Ho Hlahlojoa ke Jehova—Ke Hobane’ng ha ho le Molemo?
1 E mong le e mong o lakatsa ho phela hantle. Ho etsa hore bophelo bo be monate haholoanyane. Leha ho le joalo, ba bangata ba phelang hantle ba ntse ba e-ea tlhahlobong nako le nako. Hobane’ng? Ba batla ho lemoha bothata leha e le bofe ba bophelo boo e ka ’nang eaba boa qala e le hore ho ka nkoa mehato ea ho bo phekola. Ho sireletsa bophelo ba rōna bo botle ba moea ho bohlokoa haholoanyane. Ho amoheloa ke Jehova ho itšetlehile ka hore re ipoloke “re phetse hantle tumelong.”—Tite 1:13, NW.
2 Ena ke nako e loketseng ea ho hlahlojoa ke Jehova. Hobane’ng? Hobane Jehova o tempeleng ea hae e halalelang, ’me o hlahloba lipelo tsa batho bohle. (Pes. 11:4, 5; Liprov. 17:3) Joaloka Davida, re kōpa Jehova hore a re hlahlobe ka ho feletseng: “U ntekole, Jehova, u batlisise ho ’na! U leke letheka la ka le pelo ea ka!”—Pes. 26:2.
3 Re tlameha ho itebela linthong tse sokelang bophelo ba rōna bo botle ba moea tse ka ’nang tsa tsoa ka hare ho rōna ka lebaka la nama e sa phethahalang. Liproverbia 4:23 e-ea eletsa: “Boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.”
4 Bophelo ba rōna bo botle ba moea bo ka boetse ba sokeloa ke lefatše le re potileng le senyehileng, le nang le boitšoaro bo bobe. Haeba re itumella ho ba haufi haholo le tsamaiso ena e khopo, re ka qala ho nahana joaloka eona le ho simolla ho ba le boikutlo ba lefatše. Kapa re ka amohela mokhoa oa bophelo oa lefatše ebe re hlōloa ke moea oa lefatše.—Ba-Ef. 2:2, 3.
5 Satane a ka sebelisa mahloriso kapa khanyetso e tobileng boitekong ba ho re senya moeeng. Leha ho le joalo, hangata o re qeka ka ho sebelisa likhoheli tsa lefatše ka bolotsana. Petrose o re khothalletsa hore re ‘tsohe masene ’me re falimehe,’ kaha Satane o “joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” Re khothalletsoa hore re ‘hane ho eena ka ho tiea tumelong.’—1 Pet. 5:8, 9.
6 Ho hlokahala hore re sireletse bophelo ba rōna bo botle ba moea ka ho boloka tumelo ea rōna e le matla le ka ho e matlafatsa letsatsi le letsatsi. Moapostola Pauluse o re khothalletsa hore re hlahlobe tumelo ea rōna re sa khaotse. Joalokaha ka bohlale re mamela keletso eo re e fuoang ke ngaka e tšoanelehang, re boetse re mamela Jehova ha tlhahlobo ea Hae ea moea e senola bothata boo ho hlokahalang hore bo lokisoe. Sena se re nolofalletsa ho “lokisoa.”—2 Ba-Kor. 13:5, 11, NW.
7 Ruri Jehova ke Mohlahlobi e moholo. Tlhahlobo ea hae e nepahetse ka linako tsohle. O tseba hantle seo re se hlokang. Ka Lentsoe la hae le ka ‘mohlanka ea khabane,’ o re bolella lijo tsa moea tse nang le phepo tseo re tlamehang ho li ja. (Matt. 24:45; 1 Tim. 4:6) Ho iphepa kamehla ka lijo tsena tsa moea tse tletseng phepo lapeng le libokeng tsa phutheho ho re nolofalletsa hore re lule re phetse hantle moeeng. Boikoetliso ba moea bo etsoang kamehla tšebeletsong le mesebetsing e meng ea Bokreste le bona bo molemo. Kahoo, re thabela ho hlahlojoa ke Jehova kamehla, re kholisehile hore o tla re boloka re phela hantle ka ho fetisisa moeeng.