Buka ea Bibele ea 39—Malakia
Mongoli: Malakia
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Ka mor’a 443 B.C.E.
1. Ke eng e bontšang cheseho ea Malakia ho Jehova?
MALAKIA e ne e le mang? Ha ho na taba le e ’ngoe e tlalehiloeng ka leloko la hae kapa histori ea botho. Leha ho le joalo, ho latela ’moko oa boprofeta ba hae, ho hlakile hore o ne a cheseha ka ho fetisisa boinehelong ba hae ho Jehova Molimo, a phahamisa lebitso la Hae le borapeli bo hloekileng, le hore o ile a ikutloa a khenetse ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo haholo empa ba itšebeletsa bobona feela. Lebitso la Jehova le boleloa ka makhetlo a 48 likhaolong tse ’ne tsa boprofeta ba hae.
2. E ka ’na eaba lebitso la Malakia le bolela eng, hona ho bonahala a phetse neng?
2 Lebitso la hae ka Seheberu ke Mal·ʼa·khiʹ, leo e ka ’nang eaba le bolela “Lenģosa la Ka.” Mangolo a Seheberu, Septuagint, le tlhahlamano ea liketsahalo ea libuka kaofela li beha Malakia e le oa ho qetela har’a baprofeta ba 12 bao ho thoeng ba banyenyane. Ho latela neano ea Synagoge e Khōlō, o phetse ka mor’a baprofeta Haggai le Zakaria ’me e ne e le oa mehleng ea Nehemia.
3. Ke eng e bontšang hore boprofeta ba Malakia bo ngotsoe ka mor’a 443 B.C.E.?
3 Boprofeta boo bo ngotsoe neng? E ne e le nakong ea tsamaiso ea ’musi e mong, e leng ho bo beang nakong ea ho tsosolosoa ha Jerusalema ka mor’a lilemo tse 70 tsa ho ba lesupi ha Juda. (Mal. 1:8) Empa ke ’musi ofe? Kaha ho boleloa tšebeletso ea tempele empa ho sa boleloe ho hahuoa ha tempele, e tlameha e bile ka mor’a nako ea ’Musi Zorobabele, nakong eo ha ho busa eena tempele e neng e felile. Ho na le ’musi e mong a le mong feela oa nakong ena ea boletsoeng ka Mangolong, ’me ke Nehemia. Na boprofeta boo bo tšoanela nako ea Nehemia? Ha ho letho le boletsoeng ho Malakia mabapi le ho hahuoa bocha ha Jerusalema le lerako la eona, e leng ho tlosang karolo ea pele ea bobusi ba Nehemia. Leha ho le joalo, ho builoe ho hongata ka tšebetso e mpe ea baprista, e tlamahanyang Malakia le boemo bo neng bo le teng ha Nehemia a e-tla ka lekhetlo la bobeli Jerusalema, ka mor’a ho bitsetsoa ha hae hape Babylona ke Artaxerxese ka 443 B.C.E., selemo sa bo32 sa puso ea morena. (Mal. 2:1; Neh. 13:6) Lirapa tse tšoanang ho Malakia le Nehemia li bontša hore boprofeta bona bo sebetsa nakong ena e khethehileng.—Mal. 2:4-8, 11, 12—Neh. 13:11, 15, 23-26; Mal. 3:8-10—Neh. 13:10-12.
4. Ke eng e pakang hore buka ea Malakia ke ’nete ’me e bululetsoe?
4 Ka mehla buka ea Malakia e ’nile ea amoheloa ke Bajode e le ea ’nete. Lirapa tse qotsitsoeng ho eona Mangolong a Bokreste a Segerike, ao a ’maloa a oona a bontšang ho phethahala ha boprofeta ba eona, li paka hore Malakia e ne e bululetsoe le hore ke karolo ea libuka tsa Mangolo a Seheberu tse neng li amoheloa ke phutheho ea Bokreste.—Mal. 1:2, 3—Ba-Roma 9:13; Mal. 3:1—Matt. 11:10 le Luka 1:76 le 7:27; Mal. 4:5, 6—Matt. 11:14 le 17:10-13, Mar. 9:11-13 le Luka 1:17.
5. Ke boemo bofe bo tlaase ba moea bo ileng ba susumelletsa Malakia ho profeta?
5 Boprofeta ba Malakia bo bontša hore cheseho le mafolo-folo tsa bolumeli tse tsositsoeng ke baprofeta Haggai le Zakaria nakong ea ho hahuoa bocha ha tempele li ne li fetile. Baprista ba ne ba fetohile ba sa tsotelleng, ba ikhohomosang, le ba itokafatsang. Litšebeletso tsa tempele li ne li fetohile sekhobo. Karolo ea leshome le linyehelo li ne li oele ka lebaka la boikutlo ba hore Molimo o ne o sa thahaselle Iseraele. Tšepo e neng e beiloe ho Zorobabele e ne e-so phethahale, ’me ho fapana le litebello tse ling, Messia o ne a e-so ho tle. Boemo ba moea ba Bajode bo ne bo le tlaase-tlaase. Ho ne ho e-na le motheo ofe oa khothatso le tšepo? Batho ba ne ba ka hlokomelisoa ka boemo ba bona ba ’nete joang ’me ba tsosoa hore ba khutlele ho lokeng? Boprofeta ba Malakia bo fane ka karabelo.
6. Mokhoa oa Malakia oa ho ngola ke ofe?
6 Mokhoa oa Malakia oa ho ngola o tobile ’me o matla. Pele o bolela tšisinyo ebe joale o arabela likhanyetso tsa bao a buang le bona. Qetellong, o tiisa tšisinyo ea hae ea pele. Hona ho eketsa matla le ho hlaka tabeng ea hae. Ho e-na le ho phahamela bophahamong ba bokheleke, o sebelisa mokhoa o tsometsang, o nang le mabaka a matla.
LITABA TSE KA HARE TSA MALAKIA
7. Jehova o bontša lerato lefe le lehloeo lefe?
7 Taelo ea Jehova ho baprista (1:1–2:17). Pele Jehova o bontša lerato la hae ho batho ba hae. O ratile Jakobo ’me o hloile Esau. Edomo a e ke e leke ho haha libaka tsa eona tse ripitliloeng; Jehova o tla li heletsa ’me li tla bitsoa “naha ea bokhopo,” batho ba nyatsitsoeng ke Jehova, hobane Jehova o tla ba “moholo holim’a naha ea Iseraele.”—1:4, 5.
8. Baprista ba silafalitse tafole ea Jehova joang, hona ke hobane’ng ba tla oeloa ke thohako?
8 Joale Jehova o bua ka ho toba le ‘baprista ba nyelisang lebitso la hae.’ Ha ba leka ho itokafatsa, Jehova o supa mahlabelo a bona a ntho e sefofu, e hlotsang, le e kulang, ’me oa botsa, Na le ’musi o tla amohela linyehelo tse joalo? Jehova eena ha a li thabele. Lebitso la hae le tlameha ho phahamisoa har’a lichaba, empa banna bana ba mo silafatsa ka ho re: “Tafole ea Jehova e litšila.” Thohako e tla ba oela holimo hobane ka bolotsana ba khelohile likano tsa bona ka ho nyehela mahlabelo a se nang thuso. “Hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me lebitso la ka le tšabeha har’a lichaba.”—1:6, 12, 14.
9. Baprista ba hlōlehile ho eng, hona ba silafalitse khalalelo ea Jehova joang?
9 Joale Jehova o laela baprista, a re haeba ba sa nke keletso ena ka botebo, o tla ba romela thohako le holim’a mahlohonolo a bona. O tla ba phara lifahlehong ka mosoang oa mekete ea bona ka lebaka la ho hlōleha ha bona ho boloka selekane sa Levi. “Hobane melomo ea moprista e tšoanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batloe molomong oa hae, hobane ke lenģosa la Jehova oa makhotla.” (2:7) Malakia o bolela sebe se seholo sa Iseraele le Juda. Li sebetsane ka mano ’me li silafalitse khalalelo ea Jehova, Ntate oa tsona le ’Mōpi oa tsona, ka ho nka morali oa molimo osele e le monyaluoa. Li fetelletse ka ho tšoenya Jehova. Li bile li botsitse, “O kae Molimo oa toka?”—2:17, NW.
10. Ke bakeng sa mosebetsi ofe oa kahlolo oo Morena a tlang tempeleng ea hae ka oona?
10 Morena oa ’nete le lenģosa (3:1-18). Joale boprofeta bona bo fihla tlhōrōng ka mantsoe a “Jehova oa makhotla”: “Bonang, ke ea roma lenģosa la ka, le tle le hleke tsela pel’a ka; ’me hang, Morena eo le ’matlang o tla kena tempeleng ea hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, oa tla.” (3:1) E le mohloekisi, O tla hloekisa bara ba Levi ’me o tla phakisa e be paki e khahlanong le ba khopo ba sa kang ba Mo tšaba. Jehova ha a fetohe, ’me ka hobane ke bara ba Jakobo, o tla khutlela ho bona ka mohau haeba ba khutlela ho eena.
11. Joale ba lokela ho leka Molimo joang, ’me ke mahlohonolo afe a tla latela?
11 Ba ’nile ba qhekella Molimo, empa joale a ba ke ba mo leke ka ho tlisa karolo ea bona ea leshome melikong e le hore ho tle ho be le lijo ka tlung ea hae, ba kholisehile hore o tla ba tšollela lithoba tsa maholimo botlalo bo feletseng ba tlhohonolofatso ea hae. E tla ba naha ea thabo e boleloang e thabile ke lichaba kaofela. Ba tšabang Jehova ba ’nile ba buisana, ’me Jehova o ’nile a ela hloko le ho mamela. “Buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.” (3:16) Ka sebele e tla ba ba Jehova letsatsing leo a hlahisang thepa e khethehileng.
12. Ke eng e tšepisitsoeng ka letsatsi le tšabehang la Jehova?
12 Letsatsi le leholo le le tšabehang la Jehova (4:1-6). Lena ke letsatsi le tlang le tla qeta ba khopo, le sa siee motso leha e le lekala. Empa letsatsi la ho loka le tla chabela ba tšabang lebitso la Jehova, ’me ba tla folisoa. Jehova o ba eletsa hore ba hopole Molao oa Moshe. Pele ho letsatsi la hae le leholo le le tšabehang, Jehova o tšepisa ho romela moprofeta Elia. “O tla busetsa lipelo tsa bo-ntate ho bara ba bona, le pelo tsa bara ho bo-ntat’a bona, hore ke se tšohe ke e-tla, ’me ka otla lefatše ka ho le timeletsa.”—4:6.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
13. Malakia o re’ng ka (a) mohau oa Jehova le lerato la hae? (b) boikarabelo ba ba rutang Lentsoe la Molimo? (c) ba lobang melao ea Molimo le melao-motheo ea oona?
13 Buka ea Malakia e thusa ho utloisisa melao-motheo e sa fetoheng le lerato le mohau tsa Jehova Molimo. Qalong, e hatisa lerato le leholo la Jehova ho batho ba hae “Jakobo.” O phatlaletsa bara ba Jakobo: “’Na Jehova, ha kea fetoha.” Ho sa tsotellehe bokhopo ba bona bo boholo, o ne a loketse ho khutlela ho batho ba hae haeba ba ne ba tla khutlela ho eena. Ka sebele ke Molimo o mohau! (Mal. 1:2; 3:6, 7; Ba-Roma 11:28; Ex. 34:6, 7) Ka Malakia, Jehova a hatisa hore melomo ea baprista “e tšoanetse ho boloka tsebo.” Bohle ba tšepetsoeng ho ruta Lentsoe la Molimo ba lokela ho ela ntlha ena hloko, ba etsa bonnete ba hore ba fana ka tsebo e nepahetseng. (Mal. 2:7; Ba-Fil. 1:9-11; bapisa le Jak. 3:1.) Jehova ha a mamelle baikaketsi, ba lekang ho etsa hore ‘ho etsa hampe ho molemo mahlong a Jehova.’ Ha ho ea lokelang ho nahana hore a ka thetsa Jehova ka ho etsa eka ba nyehela ho Morena enoa e moholo. (Mal. 2:17; 1:14; Ba-Kol. 3:23, 24) Jehova e tla ba paki e potlakang khahlanong le bohle ba lobang melao ea hae e lokileng le melao-motheo; ha ho ea ka lebellang ho sebetsa ka bokhopo eaba oa atleha. Jehova o tla ba ahlola. (Mal. 3:5; Ba-Heb. 10:30, 31) Ba lokileng ba ka tiiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla hopola liketso tsa bona ’me a ba putse. Ba lokela ho ela hloko Molao oa Moshe, feela joalokaha Jesu a entse, hobane o na le lintho tse ngata tse phethahetseng ho eena.—Mal. 3:16; 4:4; Luka 24:44, 45.
14. (a) Ka ho khetheha, ke eng eo Malakia a e supelang pele? (b) Malakia 3:1 e phethahalitsoe joang lekholong la pele la lilemo C.E.?
14 E le buka ea ho qetela ea Mangolo a bululetsoeng a Seheberu, Malakia e supa liketsahalong tse potolohileng ho tla ha Messia, eo ho hlaha ha hae makholo a mane a lilemo hamorao ho faneng ka lebaka la ho ngoloa ha Mangolo a Bokreste a Segerike. Joalokaha ho tlalehiloe ho Malakia 3:1, Jehova oa makhotla o itse: “Bonang, ke ea roma lenģosa la ka, le tle le hleke tsela pel’a ka.” Ha a bua tlas’a pululelo, Zakaria ea hōlileng o bontšitse hore sena se phethahetse ho mora oa hae, Johanne Mokolobetsi. (Luka 1:76) Jesu Kreste o tiisitse sena, a bolela ka nako e tšoanang hore: “Har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” Johanne o ne a rometsoe, joalokaha Malakia a boletse esale pele, ho tla “lokisa tsela,” kahoo o ne a se har’a bao hamorao Jesu a ileng a etsa selekane le bona bakeng sa ’Muso.—Matt. 11:7-12; Luka 7:27, 28; 22:28-30.
15. “Elia” oa boprofeta ba Malakia ke mang?
15 Joale, ho Malakia 4:5, 6, Jehova o tšepisitse: “Bonang, ke ea le romela moprofeta Elia.” “Elia” eo ke mang? Jesu le lengeloi ba hlahileng ho Zakaria ka bobeli ba lebisa mantsoe ana ho Johanne Mokolobetsi, ba bontša hore e ne e le eena ea tla “busetsa tsohle” le ho ‘lokisetsa Jehova sechaba se hlekehileng hantle’ ho amohela Messia. Leha ho le joalo, Malakia le eena o bolela hore “Elia” ke selelekela sa ‘letsatsi le leholo le le tšabehang la Jehova,’ kahoo a bontša ho phethahala ho tlang ka letsatsi la kahlolo.—Matt. 17:11; Luka 1:17; Matt. 11:14; Mar. 9:12.
16. Ke letsatsi lefe le hlohonolofalitsoeng leo Malakia a le supelang pele, ’me ke khothatso efe e mofuthu eo a fanang ka eona?
16 A lebelletse letsatsi leo, Jehova oa makhotla o re: “Ho tloha Bochabela ho isa Bophirimela, lebitso la ka le leholo har’a lichaba, . . . hobane ke Morena e moholo . . . ’me lebitso la ka le tšabeha har’a lichaba.” Ka sebele lea tšabeha! Hobane ‘letsatsi lea chesa joale ka sebopi, ’me baikhohomosi kaofela le bohle ba etsang bokhopo ba tla ba joale ka matlakala.’ Empa leha ho le joalo, ho thabile ba tšabang lebitso la Jehova, hobane ba tla “chabeloa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseling a lona.” Hona ho supa nakong e thabisang ha ba utloang ba lelapa la motho ba tla folisoa ka ho feletseng—moeeng maikutlong, kelellong, le ’meleng. (Tšen. 21:3, 4) Ha a supela pele letsatsi leo le khanyang le le hlohonolofalitsoeng, Malakia o re khothalletsa hore re be ka pelo eohle ha re tlisa nyehelo ea rōna ntlong ea Jehova: “Le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang!”—Mal. 1:11, 14; 4:1, 2; 3:10.
17. Litemoso tsa Malakia li etsoa tse leka-lekaneng ka eng e batlang boikutlo bo botle ka nako e tlang?
17 Ha e ntse e tsoela pele ho lemosa ka ho ‘nehela lefatše timetsong,’ buka ena ea ho qetela ea Baprofeta e batla hore ho be le boikutlo bo botle le ho thaba tumellanong le mantsoe a Jehova ho batho ba hae: “’Me lichaba tsohle li tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatše le khahlehang.”—4:6; 3:12.