Lipaki tsa Jehova—Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Bitsoang ka Lebitso Leo
KA OCTOBER 6, 1990, letšoele la ba ka bang 5 000 le neng le kopane Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova e Jersey City, New Jersey, U.S.A., bakeng sa seboka sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society le ne le tla tšohanyetsoa. Molula-setulo, John E. Barr, o ile a tsebisa bamameli ka tokollo ea video ea metsotso e 55 e nang le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Ena e ne e le video ea pele e ileng ea etsoa ke Mokhatlo, empa ka sebele e ke ke ea e-ba ea ho qetela.
Video ena e bontša kamoo batho ba Jehova ba hlophiselitsoeng ho paka ka lebitso la bomolimo le ho phatlalatsa ‘evangeli ea ’muso.’ (Mattheu 24:14) Ho bontšoa ntlo-khōlō e Brooklyn, New York, le meaho ea Watchtower Farms. Likopi tse ka holimo ho 500 000 tsa Senyesemane li se li entsoe, ’me joale (kapa haufinyane) e fumanoa le ka lipuo tse ling tse 26.a
Karabelo e Bile Efe?
Batho bao eseng Lipaki tsa Jehova ba ile ba arabela joang ha ba bona video? Rakhoebo e mong o ile a ngola:
“Ke fumane theipi eo e le ea boleng bo phahameng haholo. Ke ile ka khahloa haholo ke ho khanya le ho hlophisoa ho tsoileng matsoho ha litšoantšo. Ke ne ke e-na le tšekamelo ea ho lebala hore ke theipi ’me ke nahana hore ke baesekopo. Theipi ena e tla ba molemo haholo ho hlaloseng morero oa ntlo-khōlō ea lōna e New York. Rea le lebohela ka tšebetso ena e hlahelletseng.”—J. J.
Ba ithutang Bibele le Lipaki tsa Jehova ba ile ba rua molemo ka ho shebella video ena. Ho latelang ho hlalosa lebaka la seo:
“Ke ithuta Bibele le mohlankana ea lilemo tse 20 ea kenang univesithi e haufinyane. O ntse a amehile haholo ka boemo ba lefatše bo ntseng bo mpefala. Empa ka mor’a ho shebella theipi le ho bona baena bao ba bacha ba Bethele ba batle ba nang le morero oa sebele bophelong, boikutlo ba hae bohle bo ile ba fetoha. O ile a ba teng Kopanong ea Letsatsi le Khethehileng ’me a kōpa ho ithuta Bibele habeli ka beke. Seithuti se seng sa Bibele, tichere ea sekolo se phahameng, se ile sa kalima video ho ea e bontša beng ka sona. Ba ne ba nahana hore Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo o fokolang, o sa tsejoeng, ebile o le monyenyane. Ba ile ba makatsoa ke mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle le katleho eo re nang le eona, e tlisoang ke Jehova.”—J. B.
“Mantsoe a sitoa ho hlalosa thabo eo ke ileng ka e utloa ha mosali eo ke neng ke ithuta le eena Bibele a ntša meokho ea thabo le kananelo ka mor’a ho bona video ena. A sekisitse meokho o ile a re: ‘Ke joang batho ba sa boneng hore ona ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa ’nete, Jehova? Ke ne ke sa tsebe hore batho ba mofuta ona ba teng.’ ’Me joale o ile a re: ‘Ke batla ho kolobetsoa.’”—C. D.
“Re bile le katleho e khōlō ka ho sebelisa video ena le liithuti tsa rōna tsa Bibele. Bosiung bo fetileng monna oa e mong oa lithuto tsa mosali oa ka tsa Bibele o ile a re etela. O ne a hanyetsa haholo. O ile a shebella video. Ka morao ho moo o ile a botsa lipotso ’me a tloha mona le Bibele le buka ea thuto ea Bibele U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Nakong e fetileng o ile a chesa libuka tsa mosali oa hae tsa Bibele!”—D. H.
Batho ba bacha le bona ba fumane video e hapa mohopolo haholo, joalokaha litlhaloso tse latelang li bontša:
“Ke na le lilemo tse tšeletseng le halofo. Ke ratile karolo ea Libibele le ha mabokose a tsamaea kapele.”—K. W.
“Bana ba rōna ba itse e molemo ho feta lenaneo leha e le lefe leo ba le boneng thelevisheneng.”—R. C.
“Ka mor’a ho shebella video ka lekhetlo la bobeli, mora oa rōna ea lilemo tse hlano, ea neng a shebelletse ka hloko nako eohle, o ile a botsa, ‘Na re ka sheba sena letsatsi le leng le le leng?’ Morali oa rōna ea lilemo tse tharo o ile a kenella ka ho re, ‘Ke batla ho ea Bethele ho ea etsa libuka!’”—M. E.
“Bana ba ka ba lilemo tse 12 le 9, Robin le Shannan, ba bapala theipi ka ho e pheta-pheta. Morali oa ka oa ho fela ka mor’a ho bona theipi o ile a re, ‘Ke rata ho tsoa ke ea tšebeletsong ea tšimo. Ke monyaka o moholo.’ Re ikutloa hore video ena e bile le tšusumetso e khōlō bophelong ba lelapa la rōna. Ke ho khathollang hakaakang ho shebella lenaneo la thelevishene leo u ikutloang u sireletsehile ho le shebella!”—N. B.
“Ke na le lilemo tse 131/2. Video e ncha e entse hore ke hlokomele hore ha ke tsotelle litokisetso tse tsotehang tse tsoang ho Jehova hakaakang. Ke tokelo ho ba e mong oa batho ba Molimo.”—K. W.
“Ke na le lilemo tse 16, ’me video ena e nthusitse ho hatisa kelellong ea ka hore sena se etsoang ke mosebetsi oa lefatše lohle.”—A. M.
“Bana ba rōna ba ile ba bolela hore mananeo a tloaelehileng a thelevishene ha a sa ba thahasellisa ka baka la ho bona kamoo boithabiso ba puso ea Molimo bo ka bang ka teng. Hape e ile ea matlafatsa takatso ea bona ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng.”—L. M.
Esita le bao e bileng Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata ba ile ba susumetsoa ke seo ba se boneng.
“Haeba video e ba le tšusumetso e khōlō hakaalo ho rōna joaloka batho ba Jehova, e tla susumetsa ba bang hakaakang? Ha ho e-ba boima ka ho eketsehileng ho sebetsana le tsamaiso ena, ke nka hora ea nako ea ka le ho etela Bethele ke ntse ke iketlile ka kamoreng ea ka ea boikhathollo!”—K. B.
“Ka mor’a ho bona tlhokomelo le phalimeho e sebelisoang mosebetsing o mong le o mong, ke ile ka ikutloa eka nka ea kamoreng ea ka le ho kopa lingoliloeng tsa ka tsa Bibele ka matsoho.”—L. P.
Le uena re u khothalletsa ho ipha nako ea ho shebella video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. E tla u fa pono e ncha ea bophelo ’me e u thuse ho kholiseha ka bokamoso bo sireletsehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Puo ea matsoho bakeng sa batho ba sa utloeng ea Amerika, Searabia, Sebasque, Secantonese, Secatalan, Secroatia, Seczech (sa Bohemia), Sedanishe, Sedutche, Sefinnishe, Sefora, Sejeremane, Segerike, Sehungaria, Setaliana, Sejapane, Sekorea, Semandarin, Senorwegia, Sepolishe, Sepotoketsi (sa Brazil), Sepotoketsi (sa Europe), Seromania, Seslovak, Sepanishe, Seswedishe.