso ea ho kopanela liphate ke eona feela takatso e matla eo u bang le eona? Che. Jehova Molimo o u bōpelletse le matla a ho ba le litakatso tse sa tšoaneng le maikutlo a sa tšoaneng.
Na u lokela ho ea le takatso e ’ngoe le e ’ngoe hang feela ha e hlaha? Che, Molimo o boetse o u file matla a ho laola liketso tsa hao.
Joale re ithuta eng? U ka ’na ua se ke ua khona ho thibela litakatso tse itseng hore li be teng, empa u ka khona ho laola tsela eo u itšoarang ka eona ha li le teng. Ruri ho ea le takatso ea ho kopanela liphate neng le neng ha e fihla e ne e tla ba ntho e fosahetseng le e booatla joalokaha nako le nako u ne u ka otla motho e mong ha u ikutloa u halefile.
’Nete ke hore ha ho mohla Molimo a ileng a rera hore re sebelise hampe matla ao a re fileng ’ona a ho kopanela liphate. Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Feela joalokaha ho e-na le “nako ea ho rata le nako ea ho hloea,” ho boetse ho na le nako ea ho ea le takatso ea ho kopanela liphate le nako ea ho ithiba. (Moeklesia 3:1-8) Ha e le hantle, ke uena ea laolang litakatso tsa hao!
Empa u ka etsa’ng haeba e mong a u soma, ka ho se kholoe hohle a re, “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” U se ke ua tšoha. Ho motho eo sepheo sa hae e leng feela ho u kenyetsa mahlo, u ka ’na ua re: “Ehlile ke ntse ke e-s’o kopanele liphate, ebile ua tseba ke’ng? Ke motlotlo hore ebe ho joalo!” Kapa u ka ’na ua re: “Eo ke taba ea botho eo ke sa tsamaeeng ke bua le batho ka eona.”a (Liproverbia 26:4; Bakolose 4:6) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua hlokomela hore motho ea u botsang o tšoanetse ho tseba ho eketsehileng. Boemong boo, u ka ’na ua khetha ho mo hlalosetsa boemo ba hao bo thehiloeng Bibeleng.
Na u ka nahana litsela tse ling tseo u ka arabelang motho ea lekang ho u soma ka hore “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” Haeba li teng, li ngole ka tlaase mona.
․․․․․
Mpho ea Bohlokoahali
Molimo o ikutloa joang ha batho ba etsa qeto ea ho kopanela liphate pele ba kena lenyalong? Ak’u nahane u reketse motsoalle oa hao mpho e itseng. Empa le pele u mo fa eona, ka bohelehele o bula mpho eo! Na u ne u ke ke ua utloa bohloko? Joale nahana hore na Molimo o tla ikutloa joang ha u ne u ka kopanela liphate pele u kena lenyalong. O batla hore u emele lenyalo e le hore u thabele mpho ea ho kopanela liphate.—Genese 1:28.
U lokela ho etsa’ng ha u ba le takatso ea ho kopanela liphate? Ithute ho e laola. U na le matla a ho etsa joalo! Rapela Jehova hore a u thuse. Moea oa hae o ka u matlafatsa hore u be le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Hopola hore Jehova “a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) Mocha ea bitsoang Gordon o re: “Ha ke fihleloa ke monahano oa hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo hase ntho e mpe hakaalo, ke nahana ka liphello tse mpe tsa ho senyeheloa ke kamano eo ke nang le eona le Jehova ’me kea lemoha hore ha ho na sebe se monate hoo nka telang kamano ea ka le eena.”
’Nete ke hore hase mohlolo ha motho a e-s’o kopanele liphate, ebile hase ntho e makatsang. Boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate ke bona bo theolang motho seriti, bo tlotlollang le bo kotsi. Ka hona, u se ke ua lumella mashano a lefatše lena hore a u susumetse ho nahana hore ho na le phoso e itseng ka uena ha u latela melao-motheo ea Bibele. Ho lula u sa kopanele liphate ho u sireletsa ’meleng, maikutlong ebile ho etsa hore u lule u thabile, ’me habohlokoa le ho feta, ho sireletsa kamano ea hao le Molimo.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hoa thahasellisa hore ebe Jesu o ile a khetha ho thola ha Heroda a ne a mo botsa lipotso. (Luka 23:8, 9) Hangata tsela e molemo ea ho sebetsana le lipotso tse sa hlokahaleng ke ho se li arabe.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Haeba leha e le mang . . . a entse qeto ena ka pelong ea hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle.”—1 Bakorinthe 7:37.
KELETSO
U se ke ua tloaelana le batho ba sa hlompheng melao ea boitšoaro bo botle, esita le haeba e le bao u leng bolumeling bo le bong le bona.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Batho ba sa khoneng ho itšoara tabeng ea ho kopanela liphate ba ka ’na ba sitoa ho fetola mekhoa ea bona leha ba se ba le lenyalong. Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore ba tšepahallang melao ea boitšoaro ea Molimo pele ba kena lenyalong ba tšepahalle balekane ba bona ha ba se ba le lenyalong.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Haeba ke batla ho emela lenyalo pele ke kopanela liphate, ke tla lokela ho ․․․․․
Haeba bao ke tloaelaneng le bona ba etsa hore ho be thata ho ema qetong eo ke e entseng, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● U nahana hore ke hobane’ng ha bacha ba bang ba soma ba e-song ho kopanele liphate?
● Ke hobane’ng ha ho le boima hore mocha a lule a sa kopanele liphate?
● Melemo ea ho emela lenyalo pele u kopanela liphate ke efe?
● U ka hlalosetsa ngoan’eno e monyenyane joang ka melemo ea hore a lule a sa kopanele liphate?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 51]
“Ho lula ke hopola hore ‘ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Molimo’ ho nthusa hore ke hanele teko ea ho kopanela liphate.’’ (Baefese 5:5)—Lydia
[Lebokose se leqepheng la 49]
Lintlha Tseo U li Ngotseng
Ke Eng e Hlileng e Etsahalang ka Mor’a Moo?
Lithaka tsa hao hammoho le ba mecha ea boithabiso bo tloaelehileng, hangata ka masene ba pata liphello tse bohloko tsa ho kopanela liphate pele u kena lenyalong. Hlahloba liketsahalo tse tharo tse latelang. U nahana hore ke eng e tla hle e etsahale ho bacha baa?
● Moshanyana eo u kenang sekolo le eena o ithorisa ka hore eena o robetse le banana ba bangata. O re ke ntho e monate—ha ho na motho ea utloang bohloko. Ke eng e hlileng e etsahalang ka mor’a moo—ho eena le ho banana bao? ․․․․․
● Ha filimi e fela, e bontša bacha ba babeli ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka ho kopanela liphate. Ka mor’a moo ho tla etsahala eng—bophelong ba sebele? ․․․․․
● U kopana le moshanyana e motle ea u kōpang hore u robale le eena. O re ha ho na motho ea tla tseba ka taba ena. Ha u lumela ’me u leka ho pata taba ena, ke eng e tla hle e etsahale ka mor’a moo? ․․․․․
[Setšoantšo se leqepheng la 54]
Ho kopanela liphate pele u kena lenyalong ho tšoana le ho bula mpho pele u e fuoa
-