Pina ea 153
Jehova, Molimo oa Poloko ea Rōna
1. Uena Jehova ea phahameng
U re tšoarele moo re’u sitetsoeng.
Re tsoetsoe re le baetsalibe,
’Nete ea hao re ne re sa’e tsebe.
Re thuse hle Molim’a rōna.
Ak’u re bontše tsel’a toka.
Re kōpa u re bontše mohau.
Re tla bina ka poloko ea hao.
Re tla bina ka poloko ea hao.
2. Rōna Morena re nku tsa hao
Tseo Kreste’a li rutileng motsamao.
Poloko ea Hao e’etselitsoe
Mang le mang ea holim’a lefatše.
Re tseba khotso eo u e fang
Batho ba hao ba’i kokobetsang.
Ruri ba u tšabang ba seli
Ho bona poloko e haufi.
Ho bona poloko e haufi.
3. ’Nete ea hao le bokhabane
Li re thabisa ka mehla eohle.
Re bone lintho tse makatsang
Ho tloha haeba Kreste’a busang.
Joale ‘Moren’a Khotso’ o teng,
Ke kahoo khotso e re’atetseng.
Puso ea hae re tla’e tumisa.
Poloko ea rōna e ho uena.
Poloko ea rōna e ho uena.