“Linku tse Ling” le Sejo sa Morena sa Mantsiboea
“[Jesu] ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.”—1 JOHANNE 2:2.
1. Ke litholoana life tse molemo tse hlahisitsoeng ke ‘ho bolela Evangeli ea ’muso’?
JESU o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Ba bang ba moloko oa 1914 ba ntse ba le teng ho paka hore Lipaki tsa Jehova li phethile ka bokhabane taelo eo. Ka lebaka leo, batho ba makholo a likete ba lipelo li tšepahalang, ba nyahameng ke ho hlōleha ha lefatše lena, ba arabetse hamolemo Evangeling. Ba inehetse ho Jehova Molimo ’me ba tšepahala ’Musong oa hae, ba tsebahatsa boinehelo bona ka kolobetso ea metsing. Ho na le ba 179 421 ba nkileng tsela ena e bohlale ka 1984. Ha e le hantle, ba re ho batho ba lebitso la Molimo: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”—Zakaria 8:23.
2. Ke ketsahalo efe e laotseng nako ea Jesu ea ho bokella “linku tse ling” tsa hae?
2 ‘Bongata bona bo boholo’ bo ntseng bo hōla ba barapeli ke karolo ea bao Jesu a ba hlalositseng e le “linku tse ling” tsa hae. (Tšenolo 7:9, 15; Johanne 10:16) Bo na le tšepo e khōlō ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29) Jesu o hlile a bolela hore o tla bokella balateli bana ba khabane ba hae kamor’a hore a qale ka ho ela hloko ka ho fetisisa ho bokella “mohlatsoana” oa ba kang linku bao a ba emetseng selekaneng se secha. (Luka 12:32; Ba-Heberu 9:15) Re hopotse ka ho bokelloa hona ha lihlopha tse peli tsa batho ba kang linku ka ‘mohlapeng o le mong,’ re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha moapostola Johanne a itse Jesu Kreste ke “pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.”—1 Johanne 2:1, 2.
Ho Fetoha ha Pono
3, 4. (a) Ke pono efe e fetohileng eo ba bangata ba bileng le eona mabapi le ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea? (b) Pauluse o ne a bolela eng ka mantsoe ana, “Ka mehla eohle ha le e-ja . . . ’me le noela senoelong”?
3 Bongata ba batho ba bacha bo sa tsoa bokelloa ba “linku tse ling” bo ne bo keteka ’Misa kapa Selallo, makhetlo le mokhoa oo ba neng ba etsa mokete ka oona o ne o laoloa ke mokhatlo o itseng oa bolumeli ba bona. Leha ho le joalo, hona joale bana ba hlokometse hore Sejo sa Morena sa Mantsiboea se lokela ho ketekoa hanngoe ka selemo le selemo. Ho joalo hobane’ng? Ha e le hantle, Paseka ea Bajode e ne e ketekoa hanngoe ka selemo se seng le se seng, ’me Jesu a qalisa Sehopotso ka bona bosiu bona boo ba Paseka, ba la 14 Nisane. Joale a re ho barutuoa ba hae: “Etsang hoo, . . . le tle le nkhopole ka hona.” Pauluse a eketsa: “Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.” (1 Ba-Korinthe 11:24-26) Ka ho hlakileng Jesu o ne a bolela hore barutuoa ba hae ba lokela ho boloka mokete oa lefu la hae ka Letsatsi la Paseka, le neng le e-tla hanngoe ka selemo. Ka baka leo, le ’nile la ketekoa “ka mehla” nakong ea ho ba teng ha phutheho ea Bokreste. Sehopotso se se se ketikiloe ka makhetlo a 1 952.
4 Ho na le pono e ’ngoe ea bohlokoa e fapaneng eo sehlopha sa “linku tse ling” se e ananetseng. Ho e-na le ho ja bohobe le ho noa veine joalokaha ba bangata ba ne ba etsa likerekeng tse ling, joale ba fumana boemo ba bona bo “lokisitsoe” hore e be bashebelli. Hobane’ng ha ho le joalo, hona na re na le mabaka a Mangolo bakeng sa mokhoa ona o lumellang bashebelli hammoho le ba jang le ho noa?—2 Ba-Korinthe 13:11; 2 Timothea 3:16, 17.
5. (a) Hlalosa mehato ea bohlokoa eo motho a tlamehang ho e nka hore a rue molemo sehlabelong sa Jesu. (b) Ke hobane’ng ha Molimo ka ho khetheha o nkile bohato lebitsong la balateli ba 144 000 ba Kreste?
5 Hore mang kapa mang a rue molemo ka “pheko ea sehlabelo” sa Kreste Jesu, ho na le mehato eitseng eo ho hlokahalang hore e nkuoe, ho sa tsotellehe hore na motho eo o na le tšepo ea bophelo ba leholimo kapa tšepo ea bophelo ba lefatše la Paradeise. Mehato ena ea bohlokoa ke e latelang: (1) ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo (Ba-Roma 10:13-15); (2) ho ba le tumelo e sebetsang (Ba-Heberu 11:6); (3) pako (Mattheu 4:17); (4) tšokoloho (Liketso 3:19); (5) boinehelo (Luka 9:23); le (6) kolobetso (Mattheu 28:19). Ke hoba ho nkuoe mehato ena Molimo o nkang bohato ka tsela e khethehileng ho motho eo o mo khethelang ho ba e mong oa ba 144 000, kapa “mohlatsoana.” Ka morero ofe? Hore motho e be mora oa Molimo oa moea ea lebelletseng ho ba moprista le morena le Kreste Jesu. (Tšenolo 20:4, 6) Hona joale ho na le masala feela a bara ba joalo ba moea ba phelang ’me bana ke bona bao ka nepo ba jang le ho noa litšoantšetso. Hona, he, ho ikarabella bakeng sa bongata bo boholo ba Lipaki tsa Jehova tse shebellang li sa je le ho noa.
Paseka le Sehopotso
6. Ke hobane’ng ha ba bang ba phea khang ka hore “linku tse ling” li lokela ho ja le ho noa litšoantšetso, hona ho phahamisa potso efe?
6 Ba bang ba entse tlhahiso ea hore palo e ntseng e hōla haholo ea “linku tse ling” e lokela ho ja le ho noa litšoantšetso. Ba bea lebaka la hore: Kaba ‘Molao e ne e le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha,’ ’me kaha Molao o ne o hloka hore Baiseraele le balichaba ba bolotsoeng ba neng ba jakile ho bona ba boloke Paseka, hona ho ne ho tla bolela hore lihlopha ka bobeli tsa ba kang linku ‘mohlapeng o le mong’ tlas’a ‘molisa a le mong’ li lokela ho ja le ho noa litšoantšetso tsa Sehopotso. (Ba-Heberu 10:1; Johanne 10:16; Numere 9:14) Hona ho phahamisa potso ea bohlokoa: Na Paseka e ne e tšoantšetsa Sehopotso?
7. Ke ntlheng life moo Paseka e neng e le “seriti feela sa menono e tlang ho hlaha”?
7 Ke ’nete hore litšobotsi tse itseng tsa mokete oa Paseka Egepeta ntle ho pelaelo li phethahetse ho Jesu. Pauluse o tšoantša Jesu le konyana ea Paseka, a re, “Paseka ea rōna e leng Kreste, e hlabetsoe rōna.” (1 Ba-Korinthe 5:7) Ho fafatsoa ha mali a konyana ea Paseka mamating le likoseneng tsa mamati e ne e le tiiso ea topollo bakeng sa matsibolo a ka matlung a Baiseraele. Ka ho tšoanang, ke ka mali a tšolotsoeng a Kreste ‘phutheho le kereke ea matsibolo a ngoliloeng maholimong’ e fumanang topollo, kapa “topollo ka mali.” (Ba-Heberu 12:23, 24; Ba-Efese 1:3, 7) Ho feta moo, ha ho lesapo le le leng la konyana ea Paseka le ileng la rojoa, ’me hona ho ile ha phethahala ho Kreste Jesu. (Exoda 12:46; Pesaleme ea 34:20; Johanne 19:36) Kahoo, ke ’nete ho bolela hore Paseka, lintlheng tse itseng, e ne e le e ’ngoe ea litšobotsi tse ngata Molaong tse neng li fana ka “seriti feela sa menono e tlang ho hlaha.” Litšobotsi tsena tsohle li ne li supa ho Kreste Jesu, “Konyana ea Molimo.”—Johanne 1:29.
8-10. (a) Ke ntlheng efe ea bohlokoa ka mali moo Paseka e fapanang le Sehopotso? (b) Lilekane tse amanang le Sehopotso li totobatsa phapang efe hape ea bohlokoa? (c) Hona ho re tiisa qetong efe?
8 Leha ho le joalo, hantle-ntle Paseka e ne e sa tšoantšetse Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka ho khetheha. Hobane’ng ha ho se joalo? Ha ho ne theoa Paseka Egepeta, nama ea konyana e besitsoeng e ile ea jeoa, empa ha ho mali a konyana ea Paseka a ileng a jeoa. Ha ho bapisoa, leha ho le joalo, ha Jesu a thea Sehopotso sa lefu la hae o hlile a qaqisetsa ba teng hore ba je nama ea hae, ba noe mali a hae, tse neng li tšoantšetsoa ka bohobe le veine. (Exoda 12:7, 8; Mattheu 26:27, 28) Ntlheng eona ena ea bohlokoa haholo—mali—Paseka e ne e sa tšoantšetse Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
9 Ho na le ho hong hape ho sa lokelang ho hlokomolohuoa. Jesu o buisane le barutuoa ba hae ka lilekane tse peli tse amanang, “selekane se secha” le ‘selekane bakeng sa ’muso.’ (Luka 22:20, 28-30) Lilekane ka bobeli li ne li amana le hore ba jang le ba noang ba moleng oa ho kopanela le Kreste Jesu e le baprista le marena. Empa Iseraeleng ha ho mojaki osele ea bolotseng ea neng a ka fetoha moprista kapa morena. Ntlheng ena, le teng, re fumana phapang pakeng tsa mokete oa Paseka Iseraeleng le Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
10 E be hona ho re tiisa qetong efe? Lebaka la hore mojaki osele ea bolotseng o ne a ja bohobe bo sa lomosoang le meroho e babang, le Konyana ea Paseka ha le tiise hore bao e leng “linku tse ling” tsa Morena kajeno ba bang teng Sehopotsong ba lokela ho ja bohobe le ho noa veine.
Bohlokoa ba ho ba Teng Sehopotsong
11. Ke ka mabaka afe a bohlokoa “linku tse ling” li lokelang ho ba teng Sehopotsong?
11 Leha ho le joalo, na hona ho bontša hore hase habohlokoa hore sehlopha sa “linku tse ling” se be teng moketeng oa Sehopotso? Le hanyenyane! Ena ke ketsahalo ea hore balateli bohle ba bang ba kang linku ba Jesu ba hopole Jesu ka tsela e khethehileng. Ka lekhetlo leo “linku tse ling” li hopola hore li se li ruile melemo ka lebaka la tumelo ea tsona maling a tšolotsoeng a Kreste ho fihlela moo hona joale Jehova a li talimang e le ba ‘hlatsoitseng liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.’ Ke ka baka leo ba tsebang ho “sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea Molimo.” (Tšenolo 7:14, 15) Hape ba ka hopola hore ba lokela ho ’na ba ‘batla Jehova, ho loka le boikokobetso’ ka tšepo ea ho bolokoa ‘letsatsing la bohale ba Jehova,’ ’me kamorao ho moo ba thabele ho finyella phethehong ea botho. Qetellong Jehova a ka ba bolela ba hlile ba lokile, e leng ntho e tla etsahala hoba Jesu a nehelane ka ’Muso ho Ntate oa hae.—Sofonia 2:2, 3; 1 Ba-Korinthe 15:24; Tšenolo 20:5.
12. Ke melemo efe e hlahang ka ho mamela puo ea Sehopotso?
12 Lebaka le leng la bohlokoa la ho ba teng ke kahobane linnete tse boleloang nakong ea puo ea Sehopotso li har’a “tse tebileng tsa Molimo,” ‘lijo tse tiileng tsa batho ba hōlileng tsebong,’ e seng lebese feela la ‘lithuto tse qalang.’ (1 Ba-Korinthe 2:10; Ba-Heberu 5:13–6:1) Puo ea Mangolo e tla tebisa kananelo bakeng sa lerato le bontšitsoeng ke Jehova ka ho thea tokisetso e babatsehang ea ’Muso bakeng sa ho hlohonolofatsa lelapa la motho. Hape ke monyetla oa ho ‘talima Jesu, moqali le mophethi oa tumelo’ ea rōna. Ho se be mohla lerato leo Jesu a le bontšitseng lebitsong la rōna, kapa bohloko boo a fetileng ho bona, li ka nkoang habobebe. (Ba-Heberu 12:2, 3) Ho feta moo, bohle re ka lumela hore mehopolo e mengata ea bohlokoa eo Jesu a buileng ka eona le baapostola ba hae ha a thea Sehopotso—mehopolo e amanang le kutloano, le lerato, le tlotliso ea lebitso la Jehova—e ka kopaneloa ke “linku tse ling” hammoho le “mohlatsoana.”
Ho Bontša Bohle Kameho e Lerato
13. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore litšoantšetso li fetisetsoe ho bohle ba teng?
13 Ke habohlokoa hore e mong le e mong ea teng Sejong sa Morena sa Mantsiboea a hopotsoe ka mokhoa oa tsamaiso o theiloeng ke Jesu. Ho fetisoa ha bohobe le veine ho thusa ho tebisa kananelo linthong tse halalelang tse qetang ho boleloa mantsiboeeng ao. Hape ho thusa e mong le e mong ho tlalehoa e le ea bontšang tšepo ea hae ea bophelo e le—ea lefatšeng kapa ea leholimong.a Ho latela mokhoa o nepahetseng ho tlisa phutheho tumellanong le se etsoang lefatšeng ka bophara mantsiboeeng ao.—1 Ba-Korinthe 14:40.
14. Baholo ba ka bontša kameho e lerato joang ka e mong oa batlotsuoa ea kulang bosiung ba Sehopotso?
14 Ha re re mohlomong e mong oa batlotsuoa ka phuthehong o-oa kula ’me o sitoa ho ba teng Sehopotsong. Joale ho etsoa joang? Ho tla etsoa boiteko bohle hore e mong oa baholo a isetse Mokreste eo ea kulang litšoantšetso ’me, haeba ho ka etsahala, moholo a etse lipolelo tse seng kae pele a fana ka litšoantšetso ’me a koale ka thapelo e loketseng. Motho ea kulang o tla ikutloa a khothetse hakaakang! Liketso tse joalo tsa kameho e lerato li hōlisa moea oa lerato ka phuthehong. (Bona le leqephe 31.)—Pesaleme ea 133:1.
15. Hlalosa litsela tse ling tseo ka tsona ho ka bontšoang hlompho Sejong sa Morena sa Mantsiboea.
15 Ho ’nile ha botsoa lipotso tse ling tse thahasellisang mabapi le mofuta oa litšoantšetso tse ka sebelisoang Sehopotsong. Likarabelo tsa lipotso tsena li tla fumanoa leqepheng la 19 tlas’a “Ho Bontša Hlompho Sejong sa Morena sa Mantsiboea.” Baholo ba ikarabellang ke hantle ha ba latela ka hloko se thathamisitsoeng moo.
Bohlokoa ba Boitlhahlobo
16, 17. (a) Ke potso efe eo ba bang ba e botsitseng mabapi le ho kopanela Sehopotsong, ’me ke mang feela ea ka e arabelang? (b) Molimo o fana ka bopaki bo kholisang joang ho ba tsoetsoeng ka moea oa hae?
16 Ho na le ba bang ba hatelloang ke lipelaelo tsa hore na ba tšoanela ho ja le ho noa litšoantšetso. Potso ena ka linako tse ling e hlaha libeke pejana ho mokete o mong oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Hangata lipotso tse joalo li etsoa ke ba bang ba sa tsoa qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova. Na u e mong ea nang le pelaelo ea mofuta ona kelellong ea hao? U ka lekanyetsa joang tsela e nepahetseng eo u lokelang ho e nka?
17 Pauluse o khothallelitse sena mabapi le Sejo sa Morena sa Mantsiboea: “Motho ka mong a ke a itekole ke hona, ’me e be hona a jang bohobe bona, a noelang senoelong sena.” (1 Ba-Korinthe 11:28, 29) Na u hlokometse hore Pauluse o re ke uena ea lokelang ho ‘itekola e be hona u ka jang kapa ho noa’? Koana, hase phoso ho bua ka taba e joalo e tebileng le Mokreste e mong ea hōlileng tsebong, empa ke uena feela ea tlamehang ho lekanyetsa kamano ea hao ea botho le Jehova le Mora oa hae. Molimo ha o siee lea mong oa ba 144 000 lipelaelong. Rea tiisetsoa: “Le oona Moea o emelana le moea oa rōna, hore re bana ba Molimo.” Ke moea oa Molimo o tsosang ka pelong ea setho sefe kapa sefe sa ’mele oa Kreste kholiseho ea hore ke e mong oa bara ba amohelehang ba Molimo. Ea khethiloeng o tseba joalo ’me ha ho hlokahale hore a botse e mong ka phuthehong hore a mo tiisetse.—Ba-Roma 8:15, 16.
18. Ke linnete life tsa histori ka “linku tse ling” tse re khahlang?
18 Histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e bontša hore ho tloha ka 1931 ho ile ha qala hore tlhokomelo e khōlōanyane e neoe “linku tse ling” ka molaetsa oa ’Muso. Joale ka la 31 Motšeanong, 1935, ka ho fanoa ha puo “Bongata bo Boholo,”b “letšoele le leholo” leo moapostola Johanne a le boneng ponong la hlakisoa hantle hore ke ntho e le ’ngoe le “linku tse ling.” Khatiso ee e ncha ea bontša eng? Ea bontša hore ho bokelloa ha “mohlatsoana” ho ne ho le haufi le ho fela le hore nako e fihlile ea hore Jesu, ka tsamaiso ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” a lebise tlhokomelo ea hae ho bokelleng “linku tse ling.”—Mattheu 24:45-47.
19. Ke boitlhahlobo bofe ba botho bo molemo ho ba bacha ba ipolelang hore ke batlotsuoa?
19 Re hopotse sena sohle, ho bohle ba sa tsoa kopanela le batho ba Jehova le ba ileng ba ipolela hore ke ba bang ba sehlopha sa batlotsuoa, re re: Hlahloba ka hloko kamano ea hao le Jehova. Ipotse, Na tšepo ea leholimo eo ke ipolelang hore ke na le eona e batla e le mosaletsa oa thuto ea nakong e fetileng ea kereke hore litho tsohle tsa kereke li ea leholimong? Na tšepo ea ka e amana ka tsela leha e le efe le takatso ea boithati kapa boikutlo ba botho feela? Pauluse o itse: ‘Molimo o ke ke oa etsa leshano.’ (Ba-Heberu 6:18) Leha e le hore moea o halalelang o tholang o ka qala leshano. Ka baka leo, mang kapa mang eo ka ’nete a tsoetsoeng ka moea oa Molimo ha a tšoenyehe joalo-joalo ka lipelaelo empa o tseba ho paka ka letsoalo le letle hore ke e mong oa bara ba Molimo.
Sehopotso ka 1985
20. Sehopotso ke sa bohlokoa ba eng ho Lipaki tsa Jehova?
20 Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ntle ho pelaelo, ke mokete o moholo haholo oa selemo bakeng sa Bakreste bohle ba ’nete. Ha ho ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e tšoanang le oona ka bohlokoa, morero kapa mokhoa oo e etsoang ka oona. Kahoo, ha qitikoe ea lefatše e sekama tselaneng ea eona, e etsa hore letsatsi le likele, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova, e khōlō kapa e nyenyane, le sehlopha se seng le se seng se ka thōko se tla kopana hammoho kutlong ea taelo ea Morena.
21. Sehopotso sa 1985 se lokela ho hlahisa litebello life le boikutlo bofe lipelong tsa batho ba Molimo?
21 Ka baka leo barutuoa bohle ba kang linku ba tlala thabo ke ho lebella ho kopanela moketeng o mong oa Sehopotso. Ketsahalo ea selemong sena e ke e ipake ho ba nako ea khothatso e hahang ho bahlanka bohle ba Jehova. E se eka e ka kenya ka ho bona moea o le mong oa tšepo joaloka Mohlala oa bona, Jesu Kreste, ea itseng: “Le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—Johanne 16:33.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phuthehong e ’ngoe e khōlō tloaelo e bile hore ba tsamaisang litšoantšo ba eme qetellong ea mola o mong le e mong oa litulo e be ba etsa pontšo e itseng ho ba moleng. Mang kapa mang ea lakatsang ho ja kapa ho noa o etsetsa ea fetisang litšoantšetso pontšo. Leha ho le joalo, joalokaha ho bontšitsoe kaholimo, hona ha hoa lokela.
b Puo ena ea fanoa Washington, D.C., ke J. F. Rutherford, e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society ka nako eo.
Na u ka Hopola—
◻ Ke hobane’ng ha Paseka e ne e se tšoantšetso ea Sehopotso?
◻ Ke mehato efe e tšeletseng e ka nkuoang pele ho fumanoa melemo ea sehlabelo sa Jesu?
◻ Ke hobane’ng ha ho ba teng ha hao Sehopotsong e le habohlokoa hakaale?
◻ Ke hobane’ng ha boitlhahlobo e le ba bohlokoa pele ho Sehopotso?
[Lebokose le leqepheng la 17]
Ho Bontša Hlompho Sejong sa Morena sa Mantsiboea
Litšoantšetso tse Tla Sebelisoa
Bohobe bo sa Lomosoang: Bohobe, bo kang “matzoth” tsa Seheberu tse sa natefisoang, tse entsoeng feela ka koro le metsi li ka sebelisoa. Le se ke la sebelisa “matzoth” tse tsoakiloeng ka lintho tse kang letsoai, tsoekere, ’mela, mahe kapa eiee. Le ka iketsetsa bohobe ba Iōna bo sa lomosoang ka mokhoa o latelang: Tsoaka kopi le halofo ea phoofo ea koro (haeba e le sieo, sebelisa reisi, mabele kapa lijo-thollo tse ling tse etsang phoofo) le kopi e le ’ngoe ea metsi, u etse hlama e mongobo. Ala hlama ho fihlela e le tšesaane haholo. E bee paneng e be u e hlaba hanyenyane hantle ka fereko. E kenye ontong e chesang ho fihlela e oma e phureha.
Veine: Sebelisang veine ea morara o mofubelu o sa tsoakoang o kang “Chianti, Burgundy, kapa claret.” Le qobe liveine tse nooang le lijo tse tsoakiloeng kapa tse fetotsoeng ka boranti, tse kang “sherry, port kapa muscatel.” Le se sebelise liveine tse nōkiloeng kapa tse tšetsoeng litlama, tse kang “Dubonnet” le liveine tse ling tse tsosang takatso ea lijo. Veine e khubelu e iketselitsoeng le eona e ka sebelisoa haeba e sa natefisoa, ea tšeloa linōko kapa ho eketsoa bohale.
Tokiso ea Holo ea ’Muso
Tafole ea Litšoantšetso: Koahelang tafole ka lesela le hloekileng la tafole ho be le lipoleiti le ligalase tsa veine tse lekaneng bakeng sa ho fetisa litšoantšetso ka mokhoa o molemo. Bohobe bo ka ’na ba ngoathoa ’me veine ea tšeloa pele ho seboka. Jesu ha a ka a thea mokhoa o mong o ikhethang mabapi le taba ena. Haeba maemo a ho hloka, koahelang litšoantšetso ka lesela le hloekileng ho li sireletsa likokoanyaneng.
Ba Fetisang Litšoantšetso: Fana ka litaelo e sa le pele mabapi le mokhoa o tla lateloa e le hore ho qojoe tieho kapa pherekano leha e le efe ho tsamaiseng litšoantšetso ho bohle ba teng, ho akarelletsa sebui le ba li tsamaisang.
Bahlokomeli: Bahlokomeli ba lekaneng ba be teng pele ho qaloa seboka e le hore bohle ba ka amoheloa ha ba fihla le ho fuoa litulo.
Mokhabiso oa Lipalesa: Li ka ’na tsa e-ba teng; empa li be bonolo le ho tšoaneleha.
Mokhoa oa Seboka
Nako ea Sehopotso: Le hoja puo e ka ’na ea qala pejana, litšoantšetso li se ke tsa fetisoa letsatsi le sa chabile. Ho ka lekanyetsoa ka sebaka ka seng hore na letsatsi le likela neng ka la 4 ’Mesa sebakeng sa habo Iōna.
Puo ea Sehopotso: Sebui se lokisetse hantle e le hore se ka nehelana ka taba ka nako e abiloeng. Puo e beoe ka mokhoa o hlakileng le o khothatsang ho bohle ba teng.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Sehopotso se tebisa lerato ho Jehova le Mora oa hae