Mokhoa oa ho Atleha Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
NA TŠEBELETSO ea bopula-maliboho ke mosebetsi oa hao? Haeba u pula-maliboho, kapa ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng, ha ho pelaelo u thahasella ho atleha. Empa katleho e hloka ho fetang feela ho khona ho qeta nako mosebetsing o fanoeng. Motho ea atlehang o tlameha ho amohela koetliso le ho phehella ho hōlisa matla a hae.
Joale, ke joang u ke keng oa tsoela pele feela u le pula-maliboho empa hape u etsa tsoelo-pele mosebetsing oa hao? Ho na le lipotso tse ’maloa tse ka sehloohong tseo u ka ’nang oa li hlahloba.
Kamano ea Ka le Molimo E Matla Hakae?
E ’ngoe ea lintlha tsa bohlokoahali hore motho a atlehe e le pula-maliboho ke ka ho ba le kamano e haufi-ufi, e matla le Jehova Molimo. Tabeng ena, re ka ithuta thuto ho mopesaleme Davida. O ile a rapela: “Oho Jehova, nketse hore ke tsebe mekhoa ea hao; nthute litsela tsa hao. Nketse hore ke tsamaee ’neteng ea hao ’me u nthute, hobane u Molimo oa ka oa poloko. Ke u tšepile letsatsi lohle.”—Pesaleme ea 25:4, 5, NW.
Davida o ile a itšetleha ka ho felletseng ka ‘Molimo oa poloko ea hae.’ O ile a lakatsa hore Jehova a mo rute ’me a ‘mo etse hore a tsebe mekhoa ea Hae.’ Na ha u utloe takatso ea Davida e chesang ea ho thabisa Molimo? Ena e ne e se takatso feela tjee, hobane Davida o ile a re: “Ke u tšepile letsatsi lohle.”
Empa u ka boloka kamano e haufi-ufi joalo le Jehova joang? Hlokomela hore lipolelo tse ka holimo ke tsa Davida thapelong. E, puisano ka thapelo ke oona motheo oa kamano e ntle le Molimo. ’Me re ka tšeliseha ho tseba hore ha ho hlokahale hore re behelane nako le Ntate oa rōna oa leholimo. Re ka mo atamela ka nako efe le efe. Joalokaha Davida a itse: “Ke bitsa ho uena tsatsi lohle!” (Pesaleme ea 86:3) Esita le Mora oa Molimo, ea tsamaileng lefatšeng e le motho ea phethahetseng, o ile a hlokomela hore o ne a ke ke a atleha ntle ho thuso ea Ntate oa hae. Jesu o ile a bua le eena ka thapelo letsatsi kaofela—ho tloha hoseng, motšehare, le ho fihlela bosiu.—Mareka 1:35; Luka 11:1; 6:12.
Joaloka Bakreste, ho hlokahala re latele mohlala oa Jesu hore re tle re atlehe tšebeletsong ea rōna. (Ba-Heberu 5:7) Mabapi le thapelo, mosali e mong oa Mokreste eo e bileng pula-maliboho ea atlehileng ka lilemo tse 30 o ile a itlhalosa ka tsela ena: “Ke fumana hore thapelo kea bohlokoa ho ’na hore ke tle ke atlehe ke le pula-maliboho. E nthusitse hore ke itšetlehe ka ho felletseng ka Jehova, ke hlokomela hore ke ne nke ke ka ho etsa ka bonna. Ka mehla ke kōpa Jehova hore a nthuse hore ke tsoele pele.”
E, hore u atlehe tšebeletsong ea bopula-maliboho, ho hlokahala hore u boloke kamano e matla le Jehova, u itšetlehile ka eena ka ho felletseng ka thapelo. Leha ho le joalo, potso e latelang kea bohlokoa hore u ipotse eona.
Ke Rata Batho Hakae?
Ho bula maliboho ke pontšo ea lerato. Hobane’ng? Hobane tšebeletso ea nako e tletseng e akarelletsa moea oa ho iketsa sehlabelo. Joaloka pula-maliboho, ka mehla u senya nako ea hao le matla ho thusa ba bang. Empa hore u tle u tsoele pele ho etsa sena, u tlameha ho ba le thahasello ea sebele ho seo ba bang ba se hlokang. Ha a le lefatšeng, Jesu o ile a bontša lerato le joalo ho batho. Ka mohlala, ho bile le nako eo eena le barutuoa ba hae ba neng ba tsamaea ka sekepana ho ea sebakeng se seng se khutsitseng ho ea ‘phomola hanyenyane.’ Leha ho le joalo, matšoele a ba etella pele. “Jesu ha a e-tsoa, a bona bongata bo boholo, ’me a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa; ’me a qala ho ba ruta taba tse ngata.”—Mareka 6:30-34.
Ho tšoana le Jesu, joaloka bo-pula-maliboho re tlameha ho ba le lerato le tebileng ho batho. Lerato le joalo le re susumelletsa ho itela molemong oa bona. Joalokaha mongoli e mong a kile a re ho Jesu: “’Me ho o [Molimo] rata ka pelo eohle, le ka khopolo eohle, le ka moea oohle, le ka matla ’ohle, le ho rata oa habo motho joale ka ha motho a ithata, ho fetisa licheso le mahlabelo ’ohle.” (Mareka 12:33) Mantsoe ana a re thusa ho ananela hore hase seo re se etsang feela tšebeletsong ea rōna seo e leng sa bohlokoa empa le lebaka leo re se etsang ka lona.
Joaloka pula-maliboho, u qeta nako e eketsehileng mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa ho feta ba bang ba bangata. Empa hape u kopana le batho ba eketsehileng. U ikutloa joang ka bona? Pula-maliboho e mong o itse: “Kea tseba hore lerato ke tholoana ea moea oa Molimo. Kahoo ntle ho lona nka be ke se ’neteng ho hang, ke se ke sa bolele ho atleha joaloka pula-maliboho. Lerato le nketsa hore ke amehe ka batho, ke hlokomele litlhoko tsa bona, ’me ke ananela hore batho ba arabela leratong. Koana, ho na le linako tseo lerato la hao ho batho le tla lekoa ka lebaka la maikutlo a bona kapa litšekamelo tsa bona. Joale ke hona moo ke hlileng ke lekang ho mamela le ho ba le mamello.”
Na ke ka tsela eo u ikutloang ka eona ka batho tšimong ea lōna? Hore u be pula-maliboho ea atlehileng, u tlameha ho rata batho. (1 Ba-Thessalonika 2:6-8) Leha ho le joalo, hore u be le litholoana mosebetsing oa hao oa ho bula maliboho, u boetse u hloka kemiso e ntle. Ka hona, ipotse:
Na ke na le Kemiso e Tsitsitseng?
Hore e tsoele pele ka katleho tšebeletsong ea nako e tletseng, pula-maliboho e tlameha ho laoleha hantle. Ntle ho kemiso e ntle ea botho, bopula-maliboho bo ka ’na ba ferekanya. Ha e le hantle, ho ba le kemiso e u lumellang ho qeta nako e itseng tšebeletsong ea tšimo hase sona feela se akarelletsoang.
Pula-maliboho e hloka kemiso e tsitsitseng. Na u na le eona? U ka ’na oa ipotsa: Na ke qeta nako e loketseng litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso? Na nka re ke etsa boiteko bohle ho finyella batho tšimong? Na ke etsa liphetoho tse hlokahalang kemisong ea ka e le hore nka ba etela ha ba le teng hae? Na ke etsa maeto a ho boela a beang? Jesu o itse: “E-eang ke hona ’me le etse batho barutuoa . . . le ba rute.” (Mattheu 28:19, 20, NW) Ho bolela le ho ruta ke likarolo tse tlatsetsang tsa tšebeletso ea rōna. Na u khotsofaletse ho tsamaisa libuka, kapa na u khutlela ho bohle ba bontšitseng thahasello, e bang ba amohela libuka tsa Bibele kapa che? Ka bokhutšoanyane, na u sebelisa nako ea hao hamolemo?
Na ke Moruti ea Tsoelang Pele?
Eo ke potso e ’ngoe ea bohlokoa. Ho 2 Timothea 4:2 (NW), Pauluse o ngotse: “Bolela lentsoe, u be ho lona ka ho potlakileng ha nako e le ntle, ha e le nako ea likhathatso, . . . ka mamello eohle le ka tsebo ea ho ruta.” Hore ba bolele lentsoe, e bang ke kantle kapa ka hare ho phutheho, bo-pula-maliboho ba atlehileng ba loanela ho fumana le ho ntlafatsa tsebo ea ho ruta. Ke hobane’ng ha Pauluse a re ho ruta ke tsebo? Hobane ho ruta ho hloka bohlale le ho itloaetsa hona.
U tla ntlafatsa bohlale ba hao joaloka moruti joang? Moapostola Pauluse oa arabela: “Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.” (1 Timothea 4:15) E, bo-pula-maliboho ba tlameha ho ipha nako ea boithuto ba Bibele ba botho, ho nahanisisa, le ho thuisa. Hona ho akarelletsa tšebeliso ea sebele ea litlhahiso tse fumanoang litokollong tse kang Ho Bea Mabaka ka Mangolo, Tšebeletso ea Rona ea ’Muso, le Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo.a
Kahoo, hore u atlehe tšebeletsong ea bopula-maliboho, boloka kamano ea hao e matla ea botho le Jehova Molimo. Hona, hamorao, ho tla u susumelletsa ho fumana le ho bontša lerato le tebileng ho batho. Joale, ho bontša lerato lena, ha u-ua tlameha ho ameha feela ka hore na u qeta nako e kae tšebeletsong, empa hape u tlameha ho rata ho sebelisa nako ea hao hamolemo. Joang? Ka ho etsa boiteko bo hlokahalang ho finyella batho ba bangata kamoo ho khonehang ka molaetsa oa ’Muso. Qetellong, tsoela pele u le moruti ea nang le tsoelo pele ka ho ithuta mekhoa e sa tšoaneng ea ho atamela batho tšebeletsong ’me ka mafolo-folo u ithuta Bibele ka tebello ea ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.