-
“Ho Hang ho Bonahala Re sa Bue!”Molula-Qhooa—1993 | August 1
-
-
“Ho Hang ho Bonahala Re sa Bue!”
MICHAEL, e leng ’muelli oa molao, o ne a tlameha ho ba motho ea atlehang tabeng ea puisano. Sena se ne se hlokoa ke mosebetsi oa hae. Empa ka mor’a lilemo tse 16 a le lenyalong, Michael o ile a qobelloa ho hlokomela hore ha a fihla lapeng ho mosali oa hae, Adrian, tsebo ea hae tabeng ea puisano e ne e bonahala e nyamela. Michael oa hopola: “Ka mehla ’na le Adrian re ne re sa lumellane, re ne re tletleba, re tšoaeana liphoso, re bolela lintho ka tsela e sa tobang, ’me ke ne ke nahana hore ka sebele ho tla re khathatsa. Ke ile ka ipotsa hore na ebe lenyalo ke ho bokellana ha ho se khotsofale le ho tlalellana. Haeba boo e ne e tla ba boemo ba rōna bakeng sa bophelo bohle re le ’moho, ke ne ke batla ho tsoa lenyalong le joalo—ha ke soasoe. Kannete ke ne nke ke ka tobana le lilemo tse 20, 30, 40 tsa mofuta o joalo oa ho tlalellana le khatello.”
Hase Michael le Adrian feela ba nang le maikutlo a kang ana. Ho joalo le ho banyalani ba bangata bao kamano ea bona e feto-fetohang pakeng tsa ho loantšana le ho bōpa khotso. Puisano e bonolo ka ho fetisisa e ka fetoha ntoa ea mantsoe. Ba “utloa” lintho tse sa boleloang. Ba bua lintho tseo ba sa ikemisetsang ho li etsa. Baa hlasela le ho qosa, ebe ba khutsa ka mokhoa o bontšang ho teneha. Ha ba arohane, leha e le hore kannete ke “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Kamano e eme ’nģa e le ’ngoe. Ho khutlela morao ho tla bolela ho arohana; ho ea pele ho tla bolela ho tobana le liphapang. Ho qoba bohloko ba khetho leha e ka ba efe, banyalani bana ba khetha ho ipoloka bohōleng bo sireletsehileng ba maikutlo e mong ho e mong.
Banyalani ba joalo ba hloka ho ‘fumana tataiso’ lenyalong la bona. (Liproverbia 1:5, BPN) Tataiso ena e fumaneha Lentsoeng la Molimo, Bibele. Lengolo la bobeli la Pauluse le eang ho Timothea le tiisa hore Bibele e “na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea.” (2 Timothea 3:16) Hona ho ipakile ho le joalo tabeng ea ho felisa ho senyeha ha puisano lenyalong, joalokaha re tla bona.
-
-
Puisano—Hase Feela ho BuaMolula-Qhooa—1993 | August 1
-
-
Puisano—Hase Feela ho Bua
NAHANA ka sehlopha sa bahahlauli se shebile setšoantšo sa ponahalo ea naha. Le hoja sehlopha sohle se talimile pono e tšoanang, motho ka mong o e bona ka ho fapaneng. Hobane’ng? Hobane motho ka mong o na le sebaka sa pono se fapaneng. Ha ho batho ba babeli ba emeng sebakeng se tšoanang hantle. Ho feta moo, hase batho bohle ba behang tlhokomelo karolong e tšoanang ea pono. Motho ka mong o fumana karolo e fapaneng e thahasellisa haholo.
Sena ke ’nete lenyalong. Esita leha ba tšoanelana haholo, ha ho balekane ba babeli ba nang le pono e tšoanang hantle ea lintho. Banna le basali ba fapana linthong tse kang kaheho ea maikutlo, liphihlelo tsa bongoana, le tšusumetso ea lelapa. Lipono tse sa tšoaneng tse bang teng e ka ba mohloli oa khohlano e mpe. Moapostola Pauluse o ile a bua ka ho toba a re: “Ba nyalang ba tla ba le bohloko le mahlomola.”—1 Ba-Korinthe 7:28, The New English Bible.
Puisano e akareletsa boiteko ba ho kopanya liphapang tsena ho ba kamano ea nama e le ’ngoe. Hona ho hloka nako ea ho buisana. (Bona lebokose ho leqephe 7.) Empa ho hongata hoa ameha.
Ho Bontša Kutloisiso
Maele a Bibele a re: “Pelo ea motho ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me lipuong tsa hae e eketsa ho phehella.” (Liproverbia 16:23, NW) Lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le ‘ho etsa hore ho bontšoe temohisiso’ ha e le hantle le bolela ho ba bohlale, ho lekanya litaba ka hloko kelellong. Ka hona, sebaka se hlokomelehang sa puisano e atlehang ke pelo, eseng molomo. Motho ea atlehang tabeng ea puisano o tlameha ho ba le ho hongata ho feta ho ba sebui; o tlameha ho ba ea mamelang ka hloko. (Jakobo 1:19) O tlameha ho utloisisa maikutlo le mabaka a susumeletsang boitšoaro ba ka ntle ba molekane oa hae.—Liproverbia 20:5.
Joang? Ka linako tse ling sena se ka etsoa ka ho hlokomela maemo a pota-potileng khohlano. Na molekane oa hao oa lenyalo o tlas’a khatello e matla ea maikutlo kapa ea ’mele? Na ho kula ho tlatsetsa boitšoarong ba molekane oa hao? Bibele e re: “Ke thabo e kakaang ho fumana lentsoe le nepahetseng ka nako e nepahetseng!” (Liproverbia 15:23, Today’s English Version) Kahoo ho nahana ka maemo ho tla u thusa ho arabela ka tsela e tšoanetseng.—Liproverbia 25:11.
Leha ho le joalo, hangata sesosa sa khohlano se linthong tse sa ameng boemo ba nako eo.
Ho Utloisisa Nako e Fetileng
Liphihlelo tsa rōna tsa bongoana li etsa ho hongata ho bōpeng ho nahana ha rōna ha re se re hōlile. Kaha balekane ba lenyalo ba tsoa malapeng a fapaneng, lipono tse khohlanang li tla ba teng.
Ketsahalo e tlalehiloeng Bibeleng e bontša sena. Davida o ile a bonahatsa cheseho ea hae phatlalatsa ha areka ea selekane e khutlisetsoa Jerusalema. Empa ho thoe’ng ka mosali oa hae Mikale? Bibele ea tlaleha: “Mikale, morali oa Saule, ha a nyarela ka [fensetere], a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pel’a Jehova, ’me a mo nyelisa ka pelong ea hae.”—2 Samuele 6:14-16.
Mikale o ne a bonahatsa boikutlo ba ho hloka tumelo boo ntate oa hae ea sa lokang, Saule a neng a e-na le bona. Bahlalosi ba Bibele C. F. Keil le F. Delitzsch ba hlahisa hore ke lona lebaka leo Mikale a boleloang e le “morali oa Saule” ho temana 16 ho e-na le mosali oa Davida. Ho ntse ho le joalo, phapang e bileng teng hamorao pakeng tsa bona e hlakisa hore Davida le Mikale ba ne ba se na pono e tšoanang ka ketsahalo ena ea thabo.—2 Samuele 6:20-23.
Mohlala ona o bontša hore litšusumetso tse sa bonahaleng tse hlahang khōlisong li ka etsa hore monna le mosali ba talime lintho ka tsela e fapaneng haholo. Sena ke ’nete esita le haeba ka bobeli ba sebeletsa Jehova ba kopane. Ka mohlala, mosali ea neng a sa fuoe tšehetso e lekaneng ea maikutlo ha e le ngoana a ka bontša tlhoko e sa tloaelehang ea ho amoheloa le ho kholisoa ka lintho. Sena se ka ’na sa makatsa monna oa hae. A ka ’na a re: “Nka ’molella hore kea mo rata ka makhetlo a lekholo, ’me ho ntse ho le joalo ho tla be ho sa lekana!”
Boemong bo joalo, puisano e akareletsa hore “a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.” (Ba-Filippi 2:4) Hore a atlehe tabeng ea puisano, monna o tlameha ho talima mosali oa hae ho tsoa ponong ea liphihlelo tsa nako e fetileng tsa mosali oa hae ho e-na le ho tsoa ho ea hae. ’Me ho hlakile hore mosali o lokela ho susumeletseha ho etsa se tšoanang ho monna oa hae.—1 Ba-Korinthe 10:24.
Ha a ne a Hlekefetsoa Nakong e Fetileng
Thahasello ea botho ke ea bohlokoa haholo-holo ha molekane a ile a betoa kapa a hleka-hlekoa likamanong tsa botona le botšehali ha e le ngoana—ho utloisang bohloko ke hore, ke bothata bo eketsehang kajeno. Ka mohlala, mosali a ka ’na a fumana hore linakong tsa likamano tsa botona le botšehali, o sitoa ho arohanya nako ea kajeno ho nako e fetileng, molekane oa hae ho ea hlaselang, kapa likamano tsa botona le botšehali le ho hleka-hlekoa likamanong tsa botona le botšehali. Hona ho ka ferekanya, haholo-holo haeba monna a sa nke taba ena e amang maikutlo ho tsoa ponong ea mosali oa hae.—1 Petrose 3:8.
Leha u ke ke ua etsolla se etsahetseng nakong e fetileng kapa ho phekola ka ho feletseng liphello tsa sona, u ka etsa ho hongata ho tšelisa molekane ea matšoenyehong. (Liproverbia 20:5) Joang? Petrose o ngotse: “Lōna banna le lokela ho leka ho utloisisa basali bao le phelang le bona.” (1 Petrose 3:7, Phillips) Ho utloisisa nako e fetileng ea molekane oa hao oa lenyalo ke karolo ea bohlokoa ea puisano. Ntle le maikutlo a kutloelo-bohloko, mantsoe a hao e tla ba lefeela.
Jesu o ne a ‘utloa bohloko’ ha a kopana le ba neng ba kula, esita le hoja ho se mohla eena a kileng a ba le mahloko a bona. (Mattheu 14:14) Ka ho tšoanang, e ka ’na eaba ha ua ka ua ba le phihlelo ea ho hlokomolohuoa kapa ho hlekefetsoa joaloka mosali oa hao, empa ho e-na le ho nyenyefatsa bohloko ba hae, elelloa nako ea hae e fetileng, ’me u mo tšehetse. (Liproverbia 18:13) Pauluse o ngotse: “Joale, rōna ba matla, re tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang, ’me re se ke ra batla ho khahlisang rōna feela.”—Ba-Roma 15:1.
Ho Tšoasoa ke Maikutlo a Khalefo
Lenyalo le joaloka nkho ea ho khabisa ea theko e boima. Ha le senngoa ke bofebe, ho ka bakoa kotsi e ke keng ea lekanngoa. (Liproverbia 6:32) Ke ’nete hore haeba molekane ea se nang molato a etsa qeto ea ho tšoarela, likotoana li ka ’na tsa khomaretsoa hammoho ka ho lumellana. Empa mapetso a sala, ’me ha ho ba le komang, ho ka ’na ha e-ba le tšekamelo ea ho sheba mapetso ao le ho sebelisa nako e fetileng e le sebetsa.
Ka ho tloaelehileng boikutlo ba ho halefa bo ba teng ha molekane a sa tšepahala. Empa haeba u tšoaretse molekane oa hao, itebele khahlanong le ho lumella boikutlo bo ntseng bo saletse ba ho se thabe hore bo senye botle boo u bo finyeletseng ka ho tšoarela. Ebang bo koalloa ka hare ka khutso kapa bo hlahisoa ka ho se bontše mosa, maikutlo a khalefo a tsoelang pele a ntša balekane ka bobeli kotsi. Hobane’ng? Ngaka e ’ngoe e etsa tlhahiso: “Haeba u utloisoa bohloko ke molekane oa hao, ke hobane u sa ntse u mo tsotella. Kahoo ka ho ikarola maikutlong kapa ho batla ho iphetetsa, ha u lematse molekane oa hao feela empa u ikutloisa bohloko le uena. U tsoela pele ho senya kamano eo u lakatsang hore eke e ka be e kopane.”
E, ho hang u ke ke ua rarolla liphapang lenyalong la hao ka ntle le ho kokobetsa khalefo ea hao. Ka hona, nakong eo maikutlo a hao a khutsitseng, buisana le molekane oa hao ka maikutlo a hao. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u utloile bohloko, le hore na u hloka eng ho tiisetsoa lintho, le hore na u tla etsa eng ho boloka kamano. Le ka mohla u se sebelise se etsahetseng nakong e fetileng e le sebetsa sa ho fumana boemo bo matla haholoanyane phehisanong.
Temallo e Lematsa Puisano
Lenyalo le ba le khatello e matla ha molekane a sebelisa tahi kapa lithethefatsi hampe. Molekane ea sa lemallang lintho tsena a ka ba boemong bo tšoanang le ba Abigaile, joalokaha ho tlalehiloe Bibeleng. Ha monna oa hae Nabale a ne “a tahiloe haholo,” Abigaile o ne a leka ka matla ho khutlisetsa morao liphello tsa boitšoaro ba hae bo seng bohlale. (1 Samuele 25:18-31, 36) Manyalo ao molekane e mong oa lenyalo a ferekantsoeng ke temallo ’me e mong a amehile boitekong ba ho fetola boitšoaro ba ea nang le temallo hangata a tšoana le lelapa la Nabale le Abigaile.a
Ka ho utloahalang, ho imoloha ho hoholo ho ba teng ha ea nang le temallo a qala ho e khaotsa. Empa sena e mpa e le qalo feela. Nahana ka leholiotsoana le bakang tšenyo e khōlō motseng o monyenyane. Matlo aa soahlamana, lifate lia fothoha, mehala ea thelefono e-ea khaoha. Ho ba le thabo e khōlō ha sefefo se feta. Empa joale ho hlokahala mosebetsi o matla oa ho lokisa. Ho tšoanang ke ’nete ha molekane a qala ho khaotsa. Kamano e senyehileng e tlameha ho hahuoa hape. Ho tšepa le botšepehi li tlameha ho thehoa hape. Ho hlokahala hore mecha ea puisano e hahuoe hape. Bakeng sa ea khaotsang temallo, ho khutlisetsoa boemong ba pele butle-butle ke karolo ea “botho bo bocha” boo Bibele e hlokang hore Bakreste ba bo hlaolele. Botho bona bo bocha bo tlameha ho akarelletsa “matla a susumetsang kelello.”—Ba-Efese 4:22-24, NW.
Thuto ea Bibele e ile ea nolofalletsa Leonard le Elaine ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi hampe, empa matla a susumetsang kelello a ne a sa sebetse ka ho feletseng.b Kapele litemallo tse ling li ile tsa hlaha. Elaine o re: “Ka lilemo tse 20 re ile ra leka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ho ba le lenyalo le khotsofatsang, empa ka linako tsohle re ne re hlōleha. Litemallo tsa rōna li ne li metse ka metso. Re ile ra hlōleha ho li felisa ka ho ithuta kapa ka thapelo.”
Leonard le Elaine ba ile ba batla keletso ea ho utloisisa litemallo tsa bona. Boitsebiso bo nakong bo tsoang ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale” bo buang ka ho hleka-hlekoa ha bana, bokhoba ba tahi, le ho hlompha basali e bile thuso e khethehileng.c (Mattheu 24:45-47) Elaine o re: “Re thusitsoe ho lokisa moo ho senyehileng le ho tsosolosa kamano ea rōna.”
Ho Rarolla Mathata
Rebeka o ile a utloa bohloko bo ke keng ba mamelloa ka lebaka la basali ba mor’a hae Esau. A tšaba hore mora e mong oa hae, Jakobo, o ne a tla latela mohlala oa Esau, Rebeka o ile a hlahisa ho ferekana ha hae ka ho re ho monna oa hae, Isaaka: “Ke tennoe ke ho phela ha ka ka baka la barali ba Hethe; ekare ha Jakobo a ka inkela mosali ho barali ba Hethe, ea joale ka baroetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo joang?”—Genese 27:46.
Hlokomela hore le hoja Rebeka a buile maikutlo a hae ka ho tiea, ha aa ka a hlasela Isaaka ka boeena. Ha aa ka a re, “Ke uena ea molato!” kapa, “U lokela ho sebetsa boemo bona hamolemonyana!” Ho fapana le hoo, Rebeka o ile a sebelisa leemeli “ke” ho hlalosa kamoo bothata bo mo ammeng ka teng. Katamelo ena e ile ea etsa hore Isaaka a be le kutloelo-bohloko, eseng takatso ea ho boloka seriti sa hae. A se na maikutlo a ho hlaseloa, ho bonahala eka karabelo ea Isaaka kōpong ea Rebeka e bile ea kapele.—Genese 28:1, 2.
Banna le basali ba ka ithuta mohlaleng oa Rebeka. Ha khohlano e hlaha, hlaselang bothata ho fapana le ho hlaselana. Joaloka Rebeka, hlahisa ho ferekana ha hao ponong ea hore na ho u ama joang. “Ke ferekane hobane . . .” kapa, “Ke ikutloa ke sa utloisisoa hobane . . .” ho atleha haholo ho feta “Ua mpherekanya!” kapa, “Ha ho mohla u nkutloisisang!”
Le Feta ho Mamella
Lenyalo la banyalani ba pele, Adama le Eva, le ile la mamella ka makholo a lilemo, ba hlahisa lelapa la bara le barali. (Genese 5:3-5) Empa sena hase bolele hore lenyalo la bona le ne le tšoaneloa ke ho etsisoa. Pelenyana, moea oa ho ikemela le ho hlokomoloha melao e lokileng ea ’Mōpi o ile oa senya kamano ea bona ea nama e le ’ngoe.
Ka ho tšoanang, kajeno lenyalo e ka ba le mamellang, le hoja le ntse le haelloa ke likarolo tsa bohlokoa tsa puisano. Likhopolo tse metseng ka metso le botho bo nang le litšobotsi tse sa nepahalang ho ka ’na ha hlokahala hore li ntšoe ka metso. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 10:4, 5.) Ena ke tšebetso ea thuto e tsoelang pele. Empa boiteko bo ruisa molemo. Jehova Molimo o thahasella tokisetso ea lenyalo ka ho teba, kaha ke ’Mōpi oa eona. (Malakia 2:14-16; Ba-Heberu 13:4) Ka hona, haeba re phetha karolo ea rōna, re ka kholiseha hore o tla elelloa boiteko ba rōna ’me a re nehe bohlale le matla a hlokahalang ho phekola ho senyeha leha e ka ba hofe ha puisano lenyalong.—Bapisa le Pesaleme ea 25:4, 5; 119:34.
-