Ipoloke U Falimehile “Nakong ea Bofelo”
“Iponeleng, le falimehe, ’me le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.”—MAREKA 13:33.
1. Re lokela ho itšoara joang ha liketsahalo tse thabisang li ntse li hlaka ‘mehleng ee ea bofelo’?
HA LIKETSAHALO tse thabisang li ntse li hlaka ‘nakong ena ea bofelo,’ Bakreste ba lokela ho itšoara joang? (Daniele 12:4) Ha baa siuoa lepala-paleng. Jesu Kreste o boletse boprofeta ba pontšo e nang le likarolo tse sa tšoaneng bo ’nileng ba phethahala lekholong lena la bo20 la lilemo. O ile a bolela esale pele litšobotsi tse ngata tse ’nileng tsa tšoaea nako ena ho tloha ka 1914 e le e ikhethileng. Kaha Jesu o ne a tloaelane le boprofeta ba Daniele bo mabapi le ‘nako ea bofelo,’ o ile a phaella ka boprofeta ba hae bo boholo ka ho phehella barutuoa ba hae hore ba ‘ipoloke ba falimehile.’—Luka 21:36.
2. Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea ho ipoloka re falimehile moeeng?
2 Ke hobane’ng ha u lokela ho ipoloka u falimehile? Hobane ena ke nako e kotsi ka ho fetisisa historing ea motho. Hore Bakreste ba inehele ho otseleng ha moea nakong ena ho ka baka tlokotsi. Haeba re ka fetoha ba sa natseng lintho kapa ra lumella lipelo tsa rōna hore li imeloe ke lipelaelo tsa bophelo, re tla ba kotsing. Ho Luka 21:34, 35, Jesu Kreste o re lemositse: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joale ka sefi.”
3, 4. (a) Jesu o ne a bolela’ng ha a re letsatsi la bohale ba Molimo le tla oela batho ka tšohanyetso joaloka “sefi”? (b) Kaha hase Molimo o chehang sefi, ke hobane’ng ha letsatsi leo le tla oela batho ka kakaretso ba sa lebella?
3 Ke ka lebaka le utloahalang Jesu a itseng letsatsi leo le tla ‘re tsometsa joaloka sefi.’ Hangata sefi se na le sekhoketsane, ’me se sebelisoa bakeng sa ho tšoasa linonyana le liphoofolo. Sefi se na le mokhoephetsane, ’me motho ofe kapa ofe ea se hatang oa se cheholla. Joale sefi sea pitla, ’me se pitla phofu ea sona. Sena sohle se etsahala ka ho panya ha leihlo. Jesu o boletse hore ka mokhoa o tšoanang batho ba seng mafolo-folo moeeng ba tla tsometsoa ’me ba tla tšohanyetsoa ka “letsatsi la bohale” ba Molimo.—Liproverbia 11:4.
4 Na Jehova Molimo ke eena ea chehelang batho sefi? Che, haa emela ho tsometsa batho ba sa lebella ebe oa ba timetsa. Empa letsatsi leo le tla oela batho ka kakaretso holimo hobane ha ba nahane haholo ka ’Muso oa Molimo. Ba ikitlaetsa ka matla hore ba finyelle lipakane tsa bophelo, ba hlokomoloha se boleloang ke liketsahalo tse ba potolohileng. Leha ho le joalo, sena ha se fetole kemiso ea Molimo ea nako. O behile nako e sa fetoheng ea hore o lokise litaba. ’Me, ka mohau, ha o tlohele batho ba sa tsebe ho tla ha kahlolo ea oona.—Mareka 13:10.
5, 6. (a) Ka baka la kahlolo e tlang, ’Mōpi o etselitse libōpuoa tse batho tokisetso efe e lerato, empa e le ka phello efe e akaretsang? (b) Re tla buisana ka eng se tla re thusa ho lula re falimehile?
5 Temoso ena ke tokisetso e lerato e entsoeng ke ’Mōpi e moholo, ea thahasellang boiketlo ba libōpuoa tsa hae tse batho tse leng mona bonamelong ba maoto a hae ba tšoantšetso. (Esaia 66:1) O hlokomela baahi ba sebaka seo ho boleloang hore maoto a hae a phomotse ho sona. Kahoo o ba lemosa ka liketsahalo tse larileng ka pel’a bona a sebelisa baemeli le manģosa a hae a lefatšeng. (2 Ba-Korinthe 5:20) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe temoso eohle e fanoang, liketsahalo tseo li tla oela lelapa la motho le sa lebella joalokaha eka le hatile sefi. Hobane’ng? Hobane batho ba bangata ba robetse moeeng. (1 Ba-Thessalonika 5:6) Ha ho bapisoa ke ba fokolang feela ka palo ba elang hloko temoso le ba tla pholohela lefatšeng le lecha la Molimo.—Mattheu 7:13, 14.
6 Kahoo, re ka ipoloka re falimehile joang nakong ee ea bofelo e le hore re ka akarelletsoa har’a batho ba tlang ho bolokoa? Jehova o fana ka thuso e hlokahalang. A re hlokomeleng lintho tse supileng tseo re ka li etsang.
Loantša Litšitiso
7. Jesu o fane ka temoso efe mabapi le litšitiso?
7 Tabeng ea pele, re tlameha ho loantša litšitiso. Ho Mattheu 24:42, 44, Jesu o itse: “Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona. Le lōna, itokiseng ke hona; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.” Puo eo Jesu a e sebelisitseng mona e bontša hore nakong ena e mahlonoko, ho ne ho tla ba le litšitiso tse ngata, ’me litšitiso li ka lebisa timetsong. Mehleng ea Noe batho ba ne ba phathahantsoe ke lintho tse ngata. Ka baka leo, batho bao ba nang le litšitiso “ha ba ka ba lemoha” se etsahalang, ’me Moroallo o ile oa ba felisa kaofela. Ka ho loketseng, Jesu o lemositse: “Ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.”—Mattheu 24:37-39.
8, 9. (a) Lipakane tse tloaelehileng tsa bophelo li ka re sitisa joang ka tsela e kotsi? (b) Pauluse le Jesu ba re file litemoso life?
8 Hape, hopola hore temosong ea hae e ho Luka 21:34, 35, Jesu o ne a bua ka litšobotsi tse tloaelehileng tsa bophelo, tse kang ho ja, ho noa, le lipelaelo tsa ho iphelisa. Ke lintho tse tloaelehileng ho batho bohle, ho akarelletsa le barutuoa ba Morena Jesu. (Bapisa le Mareka 6:31.) Lintho tsena ka botsona ha li na kotsi, empa haeba re li lumella, li ka re sitisa, tsa re phathahanya, eaba li etsa hore re otsele ka mokhoa o kotsi moeeng.
9 Ka hona, a re se keng ra hlokomoloha ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa—ho amoheloa ke Molimo. Ho fapana le ho hapeha haholo linthong tse tloaelehileng tsa bophelo, a re li sebeliseng feela ka tekanyo e lekanyelitsoeng le e hlokahalang bakeng sa ho iphelisa. (Ba-Filippi 3:8) Ha lia lokela ho pupetsa lithahasello tsa ’Muso. Ho joalokaha Ba-Roma 14:17 e re, “’muso oa Molimo hase ho ja, hase ho noa, empa ke ho loka, le khotso, le thabo, ka Moea o Halalelang.” Hopola mantsoe a Jesu ha a re: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) Ho phaella moo, ho Luka 9:62, Jesu o itse: “Ea beang letsoho la hae mohomeng, ’me a boela a hetla, ha a tšoanele ’muso oa Molimo.”
10. Ho hlaha kotsi efe haeba re sa tsepamise mahlo a rōna pakaneng e ka pele?
10 Ka puo ea tšoantšetso, hang feela ha re qala ho lema, re tlameha ho lula re etsa tema e otlolohileng. Molemi ea hetlang morao a ke ke a lema foro e otlolohileng. O ba le litšitiso ’me a ka tsoa temeng habonolo kapa a emisoa ke hore mohoma o khitle ntho e itseng. A re se keng ra tšoana le mosali oa Lota, ea ileng a hetla morao eaba ha a sa bolokeha. Ho hlokahala hore re boloke mahlo a rōna a tsepame pakaneng e ka pele. Hore re etse joalo ho hlokahala hore re loantše litšitiso.—Genese 19:17, 26; Luka 17:32.
Rapela ka Tieo Eohle
11. Jesu o ile a hatisa eng ka mor’a ho re lemosa ka kotsi ea litšitiso?
11 Leha ho le joalo, ho na le ho hongata hoo re lokelang ho ho etsa hore re lule re falimehile. Ntho ea bobeli ea bohlokoa ke ena: Rapela ka tieo eohle. Ka mor’a hore Jesu a re lemose hore re se ke ra sitisoa ke lipakane tse tloaelehileng tsa bophelo, o fane ka keletso ena: “Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:36.
12. Ho hlokahala thapelo ea mofuta ofe, hona e le ka phello efe?
12 Ka hona, re tlameha ho rapela re sa khaotse re ipapisitse le boemo ba rōna bo leng kotsing le tlhokahalo ea hore re falimehe. Kahoo a re eeng ho Molimo ka thapelo ’me re o kōpe ka tieo ho tsoa pelong. Ho Ba-Roma 12:12 Pauluse o re: “Le tiee thapelong.” ’Me ho Ba-Efese 6:18, rea bala: “Le rapele ka Moea ka mehla, ka merapelo eohle, le falimehele teng ka tiisetso eohle.” Ena hase taba ea ho rapela joalokaha eka thapelo ke tloaelo feela eo e seng ea bohlokoa hakaalo. Bophelo ba rōna bo kotsing. Ka hona ho hlokahala hore re ipiletse ho Molimo ka tieo hore o re thuse. (Bapisa le Ba-Heberu 5:7.) Ka tsela eo re tla ipoloka re le ka lehlakoreng la Jehova. Ha ho letho le molemo haholo le ka re thusang ho finyella sena ho feta hore ‘re rapele ka linako tsohle.’ Joale Jehova o tla re boloka re le boemong ba ho falimeha ka hloko. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re phehelle thapelong!
Khomarela Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo le Mosebetsi oa Oona
13. Ke kamano ea mofuta ofe e hlokahalang bakeng sa ho ipoloka re falimehile?
13 Re batla ho pholoha lintho tsena kaofela tse tla oela lefatše. Re batla ho ema pel’a Mor’a motho, re amohelehe ho eena. Ho finyella sena, ho na le ntho ea boraro eo re ka e etsang: Khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo oa Jehova u sa sisinyehe. Ho hlokahala hore re ikamahanye ka ho felletseng le mokhatlo oo o hlophisitsoeng ’me re kopanele mesebetsing ea oona. Ka tsela ena re tla ikhetholla ka ho hlakileng re le Bakreste ba falimehileng.
14, 15. (a) Ke ho ipoloka re tšoarehile mosebetsing ofe ho tla re boloka re falimehile? (b) Ke mang ea etsang qeto ha mosebetsi oa boboleli o se o phethiloe, ’me re lokela ho ikutloa joang ka oona? (c) Ka mor’a mahlomola a maholo, re tla hlokomela eng ha re hetla morao boboleling ba ’Muso bo finyelletsoeng?
14 Se amanang haufi-ufi le sena ke ntho ea bone e ka re thusang ho lula re falimehile. Re tlameha ho ba har’a ba lemosang batho ka bofelo bo tlang ba tsamaiso ena ea lintho. Bofelo bo felletseng ba tsamaiso ena ea khale ea lintho bo ke ke ba etsahala ho fihlela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li boletsoe ho isa bohōleng boo Molimo o Matla ’Ohle o rerileng hore li fihle ho bona. (Mattheu 24:14, NW) Lipaki tsa Jehova hase tsona tse tla etsa qeto ha mosebetsi oa boboleli o se o phethiloe. Tokelo eo ke ea Jehova a ’notši. (Mareka 13:32, 33) Leha ho le joalo, re ikemiselitse ho sebetsa ka thata kamoo re ka khonang le ho sebetsa halelele kamoo ho hlokahalang ka teng re ntse re bolela ka puso e molemo ka ho fetisisa eo batho ba ka bang le eona, e leng ’Muso oa Molimo. ‘Mahlomola a maholo’ a tla qala re ntse re etsa mosebetsi ona. (Mattheu 24:21) Nakong eohle e tlang, batho ba pholositsoeng ba tla hetla morao ’me ba tiise ka tieo hore Jesu e ne e se moprofeta oa bohata. (Tšenolo 19:11) Mosebetsi oa ho bolela o tla be o finyelletsoe ka tekanyo e fetang e neng e lebelletsoe ke batho ba kopanelang ho oona.
15 Ka ho loketseng, nakong ea bohlokoahali ea ha mosebetsi ona o tla be o phethiloe hoo Molimo o khotsofetseng, mohlomong ke batho ba bangata ba tla beng ba kopanela ho oona ho feta nakong leha e le efe pele. Re tla thaba hakaakang hore e be re bile le karolo mosebetsing oo o moholo! Moapostola Petrose o re tiisetsa hore Jehova “ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka baka leo, kajeno matla a sebetsang a Molimo o Matla ’Ohle a sebetsa ka matla haholoanyane ho feta leha e le neng pele, ’me Lipaki tsa Jehova li lakatsa ho tsoela pele mosebetsing ona o tsamaisoang ke moea. Kahoo khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova haufi, ’me u tšoarehe tšebeletsong ea oona ea phatlalatsa. Sena se tla u thusa ho lula u falimehile.
Itlhahlobe
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba boemo ba rōna ba hona joale ba moea?
16 Ho na le ntho ea bohlano eo re ka e etsang e le hore re ka lula re falimehile. Ka bomong, re lokela ho hlahloba boemo ba rōna ba hona joale. Ho loketse hore re etse sena hona joale ho feta leha e le neng pele. Ho hlokahala re pake hore na re entse qeto ea ho ema ka lehlakoreng la mang. Ho Ba-Galata 6:4, Pauluse o itse: “E mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae.” Itlhahlobe tumellanong le mantsoe a Pauluse a ho 1 Ba-Thessalonika 5:6-8: “A re se keng ra robala joale ka ba bang, re mpe re falimehe, ’me re tšabe botahoa [“re ipoloke re hlaphohetsoe likelellong,” NW]. Hobane ba robalang, ba ee ba robale bosiu; le ba tahoang, ba ee ba tahoe bosiu. Empa rōna, bao re leng bana ba motšehare, a re tšabeng botahoa [“a re ipolokeng re hlaphohetsoe likelellong,” NW], ’me re apare tšireletso ea sefuba, e leng tumelo le lerato, ’me re roale heleme ea tšepo ea poloko.”
17. Ha re itlhahloba, re lokela ho ipotsa lipotso life?
17 Ho thoe’ng ka rōna? Ha re itlhahloba re ipapisitse le Mangolo, na re hlokomela hore re lutse re falimehile, re roetse heleme ea tšepo ea poloko? Na re batho ba ikarotseng ka tieo tsamaisong ea khale ea lintho ’me re se re sa thabele likhopolo tsa eona? Na kannete re na le moea oa lefatše le lecha la Molimo? Na re seli ka ho felletseng mabapi le hore na tsamaiso ee e habile hokae? Haeba ho joalo, letsatsi la Jehova le ke ke la re tsometsa joalokaha eka re masholu.—1 Ba-Thessalonika 5:4.
18. Ho ka ’na ha hlokahala hore re ipotse lipotso life tse eketsehileng, hona e le ka phello efe?
18 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho itlhahloba ha rōna ho senola hore re loanela ho finyella tsela ea bophelo ba ho hlaba khobe ka lemao, bo mabotho-botho, bo khotsofatsang, le ba boiketlo? Ho thoe’ng haeba re hlokomela hore mahlo a rōna a moea a boima hoo a otselang ’me a tletse boroko? Na re boemong bo kang ba litoro, boo ho bona re lelekisang likhopolo tsa menyaka ea lefatše? Haeba ho joalo, joale a re tsoheng!—1 Ba-Korinthe 15:34.
Nahanisisa ka Boprofeta bo Seng bo Phethahetse
19. Boprofeta bo bong boo re bo boneng ha bo phethahala ke bofe?
19 Joale re tla nthong ea botšelela e tla re thusa ho ipoloka re falimehile: Nahanisisa ka boprofeta bo bongata bo seng bo phethahetse nakong ena ea bofelo. Re se re fetile selemo sa bo77 ho tloha haesale linako tse khethiloeng tsa lichaba li fela ka 1914. Ha re hetla morao likarolong tse tharo tsa lekholo la lilemo, re ka bona kamoo boprofeta ka ho latellana bo ’nileng ba phethahala ka teng—ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete; ho lopolloa ha masala a tlotsitsoeng, hammoho le metsoalle ea ’ona, hore a kene paradeiseng ea moea; ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso ka tekanyo e akaretsang lefatše lohle; le ho hlaha ha bongata bo boholo ba batho. (Esaia 2:2, 3; khaolo 35; Zakaria 8:23; Mattheu 24:14; Tšenolo 7:9) Lebitso la Jehova le leholo le bobusi ba bokahohle li ’nile tsa phahamisoa, hammoho le ho eketsoa ha e monyenyane hore a fetohe sekete le ho fetoha ha e monyenyane sechaba se matla, le ho potlakisa ha Jehova sena ka nako ea teng. (Esaia 60:22; Ezekiele 38:23) ’Me lipono tsa moapostola Johanne tse tlalehong ea Tšenolo li haufi le ho fihla sehlohlolong.
20. Ke kholiseho efe eo Lipaki tsa Jehova li nang le eona, ’me ha e le hantle li ’nile tsa ipaka ho ba eng?
20 Ka hona, ho feta leha e le neng pele, Lipaki tsa Jehova li kholisehile ka tieo hore kutloisiso ea tsona ea se boleloang ke litaba tsa lefatše ho tloha ka 1914 e nepahetse. Kaha li na le kholiseho eo, li ipakile e le likofuto tse sebelisoang ke Molimo o Holimo-limo. Ke tsona tse fuoeng boikarabelo ba ho phatlalatsa molaetsa oa bomolimo nakong ena e mahlonoko. (Ba-Roma 10:15, 18) E, mantsoe a Jehova mabapi le nako ea bofelo a phethahetse. (Esaia 55:11) Sena le sona se lokela ho re susumelletsa ho tsoela pele ho fihlela ha re bona phethahatso ea ho qetela ea litšepiso tsohle tsa Molimo ka Jesu Kreste.
Poloko e Atametse ho Feta ha Re ne Re Fetoha Balumeli
21. Re na le thuso efe ea bosupa ea ho lula re falimehile moeeng?
21 Qetellong, thuso ea bosupa ea ho ipoloka re falimehile: Ka mehla hopola hore poloko ea rōna e haufi ho feta ha re ne re fetoha balumeli ka lekhetlo la pele. Habohlokoa ka ho fetisisa, ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ba bokahohle le ho halaletsoa ha lebitso la hae ho haufi haholo. Kahoo tlhokahalo ea ho ipoloka re falimehile e potlakile haholoanyane ho feta leha e le neng pele. Moapostola Pauluse oa ngola: “Re tseba linako, hoba e se e le nako ea ho tsoha borokong; hobane ha e le kajeno, poloko e haufi le rōna ho fetisa mohla re lumetseng. Bosiu bo se bo ea sa, letsatsi le se le atametse.”—Ba-Roma 13:11, 12.
22. Ho atamela ha poloko ea rōna ho lokela ho re ama joang?
22 Kaha poloko ea rōna e haufi hakana, re tlameha ho ipoloka re falimehile! Ha rea lokela ho lumella lithahasello leha e le life tsa botho kapa tsa lefatše ho pupetsa kananelo ea rōna bakeng sa seo Jehova a se etsetsang batho ba hae nakong ena ea bofelo. (Daniele 12:3) Ho hlokahala hore re phehelle haholoanyane ho feta leha e le neng pele e le hore re se ke ra kheloha tsela eo Lentsoe la Molimo le re behetseng eona ka ho hlaka. (Mattheu 13:22) Bopaki bo bontša ka ho hlaka hore lefatše lena le mehleng ea lona ea qetello. Haufinyane le tla tlosoa hore le se hlole le e-ba teng ka ho sa feleng hore le suthele lefatše le lecha la ho loka.—2 Petrose 3:13.
23. Jehova o tla re thusa ka tsela efe, hona e le ka phello efe e hlohonolofalitsoeng?
23 Joale, a re ipolokeng re falimehile ka hohle-hohle. Ho feta leha e le neng pele, ela hloko hore na re hokae kemisong ea nako. Hopola, Jehova a ke ke a iphapanyetsa taba ena. Ho fapana le hoo, ka mehla o tla re thusa ho ipoloka re falimehile nakong ena ea bofelo. Bosiu bo se bo ea sa. Letsatsi le ntse le atamela. Kahoo ipoloke u falimehile! Haufinyane re tla bona letsatsi le letle ka ho fetisisa har’a matsatsi ’ohle, ha ’Muso oa Bomessia o phethahatsa tšepiso ea Jehova mabapi le lefatše!—Tšenolo 21:4, 5.
Likarabelo tsa Hao ke Life?
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a re letsatsi la bohale ba Molimo le tla tlela batho joaloka “sefi”?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho loantša litšitiso, ’me see re ka se etsa joang?
◻ Ho hlokahala thapelo ea mofuta ofe e le hore motho a ka lula a falimehile?
◻ Ke kamano ea mofuta ofe eo e leng ea bohlokoa?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba boemo ba rōna ba moea?
◻ Boprofeta bo phetha karolo efe ho ipolokeng ha rōna re falimehile?