-
Jehova o ’Nile a Ntlhokomela Hantle HaholoMolula-Qhooa—1992 | September 1
-
-
’ngoe e ile ea ntšala morao ho ea koloing ea ka, e phehella hore monyetla feela oo mosali oa ka a nang le oona ke hore a buuoe ho sebelisoa mali ’me ea nkōpa hore ke lumellane le seo. Leha ho le joalo, ’na le mosali oa ka re ne re itšepetse Jehova—le haeba ho ikokobelletsa molao oa hae ho ne ho ka fella ka ho lahleheloa ke lilemo tse seng kae bophelong bona.
Eaba, ho ba le phetoho e hlollang boemong ba mosali oa ka. Ka letsatsi le leng ke ile ka mo fumana a lutse betheng a bala. Ka matsatsi a latelang o ile a qala ho pakela bakuli le baoki. Eaba ke bitsetsoa ofising ea ngaka. E ile ea re: “Monghali Wharerau, ka sebele u monna ea lehlohonolo! Re lumela hore bothata ba mosali oa hao bo phekolehile.” Ka tšohanyetso, khatello ea hae ea mali e ile ea tsitsa. Bobeli ba rōna, ’na le mosali oa ka re ile ra leboha Jehova ’me ra nchafatsa boikemisetso ba rōna ba ho etsa sohle se matleng a rōna tšebeletsong ea hae.
Hona joale ke boetse ke abetsoe Lihleke-hlekeng tsa Cook ’me ke sa boetse ke sebeletsa Rarotonga. Ke tokelo e kaakang! Ha re talima morao ’na le mosali oa ka re leboha kamoo Jehova a ileng a re hlokomela lilemo tse mashome a mahlano re le tšebeletsong ea hae. Linthong tse bonahalang, ha re e-s’o ka re hloka litlhoko tsa bophelo. Ka kutloisiso ea moea, litlhohonolofatso e ile ea e-ba tse ngata hoo re sitoang ho li bala. E ka sehloohong ke ea bongata ba beng ka ’na ba nkileng ’nete. Nka bala ba fetang 200 bao hona joale e leng Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova, ho akarelletsa le litloholo tsa sebele tse 65. Mora e mong oa ka oa setloholo ke setho sa lelapa la Bethele New Zealand, athe morali e mong hammoho le monna oa hae le bana ba babeli ba etsa mosebetsi oa kaho makaleng.—3 Johanne 4.
Ha ke talima pele, ke ananela tokelo ea ho phela paradeising moo, lefatše lohle, botle ba lona bo tla feta hōle botle ba motse o motala oo ke hlahetseng ho oona. E tla ba tokelo e kaakang ho amohela ’mè le ntate tsohong le ho ba tsebisa ka thekollo, ’Muso, le bopaki bo bong bohle ba tlhokomelo ea Jehova.
Boikemisetso ba ka, bo tšehelitsoe ke tsebo ea hore Molimo oa ntlhokomela, ke bo tšoanang le boo mopesaleme a buileng ka bona ho Pesaleme ea 104:33: “Ke tla binela Jehova ha ke sa ntse ke phela, ke rorise Molimo oa ka, ha ke sa ntse ke le teng.”—Joalokaha ho boletse Sarn Wharerau.
-
-
Lipotso tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1992 | September 1
-
-
Lipotso tse Tsoang ho Babali
Na Lipaki tsa Jehova li qoba ho keteka matsatsi a tsoalo hobane tloaelo eo e ne e e-na le moelelo oa bolumeli mehleng ea boholo-holo?
Ho keteka matsatsi a tsoalo ho na le motso oa tumela-khoela le bolumeli ba bohata, empa leo hase lona lebaka le le leng kapa la sehlooho la hore Lipaki tsa Jehova li qobe tloaelo eo.
Litloaelo tse ling tseo pele e neng e le tsa bolumeli ha li sa le joalo libakeng tse ling. Ka mohlala, reng ea lenyalo e kile ea bolela ho itseng bolumeling, empa libakeng tse ngata kajeno, ha ho sa le joalo. Kahoo, Bakreste ba bangata ba ’nete ba amohela tloaelo ea moo ba phelang teng ea ho roala reng ea lenyalo ho fana ka bopaki ba hore motho o kene lenyalong. Mabakeng a joalo, seo hangata se nang le tšusumetso ke hore na ebe tloaelo eo joale e se e amana le bolumeli ba bohata kapa che.—Bona “Lipotso tse Tsoang ho Babali” tse hlahang ho Molula-Qhooa oa July 1, 1972, le October 15, 1991.
Leha ho le joalo, ho ke ke ha hanoa hore lingoliloeng tse ’maloa tsa litšupiso li utulla mabaka a tumela-khoela le a bolumeli a ho keteka matsatsi a tsoalo. The Encyclopedia Americana (khatiso ea 1991) e-ea hlokomela: “Lefatše la boholo-holo la Egepeta, Greece, Roma, le Persia le ne le keteka matsatsi a tsoalo a melimo, marena, le batho ba hlomphehang.” E re Baroma ba ne ba hlonepha tsoalo ea Artemis le letsatsi la Apollo. Ho fapana le hoo, “le hoja Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba boloka litlaleho tsa lilemo tsa baahi ba bona ba batona, ha ho na bopaki ba hore ba ne ba etsa mekete mohla letsatsi la tsoalo.”
Lingoliloeng tse ling tsa litšupiso li kenella ka ho teba tšimolohong ea ho keteka matsatsi a tsoalo: ‘Mekete ea matsatsi a tsoalo e qalile khale Europe. Batho ba ne ba lumela ho meea e lokileng le e khopo, eo ka linako tse ling e bitsoang mangeloi a lokileng le a khopo. Batho bohle ba ne ba tšaba meea ena, ba tšaba hore e ka ntša ea ketekang letsatsi la hae la tsoalo kotsi, ka hona o ne a likahanyetsoa ke metsoalle le beng ka eena bao litakaletso tsa bona tse molemo, le ho ba teng ha bona, li neng li tla mo sireletsa khahlanong le likotsi tse sa tsejoeng tseo letsatsi la tsoalo le neng le li tšoere. Ho fana ka limpho ho ne ho tlisa tšireletso e khōloanyane. Ho ja ’moho ho ne ho boetse ho fana ka tšireletso ’me ho ne ho thusa ho tlisa litlhohonolofatso tsa meea e lokileng. Kahoo qalehong mokete oa letsatsi la tsoalo o ne o reretsoe ho sireletsa motho khahlanong le bokhopo haesita le ho fana ka tiiso ea selemo se molemo se tlang.’—Birthday Parties Around the World, 1967.
Hape, buka eo e hlalosa qaleho ea meetlo e mengata ea matsatsi a tsoalo. Ka mohlala: “[Ho sebelisa likerese] ho qalehile mehleng ea Bagerike le Baroma ba pele ba neng ba nahana hore ho sebelisa likerese ho na le litšoaneleho tsa boselamose. Ba ne ba ka etsa lithapelo le litakatso tse neng li isoa ho melimo ke malakabe a likerese. Joale melimo e ne e tla romela litlhohonolofatso tsa eona mohlomong e be e arabele le lithapelo.” Boitsebiso bo bong bo kang boo ba bohlokoa ba ho utloisisa taba ena bo bokelletsoe ho maqephe 237 ho isa ho 238 a Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe, ho ameha ho hongata tabeng ena ho feta feela hore na ho keteka matsatsi a tsoalo e ne e le ha bolumeli kapa na e ntse e le ha bolumeli. Bibele e phahamisa taba ea matsatsi a tsoalo, ’me Bakreste ba hōlileng ka bohlale ba falimehela mehlala eo e fanang ka eona.
Bahlanka ba khale ba Molimo ba ne ba tšoaea ha motho a tsoaloa, kahoo ba ne ba khona ho tseba lilemo tsa batho. Rea bala: “Noe a phela lilemo tse makholo a mahlano, a ntoo tsoala Sema, le Kama, le Jafeta.” “Ka selemo sa makholo a tšeletseng sa ho phela ha Noe, . . . ka tsatsi leo mehloli ea boliba bo boholo ea phunyeha.”—Genese 5:32; 7:11; 11:10-26.
Joalokaha le Jesu a ile a bolela, har’a batho ba Molimo ho tsoaloa ha ngoana e ne e le ketsahalo ea mahlohonolo, ea thabo. (Luka 1:57, 58; 2:9-14; Johanne 16:21) Ho ntse ho le joalo, batho ba Jehova ba ne ba sa etse sehopotso sa letsatsi la tsoalo; ba ne ba boloka matsatsi a mang a bohlokoa empa eseng matsatsi a tsoalo. (Johanne 10:22, 23) Encyclopaedia Judaica e re: “Ho ketekoa ha matsatsi a tsoalo ha ho tsejoe meketeng ea moetlo ea Sejode.” Customs and Traditions of Israel ea hlokomela: “Ho ketekoa ha matsatsi a tsoalo ho nkiloe litloaelong tsa lichaba tse ling, kaha ha ho na moo moetlo ona o boleloang har’a Bajode ka Bibeleng, le ka har’a Talmud, kapa ho se ngotsoeng ke Bahlalefi ba morao. Ha e le hantle, e ne e le moetlo oa Egepeta ea boholo-holo.”
Ho amana hoo le Egepeta ho hlakisoa ke mokete oa letsatsi la tsoalo o tlalehiloeng ka Bibeleng, oo barapeli ba ’nete ba neng ba sa o keteke. E ne e le mokete oa tsoalo oa Faro ea neng a busa nakong eo Josefa a neng a le teronkong ea Egepeta. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba bang ba bahetene bao ba ne ba thabetse mokete oo, empa letsatsi leo la tsoalo le ile la amahangoa le ho khaoloa ha hlooho ea molaoli oa baapehi ba Faro.—Genese 40:1-22.
Ho boetse ho na le ho tlalehoa ho seng hotle ha mokete oa letsatsi la tsoalo o hlalositsoeng ka Mangolong—oa Heroda Antipase, mora oa Heroda e Moholo. Mokete ona oa letsatsi la tsoalo ho hang ha o hlahisoe ka Bibeleng e le mokete feela o se nang molato. Ho e-na le hoo, o ile oa baka ho khaoloa ha hlooho ea Johanne Mokolobetsi. Eaba, “barutuoa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela, ba ntoo ea bolella Jesu,” ea ileng a ‘tloha moo a ikela thōko feelleng.’ (Mattheu 14:6-13) Na u nahana hore barutuoa bao kapa Jesu ba ile ba utloa ba khahloa ke tloaelo ea ho keteka matsatsi a tsoalo?
Ka ho talima tšimoloho e tsebahalang ea ho ketekoa ha matsatsi a tsoalo, ’me habohlokoa ka ho fetisisa, ho tlalehoa ka mokhoa o seng motle hoo ho hlahisitsoeng ka hona ka Bibeleng, Lipaki tsa Jehova li na le mabaka a lekaneng a ho qoba tloaelo eo. Ha ho hlokahale hore li latele moetlo ona oa lefatše, hobane li ntse li e-ba le mekete ea lijo e tletseng thabo nako e ’ngoe le e ’ngoe selemong. Ho fana ka limpho ha tsona ha se ho qobelloang kapa ho tlisoang ke khatello ea moketjana; ke ho arolelana limpho ha boithaopo ho etsoang nako efe kapa efe ho susumetsoang ke moea oa ho arolelana le lerato la sebele.—Liproverbia 17:8; Moeklesia 2:24; Luka 6:38; Liketso 9:36, 39; 1 Ba-Korinthe 16:2, 3.
-