Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 3/8 maq. 17-21
  • Na ke Lokela ho ea Moketeng oa Litumeliso Sekolong se Phahameng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho ea Moketeng oa Litumeliso Sekolong se Phahameng?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Talima ka ’Nģane ho Seo ho Bonahalang Eka Sea Khahleha
  • Maemo a ho Sekisetsa
  • Ha Mokete o se o Felile
  • Ho Thoe’ng ka Liphathi Tsa ho Jaefa Tsa Bacha?
    Tsoha!—2004
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba Bang ba Ithabisa ka Hohle-hohle?
    Tsoha!—1996
  • Na ho Tantša ho Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1996
  • Bacha—hanelang Moea oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 3/8 maq. 17-21

Na ke Lokela ho ea Moketeng oa Litumeliso Sekolong se Phahameng?

LIITHUTI-’MOHO le uena ka klaseng li ’nile tsa bua ka oona ka likhoeli. Ebile, mokete oa litumeliso oa sekolo se phahamenga ke ketsahalo e tlang hanngoe feela bophelong. ’Me kaha u tla be u lumelisa liithuti-’moho le uena ka klaseng tseo u li tsebileng ka lilemo, ka tlhaho u ka ’na ua rata ho ba teng. Ngoanana e mong ea lilemo li 18 o re: “Ho tloha ha ke qala ho kena sekolo se phahameng, ke ’nile ka batla ho ea moketeng oa litumeliso oa sekolo se phahameng.”

Linaheng tse ling mokete oa litumeliso oa sekolo se phahameng—e leng motjeko o lokiselitsoeng o tlang pele ho mokete oa kabo ea mangolo sekolong se phahameng—ke ketsahalo ea bohlokoa haholo ho bacha. Mokete oa litumeliso oa sekolo se phahameng ke ketsahalo e fetang ’moka oa boithabiso feela tjee, mokete oa litumeliso ke tloaelo e ileng ea hlomphuoa ka nako e telele e tšoaeang ho kena bonneng kapa bosaling. Makasine oa Seventeen o re: “Bosiu ba mokete oa litumeliso sekolong se phahameng ka tloaelo ke nako eo batsoali ba hao ba reng ho uena ka lekhetlo la pele, ‘Moratuoa, u ithabise. Re tla u bona hoseng.’ Ho sesa bosiu bohle u le sieo hase feela ntho e lumelletsoeng—ke ntho eo u lebeletsoeng ho e etsa.”

Hase hore bacha bohle ba rera ho kopanela boitšoarong bo belaetsang bosiu bohle. Ho e-na le hoo, ba bangata ba mpa feela ba lebeletse phihlelo e monate ea maikutlo a lerato—monyetla oa ho ba Cinderella kapa Prince Charming oa kajeno! Darcey ea lilemo li 19 o re: “E tšoana le toro. Ba tsoa ka koloing e khōlo e mabotho-botho [limousine] eo ba e hirileng, ba nka litšoantšo, ’me ba etsa mponeng ho metsoalle ea bona. Ke nako ea hore tlhokomelo eohle e lebisoe ho bona.”

Ho batlang ho khahleha hanyenyane, empa le hona ho ntse ho tumme, ke metjeko ea sekolo. Jamey ea lilemo li 15 o re: “Nako le nako, u hloka ’moka oa boithabiso e le hore u ka thaba.” Empa ho sa tsotellehe hore na ho thahasellisang ke motjeko, lijo tsa mantsiboea tse lokisetsoang pele kapa ka mor’a mokete oa litumeliso, kapa moaparo o majaba-jaba, bacha ba bangata ba ikutloa ba tlamehile ho ea liketsahalong tse joalo. Seo ba amehileng ka sona feela ke hore na ba tla ea le mang, ba tla apara eng, le hore na ba tla fumana chelete ea ho lefella mokete oa mantsiboea ao joang. Empa ho na le lintho tse ling tse lokelang ho hlokomeloa.

Ho Talima ka ’Nģane ho Seo ho Bonahalang Eka Sea Khahleha

Jesu Kreste ka boeena o ne a ba teng meketeng e hlomphehang. (Bapisa le Luka 5:29; Johanne 2:1, 2.) Empa Bibele e nyatsa “meketjana e lerata,” kapa “meketjana e hlaha.” (Ba-Galata 5:21; Byington) Lekholong la pele la lilemo, mekete ea boithabiso e hlaha eo ho eona bahetene ba neng ba kopanela “liketsong tsa boitšoaro bo bobe, litakatso tse feteletseng, botahoa, meketjana e hlaha, likhang tsa botahoa, le tšebeletso e sa lokang ea melimo ea bohata” li ne li atile. Ka baka leo Bakreste ba ile ba lemosoa hore ba se nke karolo liketsong tse joalo tse sa laoleheng.—1 Petrose 4:3, 4, NW.

Ho thoe’ng ka mekete ea litumeliso sekolong se phahameng le metjeko ea sekolo? E meng e ka ’na ea hlophisoa hantle ’me ea laoloa hantle, kahoo ea e-ba liketsahalo tseo ha ho bapisoa li laolehileng. Boitšoaro bo hlephileng bo ka haneloa ’me ha sebetsanoa le bona kapele haeba bo etsahala. Empa ka mor’a se bonahalang e le ho khahleha le ho ba majaba-jaba ha e mengata—haeba e se e mengata haholo—mekete ea litumeliso sekolong se phahameng, e na le moea o sollang oa moketjana o lerata. Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o ile a bolella Tsoha! “Ho na le boitšoaro bo bongata bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le ho noa.” Lino tse tahang e ka ’na eaba ha lia lumelloa ka molao. Empa ho ka ’na ha nooa haholo matloaneng, methating, esita le moo ho pakoang makoloi.

Bibele ea eletsa: “Veine ke mosomi, joala bo lerata.” (Liproverbia 20:1) Joale tsoaka ho noa ho sa laoleheng le ’mino o hlaha kapa o amang maikutlo, motjeko o sa laolehang, mabone a lerootho, le sehlopha sa bacha seo e ka ’nang eaba se na le kananelo e fokolang bakeng sa melao-motheo ea Bibele, ’me u na le litšobotsi tsa moketjana o lerata. Na u ka itšetleha ka bahlokomeli bakeng sa ho laola lintho? Eseng ka linako tsohle. Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Charles o re ka ho toba: “Bahlokomeli ha ba etse letho.” Na hoo ke ho se be le kahlolo e molemo? Eseng ho latela Darcey e mocha, ea reng: “Ke hopola ha ke ile motjekong oa sekolo moo ho neng ho na le bahlokomeli ba babeli feela, ’me ba ne ba sa tsotelle bana ho hang.”

Re tlameha ho lumela hore esita le bahlokomeli ba hlokolosi ka ho fetisisa ba ka ’na ba fumana ho batla ho le thata ntlong ea motjeko kapa ea lipapali e batlang e le lefifi ho laola sehlopha sa bacha ba ikemiselitseng ho ‘ithabisa.’ Phello ea hoo e bile hore toro ea bosiu ba ho ba le maikutlo a lerato kapele-pele e ka fetoha toro e tšosang. Ngoana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o re: “Ho na le lintoa tse ngata.”

Maemo a ho Sekisetsa

Ke ’nete hore hase mekete eohle ea litumeliso sekolong se phahameng kapa metjeko ea sekolo e bang le pefo. Ho ntse ho le joalo, ho na le kotsi ea sebele ea hore u ka ’na ua oela ketsahalong e ka ’nang ea u beha boemong ba ho sekisetsa. Moroetsana e mong oa hopola: “Ha u tjeka le bashemane lifahleho li atamelane, matsoho a bona a qala ho u phopholetsa hohle ’meleng. Ba lebeletse hore u ho amohele!” Na u ne u ke ke ua qoba bothata bo joalo ka hore feela u se ke ua ea? Mohlomong. Empa hangata ho bonolo ho bolela seo ho feta ho se etsa.

Lekanya hore u ea u le mong kapa u ea le sehlopha sa metsoalle. Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa re hopotsa: “Bashemane ba bang ba ea ba le bang, ’me ba leka ho fumana banana ba bangata kamoo ba ka khonang.” Ho ka ’na ha ba le banana ba bangata haholo ba hlaha moo. Mocha ea eang a le mong a ka ikhulela tlhokomelo e sa hlokahaleng habonolo.

Ka lehlakoreng le leng, ho felehetsoa ke molumeli-’moho le uena ho ka baka mathata a mang. Etsoe, ho laetsana ho nkoa ka ho teba ke Lipaki tsa Jehova kajeno.b ’Me le haeba u ikutloa u kholisehile hore motho eo u eang le eena ha a na thahasello ea ho ratana le uena, ke ho isa bohōleng bofe a hlileng a ka u sireletsang? Lora ea lilemo li 19 oa hlokomela: “Ke eng se ka thibelang ba bang ho fapanyetsana batho bao ba tjekang le bona ha le ntse le tjeka—kapa ho u kōpa hore u laetsane le bona? Ho tla etsahala’ng joale?” Boemo bo thata, bo boima bo ka hlaha.

Hape, ntho e ’ngoe e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke kotsi ea ho hlephisa litekanyetso tsa boitšoaro ba hao bo botle ’me u qetelle u tšoasitsoe ke moea oa ketsahalo eo le uena. Litloaelano tse mpe li hlile “li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Nick ea lilemo li 18 oa lumela: “Esita leha Lipaki tse peli tsa Jehova li ile motjekong ’moho, li ka susumeletseha habonolo ho etsa seo bohle ba se etsang.”

Ha Mokete o se o Felile

Leha ho le joalo, hangata mathata a sebele a tebileng a hlaha ka mor’a mokete. Tanya e mocha o re: “Ba bang ba ea hoteleng kapa ntlong ea motho e mong.” Yolanda oa phaella: “Le lokela ho qeta bosiu moo. Eo ke karolo ea neano.” Lithethefatsi, tahi, le likamano tsa botona le botšehali le tsona ke karolo ea neano ea mokete oa litumeliso sekolong se phahameng. Leha ho le joalo, hoseng ha letsatsi le latelang mocha a ka sala a na le letsoalo le tšoenyehileng, boitlhompho ba botho bo fokolang, le tšabo ea sebele ea ho ima—kapa ea ho tšoaetsoa AIDS.

Kahoo, hangata mekete ea litumeliso sekolong se phahameng le metjeko ea sekolo e hlōleha ho phetha tšepiso ea maikutlo a lerato le monyaka o molemo ’me e fella ka meketjana e hlaha, e lerata. Rea hopotsoa hore moprofeta Esaia mehleng ea hae o ile a fana ka tiiso ea Molimo ea ho se amohele ’moka e neng e tsoela pele “ho isa ka phirima.” Meketjana ena e ne e na le mefuta eohle e hlokahalang ea lino tse tahang le ’mino—“harepa le lesiba, moropa le phala.” Na see e ne e le monyaka? Ha ho pelaelo ea hore e ne e le oona. Empa Esaia o ile a re ka batho ba tsamaeang meketjana: “Ha ba ele mosebetsi oa Jehova hloko, ha ba bone morero oa matsoho a hae.”—Esaia 5:11, 12.

E, ho ba tikolohong ea moketjana le bacha ba sa ananeleng pono ea Bibele ho ka hlahisa likotsi tse tebileng. Ke ’nete hore hase liketsahalo tsohle tse joalo tse fetohang meketjana e lerata, ’me maemo aa fapana lefatšeng lohle. Kahoo uena le batsoali ba hao le ka etsa qeto ea hore na ho loketse hore u ee. Ngoanana e mong e mocha o ile a lumela: “Ho thata, hobane mokete oa litumeliso sekolong se phahameng ke ketsahalo e ferekanyang, ’me ke phephetso e matla haholo. U lula u e lebeletse selemo sohle!”

Empa ho buisana ka lintho le batsoali ba hao kapa Mokreste ea hōlileng ho ka u thusa hore u hlakeloe ke lintho. A’ku ipotse: Ke mang ea tla ba teng motjekong oo? Ke bolaoli ba mofuta ofe bo tla ba teng? Na lino tse tahang li tla ba teng? Ho tla letsoa ’mino oa mofuta ofe? Na ho ’nile ha ba le mathata lilemong tse fetileng? Ba bang ba ka talima ho nka karolo ha hao liketsahalong tse joalo joang—haholo-holo Bakreste-’moho le uena? Na ho kopanela ha hao ho tsona ho ka khopisa ba bang?—1 Ba-Korinthe 10:23, 24, 32.

Ha Bakreste ba bacha ba hlokomela mathata a amanang le meketjana ea litumeliso sekolong se phahameng le metjeko ea sekolo, ba ka buisana le batsoali ba bona ’me mohlomong ba etsa qeto ea ho se ee. Empa na mokete oa hao oa kabo ea mangolo hase ketsahalo eo u lokelang ho ba motlotlo ka eona? Ehlile ho joalo! Leha ho le joalo, u ka ’na ua fumana tsela e sireletsehileng ea ho e keteka, mohlomong ka ho arolelana thabo ea hao le Lipaki-’moho le uena. Ka mohlala, lelapa leno le ka etsa qeto ea ho lokisetsa ’moka o laolehileng kapa moketjana oa lijo tsa mantsiboea. Ha ’moka e joalo e bolokoa e le boholo bo lekaneng ’me e hlophisehile, mathata a tebileng a hlaha seoelo.c

’Moka o joalo o ke ke ea ba o khahlehang le o majaba-jaba joaloka mokete oa litumeliso sekolong se phahameng. Empa e ntse e ka ba ketsahalo e thabisang—e lokolohileng marabeng a ka bang teng moketeng oa litumeliso sekolong se phahameng kapa motjekong oa sekolo. Ho molemo ka ho fetisisa, ke hore u tla be u sebetsa tumellanong le mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 10:31: “Empa leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”

“Bosiu ba mokete oa litumeliso sekolong se phahameng ka tloaelo ke nako eo batsoali ba hao ba reng ho uena ka lekhetlo la pele, ‘Moratuoa, u ithabise. Re tla u bona hoseng.’”

“Ke hopola ha ke ile motjekong oa sekolo moo ho neng ho na le bahlokomeli ba babeli feela, ’me ba ne ba sa tsotelle bana ho hang.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Motjeko o etsetsoang klase ea ho qetela ea sekolo se phahameng kapa ea koleche oo ka tloaelo o etsoang qetellong ea selemo kapa ho isa mafelong a selemo sa thuto.”—The American Heritage Dictionary of the English Language.

b Bona khaolo 30 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

c Bona sehlooho “Boithabiso—Thabela Melemo ea Bona, Qoba Maraba a Bona” se hlahang tokollong ea Molula-Qhooa ea August 15, 1992.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Bahlokomeli ba fumana ho batla ho le thata ho laola boitšoaro ba bohle ba leng teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela