Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/1 maq. 26-30
  • Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la Hore Bacha ba Bang ba Lahle Jehova
  • Qalella ba sa le Banyenyane
  • Neha Bana ba Hao Nako ea Hao
  • Botsoalle bo Molemo le Mohlala
  • Thabo ea ho Bona Bana ba Khetha Jehova
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/1 maq. 26-30

Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?

MOHLANKANA e mong o ile a bolela hore: “Ke ne ke ikutloa hore ka sebele ho ithuta Bibele hoa tena ebile ho etsa hore motho a khathale. Ka sephiring pelong ea ka ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke ka ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ha ke hōla.” Le hoja tšepo e le hore boholo ba bana ka malapeng a Bokreste ba tla qetella ba entse khetho ea ho ema ka lehlakoreng la Jehova, bacha ba kang eena ba ka ’na ba feta nakong e thata ea ho khetha Jehova e le Molimo oa bona.

Ka linako tse ling batsoali ba ikutloa ba timeletsoe hore na ba tataise bana ba bona joang ka katleho. Ba ipotsa lipotso tse ngata tse fatang maikutlo, joaloka ntate e mong ea neng a tšoenyehile ea kileng a re: “Ho bua ’nete, ho na le linako tseo ka tsona ke neng ke sheba lifahleho tsa bana ba ka ba robetseng, meokho ea masoabi e sa ntse e le marameng a bona, ebe kea ipotsa hore na nka be ke sa ka ka khoehlisa letsoho haholoanyane.” Bara ba babeli ba hae ba ile ba hōla ’me ba khetha ho sebeletsa Jehova.

Empa ho na le bacha ba lahlang Jehova ’me ba tlohele phutheho ea Bokreste ba khethe lefatše la Satane. Kahoo, batsoali ba atleha joang ho thusa bana ba bona hore ba khethe Jehova? Ho araba potso eo, a re qaleng ka ho fumana hore na ke hobane’ng ha bacha ba bang ba lahla Jehova ha batsoali ba bona ba batla ka tieo hore ba se ke ba tloha ho eena.

Lebaka la Hore Bacha ba Bang ba Lahle Jehova

Le leng la mabaka a tloaelehileng haholo ke hore bacha ba bang ha ho mohla ba hlileng ba tsebang Jehova kapa litsela tsa hae. Le hoja ba e-ba teng libokeng tsa Bokreste ho tloha boseeng, ba ea feela ka tloaelo, ’me ha ba etse matsapa a ho batla Jehova. (Esaia 55:6; Liketso 17:27) Moshemane eo ho buuoeng ka eena ka holimo o ne a teneha libokeng tsa Bokreste hobane o ne a sa utloisise seo libui li neng li se bua sethaleng.

Lipeō tsa ’nete lia jaloa ho ba bang, empa ba lumella lipelo tsa bona hore li tšoasoe ke mokhoa oa bophelo oa lefatše la Satane oo ka ho totobetseng e leng oa ho se tsotelle, oa lerato la lintho tse bonahalang. Ba bang ba sitoa ho hlōla takatso e matla haholo ea ho tloaelana le lithaka tsa bona le ho li etsisa.—1 Likronike 28:9; Luka 8:12-14; 1 Ba-Korinthe 15:33.

Leha ho le joalo, ho pholletsa le lefatše, bana ba bangata ka malapeng a Bokreste ba khethile ho ema ka lehlakoreng la Jehova. Na ho na le ho ka ithutoang bohatong bo nepahetseng boo batsoali ba bona ba ileng ba bo nka?

Qalella ba sa le Banyenyane

Senotlolo sa bohlokoa bakeng sa ho thusa bana ba hao hore ba khethe Jehova ke hore u qalelle ba sa le banyenyane. Mabakeng a mangata, maikutlo a fumanoang le lithuto tse ithutoang ha pelo e le bonolo e sekametse ho amoheleng likhopolo tsa ba bang, li tla tšoarella bophelong bohle ba motho. (Liproverbia 22:6) Kahoo qalella bana ba hao ba sa le banyenyane ho ba bolella ka molemo oa Jehova, lerato la hae le boholo ba hae bo susumetsang tšabo, e le ha u leka ho haha ka lipelong tsa bona lerato bakeng sa Jehova le kananelo bakeng sa seo Jehova a ba etselitseng sona. Ho finyella sena, batsoali ba bangata ba sebelisitse ka katleho lihlooho tse ngata tse buang ka pōpo ea Jehova tse fumanoang libukeng tsa Mokhatlo oa Watchtower.

Ho mamela Jehova le ho mo hlompha le borapeli ba hae ke tse ling tsa litšoaneleho tse tlamehang ho kenngoa ho sa khaotsoe bonyenyaneng. Hoa thabisa ho bona bana ba kereche ba iteka ka matla ho ngola lintlha tse bonolo libokeng tsa Bokreste ba bile ba phetla litemana Libibeleng tsa bona kapa ba e-ea le batsoali ba bona ka ntloaneng e nang le moo ho hlapeloang ho ea iphotla lifahleho ka metsi a batang ha ba otsela. Tsena ke lintho tse bonolo, empa ke tsa bohlokoa hakaakang ho hatiseng likelellong tsa bana hore Jehova o lokela ho bontšoa tlhompho le kutlo!

Thuto e tebileng ea Bibele ea botho le eona e lokela ho qaloa ba sa le banyenyane. Banyalani ba bang ba ile ba qala ha bashemane ba bona ba le lilemo li peli hore ba ba balle buka ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo.a Hamorao, ha bashemane bana ba qala ho kena sekolo, ba ne ba tsoha esale hoseng ’me hoseng ho hong le ho hong ba ne ba ithuta le ’mè oa bona libukeng tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.* Sena se ne se lateloa ke puisano ea temana ea letsatsi e tsamaisoang ke ntate pele ho lijo tsa hoseng. Boiteko ba batsoali bana bo ile ba putsoa ka ho enneng ha haufinyane bara ba bona ba khetha ho sebeletsa Jehova, ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ka kolobetso ea metsing ha ba le lilemo li 10 le 11.

Mohlankana ea molemo ea sebeletsang ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Japane o ile a hopola hore ha a sa le monyenyane haholo, ’mè oa hae o ile a mo thusa hore a hōlise kamano le Jehova ka ho lula pel’a hae bosiu, a mo thusa ho rapela. Le ka mohla ha aa ka a lebala thuto eo a ileng a e rutoa—ho sa tsotellehe hore na o ne a e-ea hokae kapa a etsa’ng, kamehla Jehova o ne a le haufi ’me a loketse ho thusa.

Batsoali ba atlehileng ba ithuta ho lemoha litloaelo tse fosahetseng tse bakoang ke ho se phethahale hoo bana ba bona ba ho futsitseng, ’me batsoali ba qala ho thusa bana ba bona ba sa le banyenyane hore ba hlaole litloaelo tsena. (Liproverbia 22:15) Litšekamelo tse lebisang boithating, mangangeng, boikhohomosong, ho beng ea nyatsang ba bang ho tlōla, li tlameha ho nkeloa bohato ba sa le banyenyane. Ha ho sa etsoe joalo, hamorao lipeō tse joalo li tla hōla ho ba borabele khahlanong le Molimo le litsela tsa hae. Ka mohlala, batsoali ba nang le boikemisetso bo botle empa e le ba fanang ka bolokolohi bo bongata ba atisa ho tlohella bana ba bona hore ba be le maikutlo a boikhabi. Bana bana ba fumana ho le thata hore ba hlomphe batsoali ba bona kapa Jehova, ba tšoana le ‘ba se nang teboho’ ba boletsoeng ka Bibeleng. (Liproverbia 29:21, NW) Ka lehlakoreng le leng, bana ba fuoang mesebetsi ea kamehla ea lapeng le ba rutoang hore ba falimehele litlhoko tsa ba bang ba ba le tšekamelo ea ho ba ba nang le teboho haholoanyane ho batsoali ba bona le ho Jehova.

Tlhokahalo e ’ngoe ke ho qala ba sa le banyenyane ho ba behela lipakane tsa puso ea bomolimo tseo ngoana a ka li finyellang ka ho utloahalang. Haeba sena se sa etsoe a sa le monyenyane le kamehla, ba bang ba ka tlatsa kelello ea hae le pelo ka lipakane lisele. Ho bala Bibele kaofela, ho ithuta libuka tsa Mokhatlo oa Watchtower ka boeena, ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo, le ho kolobetsoa li lokela ho akarelletsoa lipakaneng tsena.

Takafumi o hopola hore ’mè oa hae o ile a mo etsa hore a tloaele ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka ho ngola lipotso tse bonolo ebe o mo siela tsona holim’a tafole ea kichine hore a li fumane teng ha a fihla lapeng a e-tsoa sekolong. Yuri o hopola hore ho lula ka matsatsi a seng makae le bo-pula-malibohob ba sebeletsang moo tlhokahalo ea basebeletsi ba Bakreste e neng e le khōlō, ho tsoela le bona tšebeletsong, ho ba bona ba pheha lijo tse ntle, le ho bona thabo ea bona le cheseho ho ile ha susumetsa haholo takatso ea hae ea ho sebeletsa Jehova ka tsela e tšoanang. Bacha ba bangata ba pheta hore batsoali ba bona ba ne ba ba isa Bethele hangata, kamoo ntlo-khōlō le makala a Mokhatlo oa Watch Tower li bitsoang kateng, moo ba neng ba ka bona bahlankana ba bang le baroetsana ba sebeletsa Jehova ka thabo. Ba bangata ba ileng ba eta e sa le bana hona joale ba sebetsa Libetheleng tse potileng lefatše.

Neha Bana ba Hao Nako ea Hao

Hore na u ba le bana ba hao ka nako e kae le hore na u finyella eng e molemo ka eona mohlomong ho tla susumetsa ka ho toba hore na ba khetha ho sebeletsa Jehova kapa che. Ba lemoha ka potlako hore na ke nako e kae le tokisetso e kae tseo u li sebelisang thutong ea Bibele eo u ba khannelang eona. Haeba u sa hopole hore na thuto ea nako e fetileng e ile ea fella hokae kapa u sa tšoare thuto ka mabaka ao eseng a bohlokoa, u fetisa molaetsa oa hore thuto eo hase ea bohlokoa hakaalo. Leha ho le joalo, ha ba bona hore batsoali ba itella thuto, ba e lokisetsa hantle ’me ba khanna thuto kamehla ho sa tsotellehe litšitiso tse ka hlahang, hoo ho fetisa molaetsa o fapaneng ka ho feletseng. Le hoja e se tlamo, bo-’mè ba bang ba apara hantle bakeng sa thuto ea bana ba bona, ka tsela e tšoanang le ea ha ba e-ea libokeng kapa ba khanna thuto ea Bibele le moahelani. Maikutlo ao ho fanoang ka ’ona ke hore borapeli ba Jehova ke ba bohlokoa.

Ho tla hlokahala nako e ngata le boiteko ho etsa hore thuto ea bana ba hao ea Bibele e be e thabisang, e fihlang lipelong tsa bona. Ka ho khethehileng bana ba banyenyane ke bona ba khahlehang ha ba bona lintho tseo ba li rutiloeng li etsoa ka pel’a bona. Ka mohlala, ntate e mong o ile a thusa bana ba hae hore ba bone tsoho ka mahlo a kelello ka ho tšoantšetsa tlaleho ea Bibele ea tsoho ea Lazaro. O ile a kena ka kamoreng ea polokelo eaba o tsoa eka Lazaro ea tsositsoeng.—Johanne 11:17-44.

Ha bana ba atamela lilemo tsa ho ba batho ba baholo, ho hlokahala nako e ngata haholoanyane le tsebo ho sebetsana le maikutlo, lipelaelo le matšoenyeho tse tlang ka bongata tseo ba talimanang le tsona. Nako eo batsoali ba lerato, ba lemohang ba e behellang ka thōko mothating ona ke ea bohlokoa haholo haeba bana bao ba tla hōlisa ho tšepa Jehova. Ntate e mong ea atlehileng oa bana ba bane o ile a pheta ka ho qaqa hore ha bana ba hae ba ne ba talimana le mathata a sa tšoaneng, o ne a fuputsa libukeng tsa boitsebiso ’me a tšohla le bona taba e amanang le mathata a bona libukeng tsa Watchtower letsatsi le leng le le leng ho fihlela mathata ao a hlōtsoe ka ho feletseng.

’Mè ea tšoarehileng oa pula-maliboho oa bana ba babeli o ile a hlokomela hore morali oa hae o ne a ikhula ’me a felloa ke thabo mesebetsing ea puso ea bomolimo. Kahoo ’mè enoa a ikemisetsa ho ba teng lapeng ha ngoana enoa a khutla sekolong thapameng ka ’ngoe, a qoqisa morali ha ba ntse ba e-noa tee ba le babeli. Ka meqoqo e nang le botsoalle bo haufi ea ’mè le morali, ngoanana enoa o ile a fumana thuso eo a neng a e hloka. Joale, ha a qetile sekolong se phahameng, o kopanetse le ’mè oa hae tšebeletsong ea bopula-maliboho.—Liproverbia 20:5.

Botsoalle bo Molemo le Mohlala

Ho phaella ho nehelaneng ka nako ea bona, batsoali ba tlameha ho lokisetsa botsoalle bo molemo bakeng sa bana ba bona. Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”

Batsoali ba bangata ba atlehileng ba hlokomela ’nete ea maele ao. Ntate oa bana ba bane o re: “Ha ke hopola nakong e fetileng, ke nahana hore e bile sehlopha se seholo sa metsoalle ea bana ba rōna se ’neteng se ileng sa thusa ho ba susumeletsa ho sebeletsa Jehova. Ke ile ka ba khothaletsa hore ba be le metsoalle liphuthehong tse ling hammoho le ea habo rōna le hore ba hōlise setsoalle seo.” Moholo e mong oa Mokreste ea sebelelitseng Bethele ka lilemo tse ngata o ile a pheta liketsahalo tsa nako e fetileng: “Ha ke sa le monyenyane, re ne re lula ka tlung e nyenyane, empa kamehla e ne e buleloa ho amohela molebeli oa potoloho. Ho phaella moo, bo-pula-maliboho ba khethehileng phuthehong ea habo rōna ba ne ba e-ja lijo tsa mantsiboea le rōna kamehla. Ba ne ba tola lapeng heso ’me ba thabela botsoalle le rōna. Ho utloa liphihlelo tsa bona le ho bona thabo ea bona ho ile ha nthusa ho hlaolela kananelo bakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng.”

Botsoalle bo molemo bo thusa ba fetang mathateng. ’Mè eo mora oa hae a neng a feta nakong ea pherekano o ile a buisana le molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova ka bothata bona. Molebeli eo a buella hore a tsamaee le moshemane eo ha a e-ea tšebeletsong ea tšimo. Molebeli eo o ile a re: “Ha u etsa joalo, bomoea ba hae bo tla ntlafala le mathata a mang a hae a tla ea ka lithekō.” ’Mè eo o tlaleha hore: “Phuthehong ea habo rōna ho ne ho e-na le tokisetso ea bopaki ba mantsiboea, ’me bana ba bangata ba lilemong tsa ho kena sekolo, bo-pula-maliboho ba kamehla ba bangata ba baholoanyane, ’me bonyane moholo a le mong ba ne ba kopanela ho bona. Pele e ne e le ntoa ho etsa hore mora oa ka a tsoe kamehla, empa hoo ho ile ha fetoha kapele kaha kamehla o ne a khutlela lapeng a hlasimolohile a bile a khothalitsoe haholoanyane ke botsoalle bo molemo. Ha e ntse e le seithuti sekolong se phahameng, o ile a kolobetsoa ’me a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ha a qeta sekolong, e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla.” Botsoalle bo molemo hammoho le ho etsa thato ea Jehova ho ile ha tlisa litholoana tse molemo.

Mohlomong sebakeng sa heno ho ka ’na ha se be teng bacha bao e ka bang tšusumetso e molemo ho ngoana oa hao, empa tlhaloso e etsoang khafetsa ke bacha ba bangata ba ileng ba khetha ho sebeletsa Jehova e amana le mehlala ea batsoali ba bona. Bacha ba bangata ba ile ba khahloa ke batsoali ba bona ’me ba batla ho ba etsisa. Yuri o hopola moea oa ’mè oa hae oa kamohelo e mofuthu ea baeti le kamoo a neng a hlokomela ba bang, a bua le bona ka thelefono hape a etsetsa ba kulang lijo. Tatsuo, eo e neng e le setho sa lelapa le nang le bashemane ba bane, ba hōlileng kaofela hona joale ’me ba sebeletsa Jehova, o ile a re: “’Mè o ne a ke ke a ithuta le rōna kamehla kahobane Ntate e ne e le motho ea sa lumelang hape o ne a hanyetsoa haholo ke seng. Empa ke ile ka susumetsoa haholo ke ho hlokomela ho emela ha hae ’nete le thabo ea hae ha a sebeletsa Jehova. O ne a boetse a utloisisa ho lula ho fihlela ka meso a re thusa ka mathata a rōna.” Mantsoe a hlalefileng a batsoali a na le matla ha a tšehelitsoe ka mesebetsi e tšepahalang. Yoichiro o ile a re ka batsoali ba hae: “Ha ke hopole ho e-na le mohla ba kileng ba bua monahano o sa haheng ka ba bang ka phuthehong; leha e le ho lumella rōna bana ho seba ka liphoso tsa ba bang.”—Luka 6:40-42.

Thabo ea ho Bona Bana ba Khetha Jehova

Ha ho na pheko e hlōlang mathata ’ohle ea ho thusa bana ba hao hore ba khethe Jehova. Ka linako tse ngata ho tšoenyeha ho tla ba teng. Empa ntate ea khathatsehileng ea boletsoeng pejana o ile a re: “Kamehla re ne re leka ka botšepehi re le batsoali hore re latele litlhahiso tsa mokhatlo o bonahalang oa Jehova. Sena e ne e le thuso e khōlō ea ho hlōla mathata.” Boiteko ba bona bo ile ba atleha.

E, ka ho etsa se molemohali ho latela litataiso tsa Bibele, u neha bana ba hao mabaka a utloahalang a ho rata Jehova, a tšehelitsoeng ka mohlala oa hao o tšepahalang le boiteko bo tiileng ba ho ba thusa, mohlomong le uena u ka fumana hore boiteko ba hao bo qetella bo buselelitsoe ka katleho. Na u hopola moshemane eo ho buuoeng ka eena pejana, ea neng a kile a ikemisetsa hore e ke ke ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova? Joale, ka mor’a hore ’mè oa hae a atlehe ho mo thusa hore a fete lilemong tseo a neng a thatafalloa ho tsona, o ile a re: “Kea thaba hore ha ho mohla a ileng a tela!” U ka ’na ua ba le phello e tšoanang ka bana ba hao.—Ba-Galata 6:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoa bo-pula-maliboho. Pula-maliboho ea thusang o sebetsa bonyane lihora tse 60 tšebeletsong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, pula-maliboho oa kamehla lihora tse 90, ’me pula-maliboho ea khethehileng lihora tse 140.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Na u ka hopola ka thabo nako ea ha u ne u hōlisa bana?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela