Mok’hatholike o’a e Thabela
E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ba le bothata ba lebili le tsoileng moea sebakeng sa mahae sa Virginia, U.S.A. A kokota tlung e haufinyane. Mofumahali oa ntlo eo a mo lumella hore a kene e le hore a tsebe ho letsetsa batho ba fanang ka thuso makoloing a robehileng. Hamorao Paki ea romella lengolo la teboho le kopi ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Karolo e latelang ke karabo eo a e fumaneng.
“Ke rata ho u bolella ka ho toba le ka botšepehi. Ke Mok’hatholike. Ha mang kapa mang a fihla monyakong oa ka a tšoere Molula-Qhooa kapa pampitšana leha e le efe, ke leka ho se li amohele. Haeba ke qobelleha ho li nka ke li lahlela ka moqomong oa lithōle. Bok’hatholike bo maling a ka ho tloha ke sa le ngoana.
“Leha ho le joalo, ke ile ka khahlehela buka ea lōna hobane e na le ‘Paradeise’ sehloohong sa eona le hobane e baleha ka ho hlakileng le habobebe. Lipotso tse botlaaseng ba maqephe li khothaletsa ho bala, litšoantšo e ne e le tse nkhahlang. Ke ratile ka ho khethehileng leqephe 11 hobane ke ntse ke leka ho etsa paradeise e joalo mona bakeng sa linonyana le liphoofolo. Ke na le likhama, mebutla, li-chipmunk, li-squarel, likalakunu tse hlaha le linonyana tsa mefuta eohle. . . .
“Ruri le phethahalitse ho hong ka ho lumella Mok’hatholike ho bala buka ea bolumeli bo bong. Ha! Kea belaela hore ebe le ka mohla ke tla fetola bolumeli. Empa buka ke ea e bala, ha joale le monna oa ka o’a e bala. Ke leboha haholo!”
Buka ena e ntle e na le maqephe a 256 a lekanang le a makasine ’ona, ’me e tletse litšoantšo tse fetang 150, boholo ba tsona li mebala e metle. Romella feela R4,50; e nyenyane ke R2,25.
Ka kōpo romellang buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, poso e lefeletsoe. Tšoaea lebokose le loketseng ho bontša hore na u batla buka e khōlō ka R4,50 [ ] kapa u batla e nyenyane ka R2,25 [ ], ’me u kenye chelete e loketseng.