Likenyelletso Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
Litlhaloso: Ha u lekanyetsa hore na u tla sebelisa kenyelletso efe ha u kopanela tšebeletsong ea tšimo, ho na le lintlha tse tharo tse lokelang hore li eloe hloko ka ho fetisisa: (1) Molaetsa oo re romiloeng hore re fane ka oona ke “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matt. 24:14, NW) Esita le haeba re sa bue ka oona ka ho toba re lokela ho hopola ka ho thusa batho hore ba bone hore o-oa hlokahala, kapa mohlomong ho hleka litšitiso tsa hore ba nahane ka oona. (2) Kameho ea ’nete bakeng sa boiketlo ba batho bao re kopanang le bona e tla re thusa, joalokaha e ile ea thusa Jesu, hore re fihle lipelong. (Mar. 6:34) Thahasello e joalo ea ’nete e ka ’na ea bontšoa ka pososelo e mofuthu le ka ho ba le botsoalle, ho utloisisa ho mamela ha ba bua le ho etsa hore lipolelo tsa rōna li tenyetsehe ho latela maemo, hape ka hore na re sebelisa lipotso joang ho ba khothatsa hore ba itlhalose e le hore re ka utloisisa maikutlo a bona hamolemo. Ba-Korinthe ba Pele 9:19-23 e bontša hore moapostola Pauluse o ile a etsa hore nehelano ea hae ea litaba tse molemo e lumellane le maemo a batho bao a buisanang le bona. (3) Likarolong tse ling tsa lefatše, ho lebelloa hore baeti ba hlokomele mekhoa eitseng pele ba bolela lebaka la boeti ba bona. Libakeng tse ling mong a ntlo a ka ’na a lebella hore moeti ea fihlang ka tšohanyetso a tobe taba ka potlako.—Bapisa Luka 10:5.
Likenyelletso tse latelang li bontša hore na Lipaki tse nang le phihlelo li qala meqoqo joang. Haeba likenyelletso tseo u li sebelisang hona joale li sa atise ho u bulela tsela ea ho qalisa meqoqo, leka tse ling tsa litlhahiso tsena. Ha u etsa joalo, ha ho pelaelo hore u tla rata ho li bua ka mantsoe a hao. Hape, u tla fumana e le thuso hore u fumane litlhahiso tse tsoang ho Lipaki tse ling tse atlehang hamolemo ho atamela batho phuthehong ea heno.
HARMAGEDONE
● ‘Batho ba bangata ba amehile ka Harmagedone. Ba utloile baeta-pele ba lefatše ba sebelisa lentsoe leo mabapi le ntoa e akaretsang ea nuclear. Uena u lumela hore Harmagedone e tla bolela eng ho batho? . . . Ha e le hantle, lebitso Harmagedone le nkiloe ka Bibeleng, ’me le bolela ntho e fapaneng le seo lentsoe le se sebelisetsoang ka tloaelo. (Tšen. 16:14, 16) Bibele e boetse e bontša hore ho na le lintho tseo rōna ka borōna re ka li etsang hore re tle re phonyohe. (Sof. 2:2, 3)’ (Bona le maqephe 120-125, tlas’a sehlooho se seholo “Harmagedone.”)
BIBELE/MOLIMO
● ‘Lumela. Ke u etetse hakhutšoaane ho kopanela le uena molaetsa oa bohlokoa. Ak’u hlokomele seo Bibele e se buang mona. (Bala lengolo le kang Tšenolo 21:3, 4.) U nahana eng ka seo? Na se utloahala hamonate ho uena?’
● ‘Re ntse re buisana le batho bao re ahisaneng le bona ka hore na thuso e molemo e ka fumanoa hokae bakeng sa ho loana ka katleho le mathata a bophelo. Nakong e fetileng, batho ba bangata ba ne ba e-ea Bibeleng. Empa re phela nakong ea ha boikutlo bo fetoha. U ikutloa joang ka hoo? Na u kholoa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo kapa u ikutloa hore ke buka e ntle feela e ngotsoeng ke batho? . . . Haeba e e-tsoa ho Molimo, u nahana hore motho a ka nepisisa hoo joang?’ (Bona maqephe 54-63, tlas’a sehlooho se seholo “Bibele.”)
● ‘Ke thabela ho u fumana u le teng lapeng. Ke kopanela le bao ke ahisaneng le bona taba e khothatsang e tsoang ka Bibeleng (kapa, Mangolo a Halalelang). Na u kile ua ipotsa: . . . ? (Botsa potso e lebisang sehloohong sa hao sa puisano.)’
● ‘Re khothalletsa batho ho bala Libibele tsa bona. Likarabelo tseo e fanang ka tsona lipotsong tsa bohlokoa li atisa ho makatsa batho. Ka mohlala: . . . (Pes. 104:5; kapa Dan. 2:44; kapa a mang).’
● ‘Kajeno re etela baahelani ba rōna ka bokhutšoaane. Batho ba bang bao re buisanang le bona ba na le tšepo ho Molimo. Ba bang ba fumana ho le thata ho lumela ho oona. Uena u ikutloa joang? . . . Bibele e re khothalletsa hore re nahane ka bohlokoa ba bokahohleng bo bonahalang. (Pes. 19:1) Eo melao ea hae e laolang lihloliloeng tsena tsa leholimo o boetse o re file tataiso ea bohlokoa. (Pes. 19:7-9)’ (Bona le maqephe 329-336, 371-375, tlas’a lihlooho tse khōlō “Molimo” le “Pōpo.”)
BOKEBEKOA/TŠIRELO
● ‘Lumela. Re buisana le batho ka taba ea tširelo ea botho. Re pota-potiloe ke bokebekoa bo bongata, ’me bo ama bophelo ba rōna. Na u nahana hore ho tla tla nako eo ka eona batho ba kang ’na le uena ba tla ke ba tsamaee literateng bosiu ’me ba ikutloe ba sireletsehile? (Kapa, Na u ikutloa hore ho na le ea nang le pheko ea sebele bothateng bona?) . . . (Liprov. 15:3; Pes. 37:10, 11)’
● ‘Lebitso la ka ke ——. Ke motho oa hona mona. Ha ke ntse ke e-tla hoseng hona, ke hlokometse hore e mong le e mong o bua ka (bolela bokebekoa bo sa tsoa etsahala moo kapa taba e ’ngoe e ammeng batho maikutlo sebakeng seo). U nahana joang ka hona? . . . Na ho na le ntho eo u ikutloang hore e ka thusa hore bophelo ebe bo sireletsehileng haholoanyane? . . . (Liprov. 1:33; 3:5, 6)’
LIKETSAHALO TSA MORAO-RAO
● ‘Lumelang. Lebitso la ka ke ——. Ke motho oa hona mona ea tsoang (bolela seterata kapa sebaka). Na u bone litaba tsa TV bosiung bo fetileng? . . . Tlaleho e neng e bua ka (bolela taba e sa tsoa etsahala e amang maikutlo)— u nahana joang ka eona? . . . Ke ntho e tloaelehileng ho utloa batho ba botsa, Lefatše lee le habile hokae? Rōna joaloka Lipaki tsa Jehova re lumela hore re phela ho seo Bibele e se bitsang “mehla ea qetello.” Hlokomela tlhaloso ena e qaqileng e ho 2 Timothea 3:1-5.’ (Bona hape maqephe 293-302.)
● ‘Na u kile ua bala see koranteng bekeng ee? (Bontša seo u se tabotseng ka bokhutšoaane.) U ikutloa joang . . . ?’
● ‘Ke rata ho u botsa potso. Haeba u ka ikhethela, ke bothata bofe ho a mangata a talimaneng le lefatše hona joale boo u ka ratang ho bona bo lokisoa pele? (Kamor’a ho ithuta se ammeng mong a ntlo ka ho fetisisa, se sebelise e le motheo oa puisano.)’
KHIRO/MATLO
● ‘Re ’nile ra buisana le batho bao u ahisaneng le bona ka seo re ka se etsang ho tiisa hore ho tla ba le mesebetsi le matlo bakeng sa bohle. Na u kholoa hore ke ho utloahalang ho lebella hore mebuso ea batho e ka finyella see? . . . Empa ho na le e mong ea tsebang hore na mathata ana ’ohle a ka rarolloa joang; eo ke ’Mōpi oa batho. (Esa. 65:21-23)’
● ‘Re arolelana maikutlo a buang ka ’muso o molemo le batho bao re ahisaneng le bona. Batho ba bangata ba rata ho ba le ’muso o joalo o lokolohileng tšilafalong, o neang bohle mosebetsi le matlo a matle. Ke ’muso oa mofuta ofe oo u nahanang hore o ka etsa hona hohle? . . . (Pes. 97:1, 2; Esa. 65:21-23)’ (Bona le maqephe 376-380, tlas’a sehlooho se seholo “Puso.”)
LELAPA/BANA
● ‘Re ntse re buisana le batho ba thahasellang hore na re ka loana ka katleho joang le mathata a bophelo ba lelapa. Bohle re leka ho etsa ho molemohali hoo re ka ho khonang, empa haeba ho e-na le ho hong ho ka re thusang hore re atlehe haholoanyane, rea ho thahasella, na ha ho joalo? . . . (Ba-Kol. 3:12, 18-21) Bibele e re beela tšepo e fanang ka bokamoso ba sebele bakeng sa malapa a rōna. (Tšen. 21:3, 4)’
● ‘Bohle re rata ha bana ba rōna ba phela ba thabile. Empa na u nahana hore ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella hore lefatše le khathatsong kajeno le tla qetella le thabile? . . . Ka hona, u nahana hore bana ba rōna ba tla talimana le lefatše la mofuta ofe ha ba hōla? . . . Bibele e bontša hore Molimo o tla etsa lefatše lena sebaka se babatsehang seo ho ka pheloang ho sona. (Pes. 37:10, 11) Empa hore na bana ba rōna ba tla ba teng ho lona, ho itšetlehile haholo ka khetho eo re e etsang. (Deut. 30:19)’
BOKAMOSO/TŠIRELETSEHO
● ‘Lumela. U phela joang? . . . Re leka ho kopanela le bao re ahisaneng le bona pono e molemo ea bokamoso. Na ke tsela eo u lekang ho sheba bophelo ka eona? . . . Na u fumana hore maemo a mang a u thatafalletsa ho etsa joalo? . . . Ke fumane hore Bibele e thusa haholo ntlheng ena. E hlalosa maemo a teng mehleng ea rōna ka mokhoa o utloahalang, empa hape e hlalosa seo a se bolelang ’me e re bolella hore na phello etlaba efe. (Luka 21:28, 31)’
● ‘Lumela. Lebitso la ka ke ——. Uena u mang? . . . Ke khothalletsa bacha ba kang uena hore ba nahane ka bokamoso bo boholo boo Bibele e re tšoaretseng bona. (Bala lengolo le kang Tšenolo 21:3, 4.) Na hoo ho utloahala ho le molemo ho uena?’
THUTO EA LEHAE EA BIBELE
● ‘Ke u etetse ho tla buisana le uena ka thupelo ea Bibele e sa lefelloeng ea lapeng. Haeba ho ka etsahala, ke rata hore nke ke nke metsotsoana e seng mekae ho u bontša kamoo batho, linaheng tse ka bang 200 ba buang ka Bibele malapeng e le lihlopha tsa malapa. Re ka thea puisano ea rōna ho efe kapa efe lipuisanong tsena. (Mo bontše leqephe la se kahare bukeng e ithutoang.) Ke efe e hlileng e u khahlang ka ho fetisisa?’
● ‘Re bontša baahelani ba rōna thuso ena ea ho ithuta Bibele. (E bontše.) Na u kile ua e bona? . . . Haeba u e-na le metsotso e seng mekae feela, ke rata ho u bontša kamoo e ka sebelisoang kateng le Bibele ea hao.’
LEEME/HO HLOMOHA
● ‘Na u kile ua ipotsa: Na Molimo o hlile o-oa tsotella ka leeme le ho hlomoha tseo batho ba fetang har’a tsona? . . . (Moek. 4:1; Pes. 72:12-14)’ (Bona le lihlooho tse khōlō “Ho Hlomoha,” le “Khothatso.”)
’MUSO
● ‘Ha ke buisana le baahelani ba ka, ke hlokometse hore ba bangata ba laba-labela ho phela tlas’a ’muso o ka rarollang ka sebele mathata a maholo ao re talimaneng le oona kajeno—bokebekoa le tšenyehelo e matla ea ho phela, (kapa, ntho leha e le efe eo ba bangata ba nahanang ka eona nakong eo). Hoo e ka ba ho lakatsehang, na ha ho joalo? . . . Na ho na le ’muso o joalo kajeno? . . . Batho ba bangata ba hlile ba rapella ’muso o ka etsang lintho tseo. Ha ho pelaelo hore u o rapelletse, empa batho ba bangata ha ba o nahane e le ’muso. (Dan. 2:44; Pes. 67:6, 7; Mik. 4:4)’ (Bona le maqephe 336-343 le 376-380, tlas’a lihlooho tse khōlō “’Muso,” le “Puso.”)
● ‘Re botsa bao re ahisaneng le bona potso. Re ka lakatsa ho utloa tlhaloso ea hao potsong ena. U-ua tseba, Jesu o re rutile ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle le hore thato ea oona e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Na u nahana hore thapelo ee e tla ke e arabeloe e le hore thato ea Molimo e tle e fele e etsoe moo lefatšeng? . . . (Esa. 55:10, 11; Tšen. 21:3-5)’
● ‘Ke ntse ke buisana le bao ke ahisaneng le bona ka tseko eo bohle re tlamehang ho talimana le eona: Na re rata ’muso oa Molimo, kapa re ikhethela bobusi ba batho? Ha re sheba maemo a teng lefatšeng kajeno, na u ikutloa hore re hloka ho hong ho fapaneng le hoo batho ba ho hlahisitseng? . . . (Matt. 6:9, 10; Pes. 146:3-5)’
MEHLA EA QETELLO
● ‘Re ntse re etela batho ho buisana le bona ka tlhaloso ea se etsahalang ho re pota-pota lefatšeng kajeno. Batho ba bangata ba feletsoe ke thahasello ho Molimo le litekanyetso tsa oona bakeng sa ho phela joalokaha li beiloe ka Bibeleng. Hona ho susumelitse batho haholo hore na ba ikutloa joang e mong ho e mong. Ak’u ntumelle hore ke kopanele le uena tlhaloso ena e ho 2 Timothea 3:1-5, ’me u mpolelle hore na u nahana hore e tšoanela lefatše kajeno. (Bala) . . . Na ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella maemo a molemo nakong e tlang? (2 Pet. 3:13)’
● ‘Batho ba bangata ba lumela hore lefatše lena le felloa ke nako ka potlako. Ba bua ka nako ea rōna e le “mehla ea qetello.” Empa na u kile ua hlokomela hore Bibele e re bolella kamoo re ka phonyohang bofelo ba lefatše la hona joale ’me re phele lefatšeng le tla beng le entsoe paradeise? (Sof. 2:2, 3)’ (Bona le maqephe 293-302, tlas’a sehlooho se seholo “Mehla ea Qetello.”)
Bona le “Liketsahalo tsa Morao-rao” letotong lena la likenyelletso tse khothallelitsoeng.
BOPHELO/THABO
● ‘Re etetse batho bao re ahisaneng le bona ho fumana ba hlileng ba amehileng ka botebo ka hore na bophelo bo seng. Batho ba bangata ba batla ba thabile. Empa le bona ba talimana le mathata a mangata. Ha re ntse re hōla, re hlokomela hore bophelo bo bokhutšoaane haholo. Na bophelo bo ne bo reretsoe ho ba tjee feela? U ikutloa joang ka see? . . . (Hlalosa morero oa mathomo oa Molimo joalokaha o bonahalitsoe Edeneng; joale Johanne 17:3 le Tšenolo 21:3, 4.)’ (Bona le maqephe 83-87, tlas’a sehlooho se seholo, “Bophelo.”)
● ‘Kajeno re ntse re botsa bao re ahisaneng le bona hore na ba nahana eng ha ba bala Libibeleng tsa bona polelo e reng, “bophelo bo sa feleng.” Ke ho thahasellisang ka ho khethehileng hobane polelo eo e hlaha ka makhetlo a ka bang 40 ka Bibeleng. Ebe bophelo bo joalo bo ka bolela eng bakeng sa rōna? . . . Re ka bo fumana joang? (Joh. 17:3; Tšen. 21:4)’
● ‘Re buisana le batho ba amehileng kannete ka bophelo bo pheloang kajeno. Ba bangata ho rōna ba thabela ho phela, empa ba bangata baa ipotsa, Na bophelo bo thabileng ka sebele bo ka fumaneha? U ikutloa joang ka hoo? . . . U ka re e ’ngoe ea litšitiso tse khōlōhali tsa thabo ke efe kajeno? . . . (Pes. 1:1, 2; le litemana tse ling tse ka lokelang se amang mong a ntlo)’
LERATO/MOSA
● ‘Re fumane hore batho ba bangata ba amehile haholo ka ho haella hoa lerato la sebele lefatšeng. Na le uena u ikutloa ka tsela eo? . . . Ke hobane’ng ha u nahana hore ho sekametsoe ho see? . . . Na u ne u tseba hore Bibele e hlile ea bolela boemo bona? (2 Tim. 3:1-4) E boetse e hlalosa lebaka la hona. (1 Joh. 4:8)’
● ‘Lebitso la ka ke ——. Ke e mong oa baahelani ba hao. Ke ntse ke etela ka bokhutšoaane bao ke ahisaneng le bona ho buisana le bona ka ntho e ’ngoe e nkamang haholo, ’me kea tiisa hore le uena u e hlokometse. Mosa ha o hloke ho hongata, empa ho bonahala o bonahala seoelo kajeno. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha boemo bona bo le teng? . . . (Matt. 24:12; 1 Joh. 4:8)’
BOTSOFALI/LEFU
● ‘Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? Likhulu tse ling tsa leoatle li phela lilemo tse makholo. Lifate tse ling li phetse lilemo tse likete. Empa batho ba phela feela lilemo tse 70 kapa 80 ebe baa shoa. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng? . . . (Ba-Roma 5:12) Na boemo boo bo tla ke bo fetohe? . . . (Tšen. 21:3, 4)’
● ‘Na u kile ua botsa? Na lefu ke qetello ea sohle? Kapa ho na le ho hong kamorao ho lefu? . . . Bibele e hlakisa potso leha e le efe eo re ka ’nang ra ba le eona ka lefu. (Moek. 9:5, 10) E boetse e bontša hore ho na le tšepo ea sebele bakeng sa batho ba nang le tumelo. (Joh. 11:25)’ (Bona hape maqephe 217-223 le 201-204, tlas’a lihlooho “Lefu” le “Khothatso.”)
NTOA/KHOTSO
● ‘Hoo e ka bang motho e mong le e mong matsatsing ana o amehile ka tšokelo ea ntoa ea nuclear. Na u nahana hore re tla ke re bone khotso ea sebele lefatšeng lee? . . . (Pes. 46:8, 9; Esa. 9:6, 7)’
● ‘Ke ntse ke batla batho ba ka lakatsang ho phela lefatšeng le se nang ntoa. Lekholong lena la lilemo feela ho bile le lintoa tse makholo-kholo, ho akarelletsa lintoa tse peli tsa lefatše. Hona joale re talimane le tšokelo ea khohlano ea nuclear. U ikutloa hore ho hlokahalang ke hofe hore ho qojoe ntoa e joalo? . . . Ke bo-mang ba ka tlisang lefatše le nang le khotso? . . . (Mik. 4:2-4)’
● ‘Re fumana hore ke hoo e ka bang e mong le e mong ea reng o batla khotso ea lefatše. Boholo ba baeta-pele ba lefatše le bona bo bua joalo. Joale, ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho e finyella? . . . (Tšen. 12:7-12)’
HA BATHO BA BANGATA BA RE: ‘KE NA LE BOLUMELI BA KA’
● ‘Lumela. Re ntse re etela malapa ’ohle a karolong ena eo u leng ho eona (kapa, sebakeng sena), ’me re fumana hore boholo ba bona ba na le bolumeli ba bona. Ha ho pelaelo hore le uena u na le ba hao. . . . Empa, ho sa tsotellehe bolumeli ba rōna, re angoa ke mathata a mangata a tšoanang—theko e phahameng ea lintho, bokebekoa, ho kula—na ha ho joalo? . . . Na u ikutloa hore ho na le pheko ea sebele linthong tsee? . . . (2 Pet. 3:13; jj.)’
HA BATHO BA BANGATA BA RE: ‘KE TŠOAREHILE’
● ‘Lumela. Re ntse re etela bohle sebakeng sena sa heno ka molaetsa oa bohlokoa. Ha ho pelaelo hore u motho ea tšoarehileng, ka hona ke tla khutsufala.’
● ‘Lumela. Lebitso la ka ke ——. Ke tlile mona ka sepheo sa ho tla buisana le uena ka mahlohonolo a ’Muso oa Molimo le hore na re ka kopanela ho oona joang. Empa kea bona hore u tšoarehile (kapa, u leetong). Na nka u siela taba e khutšoaane feela?’
TŠIMONG E SEBETSOANG KHAFETSA
● ‘Ke thabela ho u fumana u le teng lapeng. Re maetong a rōna a beke le beke sebakeng sena ’me re na le ho hong hoo re ka ho kopanelang le uena ka lintho tse babatsehang tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsetsa batho.’
● ‘Lumela. Ke hantle ha ke boetse ke kopana le uena. . . . Ekaba ho pheloa joang ka lapeng? . . . Ke fapohetse ho tla kopanela le uena taba e buang ka . . . ’
● ‘Lumela. U phela joang? . . . Ke ’nile ka lakatsa ho fumana monyetla o mong oa ho buisana le uena. (Joale bolela taba e tobileng eo u batlang ho bua ka eona.)’