Pina ea 159
Ho ba ha Rōna le Khotso
1. Ha ho khotso ea ’nete
Mona lefatšeng
Le pusong ea e mobe
Ea le thetsitseng.
Khotso ka Kreste e tsoa
Ho ea holimo.
Ke ea ba ratang toka
Ba’utloang Molimo.
2. Ke Jehov’a rerileng
Ho re fa khotso.
Ntoa ha li sa tla ba teng.
O entse pallo.
Bohle ba senyang khotso
Ba tla timetsoa.
Empa ba leng bonolo
Ba tla pholosoa.
3. Ntho tse mpe re li tetse
Le’ona mahlapa.
Ka libetsa tse kotsi
Re’entse mehoma.
Hore re luleng khotsong,
Re tšoarelaneng.
Re tieeng le leratong
Re tle re pheleng.
4. Tholoaneng tsa ho loka
Khotso le eona
E lokela ho bontšoa
Le ho phehelloa.
R’etsa phelo ba rōna
Bo k’amoheloang
Ha ka khotso re phela
’Moho le ba bang.