Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/95 leq. 11
  • Re Hloka Phutheho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hloka Phutheho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phutheho e ke e Rorise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Phutheho e ke e Hahoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • U na le Sebaka ka Mokhatlong oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ananela Karolo eo U e Phethang ka Phuthehong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 10/95 leq. 11

Re Hloka Phutheho

1 Ka lekhetlo le leng bara ba Kore ba kile ba bolela kananelo ea bona bakeng sa phutheho ea Jehova ka tsela ena: “Hobane tsatsi le le leng le luloang mabaleng a ntlo ea hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a luloang hosele.” (Pes. 84:10) Ha ho bapisoa, lefatše le ne le se na seo le ka ba fang sona. Haeba u na le maikutlo ana, u lokela ho etsa phutheho ntho ea bohlokoa bophelong ba hao.

2 Ho tloha tšimolohong ea eona feela, phutheho ea Bokreste e ’nile ea bontša hore e na le tlhohonolofatso ea Jehova. (Lik. 16:4, 5) Ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho khella phutheho fatše kapa ho e nka e le mokhoa feela oa hore re bonane. Phuthehong ke moo Lipaki tsa Jehova li fumanang khothatso le matla libakeng tsohle. E fana ka botsoalle bo kopaneng e le hore re ka rutoa ke Jehova le ho hlophisetsoa mosebetsi oa ’Muso.—Esa. 2:2.

3 Phutheho ea Bokreste ke mocha o ka sehloohong oo re rutoang ’nete ka oona. (1 Tim. 3:15) Balateli ba Jesu ba tlameha hore “ba be bang”—bonngoeng le Molimo, le Kreste le e mong ho e mong. (Joh. 17:20, 21; bapisa le Esaia 54:13.) Ho sa tsotellehe hore na re ka ea hokae lefatšeng, baena ba rōna ba lumela lithuto tsa Bibele le melao-motheo ea eona, ’me ba itšoara tumellanong le tsona.

4 Re koetlisoa le ho hlomelloa ho phetha kabelo ea rōna ea ho etsa barutuoa. Khoeli ka ’ngoe, Molula-Qhooa, Tsoha! le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li fana ka boitsebiso bo re thusang ho qala lipuisano tsa Mangolo. Liboka tsena li etselitsoe ho re bontša kamoo re ka fumanang thahasello le ho e hōlisa. Keketseho eo re e bonang lefatšeng ka bophara e paka hore mosebetsing ona re na le tšehetso e tsoang leholimong.—Matt. 28:18-20.

5 Ka phutheho, re amohela khothatso ea kamehla e re ‘susumelletsang leratong le mesebetsing e metle.’ (Ba-Heb. 10:24, 25) Re matlafatsoa hore re mamelle liteko ka botšepehi. Balebeli ba lerato ba re thusa hore re sebetsane ka katleho le likhatello le matšoenyeho. (Moek. 4:9-12) Re fuoa keletso e hlokahalang ha re le kotsing ea ho kheloha. Ke mokhatlo ofe o mong o hlophisitsoeng o fanang ka tlhokomelo e lerato joalo?—1 Ba-Thess. 5:14.

6 Ke thato ea Jehova hore re be haufi le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng hore re boloke bonngoe ba rōna. (Joh. 10:16) Tsela e ’ngoe eo ka eona phutheho e re thusang ho buisana le sehlopha sa mohlanka ea khabane ke ka ho romela balebeli ba tsamaeang ba re khothatsang. Ho arabela ha rōna tataisong e lerato ho re atametsa hammoho e leng ho re thusang hore re lule re le matla moeeng.

7 Phutheho e bohlokoa bakeng sa hore re phele hantle moeeng. Ntle ho eona ho ke ke ha etsahala hore re sebeletse Jehova ka tsela eo a e amohelang. Joale, a re luleng haufi le seo Jehova a faneng ka sona. E se eka re ka sebetsa tumellanong le lipakane tsa eona ’me ka tieo ra sebelisa keletso eo re e fumanang teng. Ke ka tsela ena feela re ka bontšang hore na re ananela phutheho hakae.—Pes. 27:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela