La 14 Nisane—Letsatsi la Sehopotso
“Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona.”—1 BA-KORINTHE 11:24.
1. Jesu o hlōtse lefatše joang?
‘LE BETE lipelo; ke hlōtse lefatše.’ Ka mantsoe a joalo a tšelisang le a khothatsang, Jesu a tiisa baapostola ba hae ba 11 ba khabane bosiung ba pele a e-shoa. Jesu o ne a ipakile hore ke mohlōli oa lefatše! O ne a atlehile ho hanela moleko o mong le o mong oa Sera sa hae, Satane Diabolose, oa hore a senye botšepehi ba hae ho Jehova. ’Me joale, lefu le mo tonetse mahlo sefateng sa tlhokofatso kamor’a lihora tse seng kae, o ne a kholisehile hore o tla tšepahala ka bokhabane ho isa qetellong.—Johanne 16:33; Ba-Heberu 12:2.
2. Jesu o theile “Sejo sa Morena sa Mantsiboea” hobane’ng?
2 Ketsahalo ena ea bohlokoa bokahohleng bohle e etsahetse lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong le mashome a mahlano a metso e ’meli mohla la 14 Nisane, khoeli ea pele ea almanaka e halalelang ea Bajode e baloang ka khoeli e holimo. Letsatsi lena ke leo balateli ba mehato ea hae ba inehetseng ba neng ba sa lokela ho le lebala ho hang. Ho tiisa hore balateli ba hae ba tšepahalang ha ba hlokomolohe bohlokoa ba se neng se tla tloha se etsahala, Jesu a thea sejo sa mantsiboea se tla hopoloa ka mokhoa o khethehileng, se hlalosoang ke moapostola Pauluse e le “sejo sa Morena sa Mantsiboea.” Tlas’a pululelo ea Molimo Pauluse o pheta hore ketsahalong ena Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ba neng ba le teng ka nako eo: “Le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona.” (1 Ba-Korinthe 11:20, 24, NW) Haeba u amehile ka ho ba e mong oa balateli ba Jesu, na u utloisisa hore ke hobane’ng ha a ile a laela joalo, hore na ho u hloka eng, le hore na ho ka bolela eng bakeng sa bokamoso ba hao?
Letsatsi la Bohlokoa
3. Ke hobane’ng le tlas’a maemo afe, la 14 Nisane le entsoeng letsatsi la Sehopotso ka lekhetlo la pele?
3 Lena e ne e se lekhetlo la pele historing ea motho hore la 14 Nisane le khetheloe Sehopotso. Ka 1513 B.C.E., ka mohlanka oa hae Moshe, Jehova a laela Baiseraele: “Letsatsi leo [la 14 Nisane] le tla ’ne le le hopole; le tle le le khethele Jehova e be mokete; e be mokete ka taelo e sa feleng, melokong ea lōna.” Ke eng e neng e susumelletsa mokete nakong eo? Jehova a arabela e le eena: “Ke sehlabelo sa Paseka ea Jehova, kamoo a kileng a feta pel’a matlo a bana ba Iseraele Egepeta, mohla a otlang ba-Egepeta.”—Exoda 12:14, 27.
4. Ke litseko life tsa bohlokoa tse neng li ameha ho lopolloeng ha Iseraele Egepeta?
4 Topollo eo ea mohlolo Egepeta ea letsibolo le leng le le leng la Iseraele, e amang motho le phoofolo, e etsahetse bosiung boo ba la 14 Nisane. Ebile tlhōro ea likotlo tse tlileng pele tse robong khahlanong le melimo ea bademona e rapeloang ke Baegepeta, ho hatisa morero oo Jehova a neng a o boletse pele ho Faro oa moikhohomosi: “Ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.” Matsatsi a se makae kamorao ho moo matla a Jehova le lebitso la hae tsa tumisoa hape ha a lopolla Baiserale ba limillione le letšoele le kopa-kopaneng Leoatleng le Lefubelu, ha a khama mokhethoa oa lebotho la Faro. Hase feela ha Moshe le bana ba Iseraele ba ile ba bina: “Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa!”—Exoda 9:16; 15:1.
5. Mokete oa Paseka o ne o sebeletsa morero ofe?
5 Hoba Baiseraele ba tsitse naheng e neng e tšepisitsoe ntat’a bona moholo Abrahama, Paseka e ne e tla ketekoa ke sechaba hang ka selemo Jerusalema, kutlong ea taelo e ho Deuteronoma 16:1-8. Ka tsela eo Jehova a lokisetsa hore la 14 Nisane le qoollehe mehopolong ea batho ba hae ba tšoantšetso. Hona ho ne ho tla sebeletsa morero ofe? E ne e tla ba letsatsi la ho tlotlisa lebitso la Jehova, la ho hopola liketso tse khōlō tsa hae tsa ho lopolla. Ka hona makholo-kholo a lilemo hamorao Paseka e ne e tla tla pele lipelong le mehopolong ea batsoali ba Jesu bao, re bolelloang tjena ka bona, “ba ne ba e-ea Jerusalema ka lilemo tsohle, moketeng oa Paseka.” Ka moetlo oa Bajode, mora oa bona Jesu o ne a e-ba le bona.—Luka 2:41, 42.
6. Ke ka mabaka afe Jesu a neng a chesehela ho boloka Paseka ka 33 C.E. le baapostola ba hae ba tšepahalang?
6 Hoba Jesu a kolobetsoe Jordane le ho qalisa tšebeletso ea hae, o ne a ka ’na a rata ho tsoela pele ho keteka Paseka le Maria, ’mè oa hae oa lefatšeng, le bara ba hae, banab’abo. Leha ho le joalo, bakeng sa la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu a lokisetsa ho etsa mokete le baapostola ba hae ba 12. Tlaleho ea Luka e re bolella hore na Jesu o ile a ikutloa joang ka lekhetlo lena: “Ke lakalitse haholo ho ja Paseka ena le lōna, ke e-so ho utloe bohloko.” (Luka 22:15) Takatso e khōlō hakaalo e ne e bakoa ke eng ho Jesu? Hobane o ne a tseba bohlokoa ba liketsahalo tse neng li tla tloha li etsahala mohla letsatsi leo la bohlokoa le neng le qalile ha letsatsi le likela. Hape Jesu o ne a tseba hore liketsahalo tse joalo li tla koahela ka ho feletseng tse etsahetseng khale koana ka 1513 B.C.E. Li ne li tla tlotlisa lebitso la Jehova ho feta neng kapa neng ’me li rale motheo oa hore malapa ’ohle a lefatše a qetelle a hlohonolofalitsoe. Hape, o ne a e-na le litaba tse ngata bakeng sa barutuoa ba hae pele a e-shoa, a ba kenya sebete sa hore ba Iule e le balateli ba hae ba tšepahalang. Litlaleho tse qaqileng tsa Melaetsa li re fa sebaka sa hore le rōna re mamele seo Jesu a se buileng le ho se etsa.—Johanne 12:31; 17:26.
Ho Etsahetse’ng? E ne e Bolela Eng?
7. (a) Ke liketsahalo life sejong sa ho qetela sa Paseka sa Jesu tse isitseng ho theeng ha hae Sehopotso sa lefu la hae? (Johanne 13:1-30) (b) Hlalosa mokhoa oa Jesu ha a thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
7 Ha ho ntse ho jeoa, Jesu a ema ’me a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae, kahoo a ba beela mohlala o phethahetseng oa boikokobetso. Eaba Jesu o re, “E mong oa Iōna o tla nkeka.” Nakoana kamorao ho moo, a retelehela ho Judase ’me a re: “Seo u se etsang, hlo u se etse kapele.” Tlaleho ea Johanne e re: “A phakisa a tsoa; e ne e le bosiu.” (Johanne 13:21, 27, 30) Ke kamorao ho sena moo Jesu a ileng a thea Sehopotso sa lefu la hae. A re mameleng kamoo Mattheu paki e boneng ka mahlo a hlalosang se etsahetseng: “Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, ’me eitse hobane a boke, a bo ngoatha, a bo nea barutuoa ba hae, a re ho bona: Nkang, le je; hona ke [“hona ho bolela,” NW] ’mele oa ka. A nka le senoelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Noelang ho sona bohle; hobane hona ke [“hona ho bolela,” NW] mali a ka a selekane se secha, a tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe. Empa ke re ho Iōna: Ho qala nakong eona ena, ha ke sa tla hlola ke e-noa se beoang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se noa le lōna se le secha, ’musong oa Ntate. Eitse hobane ba bine lithoko, ba ea thabeng ea Mehloare.”—Mattheu 26:26-30; bona le Mareka 14:22-26; Luka 22:19, 20; le 1 Ba-Korinthe 11:23-26.
8. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakana ho utloisisa se boleloang ke mantsoe a Jesu le liketso ha a thea Sehopotso?
8 Se neng se hlile se boleloa ka botlalo ke seo Jesu a se entseng le ho se bua ka lekhetlo leo ke sefe? Pauluse o hatisitse kamoo e leng habohlokoa kateng hore balateli bohle ba tlotsitsoeng ba Kreste ba ananele sena, a re: “Ka baka leo, mang le mang ea jang bohobe boo, kapa ea noelang senoelong sa Morena ka mokhoa o sa tšoanelang, o tla ba le molato oa ’mele le oa mali a Morena.” Ruri ha ho lea mong oa batlotsuoa ea ka ratang ’ho se tšoanelehe’ mahlong a Jehova, ho fella ka hore a ahloloe ka boiphetetso. Ho feta moo, “bongata bo boholo” bo lokela ho rata ho baloa bo tšoaneleha e le metsoalle ea masala a tlotsitsoeng. Ka hona, ka ho atamela ha Sehopotso se seng ka Labone la 14 ’Mesa, 1985, ho nakong hore rōna kaofela re hlahlobe hape taba ena hammoho ka mokhoa o qaqileng.—1 Ba-Korinthe 11:27.
9. (a) Ke hobane’ng ha ho ngoloa ha mantsoe a Jesu, “Hona ho bolela ’mele oa ka” ho nepahetse ho feta, “Hona ke ’mele oa ka”? (Bona taba e ngotsoeng botlaaseng ba leqephe.) (b) Jesu a hlalosa bohobe ka ho khethehileng joang? (c) Veine?
9 Jesu o itse, “Hona ho bolela ’mele oa ka.”a Ha Jesu a bua mantsoe ana, a hlalosa bohobe ka mokhoa o khethehileng—e ne e le tšoantšetso ea ’mele oa hae oa nama o se nang sebe oo ‘a neng a tla o nea lefatše hore le tle le phele.’ (Johanne 6:51, NW) Ka ho tšoanang, ha a re ka senoelo sa veine, “Hona ho bolela ’mali a ka a selekane,’. . . a tšolotsoeng . . . bakeng sa tšoarelo ea libe,” o ne a sebelisa veine e lomositsoeng e ka senoelong e le tšoantšetso ea mali a hae. Mali ana e ne e le motheo oa hore “selekane se secha” se sebetse. Mali a hae e ne e boetse e le mokhoa oa ho fana ka “teselo ea libe.”—Mattheu 26:28, NW; Jeremia 31:31-33; Ba-Heberu 9:22.
10. Ho ja bohobe le veine ho akarelletsa eng?
10 Joale, ho akareletsoa eng ho bao ba kopanelang ho ja bohobe le ho noa veine Sehopotsong? Ketso ka boeona ke pontšo ho ba jang, le ho ba shebelletseng hore, ba se ba fumane molemo sehlabelong sa topollo sa Kreste Jesu, empa e le ka tsela e khethehileng le ka morero o khethehileng. Sena se sebetsahala joang? Motheong oa tumelo ea bona sehlabelong sa Jesu Kreste le boinehelo ba bona ho Jehova, Molimo o ba nka e le ba tšoaneloang ke molemo oa sehlabelo sa botho sa Jesu. Ka morero ofe? E le hore ba ka boleloa hore ke batho ba phethahetseng ’me kahoo ba ba boemong bo botle pel’a Molimo. Joale Jehova o ba tsoala ka moea oa hae o halalelang ’me ba fetoha bara ba hae ba moea. Joale ba boemong ba ho tela tokelo ea bona ea ho phela lefatšeng bakeng sa lefa la leholimo. Hona hohle ho etsahetse pele ba kopanela Selallong sa Morena.—Ba-Roma 5:1, 2, 8; 8:15-17; Jakobo 1:18.
11, 12. (a) Ke lintho life tse peli hape tse bontšoang ke ho noa veine? (b) Hlalosa selekane se etsoang ke Jesu le ba jang le ho noa.
11 Joale nahana ka hore na ho akarelletsoa eng hape ka ho noa veine. Le hoja Jehova a se a boletse bara ba hae ba moea ba lokile ’me a ba thotse ho ba bara, ba sa ntsane ba le nameng e sa phethahalang. Ba sa ntsane ba ka oela sebeng ’me ba tseba sena. Ha ba noa veine, ka hoo ba lumela hore tsatsi le leng le le leng ba itšetlehile ka mali a Kreste Jesu, a “tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe.”—1 Johanne 1:9, 10; 2:1.
12 Leha ho le joalo, ho sa na le ho hong hape ho akarelletsoa ka ho noa veine. Ba noang ba paka hore ba kentsoe ‘selekaneng se secha’ seo Jehova a se boletseng khale ka moprofeta Jeremia. Selekane sena se entsoe hore se sebetse ka mali a Jesu. Selekaneng seo ho na le Jehova Molimo le bara ba hae ba moea, bao ha ba le hammoho ba etsang Iseraele oa moea. Setho ka seng se khethoa ke Molimo. Jesu ke Mokena-lipakeng oa selekane, seo ka sona a thusang litho tseo tsa selekane tse 144 000 ho ba karolo ea peō ea Abrahama. (Jeremia 31:31-34; 2 Ba-Thessalonika 2:13; Ba-Heberu 8:10, 12; 12:22-24; Ba-Galata 3:29) Bana ke bona bao hape Jesu a ba kenyang ‘selekaneng sa ’muso.’ Ka baka leo, qetellong ba tla sebelisoa le Morena oa bona Jesu Kreste ho fetisetsa mahlohonolo a bophelo ho ma- lapa ’ohle a lefatše.—Luka 22:28-30, NW; Johanne 6:53; Tšenolo 5:9, 10; Genese 22:15-18.
13. Ke lintho life tseo joale li lokelang ho hopoloa ka la 14 Nisane?
13 Ke ’nete hore ha re hlahloba tlhaloso e feletseng ea mantsoe ao Jesu a a buileng mohla letsatsi lena la Sehopotso, re qobelloa ho hopola lerato la Jehova ka ho fana ka Mora oa hae ea ratoang. Hape re hopotsoa lerato la Jesu ha a fana ka bophelo ba hae e le topollo ea batho bohle ba lumelang. (Johanne 3:16; Ba-Roma 5:8; 1 Timothea 2:5, 6) Leha ho le joalo, ho na le linnete tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a buisaneng ka tsona le balateli ba hae mantsiboeeng ao. Ho lingoli tsa Bibele, ke moapostola Johanne feela ea ngolang moqoqo ona o haufi haholo.
Tlotliso, Lerato, le Kutloano
14. (a) Jehova o tlotlisoa joang ka mokete o mong le o mong oa Sehopotso? (b) Lerato le phetha karolo efe ho hopoleng Jesu, ’me hona ho lokela ho susumelletsa bohle ba jang le ho noa hore ba itlhahlobe ho eng?
14 Jesu o itse: “Joale, Mor’a motho o tlotlisitsoe, ’me Molimo o tlotlisitsoe ka eena.” (Johanne 13:31) Ha e sa le Iseraele e lopolloa Egepeta, la 14 Nisane le amana le ho tumisoa ha lebitso la Molimo, borena ba oona, le matla a oona. Joale, ka bokhabane ba Jesu ho isa lefung le tsoho e khanyang ea hae e neng e tla latela ka matla a Molimo, hlompho e khōlō le tlotliso tsa tlela lebitso la Molimo. (Bapisa Liproverbia 27:11.) Jesu a bolella barutuoa ba hae hore ba tla fana ka bopaki ba hore ke barutuoa ka ho boloka “molao o mocha” oa ho ‘ratana joale ka ha a ba ratile.’ (Johanne 13:34, 35) Botebo ba lerato la rōna la boena ke pontšo ea kananelo ea rōna bakeng sa lerato leo Jesu a re bontšitseng lona ka nako eo.—1 Johanne 4:19.
15. (a) Ke tšepo efe ea bophelo e beiloeng ka pel’a bohle ba jang le ho noa ka tšoanelo? (b) Ho rata Jesu ho pakoa joang?
15 Tšepo ea hore ka tsatsi le leng ba phele lehaeng la leholimo ke karolo ea thabo e beiloeng ka pe’la ba khethetsoeng ho busa le Kreste. (Tšenolo 20:6) Jesu o kenyelletsa tšepo ena, a re: “Ke ea ho le lokisetsa bolulo. . . . ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na.” (Johanne 14:2-4) Ba tla ba khabane ho isa qetellong ba tla fihla moo e leng hae hahabo bona! Ka hona, Jesu oa eletsa, “Ekare ha le nthata, bolokang melao ea ka.” Hona ho bolela melao eohle ea hae, ho akarelletsa taelo ea ho ruta le ho etsa barutuoa.—Johanne 14:15, 21; Mattheu 28:19, 20.
16. (a) Jesu o hatisitse bohlokoa ba kutloano joang ho balateli ba hae, ’me ke hobane’ng ha kutloano ena e le ea bohlokoa hakaale? (b) Balateli bohle ba Jesu ba lokela ho talimana le eng, empa ke eng e ba thusang ho etsa joalo?
16 Ke habohlokoa hakaakang hore Jesu a utloane le balateli ba hae le hore ka bobona ba utloane! Jesu o sebelisa setšoantšo sa morara le makala a sona ho hatisa ’nete ena. Kutloano e fella ka ho bea litholoana ’me hona ho tlotlisa Ntate. (1 Ba-Korinthe 1:10; Johanne 15:1, 5, 8) Balateli bohle ba Jesu ba talimane le mahloriso le khanyetso. Empa ke ho tiisang tumelo hakaakang ho tseba hore Jesu o ile a tšepahala ho hlōla lefatše ho sa tsotellehe litlhaselo tsohle tsa Satane!—Johanne 15:18-20; 16:2, 33.
17. Bolela likōpo tse ling tsa Jesu thapelong ea hae e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 17.
17 Jesu o phetha mantsiboea ka thapelo e tlohang botebong ba pelo ho Ntate oa hae. Ho tlotlisoa ha Ntate oa hae ho tla pele kōpong ena. O rapela hore balateli ba hae ba sireletsoe ho e mobe. Satane, ha ba lutse ba arohile lefatšeng. Hape o rapela hore lerato lona leo le kopanyang le teng pakeng tsa hae le Ntate oa hae le tsoele pele ho hōla har’a palo e ntseng e hōla ea balateli ba mehlala ea hae.—Johanne khaolo ea 17.
18. Ha ho nahanoa ka palo-khōlō e bileng teng Sehopotsong ka 1984, ke hobane’ng ha litšoantšetso li jeloe le ho nooa ke ba fokolang hakaale?
18 Re hlahlobile feela linnete tse seng kae tsa bohlokoa le mehopolo tseo Jesu a li arolelaneng le barutuoa ba hae bosiung boo bo fetileng ka lilemo tse ka bang 1 952, empa ruri tsena li re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ka ’nete la 14 Nisane e le letsatsi la Sehopotso. Ha ho makatse, he, hore e be ngoahola ba 7 416 974 ho Lipaki tsa Jehova le metsoalle ea tsona ba bone bohlokoa ba ho bokana hammoho ho boloka Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Empa leha ho le joalo, palong eo e khōlō, ke ba 9 081 feela ba jeleng le ho noa litšoantšetso. Hobane’ng? Hobane boholo ba lipaki tsa Jehova kajeno bo ipona e le karolo ea “bongata bo boholo” bo emeng “pel’a terone le pel’a Konyana.” Bana ba lebelletse ho phela Lefatšeng e le lehae la ho qetela la bona, e seng ho ea phela maholimong moo ba 144 000 ba tla “busa le eena [Kreste] lilemo tse sekete.”—Tšenolo 7:9; 20:6; Pesaleme ea 37:11.
19. Thuto ea beke e tlang e theiloe ho eng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bohle ba be teng?
19 Leha ho le joalo, ho hlahile lipotso mabapi le kamano ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Ho bonahala ho loketse, he, hore ho buisanoe ka litaba tsena sehloohong se latelang, e le hore ho se be le motho ea sa utloisiseng lintho hantle ha mokete o mong oa Sehopotso o atamela.—1 Ba-Thessalonika 5:21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liphetolelo tse ling tsa Bibele lia baleha, “Hona ke ’mele oa ka.” (Bibele ea Sesotho, King James Version, Douay Version ea K’hatholike, The New English Bible, le liphetolelo tse ling tsa kajeno.) Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “ke” ke e·stin, ka kutloisiso ea ho phahamisa, ho etsa habohlokoa, ho emela. (Bona taba e ngotsoeng botlaaseng ba leqephe tabeng ea Mattheu 26:26, NW Ref. Bi.) Lentsoe lona leo la Segerike le hlaha ho Mattheu 9:13 le Mt 12:7 ’me mabakeng ka bobeli le fetoletsoe e le “meaneth” (KJ) le “means” (NE le liphetolelong tse ling tsa kajeno).
Na U ka Hopola—
◻ Hore ke bo-mang ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso?
◻ Hore ke litaba life tsa bohlokoa tseo Sehopotso se lokelang ho re hopotsa tsona?
◻ Hore re ka paka ho hopola Jesu kamehla joang?
◻ Hore ke tseko efe ea bohlokoa eo kamehla e amanang le la 14 Nisane?