‘Mikaele Khosana e Kholo’—Ke Mang?
MIKAELE, sebopuoa sa moea, hase hangata ho buoang ka eena ka Bibeleng, empa ha feela ho buoa ka eena, o hlahella e le mohale. Lengolong la Daniele re mo bona a loana le mangeloi a khopo lebitsong la batho ha Molimo. Bukeng ea Juda o tsekisana le Satane ka setopo sa Moshe. ’Me bukeng ea Tšenolo o lihela Satane le bademona ha hae lefatšeng. Ho totobetse hore Mikaele ke motho ea moholo leholimong. Ha ho le joalo, ho loketse ho ipotsa, Mikaele ke mang?
Ka lilemo tse ngata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ruta hore Mikaele ke lebitso la leholimong la Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, ea ileng a reoa Jesu ha a le lefatšeng. Leha ho le joalo, malumeli a mangata a nka hore Mikaele ke e mong oa mangeloi a maholo, joalokaha e ka ho na le mangeloi a mangata a maholo. Ka baka la boikutlo ho joalo, na thuto ea Lipaki tsa Jehova e nepahetse? Hona Bibele e re’ng ka Mikaele?
“Mikaele, Khosana ea Lōna”
Bukeng ea Daniele re tsebisoa sebopuoa se bitsoang Mikaele. Moo lengeloi la Molimo le re: “Khosana ea ’muso oa ba-Persia e hanyetsane le ’na ka matsatsi a mashome a mabeli a motso o le mong, empa bonang, Mikaele, khosana e ’ngoe e kholo, o tiile ho nthusa . . . joale, ke ikhutlela ho ea loantša khosana ea Persia, ’me ha ke se ke tlohile, bona, khosana ea ba-Gerike e tla fihla. Leha ho le joalo, ke rata ho u senolela se ngoliloeng bukeng ea ’nete. Ha ho ea tla ntlatsang ho loantša bano, ha e se Mikaele, khosana ea lōna.”—Daniele 10:13, 20, 21.
Mona re senoleloa sebaka sa moea ka tsela e thahasellisang. Re bona hore libopuoa tsa moea—tse molemo le tse khopo—li amehile haholo ka lefatše. Ho ne ho na le ‘khosana ea moea ea ’muso oa ba-Persia,’ e neng e hanyetsana le mesebetsi ea lengeloi la Molimo. Kamor’a ’muso oa Persia ho ne ho tla ba le “khosana ea ba-Gerike,” e neng e tla ntšetsa pele lithahasello tsa ’muso oo o matla oa lefatše. Har’a libopuoa tsena tsa moea, Mikaele e ne e le ‘khosana e ’ngoe e kholo.’ O ne a tataisa le ho sireletsa sechaba sefe? Ho hlakile hore e ne e le sechaba sa habo Daniele, sa Bajode.
Lebitso “Mikaele” le bolela “Ke Mang ea Kang Molimo?” Le bontša hore khosana ena e kholo e ne e phahamisa borena ba Jehova. Kaha Mikaele ke mohale oa batho ba Molimo, re na le lebaka la ho hlalosa hore ke eena lengeloi le sa boleloang ka lebitso leo Molimo o neng o le rome ka pele ho Baiseraele makholo a lilemo a fetileng: “Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le u etelle pele, le tle le u boloke tseleng, le u ise nģalong eo ke e lokisitseng. U ke u itise ka baka la lona, u mamela lentsoe la lona. U se ke ua ikhantšetsa lona, hobane le ke ke la u tšoarela boikhantšo ba hao, etsoe lebitso la ka le le ho lona.”—Exoda 23:20, 21.
Ho nepahetse ho fihlela qeto ea hore lengeloi lena e sa le lona le ileng la ronngoa ho isa melaetsa e mengata ea bohlokoa ho batho ba Molimo. (Liketso 7:30, 35; Baahloli 2:1-3) Le na le taolo e feletseng eo le e neiloeng ke Molimo hore le etse lintho lebitsong la oona, joalokaha marena a mehleng ea boholo-holo a ne a nea bafo ba oona ba tšepahalang masale a tiiso, a neng a ba nea matla a borena a ho etsa lintho lebitsong la oona.—Exoda 3:2, 3; 4:10.
Na mona ho na le taba e re kholisang hore Mikaele le Jesu Kreste ke motho a le mong? Jesu o bitsoa “Lentsoe.” (Johanne 1:1) Ke ’muelli oa Molimo. Ho totobetse hore moromuoa enoa ea khethehileng oa lengeloi ebile ’muelli e moholo oa Molimo ho Baiseraele.
Mikaele ‘O-oa Hlaha’
Mikaele e ne e le “khosana ea lōna.” Empa o ne a lokela ho amohela borena bo eketsehileng. Re ’mona hape bukeng ea ho qetela ea Daniele. “Mehleng eo, Mikaele, khosana e kholo e emelang bara ba sechaba sa heno, o tla hlaha, ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.”—Daniele 12:1.
Daniele, khaolong ea 11, o sa tsoa hlalosa ka leeto la babusi ba lefatše ho tloha mehleng ea hae ho kenella nakong e tlang. O hlalositse ka nepo ho oa ha ’muso oa ba-Persia le ho tsoha ha ’muso oa ba-Gerike. ’Me joale o hlalosa ka ho arohana ha ’muso oa Magerike. Le ho hlaha ha mebuso e mebeli ea lipolotiki—morena oa leboea le morena oa boroa—ba tla leka ka leqoophe ho laola batho ba Molimo. Sehlohlolong sa bora boo, Mikaele ‘o-oa hlaha.’ Hoo ho bolela eng?
Likarolong tse ling tsa boprofeta bona, polelo “ho hlaha” e bolela hore motho o nka borena. (Daniele 11:3, 4, 7, 20, 21) Ka hona, ha Mikaele ‘a hlaha’ o qala ho busa e le morena. Hlokomela se boleloang ke hona.
Pele Daniele a e-shoa, morena oa ho qetela oa Bajode, Tsedekia, o ne a tlositsoe setulong sa borena. Ho ne ho ke ke ha e-ba le morena oa Mojode ka makholo a latelang a lilemo. Boprofeta ba Daniele bo bontša hore ka letsatsi le leng nakong e tlang batho ba Molimo ba ne ba tla ba le morena—Mikaele.
Ezekiele ea phetseng nako e le ’ngoe le Daniele o profetile ka ho tla ha ea nang le “tokelo ea molao” ea ho busa hape e le morena oa batho ba Molimo. (Ezekiele 21:25-27, NW) Enoa ha a fumanoe har’a leloko la Balevi la Maccabees le ileng la busa ka nakoana ka bolokolohi. Hobane e ne e se leloko la Morena Davida, ba ne ba sena “tokelo ea molao” ea ho ba marena. Ho e-na le hoo, ke Jesu Kreste ea ileng a tlotsoa ke Molimo ho ba morena ’musong oa maholimo. (Luka 1:31-33; 22:29, 30; Pesaleme 110:1) Ke eena a le mong feela ea ileng a tlotsoa. Ka baka leo ho nepahetse ho bolela hore Jesu le Mikaele ke motho a le mong.
Ho Daniele khaolo ea 7, ho na le boprofeta bo bong ka leeto le nkuoeng ke babusi ba lefatše bo tšoanang le bo hlalosoang ho Daniele khaolo ea 11. Leha ho le joalo, sehlohlolong sa boprofeta bona re bala ka “e mong ea kang mora motho” “a neoa ’muso, le hlompho, le borena.” (Daniele 7:13, 14) “Ea kang mora motho” o tsejoa hohle e le Jesu. (Mattheu 10:23; 26:64; Tšenolo 14:14) Sehlohlolong sa boprofeta bo bong Jesu o fetoha morena. ’Me boprofeteng bo bong ba Daniele, Mikaele e ba morena. Kaha boprofeta bona bo bua ka nako e tšoanang le ka ketsahalo e tšoanang, ho nepahetse ho fihlela qeto ea hore bo bua ka motho a le mong.
Lengeloi le Leholo
Mangolong a Bakreste a Segerike re bala ka Mikaele. Buka ea Juda e re: “Empa lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolose, ha lea ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: ‘Morena a ke a u khalemele.’” (Juda 9, TLP) Ketsahalo ena e re thusa ho bona katamelano e haufi ea Mikaele le batho ba Molimo ba boholo-holo. Ka baka leo, ketsahalo ena e tšehetsa taba ea hore ke eena lengeloi le ileng la ronngoa ka pele ho Baiseraele ho ba sireletsa.
Bukeng ea Juda re utloa hore Mikaele o ne a e-na le setulo sa lengeloi le leholo. Ka hona, e ne e le lengeloi le leholo, kaha ho ne ho se lengeloi le leng le leholo le tlalehiloeng ka Bibeleng, kapa leha e le hore Bibele e sebelisa polelo ea bongata tabeng ea “lengeloi le leholo.” Hore “lengeloi le leholo” ho bolela “Morena oa mangeloi.” (Thayer’s Greek-English Lexicon of the New Testament) Har’a bahlanka ba moea ba Molimo, ke mabitso a mabeli feela a amanang le borena holim’a mangeloi: Mikaele le Jesu Kreste. (Mattheu 16:27; 25:31; 2 Ba-Thessalonika 1:7) Sena se bontša hore Jesu le Mikaele ke motho a le mong.
Ka ho thabisang lebitso la Jesu le amana le polelo “lengeloi le leholo” lengolong le leng la Pauluse. Moapostola o ngotse: “Mohlang ho hlahang taelo, ka lentsoe la lengeloi le leholo, ka terompeta ea Molimo, Morena [Jesu] ka sebele o tla theoha leholimong.” (1 Ba-Thessalonika 4:16 TLP) Litemana tse ka pele li bontša hore sena se tla etsahala “mohla morena a tlang,” ha Jesu a qala ho busa e le Morena.—1 Ba-Thessalonika 4:15; Mattheu 24:3; Tšenolo 11:15-18.
Ke thato le tokisetso ea Jehova hore Jesu a tsose bafu. (Johanne 6:38-40) Ke terompeta ea Molimo e tsosetsang bafu bophelong, joalokaha Molimo a ne a laetse hore literompeta li sebelisoe ho phutha batho ba hae mehleng ea boholo-holo. (Numere 10:1-10) Jesu o ntša “lentsoe” le eang ho bafu hore ba tsohe, joalokaha a ile a ba tsosa ha a ne a le lefatšeng. (Johanne 11:43) Empa joale ha a sebelise lentsoe le kang la motho, empa “ka lentsoe la lengeloi le leholo le matla” (en pho·neʹ arkh·ag·geʹlou). Leha ho le joalo, ke feela lengeloi le leholo le ka ntšang lentsoe la lengeloi le leholo! ’Me ha ho e mong ha e se Jesu ea neiloeng matla a ho tsosa bafu. Ka hona boprofeta bona ba tsoho bo fana ka lebaka le tiileng la ho nka Jesu e le lengeloi le leholo, Mikaele.
Ntoa Leholimong
Karolo ea ho qetela moo ho hlahang lebitso Mikaele ka Bibeleng ke bukeng ea Tšenolo. Teng rea bala: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele le mangeloi a hae a loantša drakone. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona.” (Tšenolo 12:7, 8) Mona re bona Mikaele a loana e le lengeloi le leholo la Molimo. Eena le “mangeloi a hae,” ba hlōla Satane le ho mo lelekela lefatšeng.
Ketsahalo eo ea tšoaea ho qaleha ha ‘nako e khutšoanyane’ pele tsamaiso e khopo ea Satane e felisoa ka ho feletseng. Kamor’a hore Babylona e moholo a felisoe ke lichaba, lichaba ka botsona li felisoa ke Jesu le makhotla a hae a mangeloi. (Tšenolo 12:12, TLP: 17:16, 17; 19:11-16) Qetellong, Satane o holehoa ka lilemo tse sekete ’me hamorao o akheloa “letšeng la mollo.” (Tšenolo 20:1, 2, 10) Ketsahalo ena—‘ho khojoa ha hlooho ea Satane’ ho tšepisitsoeng ka nako e telele—ho etsoa ke Jesu, hammoho le baena ba hae ba moea ba tsositsoeng.—Genese 3:15; Ba-Galata 3:16; Ba-Roma 16:20.
Kaha Jesu ke eena eo boprofeta bo bolelang hore o tla khoba hlooho ea Satane, ’me le kahobane o phethahatsa liketso tse ling tsohle tsa kahlolo, ho loketse ho fihla qetong ea hore ke eena ea neng a tla etella makhotla a leholimo pele ho leleka Satane leholimong. Ka baka leo, Mikaele ea hlalosoang e le mohale ho Tšenolo 12 e tlameha ho ba Jesu, eo Jehova a mo laetseng ‘ho bea lira bonamelo ba maoto a hae.’—Pesaleme ea 110:1, 2; Liketso 2:34, 35.
Ha Tšenolo khaolo ea 12 e sebelisa lebitso Mikaele, ho e-na le lebitso Jesu, e hulela tlhokomelo ea rōna boprofeteng bo ngotsoeng mehleng ea pele ho Daniele khaolo ea 12. Ho Daniele re bala ka ho ema ha Mikaele. (Daniele 12:1) Ho Tšenolo khaolo ea 12 Mikaele ke morena ea hlōlang ea lihelang Satane lefatšeng. Phello ea sena: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng.”—Tšenolo 12:12.
Na Jesu ke Lengeloi?
Ba bang ba hana ho lumela hore Jesu ke lengeloi la Jehova leo ho boleloang ka Iona Mangolong a Seheberu. Ho khetholla Jesu e le lengeloi ho hlahisa bothata ho batho ba lumelang thutong ea Boraro-bo-bong erekaha ho bolela Jesu e le lengeloi ho bontša pepeneneng hore Jesu ha a lekane le Jehova Molimo. Empa esita le ba bang ba sa lumeleng thuto ea Boraro-bo-bong ba nka hore ho bolela hore Jesu ke lengeloi ho nyenyefatsa seriti sa hae.
Hopola, tlhaloso lebitso “lengeloi” (Seheberu, mal·ʹakhʹ; Segerike, agʹge·los) ke “moromuoa.” E le “Lentsoe” (Segerike, loʹgos), Jesu ke moromuoa oa Molimo ea hlomphehang haholo. Hape, hopola hore kaha Jesu ke lengeloi le leholo, le “letsibolo la tsohle tse hloliloeng,” o bile le setulo se phahametseng mangeloi ’ohle le pele a etla lefatšeng.—Ba-Kolosse 1:15.
Moapostola Pauluse o ngoletse Baheberu: “[Jesu] o entsoe e moholo ho feta mangeloi, joalokaha lebitso leo Molimo a mo neileng Iona le feta a mangeloi.” (Ba-Heberu 1:4, TLP; Ba-Filippi 2:9, 10) Leha ho le joalo, mono ho hlalosoa ka boemo ba hae kamor’a hore a be teng mona lefatšeng. E ne e sa ntse e le lengeloi le leholo le “hloho ea libopuoa tsa Molimo.” (Tšenolo 3:14) Empa joale o ne a fetohile ea molemo ho fetisa mangeloi. Pele a e-tla lefatšeng o ne a se na ‘lebitso le leholo’ le boemo bo boholo. (Mangolo ana a hanyetsa khopolo ea ba lumelang thutong ea Boraro-bo-bong hore Mora o ’nile a lekana le Ntate.)
Ka hona, ’nete ea hore Mikaele ke lengeloi le leholo, ke morena oa mangeloi, le ’nete ea hore o-oa hlaha ho busa e le morena, le ’nete ea hore o etella pele ho leleka Satane leholimong nakong ea ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo e re tataisetsa qetong e le ’ngoe feela: ‘Mikaele khosana e kholo’ ke Jesu Kreste, ha ho e mong.—Daniele 12:1.
[Litlha e qolotsoeng e leqepheng la 30, 31]
Mikaele ke lengeloi le leholo le fetohang Morena. . .
. . . Hape o etelletse pele ho lelekoeng ha Satane leholimong