Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/90 maq. 1-12
  • Finyella Lipelo ka Lithuto Tse Atlehileng Tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Finyella Lipelo ka Lithuto Tse Atlehileng Tsa Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TOTOBATSA BIBELE
  • BOTSA LIPOTSO
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 10/90 maq. 1-12

Finyella Lipelo ka Lithuto Tse Atlehileng Tsa Bibele

1 Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea Ntat’ae, ’me o ne a thabela ho thusa ba bang hore le bona ba sebeletse Jehova. (Pes. 40:8; Matt. 9:37, 38; 11:28-30) Jesu o ne a sa khotsofalla feela ho fana ka molaetsa oa hae. Hore re tle re atlehe ho khothalletsa ba bang ho kopanela le rōna mosebetsing oa ho bolela evangeli, re tlameha ho finyella lipelo tsa liithuti tsa rōna tsa Bibele. Sena se akarelletsa ho fetang feela ho khanna puisano ea lipotso le likarabo ka sengoliloeng. Hore re finyelle pelo, re lokela ho lokisetsa re hopotse ka seithuti sa rōna.

2 Jesu o ne a e-na le thahasello ea botho ho ba bang. O ne a nahanisisa ka pono ea bona ea litaba. O ne a sebelisa litšoantšo ho nolofatsa litaba tse thata. (Matt. likhao. 5-7) Ha a hlokomela mathata ao ba neng ba tla thulana le ’ona, Jesu o ne a fana ka keletso e loketseng. (Mar. 9:33-37) Ha ba mo mametseng ba ne ba sa khone ho utloisisa morero oa thuto ea hae qalong, ka mamello o ne a etsa setšoantšo ka seo a neng a se bua. (Matt. 16:5-12) Thahasello ea Jesu e tiileng ho ba bang e lokela ho re susumelletsa ho ipotsa, ‘Ha ke ne ke le seithuti, ho ne ho tla hlokahala hore ke tsebe eng e le hore ke utloisise le ho susumetsoa ke se ntseng se rutoa?’—Hlokomela 1971 Yearbook, maqephe 246-7.

TOTOBATSA BIBELE

3 Ha banyalani ba bang ba botsoa hore na ke eng e entseng hore ba arabele ka potlako ha ba pakeloa, ba ile ba arabela: “Ke Bibele.” E, Lentsoe la Molimo le finyella lipelo. (Ba-Heb. 4:12) Bua ka eona khafetsa, u sebelise litemana tse lirapeng ka botlalo. Thusa seithuti ho bona lebaka leo tsela e itseng e leng bohlale kapa e leng booatla ka lona. Behelana mabaka le sona kamoo ho utloa melao ea Molimo ho tla se tsoela molemo ka teng.—Bona Molula-Qhooa, March 15, 1985, maqephe 29-30.

4 Bahoeletsi ba bangata ba fumane hore ho sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka ho atleha haholo ho totobatseng Bibele. Ka mohlala, ha mong’a ntlo a hlahloba leqephe 124, serapa 13, bukeng ea Phela ka ho sa Feleng, a ka botsa hore na ke hobane’ng ha moruti oa hae a bolela hore bana ba shoa hobane Molimo o batla hore ba be le oona leholimong. Ho hlahloba boitsebiso bo leqepheng la 218 bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a “Ke hobane’ng ha masea a e-shoa?” ho hatisa thahasello ea Jehova ea ho boloka tokisetso ea lelapa. Boitsebiso bo ka kholisa motho eo ka lerato la Jehova ho batho.

BOTSA LIPOTSO

5 Ho sebelisa lipotso ka katleho ho ile ha thusa Jesu ho etsa hore batho ba nahane le ho beha mabaka. (Matt. 17:24-27) Likarabelo tsa seithuti li ka re thusa ho hlokomela seo se ithutang sona hammoho le hore na ke lipono life tseo eseng tsa mangolo tseo se ntseng se na le tsona. Mohlomong seithuti se ntse se loantša tloaelo ea ho tsuba. Le se le hlahlobile boitsebiso bo khaolong ea 27 bukeng ea Phela ka ho sa Feleng le boitsebiso bo maqepheng a 13-16 tokollong ea July 8, 1989, ea Tsoha! Se bona tlhokahalo ea ho khaotsa. Leha ho le joalo, na se hlile se kholisehile hore se lokela ho e tlohela? Mohlomong u ka re: “U ikutloa joang ka see? A re re mohlomong u ne u lokela ho khaotsa hona joale empa ebe metsoalle e meng ea hao ea u tšeha. U ne u tla etsa joang?”

6 Leha ho le joalo, tlhokomeliso ke ena. Ka linako tse ling lipotso tse joalo li ka ’na tsa tlisa likarabelo tse u makatsang kapa tse u soabisang. U tla etsa joang? Haeba e le taba e khopisang habonolo, ho ka ba molemo hore u se ke ua qophella taba eo empa u re: “Ere re e siee molatsa. Re ka khutlela ho eona hamorao.” Kapa “Koana, ke ntho eo u lokelang ho nahana ka eona, na ha ho joalo?” (Joh. 16:12) Ha u tseba kamoo seithuti se hlileng se ikutloang ka teng ka taba e itseng, u ka lokisetsa boitsebiso bo ka se thusang ho tsoela pele ka ho eketsehileng. Re lokela ho loanela ho susumetsa pelo ea motho le ho rapela hore Jehova a mo thuse ho hōla moeeng.—1 Ba-Kor. 3:5-9.

7 Ha u khanna thuto ea Bibele, ka mehla u hopole ho nka nako e lekaneng u behelana mabaka le seithuti boitsebisong boo le buisanang ka bona. Fetola mekhoa ea hao ea ho ruta hore e lumellane le litlhoko tsa sona ka ho khetheha. Sebeletsa ho haha lerato le tlhompho tse tebileng ho Jehova, Bibele, le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka pelong ea sona. E se eka re ka phetha karolo ea rōna ho thusa ba bang ho fetoha barutuoa ba Kreste ka ho leka ho khanna lithuto tsa Bibele tse atlehileng.—Lik. 2:41-46.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela