Pina ea 63
Leseli le ke le Khanye
1. Jah o laetse ho re
Seli le be teng
Ho felisa botšo
Bohle lefatšeng.
Lehalima le tsoa
Tempeleng ea Jah
Hore leseling la hae
Re bone tsela.
2. Re eeng ho tsebisa
Tšepo ea ’Muso
Ho tšelisa ba llang,
Ba pelo-nolo.
Matla a ho paka
Ke a Jehova.
O phelisa tšebetso
E khōl’ea rōna.
3. Jah o re fa matla
Tšebetsong ea hae
Hore re tiisetse
Ka ho sa eeng kae.
Ka thabo e khōlō
Re ntse re isa
Hlompho, khanya, thoriso
Ho eena feela.