Keketseho e Tsoelang Pele e Eketsa Tlhokahalo ea Liholo tsa ’Muso
1 Khale-khale moprofeta oa Jehova o boletse esale pele hore lintho “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona.” (Hag. 2:7) Ka sebele re bona bopaki ba kamoo thuto ea bomolimo e nolofaletsang matšoele-tšoele ho ithuta ’nete le ho ba barapeli ba Jehova. Ke ho thabisang hakaakang ho hlokomela hore ba 3 877 ba kolobelitsoe selemong sa tšebeletso sa 1993 Afrika Boroa feela! Hore re tsoele pele ho thusa bohle bana ba bacha, ho hlokahala re ‘lekole litsela tsa lipelo tsa rōna’ ho tiisa hore re tšehetsa mosebetsi oa Molimo ka hohle kamoo ho khonehang. (Bapisa le Haggai 1:5.) E, karolo ea bohlokoa ea ho tšehetsa ha rōna mosebetsi oa Molimo ke ho tsoela pele re thusa ho nehelana ka libaka tse loketseng tsa borapeli bakeng sa matšoele a barorisi ba bacha ba Jehova.
2 Ka 1993 ho nehetsoe Liholo tsa ’Muso tse ncha tse 36, ’me tse ling tse eketsehileng li ntse li hahuoa Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani. Ka sebele mosebetsi oa Jehova o ntse o ‘okamela maralla.’ (Esa. 2:2) E se e le lilemo tse tharo joale Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le kene tšebetsong ’me le thusitse liphutheho tse 20 ho fumana mehaho e mecha ea Holo ea ’Muso. Ho thabisang ka sebele e bile karabelo ea baena ho fana ka tšehetso ea chelete letlōleng lena le potolohang. Lichelete tse alingoang liphutheho li khutlisetsoa letlōleng hammoho le phaello e fumanoeng hore menehelo eohle e entsoeng e tsoele pele e sebelisoa, selemo le selemo ho haha Liholo tse ncha tsa ’Muso. Ka hona, liphutheho tse thusitsoeng ka kalimo ea chelete bakeng sa Holo ea ’Muso li bontša kananelo ea tsona ka ho e lefa ka botšepehi kapele-pele mathoasong a khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Tsoelo-pele e ’ngoe e khothatsang ka ho fetisisa ke hore Liholo tsa ’Muso tse robeli ho tse nehetsoeng ka 1993 li lefeletsoe ka ho feletseng ke liphutheho ka botsona. Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore tse ling tsa liphutheho tsena hase tse ruileng, empa li ne li ikemiselitse ho bona borapeli ba ’nete bo phahamisoa metseng ea habo tsona.
3 Thuso ea Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa: Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa tse 20 karolong ea tšimo ea rōna li thusa baholo ba amehang mosebetsing oa kaho mabapi le Liholo tse ncha tsa ’Muso le mesebetsing ea nchafatso. Li thusa ho lekanyetsa tlhokahalo ea Holo ea ’Muso e ncha kapa mosebetsi oa nchafatso le ho fana ka thuso e tsoang ka ntle e hlokahalang nako le nako pele ho rekoa setša ho fihlela Holo ea ’Muso e phethiloe. Phutheho ka ’ngoe e abeloa e ’ngoe ea likomiti tsena.
4 Basebetsi ba likete ba ithaopetse ho kopanela tšobotsing ena ea tšebeletso e halalelang ka ho rata. Baithaopi bana, ho akareletsa litsebi tse ngata le ba nang le phihlelo ea mosebetsi oa matsoho, ba fana ka nako ea bona le boiteko ka ho rata litabeng tse kang ho rekoa ha setša, ho tlatsa lipampiri tsa molao, ho lokisetsa mosebetsi oa kaho le ho hlophisa lethathamo la thepa e lokelang ho rekoa. Ba boetse ba thusa ho reka thepa ea boleng bo phahameng ka theko e loketseng, ho qetella mosebetsi oa mantlha setšeng sa kaho, le ho beha mosebetsi oa kaho ka booona leihlo. Ho fana ha bona ho mosa joalo ka lintho tsa bona tse bonahalang bakeng sa lithahasello tsa ’Muso ke ho babatsehang ’me ho tlisa litlhohonolofatso tse enneng tse tsoang ho Jehova.—Liprov. 11:25.
5 Baholo ba lokela ho iteanya le Komiti ea Kaho ea Lebatooa ea sebaka sa habo bona ha phutheho ea bona e qala ho nahana ho nchafatsa Holo ea ’Muso ea khale kapa ho haha e ncha. Hobane’ng? Likomiti tsa lebatooa li na le litataiso tse ka thusang liphutheho bohatong ba tsona ba pele. Ho khetha setša ho akareletsa lintlha tse ngata ho phaella thekong ea sona. Lintho tse ling tse kang mosebetsi o moholo setšeng, ho tlosa metsoako e chefu, kapa litlhoko tsa molao li ka eketsa theko ea setša haholo. Haeba phutheho e hloka thuso ea chelete ho Mokhatlo, molebeli oa potoloho kapa komiti ea lebatooa, ba na le kopi ea foromo ea Kingdom Hall Loan Survey ’me ba ka thusa baholo ba phutheho ho li tlatsa. Hape, balebeli ba potoloho ba ka bontša bohlale bo nang le ponelo-pele ka ho hlokomelisa baholo ka libaka tse ntlafatsoang tse hlahang libakeng tsa litoropo ha ho hlaha tlhokahalo ea setša sa Holo ea ’Muso.
6 Mokhatlo o nehile Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa lipolane tsa moralo tsa Liholo tsa ’Muso tse khothaletsoang. Pele ho khethoa polane e itseng, baholo ba phutheho ba lokela ho iteanya le komiti ea lebatooa le ho buisana ka sebōpeho sohle sa mohaho, ho sebelisoa lipolane tse fanoeng ke Mokhatlo joaloka tataiso. Sena se ke ke sa fokotsa feela litšenyehelo tsa tokiso empa se tla thusa phutheho ho khetha mohaho o itekanetseng le o loketseng o tla tšoanela tsela ea kaho e potlakileng moo e sebelisoang.
7 Ho tlameha hore ho bolokoe litlaleho tse nepahetseng le tse qaqileng tsa lichelete. Baena ba nang le tsebo ba ithaopetse ho sebetsa le likomiti tsa lebatooa ho thusa liphutheho ka ho hlomamisa litsamaiso tsa ho lokisa litlaleho le ho li boloka nakong eohle ea kaho. Baena ba bang ba sebetsang le Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa ba thusa liphutheho ho tlatsa liforomo tsa tlhahlobo ea kalimo le likōpo. Sena se thusa haholo kaha baholo ba phutheho ba sa sebetsane le litlaleho tsa lichelete tsa Holo ea ’Muso ka linako tsohle joaloka baena bana ba nang le phihlelo le ba koetlisitsoeng hantle. Bofelong ba mosebetsi o mong le o mong oa kaho, komiti ea lebatooa e lokela ho fumana kopi e feletseng ea litlaleho tsa lichelete tsa mosebetsi oa kaho. Komiti ea Kaho ea Lebatooa joale e tla tiisa hore Mokhatlo o fumana kopi ea likaroloana tsa litšenyehelo tsa mohaho ka mong. Empa tlhokomelong e akaretsang, litokiso le litšenyehelo tse amanang le Holo ea ’Muso ea khale, phutheho ka ’ngoe e tla sebetsana le tsona. Haeba tlhokomelo ea ka mehla e etsoa khoeli le khoeli, sena se tla thibela litšenyehelo tse phahameng tsa ho nchafatsoa ka mor’a lilemo tse seng kae. Sehlopha sa baholo se lokela ho behella ka thōko chelete bakeng sa morero ona ka ho tsoelang pele. Ponelo-pele e joalo e fokotsa moroalo oa Komiti ea Kaho ea Lebatooa, e nolofaletsa komiti ho hlokomela mesebetsi ea bohlokoa ea nchafatso le mehaho e mecha.
8 Bashebelli Baa Khahloa: Tšebetso e hlakileng ea moea oa Jehova o halalelang ho baena ba sebetsang kahong ea Holo ea ’Muso e sebelelitse e le bopaki ho ba bang. Motho oa lefatše o ile a susumetsoa ke Holo ea ’Muso e hahiloeng ka potlako Vosloorus hoo a ileng a letsetsa seea-le-moeeng sa sebakeng seo ho babatsa se finyeletsoeng ke Lipaki tsa Jehova har’a morusu o renang naheng. Ketsahalong e ’ngoe, sehlopha sa baholo Transefala leboea se ngotse: “Ho hahuoa ha holo ena ho bile le phello e tobileng ho bashebelli. Libese, litekesi le makoloi li ne li ema hore bapalami ba inoese ka nkho ka seo ba se bonang. Rakhoebo e mong o ile a re: ‘Benghali, joale le bontša lerato le bonngoe tseo ke balileng ka tsona Bibeleng. Ka sebele ke lōna feela sehlopha se bontšang Bokreste ba ’nete.’ . . . Morena oa motse o ile a re: ‘Ke babatsa moea oo mosebetsi ona o finyelletsoeng ka oona. . . . Ka sebele, haeba bo-ralipolotiki ba ne ba sebetsa joaloka lōna, lipolao tseo re li bonang kajeno li ne li ke ke tsa e-ba teng. Kahoo, ke rata ho tiisa hore bolumeli ba lōna bo lumeletsoe ho sebetsa le ho tšoara liboka ka nako leha e le efe e le loketseng. Ha ho lithibelo tsa letho ho hang.’”
9 Koranta ea sebaka seo e ile ea tlaleha: “‘Ha ke lumele!’ e bile tlhaloso ea moshebelli e mong ha basebetsi ba baithaopi ba fetang 300 ba tsoang lihlopheng tsa merabe e fapaneng ba kopanela kahong e hlollang Mhluzi.” Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho tikolohong e ’ngoe e ngotse se latelang: “Batho ba sebaka sena ba ne ba maketse ha ba bona Holo ea ’Muso e hahuoa ka matsatsi a mabeli hoo ba ileng ba tla ’me ba e hlahloba ho tiisa hore na re sebelisa litene tsa ’nete. . . . Batho ba bang ba ile ba tla ikōpela thuto ea Bibele ka lebaka la seo ba se bonang.”
10 Ha baithaopi ba makholo ba fihla setšeng sa kaho ka leboea ho Pretoria ho tla thusa kahong ea Holo ea ’Muso, phutheho ea sebakeng seo ea ba batšo e ile ea ba bulela mahae a eona. Baahisani ba ile ba makala hakaakang ha ba bona ho hlongoa litente karolong e ka morao ea jarete ’me lik’haravene li emisa litselaneng. Ho makalitseng le ho feta ke hore bongata ba baeti e ne e le ba basoeu!
11 Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng: Likomiti tsa lebatooa li rata ho sebelisa tsebo e leng liphuthehong tse tla sebelisa Liholo tsa ’Muso tse ncha kapa tse nchafatsoang. Li boetse li sebetsa le baena ba sebakeng seo, haholo-holo baholo le bahlanka ba sebeletsang, ho ba koetlisetsa mosebetsi o leng teng hona joale. Ka mor’a ho ntšetsa pele tsebo ena e hlokahalang e tla sebelisoa kahong ea Holo ea ’Muso, baena bana ba hōlileng moeeng ka mor’a moo ba ka thusa mehahong e meng ea Holo ea ’Muso tikolohong eo. Kahoo, ba kopanelang le liphutheho tse amehang kahong ea Holo ea ’Muso ba lokela ho bonahatsa moea oa ho rata le oa tšebelisano-’moho, ba se lebelle hore komiti ea lebatooa le ba sebetsang hammoho le eona ba tla hlokomela mosebetsi ’ohle Holong ea bona ea ’Muso. (Neh. 4:6b) Ka mor’a ho fumana koetliso, baena ba lokela ho susumetsoa ke lerato ho thusa ho haha Liholo tsa ’Muso liphuthehong tse nang le tlhoko e potlakileng ea libaka tse ncha kapa tse ntlafalitsoeng.—Neh. 5:19; Ba-Fil. 2:3, 4.
12 Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba nang le tsebo e loketseng le ba nang le boemo bo botle le phutheho ba khothaletsoa ho ithaopela ho thusa kabelong ena e khōlōhali ea mosebetsi. Ho hlokahala tsebo ea mosebetsi oa kaho le eo eseng ea kaho. Baithaopi ba ka fumana liforomo tse hlokahalang ho molebeli ea okamelang kapa mongoli phuthehong ea habo bona le ho hlalosa phihlelo ea bona ea mesebetsi ea matsoho kapa mafapheng a mang, joaloka tšebeletso ea lijo, polokeho, ho sebetsana le thepa, ho boloka litlaleho, le ho tlatsa lipampiri tsa molao. (Ha phutheho e hloka liforomo tse eketsehileng tsa baithaopi, li ka kōptjoa hammoho le liodoro tsa libuka tse romelloang ho Mokhatlo.) Ho arabela ka tsela ena ke bopaki ba lerato la rōna ho baahisani ba rōna ba haufi ka ho fetisisa—baena ba rōna ba Bakreste.—Matt. 7:12; 22:39; Joh. 13:35.
13 Thuso ea Baithaopi ea Ananeloa: Pele re ameha mosebetsing oa kaho ea Holo ea ’Muso, ke ba ’maloa ba hlokomelang hore ke mosebetsi o moholo hakaakang o amehang ho qeta mohaho o joalo. Ka mor’a hore mohaho o mong oa Holo ea ’Muso o phethoe, baholo ba ile ba ngola: “Tataiso e mosa eo re e fumaneng ho baena ba leng Komiting ea Kaho ea Lebatooa e bile tlhohonolofatso ea sebele ho rōna. . . . Nakong eohle ea kaho, ho na le linako tse ngata haholo, tse ngata haholo hoo re ke keng ra qeta ho li bala, ha baena ba ne ba tsamaea libaka tse telele, ba qeta lihora tse ngata, ba nehelana ka lisebelisoa le lithulusi tsa bona, esita le ho nehelana ka thepa, sena sohle e le ho re thusa kahong ea Holo ea rōna ea ’Muso e ncha. Mosa oa baena bana ke pontšo e khōlō ea hore ba na le ‘lerato bakeng sa mokhatlo ’ohle oa baena,’ ’me sena e bile khothatso e kaakang ho rōna!—1 Pet. 2:17.”
14 Moea oa ho rata le cheseho ea baena li hlakile, joalokaha phutheho e ’ngoe e ngotse: “Re leboha ka baena le bo-khaitseli ba ratang ba sebelitseng ka thata hoo bohle ba shebeletseng ba ileng ba makala.” Mantsoe a Pesaleme ea 133:1, 3 ke ’nete hakaakang: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!” Basebetsi ba bang ba kaho ea Holo ea ’Muso ba nka matsatsi a phomolo mosebetsing e le ho thusa phutheho ea boahisani ka kaho ea eona ea Holo ea ’Muso. Phutheho e ba amohetseng e ile ea bontša kananelo e tšepahalang ka ho tšehetsa morero oa kaho ka botlalo. Moholo ea sebetsang le komiti ea lebatooa o ile a ngola ho hlalosa tokelo eo a bileng le eona ho sebeletsa baena ba hae. O hlalositse hore “liphutheho li khothatsoa haholo ke baena ba tsamaeang lik’hilomithara tse makholo ho tla li thusa ho phethahatsa boinehelo ba tsona ho Jehova. . . . Ka sebele, re bōpa boena bo lerato!” Khaitseli o hlalositse maikutlo a hae ka tsela ena: “Ke na le teboho e khaphatsehang bakeng sa thabo eo ke bileng le eona setšeng sa kaho ea Holo ea ’Muso Spruitview. Ena ke holo ea boraro eo ke kopanetseng kahong ea eona.”
15 Phutheho e ’ngoe e boletse se latelang lengolong le eang ho Komiti ea eona ea Kaho ea Lebatooa ka mor’a ho qeta mohaho oa eona: “Re le ngolla ho le leboha haholo! Le fetiloe ke liboka tsa phutheho ea lōna, boroko ba lōna, thabo ea ho ba hammoho le malapa a lōna, boikhathollo ba lōna, tšebeletso ea lōna ea tšimo le tse ling tse ngata ho tla re hahela holo. Ka sebele ha re tšoaneloe ke seo le re etselitseng sona. Re ikutloa re le motlotlo haholo le ho hlomphuoa ho kopanela le banna ba molemo hakana le ba inehetseng joaloka lōna baena. Re rata ho boela re leboha malapa a lōna ao ka boitelo a ileng a sebetsa hammoho le lōna ka pososelo, ho sa tsotellehe moea, mocheso le mohatsela. Re sa boetse re rata ho le leboha haholo. ‘E se eka Jehova a ka le hopola le ho le etsa hantle.’—Nehemia 13:31.”
16 Tšireletso ea Holo ea ’Muso: Ho bile le keketseho ea ho thujoa Liholong tsa ’Muso. Maemong a mangata ho ile ha utsuoa thepa ea molumo. Litlhahiso tse latelang li lokela ho thusa ho isa bohōleng bo itseng bakeng sa ho fokotsa bothata bona: (1) Kenyang thepa eohle e turang ea molumo ka har’a seifi ea tšepe (e fumanehang mabenkeleng) le ho tiisa hore ho sebelisoa senotlolo se loketseng ho notlella thepa; (2) kenyang seifi ena, haholo-holo moo e sa bonahaleng, ’me le e kokotelle ka liboutu fatše kapa leboteng; (3) ngolang lebitso la phutheho holim’a thepa eohle, ka hona le nolofalletsa mapolesa ho khetholla thepa e utsoitsoeng le ho e khutlisa.
17 Litšepe tse thata tse thibelang masholu le liheke tsa tšireletso tsa tšepe li sebetsa e le tšitiso ho masholu. Maemong a mang, ho hlokahala hore ho kenngoe terata ho potoloha mohaho. Ha ho khothaletsoe mabota a tšireletso kaha a sitisa baahisani ba leihlo le nchocho ho bona masholu. Haeba bothata bona bo phehella, mohlomong ho tla lokela hore ho kenngoe mabone a itšebetsang ho potoloha mohaho le alamo. Baholo ba khothaletsoa ho nka mehato e loketseng tabeng ena kaha ho ameha lichelete tse nehetsoeng.
18 Likarolong tse ngata tsa naha liphutheho li boetse li hahile ntlo ea mohlokomeli Holong ea ’Muso bakeng sa tšireletso, ’me re khothaletsa hore phutheho e kenye thelefono le ho e ngolisa lebitsong la eona. Ka hona mohlokomeli o tla tseba ho kōpa thuso maemong a tšohanyetso. Ke boikarabelo ba mohlokomeli ho lefella melaetsa ea hae ea botho ha a letsa. Ho phaella moo, ho tla hlokahala hore sehlopha sa baholo se ngole tumellano e bonolo le mohlokomeli ba bolele chelete ea k’hiro, meeli ea bolulo, mesebetsi le hore ho tla hlokahala tsebiso ha a tsoa moo.
19 Menehelo ea Lichelete e Tsoela Pele ho Thusa: Menehelo e mosa Letlōleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso e thusitse liphutheho nakong e fetileng ’me ka sebele e tla ’ne e thuse ho etsa joalo le nakong e tlang. Na Jehova Molimo ka boeena hase mohlala o ka sehloohong oa ho fana ka ntle ho boithati? (Jak. 1:7) Le hoja e le ’nete hore matla a rōna le menyetla ea ho nehela ea fapana, re ka fumana hore ka ho etsa phetoho tšebelisong ea chelete, re ka kopanela ka botlalo ka ho tšehetsa mosebetsi oa kaho. Ka sebele ho fana ka seatla se bulehileng joalo ho thabisa pelo ea Jehova, esita le ho ba mohloli o moholo oa khothatso ho baena ba rōna.
20 Ho na le tlhokahalo e khethehileng ea Liholo tsa ’Muso litoropong tse nyenyane le libakeng tsa mahae tšimong ea rōna. Re rata ho khothaletsa liphutheho tseo ho sebetsa ka thata ho finyella pakane ena ka 1994. Le se be lesisitheho ho batla sebaka se loketseng sa ho kopanela ka lebaka la linako tsa rōna tse potlakileng. Baholo ba khothaletsoa ho bula savings account bakeng sa Letlōle la Holo ea ’Muso ea bona ntle ho tieho. Ha phutheho e sa khone ho lefa kalimo ea chelete ea Mokhatlo, e lokela ho ikitlaetsa ho haha ka chelete ea eona.
21 Ka ho eketsehang, “bongata bo boholo ba batho” bo ntse bo arabela molaetseng oa ’Muso kajeno. “Tse lakatsehang” li phallela tempeleng ea Jehova ea moea, ’me o ‘tlatsa ntlo ea hae ka khanya.’ (Tšen. 7:9; Hag. 2:7) Joaloka Bajode ba tšepahalang ba mehleng ea Haggai, e se eka re ka beha lipelo tsa rōna mosebetsing oa Molimo, re tšehetse ka botlalo tlhoko e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng. Esita le hoja ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse ntle lilemong tsa morao tjena, khōlo e tsoela pele ka sekhahla se potlakileng ’me ntle ho moo liphutheho tse ngata li sa ntse li kopanela libakeng tse sa rateheng. Tšehetso ea rōna e tsoelang pele Letlōleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso ke mokhoa o babatsehang oa ho kopanela mosebetsing oa Molimo.