Khaolo ea 133
Jesu o Phetha Sohle Seo Molimo o se Batlang
HA MORENA oa Mohlabani Jesu Kreste a felisa Satane le lefatše la hae le khopo, leo e tla ba lebaka la thabo e kaakang! Qetellong Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete ea khotso e tla qala!
Tlas’a tataiso ea Jesu le marena a busang hammoho le eena, baphonyohi ba Harmagedone ba tla hloekisa mesaletsa eohle e siiloeng ke ntoa eo ea ho loka. Mohlomong baphonyohi ba lefatšeng ba tla boela ba be le bana ka nakoana, ’me bana ba tla kopanela mosebetsing o thabisang oa ho lema lefatše hore e be tšimo e khahlehang e kang serapa sa lifate le lipalesa.
Ka nako e loketseng, Jesu o tla boela a tsose batho ba limillione-millione mabitleng a bona hore ba tl’o thabela Paradeise ena e ntle. O tla etsa sena ho phethahatsa tšepiso ea hae ka boeena: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla . . . tsoa ho ’ona.”
Har’a bao Jesu a tla ba tsosa e mong e tla be e le motho eo e neng e le sesenyi pele ea ileng a shoela pel’a hae ha a le thupeng ea tlhokofatso. Hopola hore Jesu o ile a mo tšepisa: “Kannete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” Che, monna eo a ke ke a isoa leholimong hore a e’o busa e le morena hammoho le Jesu, esita le Jesu a ke ke a fetoha motho hape ’me a tla phela lefatšeng la Paradeise le eena. Ho e-na le hoo, Jesu o tla ba le enoa eo e neng e le sesenyi pele ka kutloisiso ea hore O tla mo tsosetsa bophelong Paradeiseng le ho bona hore litlhoko tsa hae, tsa nama le tsa moea, lia hlokomeloa, joalokaha ho bontšitsoe leqepheng le latelang.
Nahana ka hona! Tlas’a tlhokomelo ea Jesu e lerato, lelapa lohle la batho—baphonyohi ba Harmagedone, bana ba bona, le bafu ba tsositsoeng ba likete tsa limillione ba mo mamelang—ba tla hōlela phethehong ea botho. Ka Mora oa hae oa morena, Jesu Kreste, Jehova o tla ba le batho ka tsela ea moea. Joalokaha lentsoe le hlahang leholimong leo Johanne a ileng a le utloa le bolela, “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” Ha ho sa tla hlola ho e-ba le motho ea utloang bohloko kapa ea kulang lefatšeng.
Qetellong ea Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete, boemo bo tla be bo le hantle feela kamoo Molimo o neng o rerile hore bo be ka teng qalong ha o bolella batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, hore ba ngatafale ’me ba tlale lefatše. E, lefatše le tla tlala moloko o lokileng oa batho ba phethahetseng. Lebaka la sena ke hore melemo ea sehlabelo sa Jesu sa topollo e tla be e fetiselitsoe ho bohle. Lefu le tlileng ka baka la sebe sa Adama le tla be le se le le sieo!
Ka hona, Jesu o tla be a finyelletse sohle seo Jehova a neng a se batla ho eena. Ka baka leo, qetellong ea lilemo tse sekete, o tla nehelana ka ’Muso le lelapa le phethahetseng la batho ho Ntat’ae. Joale Molimo o tla lokolla Satane le bademona ba hae sekoting sa ho se sebetse se kang lefu. Ka morero ofe?
Qetellong ea lilemo tse sekete, boholo ba batho ba phelang Paradeiseng e tla be e le ba tsositsoeng bao tumelo ea bona e e-s’o ka e lekoa. Pele ba e-shoa, ba ne ba sa tsebe ka litšepiso tsa Molimo, kahoo ba ne ba ke ke ba bontša tumelo ho tsona. Joale, ha ba se ba tsositsoe ’me ba rutiloe linnete tsa Bibele, ho ile ha ba bonolo ho bona ho sebeletsa Molimo, ba le Paradeiseng, ho se khanyetso ea letho. Empa haeba Satane a ne a ka fuoa monyetla oa ho leka ho ba thibela ho tsoela pele ho sebeletsa Molimo, na ba ne ba tla ipaka ba tšepahala tlas’a teko? Ho arabela potso ena, Satane o tla lokolloa.
Tšenolo eo Johanne a ileng a e fuoa e senola hore ka mor’a Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete, Satane o tla atleha ho khelosa batho ba hlokang palo ho sebeletseng Molimo. Empa joale, ha teko ea ho qetela e phethiloe, Satane, bademona ba hae, le bohle bao a atlehang ho ba khelosa ba tla timetsoa ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, baphonyohi ba lekiloeng ka hohle-hohle, ba tšepahalang, ba tla tsoela pele ba ntse ba phela ho thabela mahlohonolo a Ntat’a bona oa leholimo ka ho sa eeng kae.
Ka ho hlakileng, Jesu o phethile karolo ea bohlokoahali ho phethahatseng merero ea Molimo e khanyang, ’me o tla ’ne a tsoele pele ho phetha karolo eo ea bohlokoahali. Re ka thabela bokamoso bo hlollang hakaakang ka baka la sohle seo a se finyellang joaloka Morena e moholo oa leholimo oa Molimo! Leha ho le joalo, re ke ke ra lebala sohle seo a se entseng ha e ntse e le motho.
Jesu o tlile lefatšeng ka boithaopo ’me o re rutile ka Ntat’ae. Ntle le mona o behile mohlala oa litšoaneleho tse babatsehang tsa Molimo. Lipelo tsa rōna lia ameha ha re nahana ka sebete le bonna ba hae bo hlollang, bohlale ba hae boo ho seng bo ka bapisoang le bona, matla a hae a ikhethang joaloka tichere, boeta-pele ba hae bo sebete, le kutloelo-bohloko le qenehelo tsa hae tse mosa. Ha re hopola kamoo a ileng a utloa bohloko bo ke keng ba hlalosoa ka teng ha a fana ka topollo, eo re ka fumanang bophelo feela ka baka la eona, ruri lipelo tsa rōna li susumetsoa ke kananelo bakeng sa hae!
Ha e le hantle, re bone motho e moholo hakaakang thutong ee ea bophelo ba Jesu! Boholo ba hae ke bo hlahelletseng le bo hlollang. Re susumelletseha ho pheta mantsoe a ’musisi oa Roma Ponse Pilato: “Bonang, motho ke enoa.” E, ka sebele, “Motho,” motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela!
Ka ho amohela ha rōna tokisetso ea sehlabelo sa hae sa topollo, moroalo oa sebe le lefu tse futsitsoeng ho Adama o ka tlosoa ho rōna, ’me Jesu e ka ba ‘Ntat’a rōna oa ka ho sa Feleng.’ Bohle ba tla fumana bophelo bo sa feleng ha baa lokela ho tseba Molimo feela empa hape ba lokela ho tseba Mora oa oona, Jesu Kreste. E se eka ho bala le ho ithuta ha hao buka ena ho ka u thusa ho fumana tsebo e joalo e phelisang! 1 Johanne 2:17; 1:7; Johanne 5:28, 29; 3:16; 17:3; 19:5; Luka 23:43, NW; Genese 1:28; 1 Ba-Korinthe 15:24-28; Tšenolo 20:1-3, 6-10; 21:3, 4; Esaia 9:6, NW.
▪ Baphonyohi ba Harmagedone le bana ba bona ba tla fumana tokelo efe e thabisang?
▪ Ho phaella ho baphonyohi ba Harmagedone le bana ba bona, ke bo-mang ba tla thabela Paradeise, hona Jesu o tla ba le bona ka kutloisiso efe?
▪ Boemo e tla be e le bofe qetellong ea lilemo tse sekete, ’me nakong eo Jesu o tla etsa eng?
▪ Ke hobane’ng ha Satane a tla lokolloa sekoting, ’me qetellong ho tla etsahala’ng ka eena le bohle ba mo latelang?
▪ Jesu e ka ba ‘Ntat’a rōna oa ka ho sa Feleng’ joang?