Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 24 maq. 172-177
  • Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?
    Tsoha!—2010
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hatelloa ho Etsa Thobalano?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka ho Kopanela Liphate?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 24 maq. 172-177

Khaolong ea 24

Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?

Heather o ne a qetile likhoeli tse peli feela a ratana le Mike, empa o ne a se a utloa eka ke khale a mo tseba. Ba ne ba lula ba romellana melaetsa ka selefouno, ’me ba qeta lihora ba buisana ka fono, ba bile ba nahana lintho ka ho tšoana! Empa joale ha ba ntse ba lutse ka koloing e pakiloeng, ba khantšelitsoe ke ngoeli, Mike o batla ho fetang moqoqo feela.

Likhoeling tse peli tse fetileng, Mike le Heather ba ’nile ba tšoarana ka matsoho feela le ho akana hanyenyane. Heather ha a batle ho fetela pele. Empa le teng ha a batle ho lahleheloa ke Mike. Mike o etsa hore a ikutloe a le motle a bile a ikhetha. O ipolella hore: ‘Etsoe ’na le Mike rea ratana . . . ’

MOHLOMONG u ka inahanela hore na boemo bona bo lebisa hokae. Empa u ka ’na ua se ke ua hlokomela kamoo ho kopanela liphate ho tlang ho senya kamano ea Mike le Heather kateng. Ak’u nahane ka se latelang:

Haeba u hlokomoloha molao oa tlhaho, o kang oa matla a khoheli, u kotula litholoana tse babang. Ho etsahala se tšoanang ha u hlokomoloha molao oa boitšoaro, o kang o reng: “Le ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Ho se mamele taelo eo ho hlahisa liphello life? Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) See ke ’nete hakae? Ka tlaase mona, leka ho thathamisa lintho tse tharo tse bohloko tse ka hlahelang ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.

1 ․․․․․

2 ․․․․․

3 ․․․․․

Joale sheba lintlha tseo u li ngotseng. Na u thathamisitse lintho tse kang lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ima ho sa batleheng, kapa ho se amoheloe ke Molimo? Ka sebele tseo ke liphello tse bohloko tse ka hlahelang leha e le mang ea tlōlang molao oa Molimo mabapi le bohlola.

Empa u ntse u ka ’na ua lekeha ho etsa seo. U ka ’na ua re ka pelong, ‘Ha ho letho le tla ntlhahela.’ Etsoe na bacha ba bang bohle ha ba kopanele liphate? Bacha ba bang sekolong ba ithorisa ka ho kopanela liphate, ’me ha ho bonahale eka seo se ba ntša kotsi. Mohlomong joaloka Heather ea boletsoeng qalong, u nka hore ho kopanela liphate ho tla tiisa kamano ea lōna. Etsoe ke mang ea batlang ho songoa ka hore ha a e-s’o ka a kopanela liphate? Na ha ho molemo hore u inehele?

Ak’u nahane ka sena pele! Ntlha ea pele, hase bacha bohle ba kopanelang liphate. Ke ’nete hore u ka ’na ua bala ka lipalo-palo tse bontšang hore bacha ba bangata ba kopanela liphate. Ka mohlala, phuputso e entsoeng United States e bontša hore bacha ba babeli ho ba bararo ba qetang sekolong se phahameng naheng eo, ba kopanela liphate. Empa seo se boetse se bolela hore mocha a le mong ho ba bararo—e leng palo e khōlō—ha ba kopanele liphate. Joale ho etsahala’ng ka ba kopanelang liphate? Bafuputsi ba fumane hore ba bangata ba bacha bao ba tobana le bo bong kapa a mang a mathata a latelang.

BOTHATA BA 1 HO TŠOENYEHA. Bacha ba bangata ba kopanetseng liphate pele ho lenyalo ba re ba ikoahlaela seo hamorao.

BOTHATA BA 2 HO SE TŠEPANE. Ka mor’a ho kopanela liphate, ka bobeli ba qala ho ipotsa, ‘Ebe o robetse le mang hape?’

BOTHATA BA 3 HO SOETSEHA. Botebong ba pelo, banana ba bangata ba ka rata hore ba be le mohlankana ea tla ba sireletsa, eseng ea batlang ho fumana lintho tse itseng ho bona. Bashanyana ba bangata ba hlokometse hore ha ba khahloe hakaalo ke ngoanana ea lumelang ha ba mo hokahoka.

Ho phaella lintlheng tse ka holimo, bashanyana ba bangata ba boletse hore ba ke ke ba nyala ngoanana eo ba kopanetseng liphate le eena. Hobane’ng? Hobane ba rata ngoanana ea hloekileng boitšoarong!

Haeba u ngoanana, na seo sea u makatsa—kapa ebile sea u halefisa? Joale hopola sena: Liphello tse hlahisoang ke ho kopanela liphate pele ho lenyalo li fapane hōle le se bontšoang lifiliming le thelevisheneng. Indasteri ea boithabiso e khabisa taba ea bacha ba kopanelang liphate ’me e etsa hore ba bonahale eka ehlile baa ratana. Empa u se ke ua ea le khongoana holimo! Batho ba lekang ho u qobella ho kopanela liphate pele ho lenyalo ba mpa ba ipatlela lithahasello tsa bona feela. (1 Bakorinthe 13:4, 5) Etsoe na motho ea u ratang e le kannete a ka u beha kotsing ’meleng le maikutlong? (Liproverbia 5:3, 4) Hona na motho ea u tsotellang e le kannete a ka leka ho senya kamano ea hao le Molimo?—Baheberu 13:4.

Haeba u mohlankana ea nang le kharebe, lintlha tse boletsoeng khaolong ena li lokela ho u fa lebaka la hore u nahane ka ho teba ka kamano ea lōna. Ipotse, ‘Na ke hlile ke tsotella kharebe ea ka?’ Haeba ua e tsotella, u ka bontša seo joang? Ka hore u ikemisetse ho khomarela melao ea Molimo, u bontše bohlale ka ho qoba maemo a lekang ’me u bontše lerato ka ho etelletsa pele lintho tseo e li thahasellang. Haeba u na le litšobotsi tseo, kharebe ea hao e ka ’na ea ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Moshulame, ea ileng a re: “Moratuoa oa ka ke oa ka ’me ’na ke oa hae.” (Sefela sa Lifela 2:16) Ka mantsoe a mang, kharebe ea hao e tla ba motlotlo ka uena!

Ebang u ngoanana kapa u moshanyana, haeba u inehela hore u kopanele liphate pele ho lenyalo, u itheola seriti ka ho lahla letlotlo la bohlokoa. (Baroma 1:24) Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ikutloa ba nyahame ba bile ba se na thuso ka mor’a moo, joalokaha eka ba itloheletse hore ba utsoetsoe letlotlo la bohlokoa! U se ke ua lumella seo hore se u etsahalle. Haeba motho e mong a leka ho u qobella hore u kopanele liphate le eena, a re, “Haeba ua nthata, u tla lumela,” mo arabe u lomahantse meno, u re, “Haeba ua nthata, ha u na ho nkōpa hore ke etse seo!”

’Mele oa hao ke oa bohlokoa haholo hore ebe u ka bapala ka oona. Bontša hore u ikemiselitse ka matla ho mamela taelo ea Molimo ea hore u ile bohlola. Joale, haeba ka letsatsi le leng u kena lenyalong, u ka kopanela liphate. ’Me u tla thabela seo ka ho feletseng ho se letho le u tšoenyang, le etsang hore u ikoahlaee le ho ikutloa u sa sireletseha, e leng se atisang ho hlahela batho ba kopanelang liphate pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22, 23; 1 Bakorinthe 7:3.

BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 4 LE EA 5

KHAOLONG E LATELANG

Tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ke taba e tebileng hakae?

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Balehelang bohlola. . . . Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.”—1 Bakorinthe 6:18.

KELETSO

Ha ho tluoa tseleng eo u itšoarang ka eona ha u e-na le motho oa bong bo fapaneng, u lokela ho latela tataiso ena e molemo: Haeba ke ntho eo u ke keng ua batla hore batsoali ba hao ba u bone u e etsa, joale ha ua lokela ho e etsa.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Ka mor’a hore moshanyana a kopanele liphate le kharebe ea hae, hangata oa e lahla ebe o batla e ’ngoe.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Ha ke e-na le motho oa bong bo fapaneng le ba ka, ke lokela ho qoba maemo a latelang ․․․․․

Haeba motho oa bong bo fapaneng le ba ka a re o batla ho kopana le ’na sebakeng se patehileng, ke tla re ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Le hoja batho ba sa phethahalang ba ka ’na ba lakatsa ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ke hobane’ng ha ho fosahetse?

● U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore u robale le eena?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 176]

“Kaha u Mokreste, u na le litšobotsi tse tla etsa hore u khahle batho ba bang. Kahoo u lokela ho ba hlokolosi ’me u hane ha batho ba u kōpa hore u kopanele le bona boitšoarong bo litšila. Hlompha litšobotsi tseo. U se ke ua li lahla!”—Joshua

[Setšoantšo se maqepheng a 176, 177]

Ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho tšoana le ho beha setšoantšo se setle se pentiloeng monyako, ebe batho ba se hata holimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela