Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/90 leq. 11
  • Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA RE LE PHOMOLONG
  • HA RE TLILE KOPANONG
  • MOSEBETSI O EKETSEHILENG JOALOKA LELAPA
  • U Rerile ho Etsa’ng Lehlabuleng Lee?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Sebelisa Nako ea Lehlabula ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Na U Tla Kopanela Bopaking bo sa Reroang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 10/90 leq. 11

Sebelisa Menyetla ea ho Paka Lehlabula

1 Mangolo aa re phehella: “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (1 Ba-Kor. 10:31) Lehlabula le fana ka menyetla ea ho etsa sena ka litsela tse ’maloa.

2 Ba bangata ba tla be ba ea phomolong bofelong ba selemo. Leha ho le joalo, ha ho lea mong oa rōna ea lokelang ho hlokomoloha mosebetsi oa rōna oa ho bolela le ho ruta ho sa tsotellehe hore na nako ke efe. Ka hona, ha u ntse u le phomolong, u ile kopanong, kapa u le phomolong ea sekolo, chesehela ho pakela ba bang. Re ka etsa see joang?

HA RE LE PHOMOLONG

3 Na u lokisetsa ho etela beng ka uena ha u le phomolong? Bongata ba rōna re thabela ho nchafatsa likamano tsa lelapa. Haeba beng ka uena ba se ’neteng, u ka khona ho kopanela molaetsa oa ’Muso le bona. Baena ba bangata ba bile le katleho e ntle ka ho letela nako e nepahetseng ka mamello ea ho pakela beng ka bona. Ka tsela ena, ba bang ba beng ka bona ba ithutile ’nete.—Bona Molula-Qhooa, February 15, 1990, maqephe 25-7.

4 Haeba u lokisetsa ho tloha hae u ea phomolong, ke hobane’ng ha u sa etse litokisetso tsa ho ba teng libokeng le ho sebetsa tšebeletsong ea tšimo le phutheho ea sebaka seo? Re “rata mokhatlo ’ohle oa baena,” ’me ho sebetsa tšebeletsong ea tšimo le bona ho re fa monyetla oa ho rua molemo phihlelong ea bona ’neteng ha re ntse re leka ho ba tseba hamolemonyana. (1 Pet. 2:17, NW) Ka ho ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ha re ntse re le phomolong, re ka ithuela molemo le ho thabela khatholoho ea ’nete le baena ba rōna.—Matt. 11:28, 29.

HA RE TLILE KOPANONG

5 Ha u tlile kopanong ea setereke, pakela ba bang. Ho qhoaela libeche tsa rōna ho ka tsosa cheseho ea ba bang le ho re bulela tsela ea ho bua le bona ka ’nete. Batla menyetla ea ho paka ha u il’o tšela petrole, ha u e-ja mabenkeleng a ho jela, kapa u palame sepalangoang sa sechaba. Hangata lipuisano tse sa reroang maemong ana li hlahisa liphello tse molemo. Kahoo beha Bibele ea hao le lingoliloeng tse loketseng haufinyane, ’me u itokisetse ho fana ka bopaki.

MOSEBETSI O EKETSEHILENG JOALOKA LELAPA

6 Kaha bongata ba rōna re tla be re sa ea sekolong kapa re sa ea mosebetsing oa boipheliso nakong ea matsatsi a phomolo, ke hobane’ng ha re sa sebelise nako e eketsehileng tšebeletsong ea tšimo ka ho ba bo-pula-maliboho ba thusang? U ka ntlafatsa tšebeletso ea hao ea tšimo le ho “atolosa” lerato la hao ka ho sebetsa le ba bang. Ke hobane’ng ha u sa sebetse le ba bangata kamoo ho ka khonehang ka phuthehong? (2 Ba-Kor. 6:11-13, NW) Malapa a ’nile a sebelisa likhoeli tsa lehlabula ho ba bo-pula-maliboho ba thusang hammoho a le kaofela. Sena se matlafalitse tumelo ea ’ona le ho a tlamahanya haufinyane le Jehova le e mong ho e mong joaloka lelapa. Hape, sena se khothatsa phutheho, ’me phello e ka ba hore ba bang ba susumelletsehe ho etsa mosebetsi o moholoanyane.

7 Hangata nako ea lehlabula e tletse mosebetsi. Kaha ho na le lintho tse ngata haholo tse ka jang nako ea rōna, ho hlokahala hore re be hlokolosi ho boloka mokhoa o motle o tloaelehileng oa ho etsa lintho e le hore re ka finyella se molemohali ka nako ea rōna. Ka ho hlophisa lintho tsa moea tse tlang pele hona joale, re tla ‘khantšetsa batho leseli la rōna.’ Ha ba bona mesebetsi ea rōna e metle, ba bang ba ka susumelletseha ho tlotlisa Jehova, kahobane re sebelisitse monyetla o mong le o mong ho kopanela ’nete le ba bang lehlabula.—Matt. 5:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela