Pina ea 197
Binelang Jehova!
1. Ke ’Mōpi eo re ’minelang.
Re etsa ka bohlale.
Ka taelo ea hae Mor’a hae
O sa busa lefatše.
Ka tlhōlo a re bineleng
Molimo o lerato.
Ka mantsoe’a nang le thoriso
A re bineng ka thabo.
Lichaba li ke li tsebe:
Jesu ke Morena.
Re boleleng ka cheseho
Hore o oa busa.
2. Re feta har’a linako
Tse tletseng mahlomola.
Ke tse bohloko le tse mpe.
Empa ha lia re tšosa.
Haufi Jes’o tla busa
’Me o tla tlisa khotso,
Lefatš’e be Paradeise.
Bohle ba tla’etsa thoko.
Re lebelletse ka matla
Nchafatso ea lintho.
Re tla e bona haeba
Re bontša tumelo.
3. Liketso tsa Jah li matla.
Lichaba li maketse.
Ke tlhokomelo’a hae e ntle
Ho ba’etsang boboleli.
E le Moren’a lefatše,
O’a re hl’onolofatsa.
Ke kahoo re mo binelang,
Hobane rea mo rata.
Baena, rorisang ’Mōpi,
Binelang Jehova.
O lutse teroneng ea hae
Moo re’a mo tlotlisa.