Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 64-leq. 68
  • Bokhopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokhopo
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba e Mong a Re—
  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe
    Tsoha!—1994
  • Seo re Ithutang Sona ka ho Lumella ha Molimo Bokhopo
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 64-leq. 68

Bokhopo

Tlhaloso: Ke ntho eo boitšoaro ba eona bo leng bobe haholo. Hangata bo bontša ntho e kotsi, e lonya, kapa e nang le tšusumetso e senyang.

Ke hobane’ng ha bokhopo bo le bongata hakaale?

Hase molato oa Molimo. O qalisitse batho ba phethahetse, empa batho ba ikhethetse ho hlokomoloha se hlokoang ke Molimo ’me ba iketsetsa qeto ea se setle le se sebe. (Deut. 32:4, 5; Moek. 7:29; Gen. 3:5, 6) Ka ho etsa sena, ba oetse tlas’a tšusumetso ea makhotla a khopo a phahametseng matla a botho.—Ba-Ef. 6:11, 12.

1 Joh. 5:19: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”

Tšen. 12:7-12: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, . . . Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona. . . . Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Malimabe ana a ngatafalletseng lefatše a etsahetse hoba Satane a theoloe leholimong kamor’a ho tsoaloa hoa ’Muso. Bona temana ea 10.)

2 Tim. 3:1-5: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.” (Ena ke tholoana ea ho koenehela borapeli ba ’nete ka makholo a lilemo. Maemo ana a tsoetse pele hobane batho ba ileng ba ipolela hore ke balumeli ba hlokomolohile seo Lentsoe la Molimo le hlileng le se bolelang. Ba ipakile ba hlōlehile hore boinehelo ba ’nete ba bomolimo bo ka ba le matla a susumetsang bophelong ba motho.)

Ke hobane’ng ha Molimo o bo lumelletse?

Ka linako tse ling ho rōna ho ka ’na hoa bonahala eka ntho e molemo haholo ekaba feela hore ho felisoe e mong le e mong ea khopo. Re laba-labela hore bokhopo bo fele, empa leha ho le joalo, re bile ka har’a bona ka lilemo tse seng kae feela ha ho bapisoa le nako eo bokhopo bo bileng teng ka eona. Ebe Jehova Molimo o ikutloa joang? Ka likete-kete tsa lilemo batho ba ’nile ba mo bea molato, ba bile ba mo rohaka, ka lebaka la maemo a mabe ao ba a mamelletseng. Empa leha ho le joalo, maemo ana ha a bakoe ke eena, empa ke Satane le batho ba khopo. Jehova o na le matla a ho timetsa ba khopo. Ka sebele e tlameha ebe ho na le lebaka le letle la ho ithiba hakana. Haeba tsela eo Jehova a sebetsang boemo ka eona e fapane le eo re neng re ka e buella, na ekaba ho re makatsang? O na le phihlelo e fetang ea motho, ’me tsela eo a bonang boemo ka eona e batsi ho feta ea motho leha e le ofe.—Bapisa Esaia 55:8, 9; Ezekiele 33:17.

Bokhopo bo ka be bo se teng hoja Molimo o ne o sa abela libōpuoa tse bohlale boikhethelo bo lokolohileng. Empa Molimo o re file matla a hore re khethe ho mo utloa hobane re mo rata kapa re se ke ra mo utloa. (Deut. 30:19, 20; Josh. 24:15) Na re lakatsa eka ho ka be ho se joalo? Haeba re batsoali, ke eng ho re thabisang haholoanyane—na ke ha bana ba rōna ba re utloa hobane ba re rata kapa ha re ba qobella hore ba re utloe? Na Molimo o ne o ka be o qobelletse Adama hore a o utloe? Na re ne re tla thaba haholoanyane haeba re ne re phela lefatšeng leo ho lona re qobelloang ho utloa Molimo? Pele o timetsa tsamaiso ena e khopo, Molimo o fana ka monyetla ho batho hore ba bontše hore na ba hlile ba rata ho lumellana le melao ea oona e lokileng kapa che. Ka nako eo o e khethileng, ha ho pelaelo hore o tla timetsa ba khopo.—2 Ba-Thess. 1:9, 10.

Ka bohlale o lumelletse nako bakeng sa ho lokisa litseko tsa bohlokoa: (1) Ho loka le ho lokela hoa puso ea Jehova li ile tsa qholotsoa Edeneng. (Gen. 2:16, 17; 3:1-5) (2) Ho tšepahala hoa bahlanka bohle ba Molimo leholimong le lefatšeng ho ile hoa belaelloa. (Jobo 1:6-11; 2:1-5; Luka 22:31) Molimo o ne o ka ’na oa timetsa marabele (Satane, Adama le Eva) hang-hang, empa hoo ho ne ho sa tl’o lokisa litaba. Likhoka ha li pake hore tsela ea motho e nepahetse. Litseko tse hlahisitsoeng li ne li ama se setle le se sebe. Hore Molimo o lumelle nako, e ne ese hore o ipakele ntlha e ’ngoe eitseng, empa ho lumella libopuoa tsohle tse nang le boikhethelo bo lokolohileng ho iponela ka botsona tholoana e mpe e hlahisitsoeng ke ho fetohela puso ea oona, hape le ho li nea monyetla oa hore li bontše hore na li eme hokae litabeng tsena tsa bohlokoa. Ha litseko tsena li lokisitsoe, ha ho mang kapa mang ea tla hlola a lumelloa hore a ferekanye khotso. Taolo e ntle, tumellano, le boiketlo ba bokahohleng bohle li itšetlehile ka ho halaletsoa hoa lebitso la Jehova, ho mo tšoara ka hlompho e tlohang botebong ba pelo ho etsoang ke libopuoa tsohle tse bohlale. (Bona le maqephe 389, 390, tlas’a sehlooho “Satane Diabolose.”)

Papiso: Haeba motho e mong a ka u qosa ka pel’a motse hore u sebelisa boemo ba hao hampe u le hlooho ea lelapa, hore bana ba hao ba ne ba tla iketsetsa hamolemo haholo haeba ba ne ba iketsetsa liqeto tsa bona ba lokolohile ho uena, le hore kaofela ha bona ha ba u utloe hobane ba u rata, empa ka lebaka la melemo e bonahalang eo u ba etsetsang eona, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho lokisa taba e ne etlaba efe? Na ho thunya monģosi oa bohata ho ne ho tla khaola khang likelellong tsa batho ba motse? Ho e-na le hoo, e ne etlaba karabelo e ntle hakaakang haeba u ne u ka nea bana ba hao monyetla oa ho u pakela hore u hlooho e lokileng ea lelapa le e lerato le hore ba phela le uena ka lebaka la ho u rata! Haeba bana ba bang ba hao ba lumela sera, ba tloha lapeng ’me ba senya bophelo ba bona ka ho iqapela mekhoa e meng ea bophelo, ho ne ho tla etsa hore bashebelli ba tšepahalang ba hlokomele hore bana ba ka be ba bile molemong hoja ba ela hloko tataiso ea hao.

Na ho na le tsela eo re ruileng molemo ka eona ka hore Molimo o lumelle bokhopo ho tla fihlela joale?

2 Pet. 3:9: “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (Ka lebaka la mamello ea hae e tsoetseng pele ho tla fihlela mehleng ea rōna, re na le monyetla oa ho bontša hore re bakile le hore, ho e-na le ho iketsetsa liqeto tseo e leng tsa rōna mabapi le se setle le se sebe, re rata ho ikokobeletsa bobusi bo lokileng ba Jehova.)

Ba-Roma 9:14-24: “Joale, re tla re’ng? Hleka bokhopo bo teng ho Molimo na? Ho se ke ha thualo! . . . ’Me ho ka thoe’ng, ha Molimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba oona, le ho tumisa matla a oona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le lipitsa tsa bohale, tse bōpetsoeng tahleho [ke hore, o mamelletse boteng ba batho ba khopo ka nakoana], hore o tumise monono oa khanya ea oona ka lipitsa tsa khauhelo, tsee o neng o li lokiselitse khanya e sa le pele [ke hore, o ne o tla sebelisa nako eo ho atolosetsa mohau oa oona ho ba itseng, tumellanong le morero oa oona]? Ke kahoo o re bitsitseng, e seng har’a ba-Jode feela, empa le har’a balichaba.” (Ka hona Molimo o tšoere timetso ea ba khopo e le hore o fane ka nako ea ho khetha bao o tlang ho ba tlotlisa le Kreste e le litho tsa ’Muso oa leholimo. Na hore Molimo o etse joalo ebile ho hloka toka ho mang kapa mang? Che; ke karolo ea tokisetso ea Jehova bakeng sa ho hlohonolofatsa batho ba mefuta eohle ba tlang ho hauheloa ka monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Bapisa Pesaleme ea 37:10, 11.)

Haeba e Mong a Re—

‘Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo bo joalo?’

U ka ’na ua arabela: ‘Potso ea hao e ntle. Bahlanka ba bangata ba Molimo ba khabane ba ’nile ba tšoenngoa ke bokhopo bo ba potolohileng. (Hab. 1:3, 13)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Hase hobane Molimo o iphapantse. O re tiisetsa hore o na le nako eo o e beileng eo ka eona o tlang ho etsa hore ba khopo ba ikarabelle. (Hab. 2:3)’ (2) ‘Empa ho hlokoa eng ka lehlakoreng la rōna hore re tle re balelloe har’a baphonyohi ha nako eo e fihla? (Hab. 2:4b; Sof. 2:3)’

Kapa u ka re: ‘Ke thabela ha u hlahisitse potso eo. E tšoentse batho ba bangata ba lipelo li tšepehang. Mona ke na le boitsebiso bo thusang haholo bo arabelang potso ea hao. (Ebe le bala hammoho boitsebiso bo bong maqepheng a 68-70.)’

‘Ka lilemo tsena tsohle, ha ke lumele hore Molimo o na le hoo o tla ke o ho etse ho fetola litaba’

U ka ’na ua arabela: ‘Ke thabela ho utloa hore u lumela ho Molimo. Ka sebele ke ’nete hore bokhopo bo bongata, ’me bo qalile khale pele ho mehla ea rōna. Empa na u kile ua nahana ka see . . . ? (Sebelisa maikutlo a serapeng 1 leqepheng 68 mabapi le bolelele ba nako eo Molimo o bo mamelletseng ka eona.)’

Kapa u ka re: ‘Kea tiisa hore u tla lumellana le ’na ha ke re mang kapa mang ea nang le matla a ho haha ntlo ka sebele a ka e hloekisa. . . . Kaha Molimo o bōpile lefatše, e ke ke ea e-ba bothata hore o le hloekise. Ke hobane’ng ha o eme halelele hakaale? Ke fumane karabelo ena e le e khotsofatsang haholo. Mpolelle hore na u nahana joang. (Ebe le bala hammoho taba e maqepheng a 68-70.)’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela