Poloko ea Nako le Uena
MOLEBELI e mong oa Mokreste phuthehong e ’ngoe ea Amerika Boroa o ne a na le litšoaneleho tse ngata tse ntle. Empa metsoalle ea hae e haufi-ufi ka bosoasoi e ne e ’mitsa Harmagedone. Hobane’ng? Ba ne ba ee ba re: “Rea tseba hore oa tla, empa ke Molimo feela o tsebang hore na o tla tla neng!”
E, poloko ea nako—kapa ho haelloa ke eona—e amana haholo le botumo ba motho. Morena Salomone ea bohlale o ile a bapisa hona ka tsela ena: “Lintsintsi tse shoeleng li nkhisa le ho bolisa ole ea motlotsi; ho joalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ea tumileng ka bohlale le khanya.” (Moeklesia 10:1) Mokreste a ka ’na a ba le litšoaneleho tse ngata tse ntle, empa o tla senya lebitso la hae le letle haeba a sa ele nako hloko.
Molebeli e mong o ile a re: “Batho ba bolokang nako ba mpha kholiseho. Ke bona bao ke khethang ho sebetsa le bona.” Ba boetse ba ananeloa litabeng tsa khoebo ea lefatše. Emily Post’s Etiquette ea eletsa: “Fihla mosebetsing ka nako; potlakela ho ba teng libokeng; isa litlaleho ha nako ea tsona e fihlile.” Ka ho tšoanang, The New Etiquette (1987) e bolela hore, ka kakaretso, “ho lieha ho fihla ke ho fihla ho hlokang mekhoa e metle.” Joale lingoli tseo lia phaella: “Litšebeletso tsa bolumeli hape ke ketsahalo e ’ngoe e sa lokelang hore motho a liehe ho fihla ho eona.”
Kaofela ha rōna re ananela ha ba bang ba boloka nako. Ka ho totobetseng moapostola Pauluse o ne a ikutloa ka tsela eo, kahobane o ile a ngolla Bakreste ba Kolosse tjena: “Ke ntse ke e-na le lōna ka moea, ’me ke thabela ho bona kamoo le itlhophisitseng.” (Ba-Kolosse 2:5, TLP) ’Me ruri le rōna re na le maikutlo a Morena Davida mabapi le litšepiso tsa Jehova ha a ne a ngola tjena ho Lipesaleme: “Molimo oa ka, u se ke ua lieha.”—Pesaleme ea 40:17; 70:5.
“Le be Baetsisi ba Molimo”
Ka sebele, ha ho mohla Jehova a liehang. Oa ikhetha ka ho falimehela ha hae nako. Hona ho bonahala mesebetsing ea hae eohle ea pōpo. Ho tloha ka bokahohle bo se nang moeli ho fihlela linthong tse nyenyane haholo tse phelang, kaofela ha tsona li sebetsa joalokaha eka li laoloa ke oache e sa bonahaleng. Ka mohlala, mofuta o mong oa mohalalitoe oa leoatle haufi le Japane o ntša lisele tsa oona tsa botona kapa botšehali hang selemong se seng le se seng ka Mphalane hoo e ka bang ka hora ea boraro mantsiboea nakong ea ha khoeli e holimo e thoasa le ha e le haufi le ho tōlōka. Nakong ea selemo tlhapi e nyenyane e nang le ’mala oa silevera mahlakoreng e lekanyetsa nako ea eona ea ka mehla ea ho behela nakong ea metsotso e seng mekae ha khoeli kapa letsatsi le hulela leoatle lebōpong la California.
Ho lekanyetsa ha Jehova nako le hona ke ho sa foseng ha ho tluoa tabeng ea ho phethahatsa tšepiso ea hae. Ka mohlala, ho Exoda 12:41 re bala hore ‘qetellong ea lilemo tse makholo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makhotla kaofela a Jehova a tsoa naheng ea Egepeta.’ Ka hona Jehova o ile a boloka tšepiso eo a neng a e entse ho Abrahama lilemo tse makholo-kholo pejana.—Genese 15:13-16; Ba-Galata 3:17.a
Jehova o ile a romela Mora oa hae, Messia, lefatšeng hantle ka nako e neng e boletsoe esale pele ke moprofeta Daniele nako e fetang makholo a mahlano a lilemo pejana, hoo a ileng a “shoa ka nako e tšoanelang [“khethiloeng,” NW], sebakeng sa ba sa reng letho ka Molimo.” (Ba-Roma 5:6; Daniele 9:25) Mabapi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, Bibele e bontša hore Jehova o tseba “letsatsi leo le hora eo.” (Mattheu 24:36) A ke ke a lieha. Ka ho hlakileng, mohlala oa Jehova oa ho boloka nako o tšoaneloa ke hore re o etsise.—Ba-Efese 5:1.
“Ka Nako ea Tsona e Khethiloeng”
Ka mehla Jehova o ’nile a lebella hore bahlanka ba hae ba falimehele nako, haholo-holo mabapi le borapeli ba hae. Ha Baiseraele ba ne ba nyehela mahlabelo ho ne ho lateloa “kemiso ea letsatsi le letsatsi.” Jehova o ile a ba laela: ‘Le lokela ho ela hloko ho hlahisa linyehelo tsa ka ho ’na . . . ka linako tsa tsona tse khethiloeng.’ O ile a boela a fa Moshe taelo ena ka liboka: “Phutheho eohle e tlameha ho boloka nako ea eona ea taetsano.”—Levitike 23:37, NW; Numere 10:3, NW; 28:2, NW.
Hamorao, Bajode ba ile ba boloka ‘nako eo ho chesoang libano ka eona.’ (Luka 1:10) Bajode le ba bang ba ne ba boloka “hora ea thapelo, e leng ea boroba mono o le mong.” (Liketso 3:1; 10:3, 4, 30) ’Me mabapi le liboka tsa Bokreste, Pauluse o ile a ngola: “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”—1 Ba-Korinthe 14:40.
See sohle se ne se tla hloka eng ho Baiseraele le Bakreste ba pele? Se ne se tla hloka hore ba boloke nako bakeng sa linako tsa bona tsa taetsano, haholo-holo mabapi le borapeli ba bona. Ha ho na lebaka la ho nahana hore Jehova o ne a tla lebella ho fokolang ho bahlanka ba hae kajeno.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba ho Fumanang ho le Thata
Maikutlo a fapana ka ho pharalletseng mabapi le nako ho tloha karolong e ’ngoe ea lefatše ho ea ho e ’ngoe. Moromuoa e mong o tlaleha hore torotsoaneng e ’ngoe ea Amerika Boroa, ka linako tse ling mosali oa hae e ne e ee e be eena feela momameli ea teng ha a ne a phatlalatsa pina e bulang qalong ea seboka sa Bokreste. Empa ha a ne a phatlalatsa pina e koalang, ho ne ho ee ho be le batho ba 70. Ka lehlakoreng le leng, naheng e ’ngoe ea Europe Bophirimela, batho ba ka bang sekete ba ile ba botsoa tjena: “Haeba u ne u memetsoe lijong ka 7:00 mantsiboea, na u lokela ho fihla metsotso e mehlano kapa e leshome pele, kapa u liehe ho fihla ka metsotso e mehlano kapa e leshome, kapa u fihle hantle feela ka nako?” Ba bangata ba ile ba arabela ka hore “mekhoa e metle e hloka hore ho be le tlhompho e matla ho motho ea amohelang baeti le hore ho fihloe hantle ka motsotso o behiloeng.”
Ho sa tsotellehe hoo, hore motho a boloke nako ke ntho e fetang taba ea khetho ea sebaka ka seng. Ke tloaelo, feela joalokaha ho hloeka, ho ba makhethe, kapa ho ba bonolo e le taba ea tloaelo. Ha e le hantle, ha re hlahe re na le litloaelo tse joalo; re tlameha ho li hlaolela. Haeba u rutiloe ho boloka nako u sa le ngoana, hoo ke lehlohonolo. Empa ba bangata ba tsoa malapeng le litikolohong tseo ho tsona ho neng ho e-na le meeli e fokolang ea nako le tlhokahalo e fokolang ea hore motho a kopanye boiteko ba hae le boiteko ba batho ba bang. Ke feela ha ba fetoha karolo ea phutheho ea Bokreste ’me ba nka karolo libokeng tsa eona le tšebeletsong ea pontšeng tlhokahalo ea poloko ea nako e fetohang ntho ea sebele ho bona. Ba ka ’na ba fumana ho le thata hore ba lokise tloaelo ea ho lieha eo ba ithutileng eona pele bophelong. Ho sa tsotellehe hoo, lerato ho Jehova Molimo le lerato ho moahisani oa motho le ka susumetsa motho hore a fetohe. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha u lokela ho fetoha?
Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Boloka Nako?
Benjamin Franklin o kile a botsa: “Na u rata bophelo? Joale u se ke ua senya nako, kahobane oo ke ’ona motsoako oo bophelo bo entsoeng ka ’ona.” Kaofela ha rōna re hlokomela ’nete polelong eo. Leha ho le joalo, ho Bakreste ho se senye nako ea ba bang ke ntho ea bohlokoa ka ho lekanang. Moromuoa e mong oa hlokomela: “Motho ea liehang ho fihla, ka liketso tsa hae ho bonahala eka o re, ‘Nako ea ka ke ea bohlokoa haholoanyane ho feta ea hao, kahoo u ka ema ho fihlela ke itokisitse.’” Motho ea sa bolokeng nako ha a hlahe feela a hloka tlhophiso a bile a sa tšepahale empa hape o bonahala a batla a inka a le bohlokoa ’me ha a nahanele. Bakreste ba ’nete ha ba batle ho “etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.”—Ba-Filippi 2:3.
Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ha ba batle ho phela ka oache, mohato o mong le o mong o se o laoloa ke eona. Leha ho le joalo, ho boloka nako hase taba feela ea ho laoloa ke oache. Ke taba ea ho nka lithahasello le se leng molemo ho batho ba bang e le tsa bohlokoa, ‘ho se hlokomele tsee e leng tsa hao feela, u mpe u hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’—Ba-Filippi 2:4.
Ka mohlala, nahana ka keletso ena ea Bibele: “Le amohelane ke hona, joalo ka ha Kreste le eena a le amohetse.” (Ba-Roma 15:7) Haeba ka tekanyo e itseng sena se sebetsa litumelisong tsa sebele, ka ho hlakileng ho thata haholoanyane hore motho a ho etse haeba a lieha ho fihla libokeng ka tloaelo. Ka ho fihla pele libokeng, u ka tlatsetsa moeeng oa lerato, oa botsoalle, le oa ho amohela ba bang lipōkanong tse joalo ka tekanyo e kholoanyane. ’Me ka sebele melemo ea fapanyetsanoa. Ho fihla pele ho u nolofalletsa hore u kopanele pineng e bulang le thapelong—e leng karolo ea bohlokoa ea borapeli bo kopaneng ba phutheho. Ho utloa ha ho phatlalatsoa sehlooho ho tla u thusa hamolemonyana hore u tsamaisane le lenaneo ha le ntse le hōlisoa.
Ho boloka ha hao nako ho nolofalletsa ba bang hore ba kopanye boiteko ba bona, ka baka leo ho ka finyelloa ho hongata. Ha a hlasela motse oa Ai, Joshua o ile a romela karolo e ’ngoe ea makhotla a hae hore e hulele sera ka ntle ho motse ha banna ba bang ba hae kaofela ba ne ba ntse ba ipatile ba laletse ho nka motse. Joale Joshua a fana ka pontšo, nakong ea makhaola-khang. Banna ba hae “ha ba bona a otlolotse letsoho la hae; ba matha,” ’me motse oo o ile oa oa ka pel’a bona. Na u ka nahana hore na ho ka be ho ile ha etsahala eng haeba ba ne ba sa ka ba boloka nako ha ba nka khato?—Joshua 8:6-8, 18, 19.
Kajeno basebeletsi ba Bakreste ba na le mabaka a mangata a hore ba falimehele nako. Ho kopanela ho boleleng ka ’Muso le ba bang, ho ikoetlisetsa mananeo a kopano kapa a liboka, esita le ho hloekisa Holo ea ’Muso, kaofela li hloka hore re kopanye liketso tsa rōna le tsa ba bang. Ka ho boloka nako, re ka finyella ho hongata. Hona ke ’nete le nthong e nyenyane joaloka hore motho a tlalehe tšebetso ea hae ea ho bolela bofelong ba khoeli. Ha e mong le e mong a e-ba le tšebelisano-’moho ho etseng joalo ka potlako, joale ho ka bokelloa litlaleho tse nepahetseng le tse khothatsang tsa phutheho le tsa lefatše ka bophara.
Ho boloka nako ho boetse ho akarelletsa ho boloka linako tsa taetsano le meeli ea nako e behiloeng bakeng sa seboka, tseo ho tsona ho nang le tse ngata letsatsi le leng le le leng. Tse ling ke tsa bohlokoa, tse ling ke tsa bohlokoa bo fokolang. Ka mohlala, lechato la hao le lokela ho qala ka nako e khethiloeng. U ka ’na ua rata ho belisa lehe la hao ka metsotso e itseng feela. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, motho ea bolokang nako ha ho hlokahale hore a phothasele ka lehlapha-hlapha ho tloha nthong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, a lieha nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Ho fapana le hoo, o iketlile ’me o hlophisehile. O finyella ho hongata hobane o rera letsatsi la hae ’me o qalisa ka nako kapa esale pejana.
Ka sebele, ho na le mabaka a mangata ao Bakreste ba lokelang ho ela nako hloko ka ’ona. Ka holim’a tsohle, ke tsela e ’ngoe ea ho bontša lerato la rōna le se nang boithati ho Bakreste ’moho le ho hlompha ha rōna litokisetso tsa puso ea Molimo bakeng sa borapeli ba ’nete.
Leha ho le joalo, motho a ka hlaolela tloaelo ea ho boloka nako joang?
‘Tseba Linako Tse Khethiloeng’
Bibele e re: “Esita le mokotatsie . . . o tseba linako tsa oona tse khethiloeng” hore o falle, le bohloa “bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula” hore bo itokisetse mariha. (Jeremia 8:7, NW; Liproverbia 6:8) Tabeng eo ho na le lekunutu la ho boloka nako le ho etsa lintho.
Le rōna re tlameha ‘ho tseba linako tsa rōna tse khethiloeng.’ Le hoja re sa etse lintho ka tsela e sa fetoheng kapa re sa be le mafolo-folo a tlōlisang, re lokela ho ela nako hloko. Ha ho hlokahale hore re tsebe feela hore na re lokela ho etsa eng empa hape re lokela ho tseba hore na re lokela ho e etsa neng. Ho hlokahala hore re be le tloaelo ea ho nahana lintho esale pele, re ntse re fana ka sebaka bakeng sa lintho tse liehisang tse ka etsahalang, le ho ikemisetsa ho khutsufatsa tšebetso eo re ntseng re e etsa bakeng sa ntho e ’ngoe ea bohlokoahali, joaloka liboka tsa rōna, tšebeletso ea tšimo, le mesebetsi e meng ea puso ea Molimo.
Ntlheng ena, ho hlokahala tšebelisano-’moho ea lelapa. Ho hlokomelehile hore hangata ntate o tlohella taba ea ho itokisa ha lelapa ho mosali. Joale, o tsoa monyako a le mong, ebe oa hetla ’me o re, “Potlakang, ho seng joalo le tla lieha!” Jakobo o ne a se joalo; o ile a thusa ho “bea bana ba hae le basali ba hae likameleng” ha e ne e le nako ea hore ba tsamaee.—Genese 31:17.
Ka hona, ntate a ka thusa lelapa la hae joang? Bana ba ka rutoa hore ba iphe nako ea ho itokisetsa lintho tsa bohlokoa ho e-na le ho tlohella ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore e etsoe ka motsotso oa ho qetela. Ba ka thusoa hore ba hlaolele boikutlo ba ho ikarabella le ho ba motlōtlō ka ho etsa lintho ka potlako. Le le lelapa, nahanang ka mehlala ea Bibele e bontšang bohlokoa ba ho itokisetsa ntho e itseng le ho boloka nako. (Genese 19:16; Exoda 12:11; Luka 17:31) Mohlomong thuto e molemo kapa e atlehang haholo e fanoa ke mohlala o nepahetseng oa batsoali.
Balebeli ba Bakreste le bona ba ka thusa phutheho ka ho beha mohlala o nepahetseng. Ba ka be ba sa ka ba khethoa ntle le haeba ba ne ba e-na le “hlompheho.” (1 Timothea 3:2) Mohlomong baena le bo-khaitseli ba bang ba tla boloka nako haholoanyane haeba ba tseba hore baholo ba tla be ba le teng hore ba ba lumelise le hore ba etelle pele. Ka hona balebeli ba hlokolosi ba tla loanela hore ba be Holong ea ’Muso pele hore ba thuse phutheho. Bahlanka ba sebeletsang ba fihlang pele hore ba lumelise baena ba bona le hore ba sebeletse litlhokahalo tsa bona ba ananeloa haholo.
Ha e le hantle, hore motho a boloke nako ho hloka hore motho a be le boitšoaro le ho ikhalemela. Che, eseng molemong oa ho finyella boemo bo kang ba masole ba ho nepa lintho hantle, empa ka baka la lerato la rōna ho Bakreste ’moho le rōna le ho hlompha tlhophiso ea puso ea Molimo. Ena ke karolo ea botho bo bocha boo re lekang ho bo apara. (Ba-Kolosse 3:10, 12) Ka holim’a tsohle, re batla ho tšoana le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo, ea re rutang hore “bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e khethiloeng.”—Moeklesia 3:1, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea boprofeta bona, bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, maqephe 460-1 le 776-7.