Bathusi ba Borapeli ba Satane—Lithethefatsi Le ’Mino oa Heavy Metal
CARL A. RASCHKE, motsamaisi oa Univesithi ea Setsi sa Denver sa Lithuto tsa Setho, o ngotse: “Hase ka tšohanyetso hore ebe lithethefatsi, [’mino] oa heavy metal, sehlōhō, le pefo e sa laoleheng kaofela li fetohile lipontšo tse tšosang haholo tse fokaelang holim’a moloko oa batho o boemong bo senyehileng ha re ntse re atamela lilemong tse mashome a mararo tsa Mehla ea Satane.” O ile a boela a re: “U ka ’na ua re ’mino oa heavy metal ka booona o ikhetholla le Borapeli ba Satane feela joalokaha ’mino oa kosepele o ikhetholla le Bokreste. Batho ba seng bakae ba sokolohela Bokresteng ka hore feela ba mamele ’mino oa kosepele seea-le-moeeng. Empa ’mino oa heavy metal ke tšusumetso e matla haholo. O lokafatsa liketso tse litšila tseo bana ba seng ba ntse ba le ka har’a tsona.”
Sena ke qoso e matla khahlanong le seo bacha ba bangata ba mehleng ena ba se nkang e le ntho e tlosang bolutu e tloaelehileng bakeng sa matšoenyeho a bophelo—’mino oa heavy metal le lithethefatsi. Na liqoso tsee lia lokafatsoa? Na ho ka etsahala hore ebe lithethefatsi le ’mino oa heavy metal ke matšoao a Borapeli ba Satane? Nahana ka litlhaloso tsa ba ileng ba tobana sefahla-mahlo le pefo ea barapeli ba bosatane le tsa ba entseng liphuputso ka bona.
Raschke o ile a ngola bukeng ea hae Painted Black: “Molaetsa o utloisang bohloko oa ’mino oa heavy metal, e ka ’na ea e-ba ho sa makatseng ho o bitsa oa ‘bolumeli’—ka kutloisiso ea hore o phatlalatsa matla a phahameng a okametseng bokahohle. Leha ho le joalo, matla ao hase Molimo. A . . . hlahisoa ke Ledemona le Leholo ka bolona.” Ho phaella moo, o itse: “Matla le pefo tsa bosatane ke ntho e ’ngoe eo bacha ba haelloang ke tšepo, le bao matsoalo a bona a sa sebetseng hantle, habonolo feela ba ka hoheloang ke eona. . . . Bacha ba tšoenyehileng le ba ileng ba hleka-hlekoa, ka seo ba ithutileng sona ka phihlelo bophelong, baa lumela hore e tlameha ebe Matla a Phahameng ke a bobe. ’Mino oa heavy metal o tiisa ‘thuto ena ea bolumeli’ ’me o e hlomamisa ’minong.”
Ho latela Dr. Paul King oa Univesithi ea Tennessee, ea ileng a tiisa ka pel’a Senate, United States mabapi le ’mino oa heavy metal, e leng ’mino o khethoang ke bacha ba bangata ba ferekaneng ke o nang le “lihlooho tse sa tloaelehang ho hang tsa pefo, lehloeo, bofetoheli, likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng, ho hlekefetsoa ha basali, le ho tlotlisoa ha Satane. Ha mokhoa oa bophelo oa motho ea lilemong tsa bocha o akarelletsa lithethefatsi, khetho ea mofuta ona e mpe haholoanyane.” King o ile a bolela hore ’mino oa heavy metal o tlotlisa le ho rorisa matla a bobe. O itse: “Liketso tse mpe li tlotlisoa ka tsela e phahameng likonsareteng,” tsa ’mino oa heavy metal.
Nahana ka liphello tsa molaetsa o ipatileng oa ’mino oa heavy metal litabeng tse latelang.
Selemong se fetileng New Jersey, U.S.A., bashemane ba babeli ba lilemo li 15 ba ile ba bolaea phoofolo ea lapeng ka sehlōhō, ntja ea mofuta oa Labrador e bitsoang Princess. Ba ile ba bolela hore e ne e le “sehlabelo ho Satane.” Ba ile ba leketlisa ntja eo ka ketane ea eona, ba e rahaka ho fihlela e e-shoa, ba e fothola leleme ’me ba le sebelisa litšebeletsong tsa bosatane. Ba khokhothela ’mele oa ntja eo o ponngoeng litho sehokelong se seholo sa lesenke ’me ba e fanyeha ka jareteng ea moahisani. Ho ile ha fumanoa matšoao a bosatane hloohong ea ntja eo, le pentagram (naleli e lintlha li hlano ka selika-likoeng—letšoao la Borapeli ba Satane) e ngotsoe fatše tlas’a setopo sa ntja. Bosiung boo ba ileng ba bolaea ntja eo ka bona, ba ne ba mametse Deicide (e bolelang polao ea Molimo), sehlopha sa ’mino oa death metal seo mophokuli oa sona oa lipina a ithorisang ka ho hlokofatsa le ho bolaea liphoofolo.
California, baratani ba babeli ba lilemong tse ka tlaase ho 20, bao, ho ea ka metsoalle ea bona, ba neng ba tšoarehile haholo ka borapeli ba Satane, ba ile ba bolaea ’mè oa ngoanana ka sehlōhō se tšabehang ka ho mo hlabaka le ho mo otla ka kenipitang. Sebakeng sona seo, mocha e mong o ile a rapela Satane joale a nto bolaea ntat’ae ka ho mo thunya. Mapolesa a neng a etsa lipatlisiso a ne a kholisehile hore ’mino oa heavy metal o ne o lokela ho behoa molato. Molaoli e mong oa sepolesa o itse: “Ha e le hantle, ’mino o ruta hore ha ua tlameha ho mamela batsoali ba hao, le hore u lokela ho phela ka tsela eo u e batlang bophelong.”
Engelane batho ba ileng ba hlaseloa ke letoto la kenke ea babeti ba ile ba tlalehela sepolesa hore e mong oa babeti o ne a e-na le mengolo e cheselletsoang letlalong ea letšoao le khethollang sehlopha sa ’mino oa heavy metal seo mantsoe a sona a nang le melaetsa ea peto le pefo.
Arkansas, U.S.A., mocha ea lilemo li 16 oa mahaeng o ile a leka ho bolaea batsoali ba hae ka ho ba otla ka molangoana ebe joale o ba khabela ka thipa ea nama. Sepolesa se ile sa fumana hore ka har’a sebapala-’mino sa hae sa k’hasete ea audio ho entsoe hore pina ea sehlopha sa ’mino oa heavy metal e ’ne e ipheta-phete, “Altar of Sacrifice,” eo mantsoe a eona a neng a hoeletsa ka ho re: “Moprista ea phahameng o eme, a tšoere thipa e mahale a mabeli ka letsohong, a tšolla mali a hloekileng a moroetsana. Polao ea Satane, lefu le etsoang ka mokhoa o laetsoeng, arabela taelo e ’ngoe le e ’ngoe ea hae. Kena pusong ea Satane . . . Ithute mantsoe a halalelang a thoriso, ‘Thoholetsang Satane.’”
Ha e le mantsoe a lipina tse ling tse binoang ke litho tse tlatsang lerata tsa lihlopha tsa ’mino oa heavy metal—tseo hangata li etsisoang ke batšehetsi ba tsona ka ho bebenya melomo likonsareteng tse hlaha ka ho feteletseng, kapa ba li mamelang litheiping tsa k’hasete ea audio ka lihora tse ngata—melaetsa e joalo e ba le tšusumetso efe ho bacha ba khahloang ke lintho habonolo? Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a pina: “Satane monghali oa rōna o re tataisa pefong ea bokhopo mohatong o mong le o mong oa pele,” le “Tšolla mali a hao, ’me a mathele ho ’na. Tšoara letsoho la ka ’me bophelo ba hao bo ikele . . . U tšolotse mali. Ke na le moea oa hao.”
Carl Raschke o ngotse: “Haeba re se ntse re amohela hore libuka le litšoantšo tsa bootsoa li ka susumetsa motho ea hleka-hlekang bana, hobane’ng re sa nahanisise taba ea hore mantsoe a reng bolaea, holofatsa, lematsa, utloisa bohloko, felisa ha e le hantle a ka susumetsa motho ea sa fellang bokong hore a hle a etse tsona liketso tseo hantle?”
Maikutlo a bafuputsi hohle ke hore tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le Borapeli ba Satane li khema hammoho. Eo pele e neng e le lefokisi David Toma o tletleba ka hore ‘le ka mohla haa e-s’o kopane le morapeli oa Satane ea sa sebeliseng lithethefatsi.’ Makasine ea ’Teen e ile ea tlaleha hore tšebeliso ea lithethefatsi e thatafatsa litaba ho bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 “ba retelehelang borapeling ba diabolose, e leng ho etsang hore ho be thata le ho feta ho khetholla seo e hlileng e leng ntho ea sebele ho se bonahalang eka ke ntho ea sebele ha se talingoa ka lithethefatsi le tahi tse ferekanyang.”
Raschke o itse: “’Mino oa heavy metal o amana haufi-ufi le tšebeliso e mpe le e feteletseng ea lithethefatsi feela joaloka lottery ho makhoba a papali ea chelete. Batho ba lilemong tsa bocha bao e leng makhoba a tahi le lithethefatsi ba amohela mokhoa oa bophelo oa ho ikakasa, o sehlōhō, oa bosholu le oa likamano tsa botona le botšehali tse feteletseng—tseo kaofela ha tsona li susumetsoang ke melumo ea ho lla habohloko le e khabolang ka matla ea lihlopha tsa ’mino oa heavy metal.”
Ntle ho pelaelo, mocha o fetoha ea hlaseloang habonolo ke tšusumetso ea Satane ha kelello e tlosoa bokong ba hae ’me e nkeloa sebaka ke menahano ea ho hloka mekhoa le pefo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Motho o fetoha ea hlaseloang habonolo ke tšusumetso ea Satane ha kelello e tlosoa bokong ’me ho hloka mekhoa le pefo li ikakhela
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U tlatsa kelello ea hao ka eng?