Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/15 maq. 15-20
  • Hlokomela Thuto Ea Hao Ka Mehla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Thuto Ea Hao Ka Mehla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Ho ka Hlaoleloang Tšimo “e Ncha”
  • Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
  • Ba Belaelang
  • Ho Hlōla Phephetso ea Ho Iphapanya
  • U o Etse Ho Fihlela o Phethoa
  • U Se Ke Ua Khathala ke Ho Etsa Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo Tšimong e Sebetsoang Khafetsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Bonahatsa Mekhoa e Metle ha u le Tšimong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/15 maq. 15-20

Hlokomela Thuto Ea Hao Ka Mehla

“Itlhokomele ka mehla [’me u hlokomele] le thuto ea hao. Boloka lintho tsena, hobane ka ho etsa sena u tla ipholosa u be u pholose le ba u mamelang.”—1 TIMOTHEA 4:16, NW.

1. Ke hobane’ng ha ena e se nako ea hore re khoehlise mosebetsing oa rōna oa boboleli ba ’Muso?

HONA joale Jehova o potlakisa ho bokelloa ha batho ba seka linku. Joale, ka sebele ena hase nako ea hore batho ba hae ba khoehlise mosebetsing oa bona oa boboleli ba ’Muso le ho etsa barutuoa. (Esaia 60:8, 22; Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ho hlokahala hore re sebetse tumellanong le moea oa seo Molimo o se etsang mehleng ea rōna. Ha bofelo bo ntse bo atamela, re tla ’ne re khutlele ho baahisani ba rōna hangata ka ho eketsehileng. Ka sebele, mosebetsi oa bopaki o eketsehileng o etsoang ke bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba bangata hakana joale o susumetsa tšimo ea lefatše. Hape sefutho sa ho bokella hona ho thabisang se sa ntsane se tla eketseha.—Esaia 60:11; bapisa Pesaleme ea 126:5, 6.

2. (a) Ho latela Esaia 40:28-31, ke mohloli ofe oa matla oo ho oona re ka fumanang matla a eketsehileng a ho qetela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso? (b) Re na le lebaka lefe le letle la ho hlokomela ka ho khethehileng boleng ba tšebeletso ea rōna nakong ena?

2 Ho e-na le ho inehela boikutlong leha e le bofe ba ho ‘tepella’ kahobane tšimo e koaheloa khafetsa, re lokela ho hopola hore ena ke nako ea hore re rapele Jehova bakeng sa “matla” a hlokahalang a ho qetela mosebetsi. (Esaia 40:28-31; 1 Johanne 5:14) Ke ’nete hore limillione tsa “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” li se li bokelletsoe. Empa e ka ’na eaba seo ka nako e ’ngoe se neng se atleha ho thusa batho ba itseng joale ha se sa sebetsa bakeng sa ho thusa ba bang ba sa ntsaneng ba le teng masimong a rōna. (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16) Kahoo, ho hlokahala hore re hlokomele ka ho khethehileng boleng ba tšebeletso ea rōna.

3. Tšebeletso ea rōna ea tšimo e ka kenngoa cheseho e ncha joang?

3 Ka boikemisetso bo bocha, re ka shebana le ho ntlafatsa katleho ea rōna tšebeletsong. Sena se ka fana ka cheseho e ncha tšebeletsong ea rōna ea tšimo. Empa see se ka etsoa joang? Ka ‘ho itlhokomela ka mehla le ho hlokomela thuto ea rōna,’ e seng ho phetha tšebeletso ea rōna ka tloaelo feela tjee. (1 Timothea 4:16, NW) Melomo ea rōna e tlameha ho nehelana ka ho fetang “sehlabelo sa poko” se etsoang feela ho phetha molao. (Ba-Heberu 13:15) Re lokela ho ba ba koetlisehileng mosebetsing oa rōna. (Liproverbia 22:29) Ka hona, seo re se hlokang ke ho sebetsa tšimo ea rōna re le batho ba koetlisehileng. Tse ling tsa litšobotsi tsa tšebeletso ea rōna tseo ho hlokahalang hore re li ‘hlokomele ka mehla’ ke tsena.

Kamoo Ho ka Hlaoleloang Tšimo “e Ncha”

4. Ke ka tsela efe re ka hlahisang tšimo “e ncha” sebakeng se abetsoeng phutheho ea rōna?

4 A re ke re talimeng boemo ka mokhoa oa sebele. Libakeng tse ngata, ha ho sa na tšimo e ncha kapa e sa sebetsoeng ka mehla. Kahoo ke hobane’ng ha re sa hlaolele tšimo “e ncha” ka hare ho sebaka seo phutheho e se abetsoeng? Joang? Koana, ha re etela batho khafetsa, re ke ke ra iketsa eka ha ho mohla re kileng ra fihla lapeng leo pele ka ho bolella mong’a ntlo feela seo re se buang ka mehla malapeng. Mohlomong mong’a ntlo o tla re tseba haeba re ’nile ra sebetsa tšimo eo ka makhetlo-khetlo. Buka Ho Bea Mabaka ka Mangolo e fana ka likenyeletso tse fetang 40 tseo re ka li sebelisang tšebeletsong ea rōna. Re tlameha ho li lokisetsa hantle joaloka ntho e ’ngoe e ncha le e ipiletsang ka ho li hokahanya le litaba tse thahaselloang sebakeng sa habo rōna le tse ntseng li etsahala hona joale. Ho fapana le ho ikutloa re lokela ho ikōpela tšoarelo ka ho eta hangata, ho hlokahala hore re be le boikutlo bo nepahetseng ’me re etse hore tšimo ea rōna e be “ncha” ka linehelano tsa boleng bo botle. Empa na see se tla thusa haeba beng ba matlo ba se na botsoalle?

5. (a) Re ka etsa hore boikutlo ba ho hloka botsoalle bo neng bo le teng nakong e fetileng bo re tsoele molemo joang? (b) U fumane e le eng e sebetsang hantle sebakeng sa heno? (c) Ke hobane’ng ha ho mamela le ho babatsa ka mokhoa o se nang boikaketsi ho thusa?

5 Ho tseba boitšoaro ba mong’a ntlo nakong e fetileng ho ka fella ka ho ba le maikutlo a mabe ka ho etela moo hape. Empa ke hobane’ng ha u sa etse hore tsebo eo e u tsoele molemo? Joang? Mohlomong ka ho bua ka ketelo eo pele ’me e be u hahella ho se neng se buuoe ketelong e fetileng. U ka ’na ua re: “Lumela, Ntate Mohapi!” Haeba ho bonahala ho loketse, u ka ’na ua phaella: “U ntse u phela joang?” Joale u ka ’na ua re: “Ha ke le mona bekeng e fetileng, u ile ua mpolella hore kereke ea lōna e hlokomela litlhoko tsohle tsa lōna tsa moea le hore u setho se mafolo-folo. Joaloka moahisani eo ka ho tšoanang a nkang bolumeli ka ho teba, na nka botsa hore na kereke ea lōna e re’ng ka tšepo ea ho pholoha mehleng ee ea nuclear?” Joale, mo fe monyetla oa hore a u bolelle. Babatsa mong’a ntlo ka botšepehi kamoo u ka khonang. Ho mo mamela le ho mo babatsa ho ka ’na ha fetola boikutlo ba hae. Hangata, batho ba tla lumella ketelo e ’ngoe haeba bona ka bobona ba e-na le hoo ba ka ho buang. Ke ’nete hore u tla rata hore molaetsa oa hao o nyalane le seo mong’a ntlo a se buang.

6. (a) Ke joang re ka lokisetsang beng ba matlo hore ba lebelle hore re ba etele khafetsa? (b) Ke lipolelo life tsa sehlooho tse ka re thusang ho atleha? (c) Ke eng e sebetsang hantle sebakeng sa heno?

6 Ka seo u se buang, u ka lokisetsa beng ba matlo hore ba lebelle hore re ba etele khafetsa. Leka ho re: “Khotso, ’Mè ’Mamolapo! U phela joang kajeno? Lekhetlong lena ha re etela baahisani ba rōna, re bua ka . . . . ” Kapa u ka ’na ua re: “Lumela! Re ntse re etsa maeto a rōna a beke le beke. Re thabetse ho khutlela ho uena. Baahisani ba hao ba thabetse taba e ncha eo re buang ka eona leetong lena.” Joale e be u tsoela pele. Sena se boetse se sebetsa ho u ‘nchafaletsa’ tšimo. Tsela eo mantsoe a hlileng a behoang ka eona e ka ’na ea fapana naheng ea heno, empa sena se fana ka khopolo ea sehlooho. Ke hobane’ng ha u sa ho sebelise ka ho feletseng, molemong oa hao?

7. (a) Ha li tloha, Lipaki tse ling li lokisetsa mong’a ntlo ketelo e ’ngoe joang? (b) Ntlheng ena, ke eng e sebetsang hantle sebakeng sa heno?

7 Kahoo e le ho lokisetsa mong’a ntlo ketelo e latelang, Lipaki tse ling li bile le katleho ka ho qetella ka mokhoa o kang ona: “Re tla thabela ho u etela hape haufinyane.” Ho bao ho neng ho bonahala eka ba leqe ho buisana le uena ka lekhetlo la pele, u ka ’na ua re: “Ke thabetse puisano ea rōna. Ka sebele u fane ka lintlha tse ntle. Sena se nkile metsotso e seng mekae, empa bonyane ha rea ka ra bua ka litaba tse mpe, tseo re ka ’nang ra li utloa neng kapa neng. Kannete ho ne ho le monate.” Ntle le pelaelo, u tla hlaolela litsela tse ling tse loketseng tsa ho buisana le beng ba matlo. Tlas’a boemo leha e le bofe, ka lipolelo tse molemo, linehelano tsa boleng bo botle, le botsoalle, leka ho thusa sechaba hore se se hloee liketelo tsa rōna tse etsoang khafetsa.

Fana ka Bopaki bo Phethahetseng

8, 9. Ho fanoa ka litlhahiso life tsa ho batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng?

8 Ntho e ’ngoe eo re ka e hlokomelang e tla re thusa hore re ipoloke re e-na le cheseho e khōlō ke ho batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng. (Liketso 8:25, NW; 20:24, NW) Ka mohlala, moena a ka ’na a kōpa ho bua le ntate oa lelapa leo haeba mafelong a beke kapa mantsiboea ho hlaha mosali kapa ngoana monyako. Mohlomong, ke mosali eo re buisaneng le eena boholo ba nako. Kahoo re ka qalisa bocha ntlong eo ka ho bua le hlooho ea lelapa. Joale re ka fetola molaetsa hore o lumellane le eena, ra bua lintho tse kang ho re, “U nahana hore ke eng se tla tiisa hore lelapa la hao le ba le bokamoso bo thabileng?” kapa, “Hlokomela kamoo Bibele e hahang bonngoe ba lelapa.” Babatsa monna eo bakeng sa likhopolo tse ntle tseo a ka ’nang a li hlahisa.

9 Tsela e ’ngoe ea ho fumana tšimo “e ncha” ke ho batla litho tse ling tsa lelapa tse lulang ntlong e le ’ngoe—nkhono, motsoala kapa mochana ea kenang sekolo, ngoan’abo mong’a moo oa mosetsana ea sebetsang har’a beke. Hape ho tšoaea hore na ho na le limithara tsa motlakase kapa mabokose a poso tse kae ntlong ka ’ngoe e bile ho sebetsang. Lintho tsena li ka ’na tsa bontša moo batho ba nchafalitseng mokato o ka tlaase oa mohaho, mokato o ka holimo-limo, kapa sebaka se seng hore se hirisoe. Leka ho kopana le ba hirileng moo—ba kenang sekolo, basebetsi bao e leng masooa, bahlolohali, le ba bang. Sena le sona se thusa ho atolosa tšimo e fumanehang.

10. Tsela e ’ngoe ea ho atolosa tšimo ea rōna ea ntlo le ntlo ke efe, ’me ba bang ba entse joang hore ba kopane le ba sebetsang bosiu?

10 Tsela e ’ngoe hape ea ho atolosa tšimo ea ntlo le ntlo ke ho e phomotsa ka linako tse ling ha re kopanela litšobotsing tse ling tsa tšebeletso ea rōna. Ho etsa motsoako, re ka ’na ra sebetsa tšimo ka nehelano e tobileng ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Batho ba bang ba sa fumaneheng lapeng ha re ba etela ba ka fumanoa libakeng tsa bona tsa khoebo kapa moo ba sebetsang teng. Hape ho paka libakeng tsa khoebo ho ka beha litholoana tse ngata. Re ka ’na ra kopana le ba bang ba batho bana ha re paka seterateng ka linako tse loketseng, tse behang litholoana. Canada bo-pula-maliboho ba bile le litholoana tse ntle ka hore ha e se e le mantsiboea haholo ba etele ba sebetsang moo ho tšeloang mafura a likoloi, mabenkele, le lihotele tse sebetsang bosiu bohle, tseo ho tsona basebetsi bao ho lefshoang ho bona ba sa atiseng ho tšoareha haholo ka nako eo ’me hangata ba ananela hore ba be le ntho e ’ngoe eo ba ka e balang. Ke ’nete hore ho hlokahala hore bo-khaitseli haholo-holo ba qobe libaka tse itseng lihoreng tsa mantsiboea.

11. (a) Lipaki tse ling li etsa eng moo ba bangata ba sa fumaneheng lapeng ha li eta ka lekhetlo la pele? (b) Ho ikakhela ka setotsoana ha motho a etela ba sa fumaneheng lapeng ho ka ba le phello efe tšimong ea rōna, ’me ha ba le litholoana life tšebeletsong?

11 Ho thoe’ng ka ba sa fumaneheng lapeng ha re ba etela? Mona hape, re tlameha ho etsa mosebetsi o phethahetseng. Lipaki tse ling li sebelisa litlaleho tsa tsona tsa ntlo le ntlo tse bolokiloeng hantle hang feela ka mor’a mosebetsi oa tsona oa ntlo le ntlo ’me li khutlela libakeng tseo ho tsona batho ba neng ba le sieo pejana letsatsing leo. Hangata, beng ba matlo baa be ba se ba khutletse lapeng, kapa ba sebetsang bosiu ba se ba tsohile ka nako eo. Libakeng tse ngata, ba etsang karolo ea 50 lekholong kapa ho feta moo ha ba fumanehe lapeng motšehare. Kahoo, ha e le hantle, re ka pheta tšimo eo ka hore ka linako tse fapaneng re etele matlo ao re sa fumanang batho ho ’ona ho fihlela re fumana motho e mong a le teng. Bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba nang le phihlelo ba lumela hore hangata ho ikakhela ka setotsoana ho sebetseng matlo ao re sa fumanang batho ho ’ona ho fana ka litholoana tse molemonyana ho feta ha re qala ho koahela tšimo eo. Ka ho hlokomela tšobotsi ena ea tšebeletso ea rōna re tla kotula mahlohonolo a mangata.—Liproverbia 10:22.

Ba Belaelang

12. Re lokela ho itšoara joang ha batho ba belaela ka hore re ba etela khafetsa haholo? Hobane’ng?

12 Ho ka thoe’ng ho batho ba belaelang ka hore re ba etela khafetsa haholo? Ka holim’a tsohle, re tlameha ho bontša kutloisiso. (Mattheu 7:12) Ho bona, ho bonahala eka re khutlile kapele haholo. Empa ke hantle hore re hopole hore esita le lilemong tse fetileng batho ba ne ba re, ‘Le ne le le mona bekeng e fetileng,’ empa re tseba hantle hore e bile likhoeli tse tšeletseng tse fetileng kapa tse fetang moo ha re ne re qetela ho ba etela. Ntle le moo, ho eta khafetsa ho ka tsosa thahasello. Guadeloupe monna e mong o ile a sala Paki e ’ngoe morao ho tla e bolella: “Ke ’nile ka u sheba ka libeke tse ngata. Hangata, ha ke mamele Lipaki, empa ke tlameha ho tseba hore na ke hobane’ng ha u etela batho hangata hakana!” Phello e bile thuto e ncha ea Bibele.

13, 14. Balumeli-’moho le rōna ba bang ba sebetsa litaba joang ha beng ba matlo ba belaela?

13 Ka mosa baena ba bang ba ’nile ba bolella batho ba belaelang letsatsi le nepahetseng leo ba neng ba ba etetse ka lona khetlong le fetileng ’me ba ba bontša limakasine tsa moraorao, ba hlakisa hore lihlooho tseo li fapane le tse neng li le likoranteng tseo re neng re li nkile nakong e fetileng ha re ba etela. Ha re behelana mabaka le beng ba matlo ba joalo, re ka ’na ra bolela hore mohlomong ba amohetse likoranta tse ngata le limakasine tse ngata ha e sa le re qetela ho ba etela, empa hase ka mehla li neng li tšoere litaba tse molemo. Re ka ’na ra hlalosa hore re ba tlisetsa litaba tse molemo le hore maeto a rōna ha a nke nako e telele. Empa haeba mong’a ntlo a tšoarehile haholo, re ka ’na ra re: “Haeba ena hase nako e molemohali ea ho bua le uena, nka ’na ka u bona ketelong ea rōna e latelang ka mor’a beke kapa nako e isang moo.”

14 Ke eng hape eo re ka e buang? Sena se itšetlehile ka boikutlo ba mong’a ntlo le tsela eo baeti ba amoheloang ka eona eo hangata re e lebeletseng moo re phelang teng. Khaitseli e mong Japane o hlalosa ho eta ha rōna khafetsa ka tsela ena: ‘Litaba tsa thelevishine li tla tlaleha ho atamela ha sefefo nako le nako, li pheta boitsebiso boo khafetsa molemong oa bao e ka bang ha baa utloa liphatlalatso tse fetileng. Sena se etsoa kahobane ho ameha bophelo. Ho phetoa ha litlaleho tseo khafetsa hoa eketseha ha sefefo se ntse se atamela. Kahoo, ha sefefo sa Harmagedone se ntse se atamela, molaetsa oa temoso o tlameha ho boleloa hangata kamoo ho ka khonehang ho pholosa bophelo.’ Ke ’nete hore re ne re tla bua polelo e joalo ka mosa le ka tieo, re tšepa ho finyella pelo ea motho ea mametseng.

Ho Hlōla Phephetso ea Ho Iphapanya

15. (a) Ke eng eo e ka ’nang ea e-ba phephetso e ntseng e hōla ha re sebetsa tšimo ea rōna hangata? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba iphapanya?

15 Ha re ntse re etela batho khafetsa, phephetso e ntseng e hōla eo re thulanang le eona ke ho iphapanya. Empa tlhahlobo ea tse ling tsa lisosa tsa ho iphapanya hoo li ka re khothaletsa ho hlokomela hore re sa ntsane re ka ’na ra finyella lipelo tsa ba bang ba batho bana. Ho iphapanya ha bona ho ka ’na ha senola ho ferekana ha bona le ho felloa ke tšepo. Ba ka ’na ba ikutloa hore ha ho tsela ea ho tsoa boemong bo teng ba lefatše, ba beha lebaka la hore ba tla leka feela ho phela bophelo ba bona ka tsela e molemohali eo ba ka e khonang. Ba bang ba tenehile kahobane baeta-pele ba bang ba bolumeli ba kenella lipolotiking, ba molato oa boitšoaro bo bobe, kapa ba hlōleha ho nka bohato bo tiileng khahlanong le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Kahoo beng bana ba matlo ba nyahame ’me ba phelela kajeno feela.

16. Pelo ea motho ea iphapanyang e ka ’na ea finyelloa joang?

16 Rea tseba hore basebeletsi ba pele ba Bakreste ba ile ba sebetsana ka katleho le boikutlo bo tšoanang, hobane ka nako eo batho ba bang ba ne ba re: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.” (1 Ba-Korinthe 15:32) Kahoo, rea tseba hore re tšoere sona seo ho hlokahalang hore batho ba joalo ba se utloe. Ho ntse ho le joalo, re ka finyella lipelo tsa bona joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho behella thōko libuka tsa rōna tsa Bibele ka nakoana, ’me re etse hore ba re bone ha re etsa joalo. Joale re ka ’na ra ba botsa lipotso tse nahannoeng hantle joaloka tsena: “Na u nahana hore ho na le pheko mathateng a kajeno? Na e be taba feela ke hore batho ba bangata ha ba e-s’o fumane litharollo? Na u nahana hore re lokela ho khothala ’me re ’ne re tsoele pele ho batla?” Ho ba bang, re ka ’na ra re: “Ka sebele ua lumela hore ho molemo ho phela u e-na le tšepo ho feta ho phela u se na tebello leha e le efe ea lintho tse molemonyana. U tšepile ho bona eng?” Re ka ’na ra botsa: “Uena ka bouena u ikutloa hore tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea ho finyella bonngoe ba lefatše le khotso ea lefatše ke efe?” Ho ntse ho le joalo ba bang ba ka ’na ba botsoa: “Na u nahana hore malumeli ’ohle a tšoana le seo u se hlalositseng?” Hangata lipotso tse joalo li tla etsa hore beng ba matlo ba senole maikutlo a bona. Joale, ha ba arabela, tiisa hore ua mamela. E, ba nee monyetla oa hore ba u tšollele lipelo tsa bona. Boholo ba bona baa ‘bobola ’me baa feheloa ka baka la manyala ’ohle a etsoang.’—Ezekiele 9:4.

17. Likhatiso tsa rōna li ka ’na tsa sebelisoa joang ho finyella ba bang esita le haeba qalong ba qophella ho bolela hore ha ba thahaselle?

17 Tsela e ’ngoe ea ho atamela ho iphapanya ke ho hlokomela ntlha e ’ngoe kapa khanyetso eo mong’a ntlo a e etsang ’me u khutle u nkile makasine kapa khatiso e ’ngoe ea Watch Tower e buang ka taba eo. Qalehong, e ka ’na ea ba taba e sa amaneng le bolumeli, e kang sehlooho se buang ka ho shoa ha lesea ka tšohanyetso kapa ho shoa ha meru. Hlalosa hore u ne u ntse u nahana ka seo mong’a ntlo a neng a se thahasella eaba u hopola sehlooho sena. Joale e be u ’montša lintlha tsa sehlooho boitsebisong boo. Mosali e mong ea neng a qeta ho hana libuka tsa rōna o ile a amohela makasine metsotsoana feela hamorao. Hobane’ng? Hobane Paki e ile ea botsa mosali eo hore na o ne a tseba hore ho ntšoa limpa tse limillione tse 55 ka selemo. A nyarositsoe ke ho ithuta sena, a kōpa makasine e tšoereng boitsebiso boo.

U o Etse Ho Fihlela o Phethoa

18, 19. (a) Re lokela ho ‘hlokomela’ lintlha life tse eketsehileng ha re ntse re phetha tšebeletso ea rōna? (b) Batho ba bang ba na le likhopolo life tse leeme ka rōna le ka seo re se lumelang, ’me re ka ba arabela joang?

18 Ka holim’a tsohle, ho hlokahala hore re sebetsane le batho ka mamello. Bua butle le ka mofuthu. Bontša lerato le mosa. (Ba-Galata 5:22, 23) Pele u ea ntlong e latelang, nahana ka se etsahetseng ho eo u tsoang ho eona ’me u bone moo u ka ntlafatsang teng. E-ba le kutloisiso, hobane batho ba bangata ba na le likhopolo tse fosahetseng ka Lipaki tsa Jehova. Ba ka ’na ba re: ‘Le qoba lipolotiki le mesebetsi ea sechaba,’ ‘Le hana tšebeletso ea sesole,’ kapa, ‘Le qhala malapa.’ Empa boikutlo bona bo tšoana le boo lefatše le neng le e-na le bona ho balumeli-’moho le rōna lekholong la pele la lilemo. Bontša beng ba matlo sena, mohlomong u qotsa bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a sehlooho “Ho se Nke Lehlakore.”

19 Mabapi le Bakreste ba pele, rahistori Will Durant o ngotse: “Ho Mokreste bolumeli ba hae e ne e le ntho e ’ngoe e ka thōko ho mokhatlo oa lipolotiki le e o phahametseng; botšepehi ba hae bo ka sehloohong bo ne bo sa ee ho Cesare empa bo ne bo ea ho Kreste. . . . Ho mohedene ho ikarola ha Mokreste litabeng tsa lefatše ho ne ho bonahala eka ke ho baleha mosebetsi oa sechaba, ho fokolisa matla a sechaba le thato ea sona. Tertullian a eletsa Bakreste hore ba hane tšebeletso ea sesole; . . . Baeta-pele ba Bakreste ba ne ba ba khothaletsa hore ba qobe bao eseng Bakreste, ba nene lipapali tsa mekete ea bona joaloka tsa bohedene, le mabala a bona a lipapali joaloka lipitsa tsa manyala. . . . Bokreste [ha ho sokolloa batho] bo ne bo qosoa ka hore bo qhala lelapa.”—Caesar and Christ, leqephe 647.

20, 21. (a) Re batla hore re be re kholisehile ka eng ha batho ba sa arabele? (b) Ke hobane’ng ha re “sa lokela ho khathala” empa re lokela ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna o motle oa boboleli ba ’Muso?

20 Batho ba bang ha ba na ho mamela, ho sa tsotellehe seo re se buang. Empa ba lokela ho etsa hoo ka baka la ho hana ha bona molaetsa oa ’Muso, e seng ka baka la ho hlōleha ha rōna ho etsa linehelano tsa boleng bo botle tšebeletsong ea rōna. (Luka 10:8-11; Liketso 17:32; Ezekiele 3:17-19) Ka thuso ea Molimo re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang, ’me Jehova o tla hlokomela mosebetsi ho fihlela o phethoa.—Bapisa Ba-Filippi 1:6.

21 Joale, ka tšepo e khōlō, tsoelang pele hore le ’ne “le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 15:58) “Itlhokomele ka mehla [’me u hlokomele] le thuto ea hao. Boloka lintho tsena, hobane ka ho etsa sena u tla ipholosa u be u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16, NW) Ka holim’a tsohle, “re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—Ba-Galata 6:9.

Na U Ka Hopola?

◻ Litsela tse ling tsa ho boloka boikutlo bo nepahetseng tšimong e sebetsoang khafetsa ke life?

◻ Re ka batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng haholoanyane joang?

◻ Re ka leka ho sebetsana le ba belaelang ka hore re ba etela hangata haholo joang?

◻ Ke ka litsela life re ka hlōlang phephetso ea ho iphapanya?

◻ Ke eng se tla ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea rōna?

[Lebokose le leqepheng la 20]

HA TŠIMO E NTSE E KOAHELOA HANGATA HAHOLOANYANE,

‘Hlokomela ka mehla’ ho:

◻ Atamela batho ka tsela e molemo le ka linehelano tse molemo

◻ Batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng haholoanyane

◻ Sebetsana ka mamello le ba belaelang

◻ HIōla liphephetso tsa ho iphapanya le ho nka Lipaki hampe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela