Etsang Tsohle ho Tlotlisa Molimo
1 Ho khatholla hakaakang ho kopana le baena ba rōna le bo-khaitseli ba ratehang! (1 Ba-Kor. 16:17, 18) Re etsa sena libokeng, likopanong tse khōlō, likopanong tse nyenyane le tšebeletsong ea tšimo. Re boetse re thabela botsoalle liketsahalong tsa boikhathollo, joaloka nakong eo re nang le baeti malapeng a rōna. Ka ho etsa joalo, re bontša moea oa ho amohela baeti le ho khothatsana. (Ba-Roma 12:13; 1 Pet. 4:9) Ha re lokisetsa mekete ea lenyalo, a re hopoleng keletso e molemo e fanoeng ho Molula-Qhooa oa October 15, 1984.
2 Boithabiso bo Hlophisitsoeng: ‘Leha re e-ja, leha re e-noa, leha re etsa ntho efe le efe,’ re lokela ho ‘etsa tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.’ (1 Ba-Kor. 10:31-33) Ba bang ha ba boloke keletso ena, ’me mathata a tsoela pele ho ba teng ka lebaka la ’moka ea boithabiso e meholo haholo hoo e sitoang ho hlokomeloa hantle. Liketsahalong tse ling, batho ba makholo ba memeloa ’mokeng eo ho eona ho nang le boithabiso ba lefatše. Ka linako tse ling ba eang ho eona ba kōpuoa ho lefa chelete e itseng ea ho kena kapa chelete e ’ngoe. ’Moka e joalo e tšoana haholo le liketsahalo tsa lefatše, tseo moea oa tsona o seng tumellanong le litekanyetso tse loketseng le melao-motheo ea Bibele.—Ba-Roma 13:13, 14; Ba-Ef. 5:15-20.
3 Ho ’nile ha tlalehoa hore ho ile ha hlophisoa mekete e meholo ea lenyalo, eo ho e meng ho bang le bamemuoa ba fetang 1 000. Libakeng tse ling, ho ’nile ha romeloa limemo tsa lenyalo tse memang feela batho ba baholo, eseng bana, moketeng. Ba bang ba ile meketeng ea lenyalo ba sa mengoa. Na see se tumellanong le tataiso e fanoeng nakong e fetileng? Ha ho joalo ho hang! Ka lebaka la bothata ba ho hlokomela lihlopha tse khōlō hakaalo ka ho loketseng, ho ’nile ha hlaha mathata. Ho se laolehe, ho sebelisa lino tse tahang ka mokhoa o tlōtseng, esita le boitšoaro bo bobe li ’nile tsa etsahala. (Ba-Ef. 5:3, 4) Sena se entse hore ba bang ba khaoloe kapa ba khalemeloe ke komiti ea boahloli ’me baholo ba bang le bahlanka ba sebeletsang ba bile ba lahleheloa ke litokelo tsa bona tsa tšebeletso. Ruri, ’moka e joalo ea boithabiso ha e tlotlise Jehova. Ho e-na le hoo e tlisa thohako lebitsong le letle la phutheho le ho khopisa ba bang.—1 Ba-Kor. 10:23, 24, 29.
4 Bakreste ba khothalletsoa hore ba bontše moea oa ho amohela baeti, empa khatello e tlameha ho lebisoa tabeng ea ho khothatsana moeeng. (Ba-Roma 1:11, 12) Hangata ’moka ea botsoalle e menyenyane e molemo haholo. Buka ea Tšebeletso ea Rōna maqepheng a 135-6 e re: “Ka linako tse ling, malapa a mangata a ka ’na a memeloa ntlung bakeng sa botsoalle ba Bokreste. . . . Ka ho utloahalang, beng ba ’moka mabakeng a joalo ba ikarabella ka se etsahalang. Ka baka lena, Bakreste ba bohlale ba lekanyetsa hore na ho mengoa batho ba bakae le hore na ’moka o tla nka nako e kae.” Jesu o bontšitse hore ha ho hlokahale letho le majaba-jaba haeba pakane ea rōna e le ho khothatsa metsoalle ea rōna moeeng.—Luka 10:40-42.
5 Ke ntho e ntle ho bontša Bakreste-’moho le rōna moea oa ho amohela baeti. Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ’moka o itekanetseng lapeng la rōna le ketsahalo e khōlō e bontšang moea oa lefatše sebakeng se hiriloeng. Ha u mema ba bang hore e be baeti ba hao, u lokela ho kholiseha hore u ka jara boikarabelo bohle ba se etsahalang.—Bona Molula-Qhooa oa August 15, 1992, maqepheng a 17-20.
6 Ruri, Jehova o re hlohonolofalitse ka boena boo ka bona re fumanang khothatso e khathollang e re susumelletsang ho tsoela pele mesebetsing e metle. (Matt. 5:16; 1 Pet. 2:12) Ka ho bontša boikokobetso le ho nahanela maemo boithabisong ba rōna, ka linako tsohle re tla tlisa tlotliso ho Molimo oa rōna ’me re hahe ba bang.—Ba-Roma 15:2.