Pina ea 32
‘Ka Ntlo le Ntlo’
1. Ka ntlo le ntlo le menyakong,
Re bua ka Lentsoe.
Metseng eohle le mahaeng,
Nku li hlokometsoe.
Kamoo Jesu a boletseng
Evangeli’a ’Muso,
E boleloa fatšeng lohle
Ke ba ratang khotso.
2. Ka ntlo le ntlo rea bolela,
Re se na le tšabo,
Hore tšepo ho Jehova
E tlisa poloko.
Empa ba ka mo tšepa joang
Ha ba sa mo tsebe?
Ka ho ba ruta ka eena
Ba tle ba mo tšepe.
3. E, ke ba seng ba kae feela
Ba tla re mamela;
Ba bang ba re hlapaola,
Ba bang baa re nyatsa.
Khale ho ne ho le joalo
Mehleng ea Mor’a Jah.
“Linku” tsona li ea utloa
’Me ha rea nyahama.
4. Joale re eeng ka ntlo le ntlo
Re pake ka ’Muso.
Ebang ke ‘nku’ kapa ‘poli,’
Ba tla etsa khetho.
Re tla bolela lebitso
Lena la Jehova.
Boboleling ba ntlo le ntlo,
“Linku” li tla tholoa.