“Ho Hang ho Bonahala Re sa Bue!”
MICHAEL, e leng ’muelli oa molao, o ne a tlameha ho ba motho ea atlehang tabeng ea puisano. Sena se ne se hlokoa ke mosebetsi oa hae. Empa ka mor’a lilemo tse 16 a le lenyalong, Michael o ile a qobelloa ho hlokomela hore ha a fihla lapeng ho mosali oa hae, Adrian, tsebo ea hae tabeng ea puisano e ne e bonahala e nyamela. Michael oa hopola: “Ka mehla ’na le Adrian re ne re sa lumellane, re ne re tletleba, re tšoaeana liphoso, re bolela lintho ka tsela e sa tobang, ’me ke ne ke nahana hore ka sebele ho tla re khathatsa. Ke ile ka ipotsa hore na ebe lenyalo ke ho bokellana ha ho se khotsofale le ho tlalellana. Haeba boo e ne e tla ba boemo ba rōna bakeng sa bophelo bohle re le ’moho, ke ne ke batla ho tsoa lenyalong le joalo—ha ke soasoe. Kannete ke ne nke ke ka tobana le lilemo tse 20, 30, 40 tsa mofuta o joalo oa ho tlalellana le khatello.”
Hase Michael le Adrian feela ba nang le maikutlo a kang ana. Ho joalo le ho banyalani ba bangata bao kamano ea bona e feto-fetohang pakeng tsa ho loantšana le ho bōpa khotso. Puisano e bonolo ka ho fetisisa e ka fetoha ntoa ea mantsoe. Ba “utloa” lintho tse sa boleloang. Ba bua lintho tseo ba sa ikemisetsang ho li etsa. Baa hlasela le ho qosa, ebe ba khutsa ka mokhoa o bontšang ho teneha. Ha ba arohane, leha e le hore kannete ke “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Kamano e eme ’nģa e le ’ngoe. Ho khutlela morao ho tla bolela ho arohana; ho ea pele ho tla bolela ho tobana le liphapang. Ho qoba bohloko ba khetho leha e ka ba efe, banyalani bana ba khetha ho ipoloka bohōleng bo sireletsehileng ba maikutlo e mong ho e mong.
Banyalani ba joalo ba hloka ho ‘fumana tataiso’ lenyalong la bona. (Liproverbia 1:5, BPN) Tataiso ena e fumaneha Lentsoeng la Molimo, Bibele. Lengolo la bobeli la Pauluse le eang ho Timothea le tiisa hore Bibele e “na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea.” (2 Timothea 3:16) Hona ho ipakile ho le joalo tabeng ea ho felisa ho senyeha ha puisano lenyalong, joalokaha re tla bona.