Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/92 leq. 1
  • Ba Khothalletseng ho Hahamalla Lipakane Tsa Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Khothalletseng ho Hahamalla Lipakane Tsa Moea
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha—Lipakane Tsa Lōna Tsa Moea ke Life?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Kamoo U ka Finyellang Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Kateng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 5/92 leq. 1

Ba Khothalletseng ho Hahamalla Lipakane Tsa Moea

1 Ha ho mohla bacha ba kileng ba kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso joaloka kajeno! Ba mashome a likete ba amohela keletso e ho Moeklesia 12:1: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.” Bacha baa ba susumetsoa ke eng ho kopanela ka mehla tšebeletsong, ’me ke hobane’ng ha ba bangata hakaale ba bona ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho?

2 Ha ho pelaelo hore ba bangata ba etsisa boitšoaro ba Timothea e mocha ea hlahelletseng. ’Mè oa hae le nkhono’ae ba ile ba mo fa thuto ea moea ho tloha boseeng ’me ba mo khothalletsa hore a hahamalle lipakane tsa moea. (2 Tim. 3:14, 15) Ka hona, ha ho hlaha monyetla oa litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso, o ne a tšoaneleha ’me a li loketse.—Lik. 16:1-3.

3 Bacha ba eketsehileng ba ka khothalletsoa joang hore ba hahamalle lipakane tsa moea? Ho ka raloa motheo oa mofuta ofe? Ke joang batsoali ba ka hahang kananelo bakeng sa ’nete ho bana ba bona le ho ba thusa ho ipehela lipakane tsa nako e telele?

4 Rala Motheo oa Moea: Batsoali ba tlameha ho kholiseha hore seo ba se rutang bana ba bona se tsoa ho Jehova e le hore ba ka ba “hlalefisetsa ho bolokeha.” (2 Tim. 3:15) Lekang ka matla ho hlaolela ka ho bona lerato le tebileng bakeng sa Lentsoe la Molimo, Bibele. Sena se hloka thuto ea Bibele e nang le morero e lumellanang le litlhoko tsa bona, hammoho le ho ba teng ka mehla libokeng. E le hore bacha ba be le tumelo e matla e tla ba susumelletsa hore ba hahamalle lipakane tsa moea, ba tlameha ho ba le lenaneo la bona la thuto ea botho ’me ba hōlise kamano ea bona le Jehova.—1 Ba-Thess. 5:21; Ba-Heb. 11:1.

5 Bacha ba Bakreste ba tla hahamalla lipakane tsa moea habonolo haeba batsoali ba bona le batho ba bang ba hōlileng moeeng ka phuthehong ba beha mohlala o motle ’me ba bonahatsa “thabo ea Jehova.” (Neh. 8:10) Ka ho bonahatsa thabo, kaofela re ka thusa bacha ho utloisisa hore lintho tse hlokoang Bokresteng ba ’nete ha se mojaro o boima.—1 Joh. 5:3.

6 Bacha ba bangata ba ’nile ba susumetsoa haholo ke bo-pula-maliboho, baromuoa, le balebeli ba tsamaeang ba ileng ba sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo kapa ba ileng ba ba khothatsa. Batsoali ba ka thusa ka ho mema basebeletsi ba nako e tletseng ba behang mohlala o motle hore ba tle malapeng a bona bakeng sa lijo kapa ka linako tse ling feela bakeng sa botsoalle ba Bokreste. Jesu Kreste o fane ka mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho fana ka tlhokomelo e leka-lekaneng ho bacha.—Mar. 10:13-16.

7 Ho Ipehela Lipakane: Ka tataiso e loketseng ea batsoali, hangata bana ba ipehela lipakane tsa moea ba sa le banyenyane. Hang ha bacha ba se ba entse qeto ea hore na ba batla ho finyella pakane efe e molemo ea moea, ebang ke tšebeletso ea bopula-maliboho, ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō, ho sebeletsa Bethele kapa tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng, joalo-joalo, batsoali le ba bang ba hōlileng moeeng ba ka ba khothalletsa ka mofuthu hore ba tsoele pele ba sebeletsa ho finyella pakane ea bona, ba fana ka litlhahiso tse sebetsang ho ba khothalletsa ho ea pele.

8 Phutheho ka ’ngoe e tšoana le lelapa. Kahoo e mong le e mong oa rōna o lokela ho thahasella ho thusa bacha hore ba ’ne ba tsamaee ’neteng le ho etsa tsoelo-pele moeeng. Re ka etsa sena ka ho ba tiisetsa lerato la rōna le ho ba khothalletsa ho hahamalla lipakane tsa moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela