Pina ea 215
Ho Bontša Mohau ho ba Bang
1. Ha Jehova a rera moroallo
Ho timetsa lefatše khale,
A re Noe a hahe areka
Hore a tle a ipholose.
Na kabelo e’o o’ile a’e hana,
A re ke ntho e tla mo sita?
O’amohetse mohau oa Molimo
Eaba moo a hahang areka.
2. Joale fatše la khale lea feta,
Ka mohau ’Mōpi o laetse
Hore ba bang ba tsebisoe hona
Ba tle ba balehele kotsi.
Na u itse:“Nke ke ka bolela
Kahobane ke letlaila”?
Empa ha u le mohaung oa Jah,
Moea oa hae o tla u thusa.
3. Re neiloe mohau le ’nete,
Ho teng thabo “naheng” ea moea.
Ke maemo a tla ba teng ana
Nakong eo ho busang Jehova.
Ho ho rōna ho bontša mohau
Ka ho lemosa batho bohle:
Nkang bohato! Sebeletsang ’Muso
’Me le ineheleng ho Ntate.