Pina ea 112
Ba Tla Tseba
1. Ke khale u rohakoa ke lira
Le halalelo sa’o se nyelisoa.
Mora oa hao o tla tlisa toka;
Puso ea Satane e tla fela.
(Chorus)
2. Matl’a hao a ke ke a qholotsoa
Ka mor’a hore u koalle Noha.
Bademona ka Harmagedone
B’a ripitloa ’me ba se hatelle.
(Chorus)
3. Ba lipelo tse ikhohomosang
Ba batla ho busa batho ba bang.
Tsoho la hao le tla robokela,
Ba u halefisang b’a timetsoa.
(CHORUS)
Ba tla tseba hore k’uena Jehova;
Ba tla tseba kamoo u lokileng.
Ba tla tseba le har’a pōpo eohle,
U phetha tsohle tse’u li rerileng.