Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 2/8 maq. 30-31
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phehisano ka Hore na Mikaele ke Mang
  • Karabo ea Bibele
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Jesu ke Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ‘Mikaele Khosana e Kholo’—Ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 2/8 maq. 30-31

Pono ea Bibele

Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?

HO EA ka Bibele, ho na le mangeloi a limilione a lulang sebakeng sa moea. (Daniele 7:9, 10; Tšenolo 5:11) Ho tloha qalong ho fihlela qetellong, Mangolo a fana ka litšupiso tse ngata ka mangeloi a ileng a lula a tšepahala ho Molimo. Leha ho le joalo, ke libōpuoa tse peli feela tsa moea tse boleloang ka mabitso. Se seng ke Gabriele, eo ka seqo a ileng a fetisetsa melaetsa e tsoang ho Molimo ho batho ba bararo ba fapaneng ho pholletsa le nako ea lilemo tse ka bang 600. (Daniele 9:20-22; Luka 1:8-19, 26-28) Lengeloi le leng le boletsoeng ka lebitso ka Bibeleng ke Mikaele.

Ka ho hlakileng, Mikaele ke lengeloi le ikhethang. Ka mohlala, bukeng ea Daniele, Mikaele o hlalosoa a loana le bademona molemong oa sechaba sa Jehova. (Daniele 10:13; 12:1) Lengolong le bululetsoeng la Juda, Mikaele o tobana le Satane e le ha ba phehisana khang ka setopo sa Moshe. (Juda 9) Buka ea Tšenolo e bontša hore Mikaele o loana le Satane le bademona ba hae ’me o ba ntša leholimong. (Tšenolo 12:7-9) Ha ho na lengeloi le leng le bontšoang le e-na le matla le bolaoli tse khōlō hakaalo holim’a lira tsa Molimo. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ka nepo Bibele e bua ka Mikaele e le “lengeloi le ka sehloohong” (“arekangeloi,” ho latela Bibele ea Sesotho), lentsoe “areka” le bolela “e moholo” kapa “ea ka sehloohong.”

Phehisano ka Hore na Mikaele ke Mang

Malumeli a Bokreste-’mōtoana haesita le Bojuda le Boislamo a na le likhopolo tse hanyetsanang ka taba ea mangeloi. Litlhaloso tse ling ha li utloahale ho hang. Ka mohlala, The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho ka etsahala hore ebe ho na le lengeloi le le leng le phahametseng a mang ’me/kapa ho na le sehlopha se senyenyane sa mangeloi a ka sehloohong (hangata a mane kapa a supile).” Ho ea ka The Imperial Bible-Dictionary, Mikaele ke “lebitso la sebōpuoa se phahametseng motho, ’me mabapi le sebōpuoa sena, ho na le maikutlo a mabeli a fapaneng, e ka ’na eaba ke Morena Jesu Kreste, Mora Molimo, kapa ke e mong oa ba bitsoang ka hore ke mangeloi a supileng a ka sehloohong.”

Neanong ea Sejuda, mangeloi ana a supileng a ka sehloohong ke Gabriele, Jeremiele, Mikaele, Raguele, Rafaele, Sariele le Uriele. Ka lehlakoreng le leng, Boislamo bo lumela hore mangeloi a ka sehloohong a mane, ’me mabitso a ’ona ke Jibrile, Mikale, Izraile le Israfile. Bok’hatholike le bona bo boetse bo lumela hore ho na le mangeloi a ka sehloohong a mane: Mikaele, Gabriele, Rafaele le Uriele. Bibele eona e re’ng? Na ho na le mangeloi a ka sehloohong a mangata?

Karabo ea Bibele

Kantle ho Mikaele, Bibele ha e bue ka lengeloi le leng le ka sehloohong, ebile Mangolo ha a sebelise mantsoe “lengeloi le ka sehloohong” ka bongateng. Bibele e hlalosa Mikaele e le lengeloi le ka sehloohong, kahoo e fana ka maikutlo a hore ke eena feela ea tšoaneloang ke lebitso leo. Kahoo, ke ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore Jehova Molimo o file sebōpuoa se le seng feela, e, se le seng sa leholimo matla a ho laola mangeloi ’ohle a mang.

Kantle ho ’Mōpi ka boeena, ho na le motho a le mong feela ea tšepahalang eo mangeloi a ikokobelletsang eena—ke Jesu Kreste. (Matheu 13:41; 16:27; 24:31) Moapostola Pauluse o ile a bua ka ho hlaka ka “Morena Jesu” le ka “mangeloi a hae a matla.” (2 Bathesalonika 1:7) Ha a bua ka Jesu ea tsositsoeng bafung, Petrose o itse: “O ka letsohong le letona la Molimo, kaha o ile a ea leholimong; ’me mangeloi le balaoli le ba matla ba ile ba behoa tlas’a hae.”—1 Petrose 3:22.

Le hoja ka Bibeleng ho se na polelo e bolelang ka ho toba hore Mikaele lengeloi le ka sehloohong ke Jesu, ho na le lengolo le le leng le hokahanyang Jesu le boemo ba ho ba lengeloi le ka sehloohong. Lengolong la hae le eang ho Bathesalonika, moapostola Pauluse o ile a profeta: “Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.” (1 Bathesalonika 4:16) Lengolong lena Jesu o hlalosoa a le matleng a hae e le Morena oa Molimo oa Bomesia. Leha ho le joalo, o bua “ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong.” Hape, hlokomela hore o na le matla a ho tsosa bafu.

Ha a sa le lefatšeng e le motho, Jesu o ile a tsosa batho ba ’maloa. O entse seo ka ho fana ka litaelo ka lentsoe la hae. Ka mohlala, ha a tsosa mor’a mohlolohali motseng oa Naine, o ile a re: “Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!” (Luka 7:14, 15) Hamorao, pelenyana feela a tsosa motsoalle oa hae Lazaro, Jesu o ile “a hoeletsa ka lentsoe le phahameng: ‘Lazaro, tsoa!’” (Johanne 11:43) Empa liketsahalong tsena, lentsoe la Jesu e ne e le lentsoe la motho ea phethahetseng.

Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a nyolleloa “boemong bo phahameng” leholimong e le sebōpuoa sa moea. (Bafilipi 2:9) Kaha ha e sa le motho oa nama, o na le lentsoe la lengeloi le ka sehloohong. Kahoo ha terompeta ea Molimo e hoeletsa “ba shoeleng bonngoeng le Kreste” hore ba nyolleloe leholimong, Jesu o ile a ntša “mohoo o laelang,” empa lekhetlong lena e le “ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong.” Ke ntho e utloahalang ho phetha ka hore ke lengeloi le ka sehloohong feela le neng le ka hoeletsa ka “lentsoe la lengeloi le ka sehloohong.”

E, ho na le mangeloi a mang a nang le maemo a phahameng, joaloka lirafime le likerubime. (Genese 3:24; Esaia 6:2) Leha ho le joalo, Mangolo a supa Jesu Kreste ea tsositsoeng e le ea ka sehloohong har’a mangeloi ’ohle—e le Mikaele lengeloi le ka sehloohong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela