Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 4/1 leq. 19
  • Na Jesu ke Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu ke Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ‘Mikaele Khosana e Kholo’—Ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 4/1 leq. 19

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Jesu ke Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong?

▪ Karabo e bonolo feela ke hore, ho joalo. Libakeng tse ngata ho tloaelehile hore motho a se ke a ba le lebitso le le leng. Ho joalo le ka batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng. Ka mohlala, mopatriareka Jakobo o boetse o bitsoa Iseraele. (Genese 35:10) Moapostola Petrose o bitsoa ka litsela tse hlano tse fapaneng—Symeone, Simone, Petrose, Kefase le Simone Petrose. (Matheu 10:2; 16:16; Johanne 1:42; Liketso 15:7, 14) Re ka kholiseha joang hore Mikaele ke lebitso le leng la Jesu? Hlokomela bopaki bo latelang ba Mangolo.

Lebitso la sebōpuoa sena sa moea se matla, Mikaele, le hlaha ka makhetlo a mahlano ka Bibeleng. Ka makhetlo a mararo le hlaha bukeng ea Daniele. Ho Daniele 10:13, 21, re fumana hore lengeloi le neng le romiloe le pholosoa ke Mikaele, ea bitsoang “e mong oa likhosana tse ka pele-pele” le “khosana ea lōna.” Hape ho Daniele 12:1, re fumana hore mehleng ea qetello, “Mikaele o tla raoha, khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno.”

Ho boetse ho buuoa ka Mikaele ho Tšenolo 12:7, moo ho hlalosoang “Mikaele le mangeloi a hae” a loana ntoa ea bohlokoa e fellang ka hore Satane Diabolose le mangeloi a hae a khopo ba lelekoe leholimong.

Hlokomela hore liketsahalong tse boletsoeng ka holimo kaofela, Mikaele o hlaha e le lengeloi la mohlabani le loanelang batho ba Molimo le ho ba sireletsa, le bile le loantša sera se seholo sa Jehova, Satane.

Temana ea 9 ea Juda e re Mikaele ke “lengeloi le ka sehloohong.” Temana e ’ngoe hape e buang ka lengeloi le ka sehloohong ke 1 Bathesalonika 4:16, eo ho eona ha Pauluse a bua ka Jesu ea tsositsoeng, a reng: “Morena [Jesu] o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong le ka terompeta ea Molimo.” Kahoo Jesu Kreste ka ho toba mona o hlalosoa e le lengeloi le ka sehloohong kapa lengeloi le ka holimo-limo.

Ha re sheba lintlha tsee, joale re ka etsa qeto efe? Re ka etsa qeto ea hore Jesu Kreste ke Mikaele, e leng lengeloi le ka sehloohong. Mabitso ao ka bobeli—Mikaele (e bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”) le Jesu (e bolelang “Jehova ke Poloko”)—a totobatsa boemo boo a leng ho bona ba ho ba moemeli ea ka sehloohong oa bobusi ba Molimo. Bafilipi 2:9 e re: “Molimo . . . o ile a . . . phahamisetsa [Jesu ea tlotlisitsoeng] boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.”

Ke habohlokoa hore re hlokomele hore Jesu ha a ne a tsoaloa e le motho lefatšeng, e ne e se ha a qala ho phela. Pele Jesu a tsoaloa, Maria o ile a eteloa ke lengeloi le ileng la mo bolella hore o tla emola ngoana ka moea o halalelang le hore o lokela ho mo reha Jesu. (Luka 1:31) Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ne a atisa ho bua ka bophelo ba hae ba pele e e-ba motho oa nama.—Johanne 3:13; 8:23, 58.

Kahoo Mikaele eo e leng lengeloi le ka sehloohong, ke lebitso la Jesu pele e e-ba motho oa nama. Ka mor’a hore Jesu a tsohe ’me a khutlele leholimong, o ile a boela tšebeletsong ea hae e le Mikaele, lengeloi le ka holimo-limo, “thorisong ea Molimo Ntate.”—Bafilipi 2:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela