Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 10/8 leq. 9
  • Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matsatsi a Lefatše la Paradeise a Tla Hloka Palo!
  • Na ke se Molemo Haholo Hore e ka ba ’Nete?
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 10/8 leq. 9

Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe

JEHOVA MOLIMO o ile a bōpa Adama le Eva, a ba beha serapeng sa paradeise, ’me a ba laela hore ba ate le ho tlatsa lefatše ka bana ba lokileng. Ba ne ba tlameha ho hlokomela serapa, ba se leme le ho se boloka se le maemong a matle, le ho phela ka ho sa feleng, tsena tsohle li ne li tla etsahala tlas’a boemo bo le bong feela bo bonolo: ‘Ha lea tlameha ho ja sefate se itseng se bohareng ba serapa. Haeba le se ja, le tla shoa.’—Genese 1:27, 28; 2:8, 9, 15-17; Esaia 45:18.

Lengeloi le matla le ile la fetohela Molimo ’me la fetoha Satane, e bolelang “Mohanyetsi,” hobane le ne le batla ho inkela matla. Le ne le batla hore moloko oa batho o le rapele. Le ile la susumetsa Eva hore a je tholoana e hanetsoeng, le bolela hore e ne e le molemo bakeng sa ho jeoa le hore o ne a ke ke a shoa empa o ne a tla tšoana le Molimo, a khone ho itherela hore na se setle le se sebe ke sefe. Qeto ea hae ea pele e ne e le mpe; o ile a etsa qeto ea hore ho ja tholoana e hanetsoeng ho ne ho tla ba molemo. Eva o ile a ja, a fa Adama litholoana tse ling ’me a ja, eaba qetellong baa shoa ka bobeli. Kahoo Adama o ile a tlisetsa bana ba hae sebe le lefu, ba ’nileng ba shoa ho tloha mohlang oo. (Genese 3:1-6; Ba-Roma 5:12) Batho ba pele ba babeli ba ile ba khetha ho latela Satane eaba ba fetoha basokolohi ba pele ba borapeli ba Satane. Ho fihlela kajeno, ba limilione ba entse qeto ea hore bolumeli ba batsoali bao ba ho qala e ne e le bo molemo ka ho lekaneng ho bona ’me kahoo bo ntse bo le joalo. “Ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang.”—Ba-Roma 6:16; Johanne 17:15, 16; 1 Johanne 5:19.

Jehova o ile a tsebahatsa kahlolo ea ho qetela ea Satane, empa a mo lumella hore a ’ne a tsoele pele ka nakoana. Sena se ne se tla neha Satane monyetla oa ho paka phephetso eo a e entseng, ea hore Molimo o ne a ke ke a beha batho lefatšeng ba neng ba tla ipaka ba tšepahala ho Eena tlas’a teko—phephetso eo e hlalositsoe ka ho hlakileng ka mokhoa oa tšoantšetso likhaolong tse peli tsa pele tsa buka ea Bibele ea Jobo ’me tseko eo e ile ea paka hore Jehova o nepile. Tlas’a litlhaselo tse mabifi le tse khopo tsa Satane, Jobo ka boeena o ile a khetha ho boloka botšepehi ho Molimo, ka hona a paka hore Satane o leshano. (Genese 3:15; Exoda 9:16; Jobo 42:7) Ba-Heberu khaolo ea 11 le eona e tlaleha lethathamo le lelelele la Lipaki tse ileng tsa ema ka lehlakoreng la Jehova la tseko ea bobusi ba bokahohle.

Kreste Jesu ke ea hlaheletseng eo ka linako tsohle a ileng a fana ka karabelo e phethahetseng bakeng sa lehlakore la Jehova tsekong e khōlō ea bobusi ba bokahohle le ea botšepehi ba batho ho Molimo. Sena e ne e le tlhōlo e phethahetseng khahlanong le Satane. Jesu ka ho hlakileng ntle ho phoso o ile a hana teko ea Satane ea ho mo neha puso holim’a lefatše lohle haeba a ne a ka etsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli ho Satane. Jesu ka ho tiea o ile a boela a mamella teko e bohloko le e tšabehang ha a ne a e-shoa thupeng ea tlhokofatso. O ile a hlōla Satane hammoho le lefatše la Satane, a re siela mohlala o phethahetseng oo re lokelang ho o latela.—Mattheu 4:8-10; 27:50; Johanne 16:33; Ba-Heberu 5:7-10; 1 Petrose 2:21.

Ka lebaka la linako tse kotsi tseo re phelang ho tsona, ho ka ’na ha bonahala eka Satane o ntse a ba matla haholoanyane ho feta leha e le neng pele le hore Borapeli ba Satane ka bobona bo ntse bo eketseha. Leha ho le joalo, buka ea Bibele ea Tšenolo, e fana ka setšoantšo se fapaneng ka ho feletseng khaolong ea 12, litemaneng tsa 7-9, 12:

“Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele [Kreste Jesu] le mangeloi a hae a loantša drakone. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona. Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”

Matsatsi a Lefatše la Paradeise a Tla Hloka Palo!

“Ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae,” Satane o eketsa mosebetsi oa hae oa bodemona ‘mehleng ena ea qetello.’ (Jakobo 5:1-3) Le hoja e le mehla e thata empa tšepo e ntse e le teng. Tšenolo 21:1, 3-5 e senola seo e leng sona: “Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”

Kahoo, Kreste Jesu o tla busa ka lilemo tse sekete, e leng nakong eo ka eona Jehova a tlang ho phetha morero oa hae oa pele ha a bōpa lefatše ’me a beha moloko oa batho holim’a lona. (Tšenolo 20:1, 2, 6) U tla hopola hore qalong moloko oa batho o ne o lokela ho tlatsa lefatše ka bana ba lokileng, ba hlokomele lefatše, ba hlokomele limela tsa lona le liphoofolo, ba phele ka khotso, ’me ba ratane. Ho phethahatsoa ha morero oo ho ’nile ha tsoa ho emisitsoe ho lumella Satane ho leka ho paka phephetso ea hae ea hore o ne a ka khona ho etsa hore batho bohle ba furalle Jehova Molimo. O kentse batho ba limilione tse likete bokhobeng, empa o hlōlehile ho ba limilione tse itseng bao e leng baboloki ba botšepehi.—Ba-Roma 6:16.

Nakong ea tsosoloso, mohau oa Jehova ka Kreste Jesu o tla fihla esita le ka mabitleng ho fana ka monyetla oa bophelo bo sa feleng paradeiseng ho ba limilione tse likete ba shoeleng nakong ea lilemo tse likete-kete tse fetileng: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:28, 29.

Nakong eo leha e le bafe ba hanang ho etsa hore ba tšoanele tikoloho e lokileng ea lefatše leo le lecha ba ke ke ba ’na ba tloheloa hore ba le silafatse ka ho le senya, ho senya limela tsa lona le liphoofolo, khotso ea moloko oa batho, kapa borapeli ba ’nete ba Jehova Molimo. Pesaleme ea 37:10, 11, 29 e tiisa sena: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”

Mikea 4:2-4 e tšepisa khotso ea ’nete le tšireletseho: “Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyolohele thabeng ea Jehova, tlung ea Molimo oa Jakobo, a tle a re rute litsela tsa hae, re tsamaee ka ’mila ea hae. Hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. ’Me Jehova o tla ahlolela lichaba tse ngata, a khalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”

Boemo bona ba khotso bo tla boela bo name ho akareletsa le liphoofolo, joalokaha Hosea 2:18 e re: “’Me ka tsatsi leo, [’na Jehova] ke tla ba etsetsa selekane le liphoofolo tsa naha, le linonyana tsa leholimo, le tse hahabang lefatšeng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntoa lefatšeng, ’me ke tla ba ahisa ka khotso.” Ezekiele 34:25 le eona e bua ka selekane se sa akareletseng ho ba teng ha “libatana” leha e le life.

Ho phaella moo, Esaia 11:6-9 e tšepisa khotso pakeng tsa liphoofolo Paradeiseng: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. Sethole sa khomo le sa bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula joang joalo ka khomo. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng oa marabe, ngoana ea khoesoang a kenye letsoho lefarung la qooane. ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.”

Ba bonolo ba tla rua lefatše. Ba tla hlokomela moea, metsi, le mobu. Liliba le melatsoana ea metsi li tla kolobisa naha e omeletseng. Meru e tla apesa lithaba tse ’nileng tsa hlobolisoa bakeng sa ho ithuisa ka boithati. Libaka tsa meru li tla tlokoma ’me tseo pele e neng e le mahoatata li tla hlahisa lithung-thung joaloka rosa. Lifofu li tla bona, bo-tsebe-tutu ba tla utloa, ba holofetseng ba tla tsamaea, le limumu li tla bua. (Esaia 35:1-7) Kananelo bakeng sa lithaba le liphula tse khanyang tsa Jehova le libaka tsa hae tse mosikong oa maoatle e ke ke ea hlola e lumella meharo ea batho ho tsoha hape hore ba senye lefatše. Ho tla ba bonolo, e be ntho ea tlhaho ho moloko oa batho ba phethahetseng, ba tletseng litholoana tsa moea oa Jehova, hore ba thabe, e mong le e mong, ka ho rata moahisani oa hae joalokaha a ithata, ’me ka holim’a tsohle ho rata Jehova ka pelo ea hae eohle, le ka moea oohle, ka kelello eohle, le ka matla ’ohle. E, moloko oohle oa batho o tla beha litholoana tsa moea tsa “lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Ba-Galata 5:22, 23, NW.

Na ke se Molemo Haholo Hore e ka ba ’Nete?

Hajoale babali ba bang ba ka ’na ba re, ‘Sena sohle se utloahala se le molemo haholo hore e ka ba ’nete.’ Empa che, maemo a teng hona joale a mabe ka ho fetisisa hore a ’ne a tsoele pele. Re ho seo Bibele e se bitsang “mehla ea qetello.” Qamaka hohle, ’me u ka bona hore ho joalo. Lentsoe la Molimo le re: “Empa tseba sena‚ hore mehleng ea qetello ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Hobane batho e tla ba baithati‚ ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlola, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba sa leboheng‚ ba sa tšepahaleng‚ ba se nang kameho e lerato ea tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba se nang boitšoaro, ba bohale ka ho tšosang, ba sa rateng molemo, baeki, ba lihlooho li thata, ba tletseng boikakaso, barati ba menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le mofuta oa boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba sa tšepahalle matla a bona; le bona u ba furalle. Empa batho ba khopo le bathetsi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo eketsehileng, ba khelosa le ho khelosoa.”—2 Timothea 3:1-5, 13, NW.

Esita le ka setšoantšo se hlakileng hakana sa mehla ea rōna, ba bangata ba ntse ba tla soma. Seo se lokela ho lebelloa. Ho soma ha bona ka bohona ke karolo ea litšobotsi tse pakang hore re mehleng ea qetello: “Mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joalo ka qalong, ha li hloloa. Ha e le maholimo a joale le lefatše la Joale, li boloketsoe mollo. . . . Li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang. . . . Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:3, 4, 7, 13.

Jehova o tšepisa hore lefatšeng la hae le lecha la ho loka, tsamaiso ena e khopo ea khale ea lefatše la Satane e ke ke eaba ea hopoloa: “Ke ea bopa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bopa.” (Esaia 65:17, 18) Matsatsi a Borapeli ba Satane a baliloe ’me ka nako e loketseng ea Molimo, Satane ka boeena o tla felisoa ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:1-3, 7-10.

Ka sebele, maemo a hlohonolofalitsoeng a tlang ho ba teng Paradeiseng lefatšeng ha a molemo haholo hore a ka etsahala; Jehova o talima maemo a teng hajoale a tsamaiso ena ea khale tlas’a Satane a le mabe haholo hore a ka ’na a tsoela pele.

Maemo a hlohonolofalitsoeng a tlang Paradeiseng lefatšeng ha a molemo haholo hore a ka etsahala

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela