Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 1/1 leq. 7
  • ‘Ho Tlala Moea o Nang le Cheseho’ Mexico

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Tlala Moea o Nang le Cheseho’ Mexico
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Ntša Mpa—Tsebo e Tlisa Boikarabelo
    Tsoha!—1987
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Ngoana a E-⁠ba Teng
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • “Lentsoe la Molimo le ne le Ntse le Tsoela Pele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 1/1 leq. 7

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

‘Ho Tlala Moea o Nang le Cheseho’ Mexico

“NAHA eohle e bonahala e tletse cheseho ’me e tsukutleha ke tšebetso.” Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Mexico e ngola joalo, ’me tlhaloso eo ke e nang le ’nete hakaakang! Tšebetso e tsukutlang naheng eo e pakoa ke hore ho fihlela ka Phato, ho bile le litlhōrō tse 70 tsa likhoeli tse latellanang tse fihlang sehlohlolong sa bahoeletsi ba 277 436. Ho phaella moo, ho tlalehiloe lithuto tsa Bibele tse fetang 400 000, ’me selemong se fetileng palo ea ba bileng teng Sehopotsong e ile ea fihla ho 1 046 291. Ke motheo o motle hakaakang bakeng sa khōlo ea ka moso!

Ntho e ileng ea totobala ka 1989 e bile ho fetoloa ha boemo ba Lipaki tsa Jehova Mexico. Ka baka leo, Bibele e ne e ka sebelisoa mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele, ’me liboka li ne li ka buloa ka thapelo. Sena se ile sa ba le tšusumetso e potlakileng. Ka likhoeli tse peli, palo ea bahoeletsi e ile ea qhoma ka ba ka holimo ho 17 000.

Thabo ea baena ketsahalong ena e bonoa litlhalosong tsa bona. E mong o ile a ngola: “Ha lengolo le ne le baloa ka phuthehong, le ile la sitisoa habeli ke litlatse tse khōlō. Le ne le hlolla!” E mong o itse: “Re ne re sitoa ho thiba meokho ea thabo. Liphello li bonahetse ho fihleng ka nako ho molemonyana. E mong le e mong o batla ho ba teng thapelong e bulang.”

Paki e ’ngoe e itse: “Tšimong ea rōna, mosali e mong ea mafolo-folo lenaneong la thuto ea Bibele la Kereke e K’hatholike o ile a hlalosa: ‘Haeba pele ka litlhaloso tsa tsona feela le limakasine tsa tsona, [Lipaki] li ne li re siea re khutsitse, ha e le mona joale li se li phetla Libibele menyako, re lahlehile!’”

Lipaki tsa Jehova Mexico li boetse li hatisa ho fana ka bopaki bo sa rereloang ka Bibele. Khaitseli e mong o ile a atamela mosali e mong ea ileng a botsa hore na o nahana’ng ka ho ntša mpa. Paki eo ile ea arabela: “Seo ke se nahanang ha se bohlokoa joaloka seo Bibele e se bolelang.” Ka mor’a ho bala mangolo a ’maloa, khaitseli o ile a beha mabaka tjena: “Bophelo ke ba bohlokoa ka ho fetisisa ho ’Mōpi, esita le bophelo ba ba e-song ho tsoaloe.”

Mosali eo eaba o bolela hore o ne a lebelletse lesea la hae la pele, ’me litlhahlobo tsa tliliniki li fane ka maikutlo a hore lesea le ne le tla hlaha e le sehole. Ngaka ea hae e ne e batla hore a ntše mpa, ’me monna oa hae o ne a lumetse, empa mosali eo o ne a sa kholiseha. Mohoeletsi eo o ile a tsoela pele ho behelana mabaka le eena ho tsoa ka Bibeleng, a mo fa lebitso la hae, ’me eaba ba arohana.

Lilemo tse hlano hamorao kopanong ea setereke, banyalani bao ’moho le ngoana ea lilemo li ’nè ba ne ba batla ho bona khaitseli le monna oa hae. E ne e le mosali eena eane! Ho ne ho etsahetse’ng? Ka mor’a ho qoqa le Paki eo, mosali eo o ile a etsa qeto ea ho ba le lesea la hae. Ngaka e ile ea hana ho ’mona hape, ’me le monna oa hae a etsa tšoso ea ho mo lahla haeba lesea le ne le ka la hlaha le holofetse. Ha nako ea hore a belehe e fihla, o ile a ea ho ngaka ea pele feela eo a neng a ka e fumana hore e mo thuse.

Hang ka mor’a hore lesea le hlahe, ngaka e ile ea re: “Kea u lebohela, ’mè! U na le ngoananyana ea ratehang.” A sa kholoe litsebe tsa hae, o ile a e kōpa hore e hlahlobe lesea ka hloko. Joale a e phetela pale ea hae. Seo ngaka e neng e ka se bolela ke ho re: “Hona ke mohlolo.” Mosali eo o ne a thabetse hore ebe o ne a bile le sebete sa ho hlompha pono ea Jehova ka khalalelo ea bophelo, ’me o ile a rehella lesea la hae le letle, le phetseng hantle ka khaitseli. Hang ka mor’a hore ebe o ne a le matla ka ho lekaneng, o ile a batla Lipaki ’me a qala ho ithuta Bibele le tsona. Ka mor’a nako e ka tlaase ho selemo, eena le monna oa hae ba ile ba kolobetsoa.

Moapostola Pauluse o khothallelitse: “Le be le cheseho moeeng; le sebeletse [“Jehova,” NW].” (Ba-Roma 12:11) Lipaki tsa Jehova Mexico, joaloka Bakreste ba ’nete hohle, li arabela khothalletsong ena ka pelo eohle ea tsona. Ke ka baka leo naha eohle e tletseng cheseho le ho tsukutleha ke tšebetso ea moea. Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae ba tšepahalang ka ho enneng hakaakang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela