Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Lentsoe la Molimo le ne le Ntse le Tsoela Pele”
PHUTHEHO ea Bokreste e ile ea hōla ho tloha ho litho tse batlileng ho ba 120 ho ea ho tse ka holimo ho 3 000 ka mor’a lihoranyana e theiloe. (Liketso 1:15; 2:41) Bibele e hlalosa hore “lentsoe la Molimo le ne le ntse le tsoela pele; ’me barutuoa ba ne ba anafala haholo Jerusalema.” (Liketso 6:7) Ka mor’a lilemo tse seng kae feela, phutheho e neng e sa tsoa thehoa e ile ea e-ba mokhatlo o hlophisitsoeng o nang le Bakreste lik’honthinenteng tsa Afrika, Asia le Europe.
Ka ho tšoanang, kajeno phutheho ea Bokreste e ba le keketseho e potlakileng. Ka mohlala, Mexico, ka lilemo tse hlano feela palo ea baboleli ba ’Muso e eketsehile ka ba fetang 130 000 ho ea ho ba 443 640! Ka 1995, motho a le mong ho ba 59 Mexico o ne a le teng Sehopotsong sa lefu la Kreste joalokaha se ketekoa ke Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, kotulo ea moea naheng eo ha e e-s’o phethoe, joalokaha ho hlakisoa ke phihlelo ena e latelang.—Mattheu 9:37, 38.
Motseng o mong seterekeng sa Chiapas, ho ne ho se na ea kileng a amohela thuto ea Bibele ea lehae le Lipaki tsa Jehova, esita le ka mor’a hore ba bolele litaba tse molemo ka lilemo tse ka bang 20 sebakeng seo. Ho hlakile hore batho ba bangata motseng oo ba ne ba tšosoa ke monna e mong ea neng a tumme ka ho ba mabifi. Ba ne ba tšaba hore na o tla itšoara joang ha a ka fumana hore ba ne ba ithuta Bibele le Lipaki.
Lipaki tse peli tse sebete tse neng li falletse sebakeng seo li ile tsa etsa qeto ea ho sebetsana le bothata ka hore li tobe monna eo ea belaelloang. Ha li fihla ha hae, mosali oa hae o ile a li bulela monyako ’me a mamela molaetsa oa tsona ka hloko. O ile a thahasella haholo-holo seo Bibele e se bolelang mabapi le ho phela paradeiseng lefatšeng. Empa o ne a tseba hore monna oa hae o ne a tla mo thatafaletsa lintho haeba a ne a ithuta Bibele. Lipaki li ile tsa mo hlalosetsa hore ntle le hore a hlahlobe ka hloko seo Bibele e se bolelang, ha ho mohla a tla tseba hore na a sebeletse Molimo joang le ho thabela bophelo lefatšeng ka ho sa feleng. O ile a amohela thuto ea Bibele.
Joalokaha a ne a lebeletse, monna oa hae ha aa ka a thabela qeto eo a e entseng. O ile a mo thibela ho sebelisa koloi ea hae ha a e-ea libokeng tsa Bokreste, le hoja a ne a lumelletsoe ho e sebelisa bakeng sa mabaka a mang. Ho sa tsotellehe khanyetso ea monna, kamehla o ne a itsamaela ka maoto ho ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e haufi, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse leshome. Kapele-pele ba bang motseng ba ile ba hlokomela sebete le boikemisetso ba hae. Batho ba ile ba qala ho mamela Lipaki ha li ba etetse malapeng a bona. Ba bang ba ile ba ba ba qalella ho tsamaea le mosali eo ha a e-ea libokeng. Ka mor’a nako e khutšoanyane, Lipaki li ne li khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 20 motseng oo!
Motsoalle oa mosali enoa le eena o ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele ho sa tsotellehe khanyetso ea monna oa hae. Ka ho makatsang, o ne a khothallelitsoe ho etsa joalo ke monna oa mosali oa pele. Ka mor’a hore monna eo a buisane le monna oa mosali enoa, khanyetso e ile ea emisa. Ke kamoo ho etsahetseng hore ka mor’a lilemo tse 20, peō ea ’nete ea Bibele e qetelle e metse, ka batho ba ka holimo ho 15 ba ithutang Bibele le ho kopanela libokeng tsa Bokreste, ho kopanyelletsa le basali bana ba babeli, bao hona joale ba phatlalatsang litaba tse molemo.